E-ba Le Kutloelo-bohloko
Bothata
Haeba re lulela ho nahana ka kamoo batho ba bang ba fapaneng le rona kateng, re ka qetella re nahana hore ha ba tšoane le rona hobane ba e-na le mefokolo. Ka ho etsa joalo, re ka qetella re eisa batho ba sa tšoaneng le rona. Ha re sheba batho ka tsela e fosahetseng joalo, ho tla ba thata ho ba utloela bohloko. Ho se be le kutloelo-bohloko e ka ba letšoao la hore re na le bothata bo tebileng, e leng ba khethollo.
Keletso ea Bibele e Re’ng?
“Thabang le batho ba thabileng, llang le batho ba llang.”—BAROMA 12:15.
Temana ee e bolela’ng? Keletso ena e ka akaretsoa ka mantsoe ana: Bontša kutloelo-bohloko. Motho ea nang le kutloelo-bohloko o khona ho ikenya lieteng tsa motho e mong, ’me o utloa seo motho eo a se utloang.
Kutloelo-bohloko e ka re Tsoela Molemo Joang?
Ha re utloela batho ba bang bohloko, re elelloa lintho tseo re tšoanang le bona ka tsona. Re ka hlokomela hore re na le maikutlo le litloaelo tse tšoanang le tsa bona. Kutloelo-bohloko e re thusa hore re bone hore kaofela re bana ba motho ho sa tsotellehe hore na re ba setso sefe. Ha re batla lintho tseo re tšoanang ka tsona le batho ba bang, re tla khaotsa ho ba ahlola.
Kutloelo-bohloko e tla re thusa hore re hlomphe batho ba bang. Ka nako e ’ngoe, Anne-Marie ea tsoang naheng ea Senegal, o ne a eisa batho bao ho nkuoang hore ke ba maemo a tlaase. Utloa kamoo a reng ho ba le kutloelo-bohloko ho ile ha mo thusa kateng. O re: “Ha ke bona mathata a batho bao ho thoeng ke ba maemo a tlaase, ke ile ka ipotsa hore na ke ne ke tla ikutloa joang ha ke ne ke le boemong ba bona. Sena se ile sa etsa hore ke ipotse hore na ehlile ke ba phahametse kaha ha kea sebetsa ka thata hore ke iphumane ke se na mathata joaloka bona.” Haeba re leka ho utloisisa mathata ao batho ba bang ba kopanang le ’ona, re ke ke ra ba nyatsa kapa ra ba tšoaea-tšoaea liphoso.
Seo U ka se Etsang
Iphapanyetse lintho tseo batho ba bang ba fapaneng le uena ka tsona. Ka mohlala, nahana hore na ba ikutloa joang
Kutloelo-bohloko e re thusa ho bona hore kaofela re bana ba motho
ha ba e-ja le ba malapa a bona
ha ba chaisa mosebetsing ka mor’a ho sebetsa ka thata
ha ba qeta nako ba e-na le metsoalle
ha ba mametse ’mino oo ba o ratang
Joale, ak’u leke ho ikenya lieteng tsa bona. Ipotse:
‘Ke ne ke tla etsa’ng ha motho e mong a ne a ka etsa hore ke ikutloe ke se na thuso?’
‘Ke ne ke tla ikutloa joang ha motho e mong a ne a ka nkahlola a sa ntsebe le ho ntseba?’
‘Haeba ke ne ke le karolo ea sehlopha seo batho ba se eisang, ke ne ke tla thabela hore batho ba bang ba ntšoare joang?’