Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 2 maq. 8-9
  • 2. Na ke Molato oa Rona ha re Hlaheloa ke Mathata?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2. Na ke Molato oa Rona ha re Hlaheloa ke Mathata?
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokela ho Tseba Karabo
  • Nahana ka Taba Ena
  • Bibele e Re’ng?
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2020
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ke Hobane’ng ha Mahlomola a Atile Hakaale?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 2 maq. 8-9
Ntate o lutse sofeng oa tsuba ebile o ntse a noa.

2. Na Ke Molato Oa Rona Ha Re Hlaheloa Ke Mathata?

Re Lokela ho Tseba Karabo

Haeba re le molato, re ka khona ho etsa ho hong ho iphokoletsa mathata.

Nahana ka Taba Ena

Batho ba kentse letsoho hakae linthong tsee tse re bakelang mathata?

  • Letšoao la feisi le emelang tlhekefetso.

    Tlhekefetso.

    World Health Organization (WHO) e hakanya hore motho a le mong ho ba bane o kile a hlekefetsoa ’meleng ha e sa le ngoana le hore mosali a le mong ho ba bararo o kile a hlekefetsoa ’meleng kapa ka motabo (kapa ka bobeli).

  • Lejoe la lebitla le emelang ho hlokahalloa.

    Ho Hlokahalloa.

    World Health Statistics 2018, e hatisitsoeng ke WHO e re: “Ho hakanngoa hore lefatšeng lohle, batho ba 477 000 ba ile ba bolaoa ke ba bang ka selemo sa 2016.” Palo eo e phaellana holim’a ea ba 180 000 bao ho hakanngoang hore ba ile ba bolaoa lintoeng le liqhoebeshanong ka sona selemo seo.

  • Letšoao la pelo le emelang ho kula.

    Bokuli.

    Mongoli oa makasine ea National Geographic e leng ’mè Fran Smith o re: “Ho na le batho ba fetang bilione ba tsubang, ’me koae e baka mafu a mahlano a bolaeang batho ka ho fetisisa e leng: lefu la pelo, setorouku, kokoana-hloko e etsang hore motho a heme ka thata, lefu la matšoafo le sa phekoleheng (COPD) le kankere ea matšoafo.”

  • Sekala se sa lekaneng se emelang ho se lakane maemong a bophelo.

    Ho se Lekane Maemong a Bophelo.

    ’Mè Jay Watts eo e leng setsebi sa kelello o re: “Bofutsana, ho khelloa fatše hobane u le motho oa boemo bo itseng, ho khetholloa ka morabe, ho khetholloa ho ea ka hore na u oa bong bofe, ho ba le mathata a bolulo le ho phela har’a batho ba ratang ho hlolisana ho ka etsa hore motho a be le khatello ea maikutlo.”

    ITHUTE HAHOLOANYANE

    Shebella video e reng Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Bopa Lefatše? e fumanehang ho jw.org/st.

Bibele e Re’ng?

Ntate eo ho buuoeng ka eena pejana o betheng ea sepetlele. Mosali oa hae oa furalla ha ngaka e ba bolella litaba tse bohloko ka bophelo ba monna oa hae.

Boholo ba mathata a re hlahelang a bakoa ke batho.

Mathata a mangata a bakoa ke mebuso e hatellang, e thatafalletsang batho bophelo ha ka nako e tšoanang e ipolela hore e sebeletsa batho.

“Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.”​—MOEKLESIA 8:9.

Mathata a ka fokotseha.

Likeletso tsa Bibele li ka re thusa hore re phele hantle ’meleng re be re be le khotso le batho ba bang.

“Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebopuoa sa nama, empa poulelo ke ho bola masapong.”​—LIPROVERBIA 14:30.

“Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lona hammoho le bobe bohle.”​—BAEFESE 4:31.

Na ke molato oa rona ha re hlaheloa ke mathata?

Bibele e re: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Mathata a mang a re hlahelang a bakoa ke liqeto tseo re li etsang. Ke kahoo hangata lingaka li khothalletsang hore batho ba je lijo tse nang le phepo, ba ikoetlise ba be ba qobe mekhoa e kotsi e kang ho tsuba. Empa batho ba bangata ba hlaheloa ke likotsi le likoluoa hape ba ba le mathata a mang le hoja ba se na molato oa letho. Kahoo, e ne e ka ba phoso haeba re ka re mathata ’ohle a teng a bakoa ke batho.

Ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba utloa bohloko?

Sheba potso ea 3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela