Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 1 leq. 15
  • U ka Fumana Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Fumana Bohlale
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Batla Hore Bohlale ba Hae bo U Tsoele Molemo
  • U ka Fumana Bohlale bo Tsoang ho Molimo
  • Re Mamela Molimo Joang?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Na Molimo o Teng? Ho Tseba Seo ho U Ama Joang?
    Tsoha!—2015
  • U Lokela ho Khetha Hore na U Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
  • Lithuto Tsa ’Nete Tse Khahlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 1 leq. 15

U ka Fumana Bohlale

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:​16) Temaneng ena lentsoe “bululetsoe” le bolela hore Molimo ea Matla ’ohle o ile a kenya menahano ea hae likelellong tsa bangoli ba Bibele.

LINTLHA TSE MABAPI LE BIBELE

  • Likarolo tsa buka.

    66

    Palo ea libuka kapa mangolo a teng ka Bibeleng.

  • Letsoho le ngola le khantšelitsoe ke khanya e tsoang holimo.

    40

    Palo ea banna bao Molimo a ba sebelisitseng ho ngola Bibele.

  • Khalase e sebelisetsoang ho lekanya nako.

    1513 B.C.E.

    Selemo seo Bibele e qalileng ho ngoloa ka sona, e leng lilemo tse fetang 3 500 tse fetileng.

  • Litlhaku le mengolo ea lipuo tse fapaneng.

    3 000+

    Palo ea lipuo tseo Bibele e fumanehang ka tsona e felletse kapa e sa fella.

Molimo o Batla Hore Bohlale ba Hae bo U Tsoele Molemo

“ ’Na, Jehova, ke . . . ’na ea u rutang hore u itsoele molemo, ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le noka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”​—ESAIA 48:​17, 18.

U ka nka mantsoe ana e le memo e tsoang ho Molimo e tlang ho uena. O batla hore u be le khotso u be u lule u thabile ’me a ka u thusa hore ho be joalo.

U ka Fumana Bohlale bo Tsoang ho Molimo

“Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle.”​—MAREKA 13:10.

“Litaba tse molemo” li akarelletsa tšepiso ea Jehova ea ho felisa mathata, ho etsa lefatše paradeise le ho tsosa baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Lipaki Tsa Jehova li bolella batho lefatšeng ka bophara molaetsa ona o tsoang ka Bibeleng.

Ha ke Bala Bibele ke Ile ka Tlohela ho Ferekana

“Ho tloha ha ke sa le monyenyane, ke ne ke ferekanngoa ke hore na hantle ’Mopi ke mang. Ke ne ke ipotsa ke re, ‘Ho tla joang hore ebe sechaba se seng le se seng se na le Molimo oa sona kapa ’Mopi?’ Joale ke rata mantsoe a Bibele a hlahang ho Baroma 3:​29 ha e re Molimo oa ’nete ke ‘Molimo oa batho ba lichaba.’ O boetse o na le lebitso e leng Jehova ’me o batla hore re be metsoalle ea hae.”​—Rakesh.

Rakesh.
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela