Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 61
  • Davida o Etsoa Morena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Davida o Etsoa Morena
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Davida le Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lebaka le Etsang Hore Davida a Tlamehe ho Baleha
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Kakaretso ea 1 Samuele
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • “Nthute ho Etsa Thato ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 61

PALE EA 61

Davida o Etsoa Morena

SAULE o leka ho tšoara Davida hape. O mo batla ka masole a hae a tsebang ho loana haholo a 3 000. Ha Davida a utloa sena, o romela lihloela ho ea bona hore na Saule le banna ba hae ba robetse hokae bosiung boo. Joale Davida o botsa banna ba hae ba babeli: ‘Ke mang ea tla ea le ’na litenteng tsa Saule?’

Abishai oa araba: ‘Ke tla ea le uena.’ Abishai ke mora oa khaitseli ea Davida, Tseruja. Ha Saule le banna ba hae ba ntse ba robetse Davida le Abishai ba kena ba nanya ka tenteng. Ba nka lerumo la Saule le nkhoana ea hae ea metsi, e lutseng hona pel’a hlooho ea Saule. Ha ho ea ba bonang kapa ea ba utloang hobane ba khalehile kaofela.

Joale bona Davida le Abishai. Ba balehile, ba holimo leralleng moo ba sireletsehileng. Davida o hoeletsa molaoli oa mabotho a Iseraele: ‘Abnere, ke hobane’ng ha u sa sireletsa morena oa hao? Bona! Lerumo la hae le nkhoana ea hae ea metsi li kae?’

Saule oa tsoha. O tseba lentsoe la Davida, oa botsa: ‘Na ke uena Davida?’ Na u bona Saule le Abnere tlaase mola?

Davida o arabela Saule o re: ‘Ke ’na moren’a ka.’ Joale Davida oa botsa: ‘U ntelekisetsa eng? Ke entse bobe bofe? Lerumo la hao ke lena, morena. E-re e mong oa banna ba hao a tl’o le lata.’

Saule oa lumela: ‘Ke entse bobe. Ke entse ka booatla.’ Joale Davida oa itsamaela, ’me Saule o khutlela hae. Empa Davida o re ka pelong: ‘Ka le leng la matsatsi Saule o tla mpolaea. Nka mpa ka balehela naheng ea Bafilista.’ ’Me o etsa joalo. Davida o thetsa Bafilista hore ba nahane eka joale o ema le bona.

Hamorao Bafilista ba il’o loantša Baiseraele hape. Saule le Jonathane ba bolaoa ntoeng. Davida o utloa bohloko haholo ke sena, ’me o qapa pina eo a e binang ka mantsoe a reng: ‘Ke utloile bohloko ke uena, Jonathane ngoan’eso. Ke ne ke u rata hakaakang!’

Ka mor’a moo Davida o khutlela Iseraele motseng oa Hebrone. Joale batho ba ratang ha mora oa Saule Ish-boshethe e le morena ba loana le ba ratang hore Davida e be eena morena. Empa banna ba Davida ba qetella ba hlōtse. Davida o lilemo li 30 ha a etsoa morena. O busa a le Hebrone ka lilemo tse supileng le halofo. Bara ba bang ba hae ba tsoalloang moo ke Amnone, Absalome le Adonija.

Joale Davida le banna ba hae baa nyoloha ho ea hapa motse o motle o bitsoang Jerusalema. Joabe, mora e mong oa khaitseli ea Davida, Tseruja, o etella pele ntoeng. Ka lebaka leo Davida o putsa Joabe ka ho mo etsa molaoli oa lebotho la hae. Joale Davida o qala ho busa a le motseng oa Jerusalema.

1 Samuele 26:1-25; 27:1-7; 31:1-6; 2 Samuele 1:26; 3:1-21; 5:1-10; 1 Likronike 11:1-9.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela