Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 49
  • Letsatsi le Ema Tsi!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi le Ema Tsi!
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Joshua le Bagibeone
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • “Re Tla Sebeletsa Jehova, . . . Molimo oa Rōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Buka ea Bibele ea 6—Joshua
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Seo Joshua a Ileng a se Hopola
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 49

PALE EA 49

Letsatsi le Ema Tsi!

AK’U shebe Joshua. O re: ‘Letsatsi, ema!’ ’Me letsatsi le hlile le ema tsi! Le ema hona moo har’a sepakapaka motšehare oohle. Ke Jehova ea etsang hore le eme! Empa a re bone hore na ke hobane’ng ha Joshua a batla hore letsatsi le ’ne le chabe.

Ha marena a mahlano a mabe a naha ea Kanana a qala ho loantša Bagibeone, Bagibeone ba romela motho ho ea kōpa thuso ho Joshua. O re: ‘Tloo ho rōna kapele! Re pholose! Marena ’ohle a sebaka se ka thōko se maralla a tlile ho tla loantša bahlanka ba hao.’

Hang-hang Joshua le banna bohle ba hae ba ntoa baa tsamaea. Ba tsamaea bosiu kaofela. Ha ba fihla Gibeone, masole a marena a mahlano aa tšoha ’me a qala ho baleha. Joale Jehova o nesa sefako se seholo, ’me se bolaea masole a mangata ho feta a bolailoeng ke banna ba ntoa ba Joshua.

Joshua oa bona hore letsatsi le tla tloha le likela. Ho tla ba lefifi, ’me masole a mangata a marena a mahlano a mabe a tla baleha. Ke ka lebaka leo Joshua a rapelang Jehova a reng: ‘Letsatsi, ema!’ ’Me ha letsatsi le ntse le khanya, Baiseraele ba khona ho phetha tlhōlo ea bona ntoeng.

Ho na le marena a mang a mangata a mabe Kanana a hloileng batho ba Molimo. Joshua le banna ba lebothong la hae ba nka lilemo tse ka bang tšelela hore ba hlōle marena a 31 a naha eo. Ha ba se ba a hlōtse, Joshua o etsa bonnete ba hore naha ea Kanana e aroleloa meloko e sa ntseng e hloka naha.

Ho feta lilemo tse ngata, ’me qetellong Joshua o shoa a le lilemo li 110. Ha Joshua le metsoalle ea hae ba ntse ba phela, batho ba mamela Jehova. Empa ha banna bana ba molemo ba e-shoa, batho ba qala ho etsa lintho tse mpe ’me ba kena khathatsong. Ruri ba hloka thuso ea Molimo nakong ena.

Joshua 10:6-15; 12:7-24; 14:1-5; Baahloli 2:8-13.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela