Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 108
  • Tseleng e Eang Damaseka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tseleng e Eang Damaseka
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Khetha Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Mohlorisi o Bona Khanya e Khōlō
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na Batho ba Etsang Lintho Tse Mpe ba ka Fetoha?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Boboleli ba Saule bo Tsosa Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 108

PALE EA 108

Tseleng e Eang Damaseka

NA UA tseba hore ke mang eo ea oeleng tseleng? Ke Saule. Hopola hore ke eena ea neng a lebetse liaparo tsa banna ba neng ba tlepetsa Setefane ka majoe. Bona khanya ena e khōlō! Ho etsahala’ng?

Ka mor’a hore Setefane a bolaoe, Saule o etella pele ho tsoma balateli ba Jesu hore a ba hlorise. O ea ka ntlo le ntlo, o ba hulanyetsa ka ntle ’me o ba kenya teronkong. Barutuoa ba bangata ba balehela metseng e meng ’me ba qala ho bolela “litaba tse molemo” teng. Empa Saule o ea metseng e meng hore a batle balateli ba Jesu. Joale o tseleng o ea Damaseka. Empa ha a le tseleng, o etsahalloa ke ntho ena e makatsang:

Ka tšohanyetso Saule o apareloa ke khanya e hlahang leholimong. O oela fatše, joalokaha re bona mona. Joale lentsoe le re: ‘Saule, Saule! U ntlhorisetsa’ng?’ Banna ba nang le Saule ba bona khanya ebile ba utloa molumo oa lentsoe, empa ha ba utloisise se boleloang.

Saule oa botsa: ‘U mang, Morena?’

Lentsoe le re: ‘Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.’ Jesu o bua joalo hobane ha Saule a hlorisa balateli ba Jesu, Jesu o utloa eka ke eena ea hlorisoang.

Joale Saule oa botsa: ‘Ke etse’ng, Morena?’

Jesu o re: ‘Ema, u ee Damaseka. Ha u fihla moo u tla bolelloa hore na u etse joang.’ Ha Saule a ema ’me a bula mahlo, ha a bone letho. O foufetse! Kahoo banna ba nang le eena baa mo tataisa ’me ba mo isa Damaseka.

Joale Jesu o bua le e mong oa barutuoa ba hae ba Damaseka, o re: ‘Ema, Ananiase. U ee seterateng se bitsoang Se Otlolohileng. Ntlong ea Judase u batle monna ea bitsoang Saule. Ke mo khethile hore e be mohlanka oa ka ea khethehileng.’

Ananiase o etsa joalo. Ha a kopana le Saule, o mo beha matsoho ’me o re: ‘Morena o nthomile hore u bone hape ’me u tlale moea o halalelang.’ Hang-hang ho oela ntho e kang makhakhapha mahlong a Saule, ’me o bona hape.

Saule o sebelisoa ka tsela e matla ho bolella batho ba lichaba tse ngata litaba tse molemo. O se a tsejoa e le moapostola Pauluse, eo re tla ithuta lintho tse ngata ka eena. Empa pele, a re bone seo Molimo a romelang Petrose ho ea se etsa.

Liketso 8:1-4; 9:1-20; 22:6-16; 26:8-20.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela