Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • br78 maq. 18-22
  • Litsela Tseo li li Sebelisang ho U Bolella Tsona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela Tseo li li Sebelisang ho U Bolella Tsona
  • Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho bolela ka mohlala
  • Litsela Tseo li li Sebelisang ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
  • Ke Bo-mang ba Bolelang Litaba Tse Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • ‘Evangeli e Lokela ho Boleloa Pele’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Litlhohonolofatso Tsa Litaba Tse Molemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
br78 maq. 18-22

Litsela Tseo li li Sebelisang ho U Bolella Tsona

Bakreste ba filoe taelo ea “ho etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle,” empa hona ha ho bolele hore ba lokela ho sebelisa khatello kapa ho sokolla ba bang ka khang. Jesu o ne a romiloe ‘ho bolella ba malimabe taba tse molemo,’ “ho folisa ba robehileng lipelo,” “ho tšelisa ba llang kaofela.” (Mattheu 28:19, NW; Esaia 61:1, 2; Luka 4:18, 19) Lipaki tsa Jehova li batla ho etsa sena ka ho bolela ‘litaba tse molemo’ tse tsoang Bibeleng. Joaloka moprofeta Ezekiele oa boholo-holo, Lipaki tsa Jehova kajeno li leka ho fumana bao “ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang.”—Ezekiele 9:4.

Tsela e tsebisahalang haholo eo li e sebelisang ho fumana bao ba nyahameng ke maemo a hona joale ke ka ho ea ka ntlo le ntlo. Kahoo li etsa boiteko bo matla ho finyella sechaba, joalokaha Jesu a entse ha a ntse a “ea le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo.” Barutuoa ba hae ba pele ba entse ka ho tšoanang. (Luka 8:1; 9:1-6; 10:1-9) Kajeno moo ho khonehang, Lipaki tsa Jehova li leka ho etela lelapa le leng le le leng ka makhetlo a ’maloa ka selemo, li batla ho buisana le mong’a ntlo ka metsotso e seng mekae ka sehlooho se thahasellisang sa sebaka seo kapa sa lefatše kapa ntho eo batho ba amehileng ka eona. Lengolo kapa a mabeli a ka ’na a fanoa hore ho nahanoe ka oona, ’me haeba mong’a ntlo a bontša thahasello Paki e ka etsa tokisetso ea ho khutlela ka nako e tšoanelehang bakeng sa puisano e tsoelang pele. Libibele le libuka tse hlalosang Bibele li entsoe hore li fumanehe, ’me haeba mong’a ntlo a lakatsa, ho khannoa thuto ea lapeng ea Bibele ntle ho tefello. Ka 1986 palo-hare ea lithuto tsa Bibele tse fetang limillione tse peli le kotara e ne e khannoa joalo ka mehla lefatšeng lohle.

Tsela e ’ngoe eo ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ li bolelloang ba bang ka eona ke ka liboka tse tšoareloang Liholong tsa ’Muso tsa sebaka ka seng. Mono Lipaki li tšoara liboka beke le beke. Seboka se seng ke puo ea phatlalatsa ka taba e thahaselloang ka nako eo. E ’ngoe ke thuto ea lihlooho tse ling tsa Bibele kapa boprofeta, ho sebelisoa makasine oa Molula-Qhooa e le mohloli oa taba. Seboka sa boraro ke sekolo sa ho koetlisa Lipaki hore e be baboleli ba molemo ba ‘litaba tse molemo,’ ’me sa bone se nehetsoe puisanong ea mosebetsi oa bopaki tšimong ea sebaka seo. Hape, hang ka beke Lipaki li bokana malapeng, ka lihlotšoana, bakeng sa lithuto tsa Bibele.

Liboka tsena kaofela li bulehetse sechaba. Ha ho mohla ho nkuoang likoleke. Liboka tse joalo li molemo bakeng sa bohle. Bibele e re: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” Boithuto ba botho le ho etsa liphuputso lia hlokahala, empa ho bokana le ba bang hoa susumetsa: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.”—Ba-Heberu 10:24, 25; Liproverbia 27:17.

Lipaki li boetse li sebelisa hamolemo menyetla ea ho bua ka ‘litaba tse molemo’ ha li kopana le batho ba bang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. E ka ’na ea e-ba ho fapanyetsana mantsoe a seng makae le moahelani kapa motsamai-’moho beseng kapa sefofaneng; moqoqo o molelele le motsoalle kapa mong ka motho; puisano le mosebetsi-’moho nakong ea lijo tsa motšehare. Boholo ba mosebetsi oa bopaki oo Jesu a o entseng ha a le lefatšeng e ne e le oa mofuta ona—ha a ntse a tsamaea lebopong la leoatle, kapa a lutse mosikong oa leralla, kapa ha a e-ja ha motho e mong, kapa lechatong, kapa a le seketsoaneng sa ho tšoasa lihlapi Leoatleng la Galilea. O ne a ruta masynagogeng le tempeleng Jerusalema. Hohle moo a neng a le teng, o ne a fumana menyetla ea ho bua ka ’Muso oa Molimo. Lipaki tsa Jehova li leka ho latela mehlala ea hae le hona ntlheng ena.—1 Petrose 2:21.

Ho bolela ka mohlala

Ha ho le e ’ngoe ea litsela tsena tsa ho u bolella ka ‘litaba tse molemo’ e neng e tla utloahala ho uena haeba ea u bolellang a ne a sa itšebelisetse lithuto tseo. Ho bua ntho e fapaneng le eo u e etsang ke boikaketsi, ’me boikaketsi ba bolumeli bo furallisitse ba limillione Bibele. Bibele e beoa molato ka phoso. Bangoli le Bafarisi ba ne ba e-na le Mangolo a Seheberu, empa Jesu o ile a ba nyatsa ka hore ke baikaketsi. O ile a bua ka hore ba bala molaong oa Moshe, ’me a phaella ka hore ho barutuoa ba hae: “Le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka liketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse.” (Mattheu 23:3) Ho ba ha Mokreste mohlala oa ho phela ka tsela e lokileng ho bua ho feta ho senya lihora boboleling. Sena se ile sa totobaletsoa basali ba Bakreste bao banna ba bona ba neng ba sa lumela: “Ba mpe ba hapuoe, leha e ke ke ea e-ba ka lentsoe, e be ka metsamao ea basali ba bona.”—1 Petrose 3:1, 2.

Kahoo, Lipaki tsa Jehova li leka ho buella ‘litaba tse molemo’ ho ba bang le ka tsela ena: ka ho re e be mehlala boitšoarong ba Bokreste boo ba bo buellang ho ba bang. Li leka ‘ho etsa ho ba bang lintho tseo li ratang ha li etsoa ho tsona.’ (Mattheu 7:12) Li leka ho ba ka tsela ena ho batho bohle, e seng feela ho Lipaki tsa habo tsona kapa metsoalle kapa baahelani kapa beng ka tsona. Kaha ha lia phethahala, hase ka mehla li atlehang ka ho feletseng. Empa ke takatso ea lipelo tsa tsona ho etsa batho bohle hantle, e seng feela ka ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso, empa hape le ho ba thusa ha ho khoneha.—Jakobo 2:14-17.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

O hapuoa ntle le lentsoe

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Liholo tsa ’Muso, tse hahiloeng hantle, ke libaka tsa puisano ea Bibele

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Bophelong ba lelapa la tsona, le ha li kopana le batho ba bang, Lipaki ka sebele li leka ho etsa lintho tseo li li buellang ho ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela