Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g22 no. 1 maq. 7-9
  • 2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona
  • Tsoha!—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO E LENG SA BOHLOKOA
  • Seo U Lokelang ho se Tseba
  • Seo U ka se Etsang Hona Joale
  • U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?
    Lihlooho Tse Ling
  • Tsela ea ho Tsoa Sekolotong
    Tsoha!—1997
  • Sebelisa Chelete ea Hao ka Bohlale
    Tsoha!—2025
  • Ho Sebelisa Chelete Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2022
g22 no. 1 maq. 7-9
’metli oa mapolanka o kokotela sepekere lepolankeng.

KE’NG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

2 | Sireletsa Chelete ea Hao le Lintho Tseo U Nang le Tsona

SEO E LENG SA BOHLOKOA

Letsatsi le letsatsi batho ba bangata ba sokola ho fumana lintho tseo ba li hlokang. Ka masoabi, mathata a etsahalang mona lefatšeng a ka etsa hore seo se be thata le ho feta. Hobane’ng?

  • Ha ho e-na le mathata sebakeng se itseng, theko ea lintho tse kang lijo le bolulo e ea phahama.

  • Mathata a ka etsa hore batho ba lahleheloe ke mosebetsi le hore ba fumane chelete e nyenyane.

  • Likoluoa li ka etsa hore batho ba lahleheloe ke likhoebo, matlo le lintho tse ling tseo ba nang le tsona ’me sena se ka etsa hore ba sotlehe.

Seo U Lokelang ho se Tseba

  • Haeba u sebelisa chelete ea hao ka bohlale, u tla khona ho mamella mathata.

  • Hopola hore mokholo oa hao, chelete eo u e bolokileng le lintho tse ling tseo u nang le tsona li ka lahleheloa ke boleng ba tsona.

  • Ho na le lintho tseo chelete e ke keng ea li reka tse kang thabo le lelapa le momahaneng.

Seo U ka se Etsang Hona Joale

Seo Bibele e se buang: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”​—1 Timothea 6:8.

Ha u khotsofalla lintho tseo u nang le tsona u oa thaba. Sena se bohlokoa haholo haeba u e-na le chelete e nyenyane.

E le hore u khotsofale, u lokela ho ithuta ho sebelisa chelete e nyenyane. Haeba u leka ho reka lintho tseo u ke keng oa khona ho li patalla, u tla ba le mathata a mangata.

U KA THUSOA KE’NG Lintho Tse ka u Thusang

Ha ho e-ba le mathata, boloka chelete ea hao le lintho tsohle tseo u nang le tsona ka ho sebelisa lintlha tsena

SEBELISA CHELETE HANTLE

  • ’Mé ea holileng o kotula lihoete serapeng sa meroho.

    Etsa bajete

    Qoba ho sebelisa chelete linthong tseo u sa li hlokeng. Ipotse: ‘Na ehlile ke hloka koloi? Na nka fokotsa chelete eo ke rekang lijo ka eona ka hore ke leme?’

  • Pele u reka ntho e itseng, ipotse: ‘Na kea e hloka? Na ke na le chelete e lekaneng bakeng sa ho e reka?’

  • Kopa thuso ho ’muso kapa mekhatlong e meng haeba ho khoneha.

Gift o re: “Re ile ra lula fatše re le lelapa e le hore re shebe tsela eo re phelang ka eona. Re ile ra fokotsa chelete eo re e sebelisang bakeng sa boithabiso. Re ile ra boela ra ja lijo tse seng turu.”

ETSA BAJETE

’Mè o sebelisa calculator ’me o ngola leqhepheng.

Fokotsa litšenyehelo

Seo Bibele e se buang: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Ho rera esale pele ho tla u thusa hore litšenyehelo tsa hao li se ke tsa feta chelete eo u e fumanang.

  • Qala pele ka ho ngola hore na u tla fumana chelete e kae khoeling eo.

  • Ka mor’a moo sheba hore na litšenyehelo tsa hao tsa khoeli ke life ebe u sheba le tsela eo u sebelisang chelete ka eona.

  • Etsa bonnete ba hore u na le chelete e lekaneng bakeng sa ho patalla lintho tsohle tseo u li hlokang. Haeba u hlokomela hore ha u na chelete e lekaneng, fokotsa lintho tseo u sa li hlokeng.

Carlos o re: “Ka khoeli re kopanya chelete eo re e fumanang ebe re ngola lethathamo la lintho tseo re li hlokang. Re leka ho boloka chelete bakeng sa lintho tse ka hlahang ka tšohanyetso ebe re etsa lethathamo la lintho tseo re tsebang hore re tla li reka nakong e tlang. Ho etsa sena ho re thusa hore re se ke ra tšoenyeha hobane re se re ntse re tseba hore na re tla sebelisa chelete ea rona joang.”

QOBA LIKOLOTO ’ME U BOLOKE CHELETE

  • ’Mè o thusa morali oa hae hore a kenye chelete ka botlolong.

    Qoba ho etsa likoloto ’me u boloke chelete

    Hlophisa lintho tsa hao e le hore u fokotse likoloto. Haeba ho khoneha, qoba likoloto ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, boloka chelete bakeng sa lintho tseo u li batlang.

  • Boloka chelete khoeli le khoeli bakeng sa lintho tse ka hlahang ka tšohanyetso le tseo u tla li hloka nakong e tlang.

SEBETSA KA THATA ’ME U BOLOKE MOSEBETSI OA HAO

Seo Bibele e se buang: “Ka mofuta o mong le o mong oa ho sehla ho ba le molemo.”​—Liproverbia 14:23.

  • ’metli oa mapolanka o kokotela sepekere lepolankeng.

    Sebetsa ka thata ’me u boloke mosebetsi oa hao

    E-ba le pono e nepahetseng ka mosebetsi oa hao. Le haeba u sebetsa mosebetsi oo u sa u thabeleng, bonyane u ntse u fumana chelete bakeng sa ho phela.

  • Leka ka matla ho sebetsa ka thata le hore u lule u fumaneha mosebetsing. Sena se tla etsa hore u se ke oa lahleheloa ke mosebetsi le hore haeba u ka lahleheloa ke oona u nolofalloe ke ho fumana o mong.

Dmitriy o re: “Ke amohela mosebetsi leha e le ofe le haeba ke sa o rate kapa ke fumana mokholo o sa khotsofatseng. Ke lula ke fumaneha ’me ke etsa mosebetsi o tsoileng matsoho joalokaha eka kea itšebeletsa.”

U ka etsa’ng haeba u batla mosebetsi?

  • Nka khato. Letsetsa likhoebo tseo e ka ’nang eaba ho na le mosebetsi oo u ka u etsang le haeba li sa bapatsa mosebetsi oo. Bolella metsoalle le ba lelapa hore u ntse u batla mosebetsi.

  • Feto-fetoha le maemo. Ho ka ’na ha etsahala hore u se ke oa fumana mosebetsi o nang le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e thabelang.

Batsoali ba buisana ka hore na ba tlo sebelisa chelete joang, ha bana ba bapalla ka ntle.

BAKENG SA HO ITHUTA LINTLHA TSE LING. Bala sehlooho se re’ng “U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela