Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 2 maq. 4-6
  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Setsoalle sa Hao le Batho ba Bang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Setsoalle sa Hao le Batho ba Bang?
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO U KA SE ETSANG
  • U ka Fumana Metsoalle ea ’Nete Joang?
    Tsoha!—2016
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2021
  • Na U ka Thabela ho Ithuta Haholoanyane?
    Tsoha!—2021
  • Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 2 maq. 4-6
Metsoalle e lulang linaheng tse fapaneng e buisana ka videoconference.

Ke Joang Theknoloji E Ka Amang Setsoalle Sa Hao Le Batho Ba Bang?

Batho ba babeli ba lulang libakeng tse peli tse sa tšoaneng ba ka khona ho buisana, haholo-holo ka ho romellana melaetsa, li email, ba sebelisa video le marang-rang. Ba sebelisa theknoloji ka tsela e ba tsoelang molemo.

Leha ho le joalo, batho ba sebelisang theknoloji haholo ho bua le metsoalle ea bona ba ka ba le bothata ba . . .

  • ho se utloele metsoalle ea bona bohloko.

  • ho jeoa ke bolutu le ho ikutloa ba se na thuso.

  • ho inahana bo bona ho feta ho nahana ka metsoalle ea bona.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Mocha o shebile mecha ea puisano founung ea hae bosiu. Foto eo a e shebileng e se e shebuoe ke batho ba 723 000.

KUTLOELO-BOHLOKO

Ha re utloela motho bohloko re nka nako re nahana ka eena le ka tsela eo a ikutloang ka eona, e leng ntho eo re sa khoneng ho e etsa haeba re lula re bala le ho romela melaetsa re sebelisa marang-rang.

Haeba theknoloji e u laola, ha nako e ntse e-ea u tla utloa eka ho araba melaetsa ea metsoalle ea hao ke mosebetsi. U ka batla ho bona feela u arabile melaetsa eohle eo u e fumaneng, ho akarelletsa le molaetsa oa motsoalle oa hao ea hlokang thuso.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: U ka bontša hore u ‘utloela metsoalle ea hao bohloko’ joang ha u buisana le eona ka marang-rang?​—1 PETROSE 3:8.

HO IKUTLOA U SE NA THUSO

Bafuputsi ba bang ba fumane hore batho ba bangata ba ikutloa ba tetebetse le ho feta ka mor’a hore ba shebe marang-rang. Bafuputsi bao ba entse qeto ea hore ho sheba lifoto tsa batho ba bang le lintho tseo ba ntseng ba li etsa, ho ka siea motho “a ikutloa eka ha ho na ntho ea bohlokoa eo a e entseng ka nako ea hae.”

Hape ho sheba lifoto tsa batho ba bang moo ba thabileng, ho ka etsa hore batho ba bang ba ipapise le bona ho sa hlokahale. Ho ka etsa hore ho bonahale eka motho e mong le e mong oa ithabisa, ha uena bophelong ba hao ho se na letho le monate le etsahalang.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ha u sebelisa marang-rang, ke joang u ka qobang ho ipapisa le batho ba bang ho sa hlokahale? ​—BAGALATA 6:4.

HO INAHANA HO TLOLA

Tichere e ’ngoe e ile ea re baithuti ba bang ba hae e ne e le baithati ’me ba batla ho etsa setsoalle feela le batho ba neng ba tla ba etsetsa lintho.a Motho ea etsang setsoalle se joalo o amehile feela ka hore na eena o tla fumana’ng ho sona. Motho ea joalo a ka nahana hore metsoalle ea hae e tšoana le lifono kapa lik’homphieutha tseo a tla ithabisa ka tsona ha a batla e be o li behella ka thoko ha a sa li hloke.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na lintho tseo u li behang Inthaneteng li bontša hore u rata ho hlolisa batho ba bang kapa u inahana ho tlola?​—BAGALATA 5:26.

SEO U KA SE ETSANG

ITLHAHLOBE HORE NA U SEBELISA THEKNOLOJI JOANG

Ha u laola theknoloji ho e-na le hore eona e u laole, e tla u thusa hore u buisane le metsoalle ea hao le hore le matlafatse setsoalle sa lona.

KELETSO EA BIBELE: “Lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona.”​—1 BAKORINTHE 13:​4, 5.

Khetha litlhahiso tseo u batlang ho li sebelisa kapa u ingolle lintho tseo u batlang ho li etsa.

  • Buisana le batho ka ho toba (ho e-na le hore u ba ngolle melaetsa ka fono kapa email)

  • Behella fono ka thoko (kapa u e time) ha u qoqa le batho ba bang

  • Fokotsa nako eo u e qetang u ntse u sheba marang-rang

  • Mamela batho ba bang ka hloko

  • Bua le motsoalle oa hao ea nang le mathata

a Mantsoe ana a tsoa bukeng e bitsoang Reclaiming Conversation.

IPOTSE . . .

  • Na metsoalle ea ka ke batho bao ke ba khathallang le ba nkhathallang?

  • Ke hangata hakae puisano ea ka le motsoalle oa ka e sitisoang ke fono e llang kapa molaetsa o kenang?

  • Na lifoto kapa lintho tseo ke li buang Inthaneteng li bontša hore ke nahana ka ’na feela?

  • Ke ikutloa joang ka mor’a ho qeta nako ke shebile marang-rang?

  • Nka etsa liphetoho life e le hore theknoloji e se ke ea ntšitisa ho ba le metsoalle ea ’nete ?

    KELETSO EA BIBELE: ‘Le se ke la hlokomela lithahasello tsa litaba tsa lona feela, empa hape le hlokomele lithahasello tsa ba bang.’​—BAFILIPI 2:4.

Emily.

“Setsoalle se hloka nako le boiteko, kahoo ha ho khonehe hore motho a be le metsoalle e mengata haholo. Ntho ea bohlokoa ha se hore na u na le metsoalle e mengata hakae empa hore na ke metsoalle ea ’nete . Metsoalle ea ’Nete e u batlela se molemo ’me le uena u etsa se tšoanang.”​—EMILY

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela