Khaolo 1
Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Thabisang!
1. Re tseba joang hore Molimo o batla hore re thabe?
TŠENOLO HO JOHANNE—buka ena e hlollang ea Bibele e qetella tlaleho e tsoang ho Molimo ka tlhōrō e thabisang. Ke hobane’ng ha re re e “thabisang”? Mongoli oa Bibele o hlalosoa e le “Molimo ea thabileng,” ea tšepetseng ba mo ratang “litaba tse molemo tse khanyang.” O batla hore le rōna re thabe. Ke kahoo qalong feela Tšenolo e re tiisetsang hore: ‘Ho thaba ea balang . . . mantsoe a boprofeta bona.’ Khaolong ea eona ea ho qetela re bolelloa hore: “Ho thaba mang kapa mang ea bolokang mantsoe a boprofeta ba moqolo ona.”—1 Timothea 1:11; Tšenolo 1:3; 22:7.
2. Re tlameha ho etsa joang e le hore re fumane thabo ka buka ea Tšenolo?
2 Re fumana thabo ka buka ea Tšenolo joang? Re e fumana ka ho batlisisa se boleloang ke lipontšo kapa litšoantšo tsa eona tse bonahalang ka ho hlaka mohopolong, le ho nka bohato bo lumellanang le tsona. Histori e mabifi ea moloko oa batho e tla tloha e fella ka koluoa, ha Molimo le Jesu Kreste ba phethisa kahlolo tsamaisong ea kajeno e khopo, ba e nkela sebaka ka “leholimo le lecha le lefatše le lecha,” moo ‘lefu le ke keng la hlola le e-ba teng.’ (Tšenolo 21:1, 4) Na kaofela ha rōna ha re batle ho phela lefatšeng le joalo le lecha, har’a khotso ea ’nete le tšireletseho? Hoo ho ka etsahala haeba re haha tumelo ea rōna ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho akarelletsa boprofeta bo susumetsang ba Tšenolo.
Apocalypse—Ke Eng?
3. Batho ba bangata ba nahana hore Apocalypse le Armagedone li bolela eng?
3 Na hape Tšenolo ha e bitsoe Apocalypse? Ho joalo hobane “tšenolo” ke phetolelo ea Sesotho ea lentsoe la Segerike a·po·kaʹly·psis. Batho ba bangata ba nka hore Apocalypse e bolela thipitlo ea lefatše ka ntoa ea nyutlelie. Texas, U.S.A., e leng motse oo palo e khōlō ea libetsa tsa nyutlelie li neng li etsoa ho oona, batho ba sekametseng bolumeling ba ne ba atisa ho re, “Re tla ba ba pele ba ho fela.” Ho tlalehoa hore baruti ba sebakeng seo ba ne ba “kholisehile hore Armagedone hase feela ketsahalo e ke keng ea qojoa empa hape e haufi, le hore ntoa ea ho qetela e pakeng tsa makhotla a botle le bobe, a Molimo le a Satane, e tla etsahala e le koluoa ea nyutlelie.”a
4. Lentsoe “apocalypse” ha e le hantle le bolela eng, hona ke hobane’ng ha ka nepo buka ea ho qetela ea Bibele e bitsoa “Tšenolo”?
4 Empa ha e le hantle apocalypse ke eng? Le hoja libuka tse hlalosang mantsoe li e hlalosa ka ho sebelisa mantsoe a kang “tlokotsi e khōlōhali e haufi,” a·po·kaʹly·psis ea Segerike ha e le hantle e bolela “ho phutholla” kapa “ho koaholla.” Kahoo, ke ka nepo buka ea ho qetela ea Bibele e bitsoang “Tšenolo.” Mona ha re fumane molaetsa feela oa timetso ea lefatše le ahlotsoeng, empa re koaholleloa linnete tse tsoang ho Molimo tse lokelang ho haha tšepo e khanyang le tumelo e sa sisinyeheng lipelong tsa rōna.
5. (a) Ke bo-mang ba tla timetsoa ka Armagedone, hona ke bo-mang ba tla pholoha? (b) Ba pholohang Armagedone ba tla be ba letetsoe ke bokamoso bofe bo hlollang?
5 Ke ’nete hore buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa Armagedone e le ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ (Tšenolo 16:14, 16) Empa e tla fapana hōle le koluoa ea nyutlelie! Koluoa e joalo e ne e ka ’na ea bolela ho timetsoa ho feletseng ha lintho tsohle tse phelang lefatšeng. Ho fapana le moo, Lentsoe la Molimo le fana ka tiiso e thabisang ea hore ke bahanyetsi ba khopo ba Molimo feela ba tla timetsoa—ba timetsoa ke makhotla a laoloang ke Molimo. (Pesaleme ea 37:9, 10; 145:20) Bongata bo boholo, bo tsoang lichabeng tsohle, bo tla pholoha tlhōrō ea kahlolo ea Molimo ka Armagedone. Joale Kreste Jesu o tla lisa bana le ho ba tataisa ho ba isa bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Na ha u batle ho ba e mong oa bona? Ka thabo, Tšenolo e bontša hore u ka ba e mong oa bona!—Tšenolo 7:9, 14, 17.
Ho Batlisisa Liphiri Tsa Molimo
6. Ho theosa le lilemo, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hatisa libuka life ho khantša leseli ho Tšenolo?
6 Khale ka 1917, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hatisa buka ea The Finished Mystery. E ne e hlalosa libuka tsa Bibele tsa Ezekiele le Tšenolo temana ka temana. Joale, ha liketsahalo tsa lefatše li ntse li tsoela pele ho senoleha ho phethahatsa boprofeta ba Bibele, buka e nakong e nang le livolume tse peli e neng e e-na le sehlooho se reng Light e ile ea hlophisoa, ’me ea lokolloa ka 1930. Eona e ile ea fana ka thuto e ntlafalitsoeng ea Tšenolo. Leseli le ile la ’na la tsoela pele ‘ho khanyetsa ba lokileng,’ ’me ka 1963 Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hatisa buka e maqephe a 704 e reng “Babylon the Great Has Fallen!” God’s Kingdom Rules! E ile ea qaqisa histori ea ho phahama le ho oa ha Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ’me ea qetella ka ho tšohla likhaolo tse robong tsa ho qetela tsa Tšenolo. Ha ‘tsela ea ba lokileng e ntse e khanya ka ho eketsehileng,’ haholo-holo mabapi le mosebetsi oa phutheho, ka 1969 ho ile ha latela buka e maqephe a 384, e bitsoang “Then Is Finished the Mystery of God,” e neng e tšohla likhaolo tsa pele tse 13 tsa Tšenolo.—Pesaleme ea 97:11; Liproverbia 4:18.
7. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li lokiselitse hore ho be le buka ee e tšohlang Tšenolo? (b) Ke lintho life tse thusang ho ruta tse sebelisitsoeng bukeng ee molemong oa babali?
7 Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore buka e ’ngoe e buang ka Tšenolo e hatisoe bocha hona joale? Boholo ba boitsebiso bo seng bo hlahisitsoe bo qaqisitsoe haholo, ’me ha hoa ka ha e-ba bonolo ho bo fetolela le ho bo phatlalatsa lefatšeng ka bophara ka lipuo tse ngata. Kahoo, ho ile ha bonahala ho loketse hore ho lokisetsoe buka e le ’ngoe feela ea Tšenolo e hlophisitsoeng ka mokhoa o tla etsa hore ho be bobebe ho e hlahisa ka lipuo tse ’maloa. Ho feta moo, bukeng ena ho sebelisitsoe lintho tse thusang ho ruta, tse akarelletsang litšoantšo, lichate le lintlha tsa kakaretso, tse tla thusa babali ho utloisisa ka ho hlakileng bohlokoa bo hlollang ba boprofeta bona bo babatsehang.
8. Lebaka le leng le matla haholoanyane la ho hatisa buka ee ke lefe?
8 Lebaka le leng le matla haholoanyane la ho hatisa buka ena ke hore ho hlokahala hore ho be le boitsebiso ba morao-rao bo tšohlang linnete hona joale. Jehova o ntse a tsoela pele ho khantša leseli haholoanyane mabapi le se boleloang ke Lentsoe la hae, ’me re ka lebella hore kutloisiso ea rōna ea Tšenolo, hammoho le boprofeta bo bong, e tla chorisoa ha re ntse re atamela haufinyane le matšoenyeho a maholo. (Matheu 24:21; Tšenolo 7:14) Ke habohlokoa hore re be le tsebo e eketsehileng. Joalokaha moapostola Petrose a ngotse mabapi le boprofeta bo tsoang ho Molimo, a re: “Le etsa hantle ha le [bo] ela hloko joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea meso e hlaha, ka lipelong tsa lōna.”—2 Petrose 1:19.
9. (a) Ho ekelletsa boprofeteng bo bong, Tšenolo e bontša hore Molimo o tla bōpa eng? (b) Lefatše le lecha ke eng, hona u ka pholohela ho lona joang?
9 Tšenolo e ekelletsa bopaki ba eona boprofeteng bo bong bo bongata ba Bibele, bo bontšang hore Jehova Molimo o rerile ho bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha. (Esaia 65:17; 66:22; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-5) Ka ho khethehileng molaetsa oa eona o lebisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, bao Jesu a ba rekileng ka mali a hae hore ba e’o busa le eena maholimong a macha. (Tšenolo 5:9, 10) Leha ho le joalo, litaba tsena tse molemo li tla boela li tiise tumelo ea ba limilione ba lebeletseng ho phela ka ho sa feleng tlas’a ’Muso oa Kreste. Na u e mong oa bona? Joale Tšenolo e tla matlafatsa tšepo ea hao ea ho phela Paradeiseng, u le karolo ea lefatše le lecha, u thabela khotso e ngata, bophelo bo sehlahlo, le litokisetso tsa Molimo tse khaphatsehang tseo ho seng mohla li tla fela. (Pesaleme ea 37:11, 29, 34; 72:1, 7, 8, 16) Haeba u batla ho pholohela lefatšeng leo le lecha, ho potlakile, e, ke tlamo, hore u ele hloko tsela e hlakileng eo ka eona Tšenolo e hlalosang ketsahalo ea ho qetela ea bohlokoahali e haufi hona joale.—Sofonia 2:3; Johanne 13:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Süddeutsche Zeitung, Munich, Jeremane, la 24 January, 1987.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 7]