Pina ea 2
Ho Utloa Molimo ho E-na le Batho
1. Re rata ho thabisa Jah;
Re qoba lefatše.
Ba bang ba re nka re hlanya,
’Me ha re tsotelle.
Ho utloa Jah e seng ba bang,
Ke morero oa rōna.
’Me sohle seo re se etsang
Re se etsetsa Jah.
2. Re nea ba beiloeng matleng
Liabo tsa bona,
Hoba ba’ikokobelitseng
Ba tlōtla Jehova.
Re tla phelela Jehova
Hoba o re rekile.
Morena o re lemosa
Hore re mo utloe.
3. Ha re tlotlisa Jehova,
Re phele ka khotso,
Re se etse bolotsana
Kapa boikhantšo.
Re ananela he puso
Ea Molimo ka hohle.
Ka hoo re isa tšehetso
Boreneng ba Ntate.
4. Re batla pele ka matla
Ho sebeletsa Jah.
Ba nyoriloeng ba bangata
Ba batla ho rutoa.
’Me leha batho ba tšoenya,
Rōna re tseba tsela:
Ka ho mamela Jehova,
O tla re boloka.