Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hb maq. 22-26
  • Mali a Hlileng a Bolokang Bophelo ba batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mali a Hlileng a Bolokang Bophelo ba batho
  • Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MALI AO E LENG ’ONA FEELA A BOLOKANG BOPHELO
  • THABELA BOPHELO BO BOLOKILOENG KE MALI
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Mali
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
hb maq. 22-26

Mali a Hlileng a Bolokang Bophelo ba batho

Lintlha tse itseng lia hlaka ho tsoa boitsebisong bo ka holimo. Le hoja batho ba bangata ba talima litšelo tsa mali e le tse bolokang bophelo, li tletse likotsi. Selemo se seng le se seng batho ba likete baa shoa ka lebaka la litšelo tsa mali; ba bang ba bangata ba kula haholo ’me ba talimana le liphello tsa nako e telele. Kahoo, esita le ponong ea litaba ea bophelo ba ’mele, hona joale ho bohlale ho utloa taelo ea Bibele ea ho ‘tela mali.’—Liketso 15:28, 29.

Bakuli ba sireletseha likotsing tse ngata haeba ba kōpa hore ho sebelisoe phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali. Lingaka tsa litsebi tse amohetseng phephetso ea ho sebelisa sena ho Lipaki tsa Jehova li hlahisitse tšebetso e behang mohlala o motle e sireletsehileng e bileng e atlehang, joalokaha litlaleho tse ngata tsa phekolo ea meriana li paka hoo. Lingaka tse fanang ka tlhokomelo ea boleng bo botle ka ntle ho mali ha li sekisetse melao-motheo ea phekolo ea meriana e nkoang e le ea bohlokoa haholo. Ho e-na le hoo, li bontša ho hlompha tokelo ea mokuli ea ho tseba likotsi le melemo e le hore a ka etsa khetho a e-na le tsebo mabapi le hore na ho tla etsoa’ng ’meleng le bophelong ba hae.

Ha re iketse ba sa tsotelleng tabeng ena, hobane rea hlokomela hore hase bohle ba tla lumellana le tsela eo re sebetsanang le bothata bona ka eona. Batho baa fapana litabeng tsa letsoalo, litekanyetsong tse amoheloang tsa boitšoaro, le ponong ea litaba ea phekolo ea meriana. Kahoo, ba bang, ho akarelletsa lingaka tse ling, ba ka ’na ba fumana ho le thata ho amohela qeto ea mokuli ea ho tela mali. Ngaka e ’ngoe e buoang batho ea New York e ile ea ngola: “Le ka mohla nke ke ka lebala lilemo tse 15 tse fetileng, ha ke sa le koetlisong ea bongaka ha ke ne ke eme pel’a bethe ea Paki e ’ngoe ea Jehova e ileng ea tsoa mali ho fihlela e e-shoa ka lebaka la seso se neng se le qalong ea mala a masesaane. Litakatso tsa mokuli li ile tsa hlonepshoa ’me ha aa ka a tšeloa mali, empa ke sa ntsane ke hopola pherekano e tšabehang eo ke ileng ka ikutloa ke e-na le eona joaloka ngaka.”

Ha ho pelaelo hore e ne e lumela hore mali a ka be a bolokile bophelo. Leha ho le joalo, selemo ka mor’a hore ngaka eo e ngole seo, The British Journal of Surgery (October 1986) e ile ea tlaleha hore pele ho qaptjoa litšelo tsa mali, ho lutla mali moholung le maleng ho ne ho “bolaea ba etsang karolo ea 2,5 lekholong feela.” Ho tloha ha litšelo tsa mali li fetoha mokhoa o tloaelehileng, ‘liphuputso tse ngata tse khōlō li tlaleha hore lenane la ba shoang e se e le karolo ea 10 lekholong.’ Ke hobane’ng ha lenane la ba shoang le phahame hane ho feta pele? Babatlisisi ba entse tlhahiso ena: “Ho bonahala eka tšelo ea mali e etsoang qalong ea lefu leo e fetola ka ho felletseng khato eo ’mele o e nkang ea ho etsa hore mali a etse mahloele a mangata ha ho e-na le ho lutla ho itseng e leng ho susumelletsang mali hore a boele a tsoe.” Ha Paki eo e neng e ntse e tsoa mali sesong e hana mali, e ka ’na eaba khetho ea eona e ne e hlile e phahamisa litebello tsa eona tsa bophelo haholo.

Ngaka eona eo e buoang batho e ile ea phaella: “Ho feta ha nako le ho phekola bakuli ba bangata ho na le tšekamelo ea ho fetola khopolo ea motho, ’me kajeno ke fumana ho tšepana ho teng pakeng tsa mokuli le ngaka ea hae, le tšoanelo ea ho hlompha litakatso tsa mokuli e le ea bohlokoa haholo ho feta theknoloji e ncha ea phekolo ea meriana e re pota-potileng. . . . Hoa thahasellisa hore joale pherekano eo e felile ’me ho setse boikutlo ba ho hlolloa le ba tlhompho e tebileng bakeng sa tumelo e tiileng ea mokuli eo.” Ngaka eo e ile ea qetella ka hore: ‘Hoo ho nkhopotsa hore ka mehla ke lokela ho hlompha litakatso tsa bolumeli le tsa botho tsa mokuli ho sa tsotellehe maikutlo a ka kapa liphello.’

E ka ’na eaba u se u hlokometse ho hong hoo lingaka tse ngata li ho ananelang “ha nako e ntse e-ea le ha li ntse li phekola bakuli ba bangata.” Esita le ha ho e-na le tlhokomelo e molemo ka ho fetisisa ea phekolo ea meriana lipetleleng tse ntle ka ho fetisisa, neng-neng batho baa shoa. E-bang ba tšetsoe mali kapa ha baa a tšeloa, baa shoa. Kaofela ha rōna rea tsofala, ’me qetello ea bophelo e ntse e atamela. Hona hase ho ba le boikutlo ba hore bokamoso ba rōna bo se bo ntse bo hlotsoe ’me re ke ke ra etsa letho ho bo fetola. Ke ho talima litaba ka tsela ea sebele. Ho shoa ke ’nete e teng bophelong eo re tlamehang ho talimana le eona.

Bopaki bo bontša hore hangata batho ba sa natseng molao oa Molimo ka mali ba hlaheloa ke kotsi hang-hang kapa ka mor’a nako; ba bang ba bile ba bolaoa ke mali. Ba tsoelang pele ho phela ka mor’a moo ha baa fumana bophelo bo sa feleng. Kahoo litšelo tsa mali ha li boloke bophelo ka ho sa feleng.

Batho ba bangata bao, ka mabaka a bolumeli le/kapa mabaka a phekolo ea meriana, ba hanang mali empa ba amohela mokhoa o mong oa phekolo ea meriana ba atleha haholo. Ka hona ba ka lelefatsa bophelo ba bona ka lilemo-lemo. Empa eseng ka ho sa feleng.

Taba ea hore batho bohle ha baa phethahala ’me butle-butle baa shoa e re lebisa ’neteng ea sehlooho eo Bibele e e bolelang ka mali. Haeba re utloisisa ’nete ena re bile re e ananela, re tla bona kamoo mali a hlileng a ka bolokang bophelo—bophelo ba rōna—ka ho sa feleng.

MALI AO E LENG ’ONA FEELA A BOLOKANG BOPHELO

Joalokaha re hlokometse pejana, Molimo o ile oa bolella batho bohle hore ha baa lokela ho ja mali. Hobane’ng? Hobane mali a emela bophelo. (Genese 9:3-6) O ile oa hlalosa sena ka ho eketsehileng lethathamong la litaelo tsa Molao o ileng oa fuoa Iseraele. Ha ho fanoa ka lethathamo la litaelo tsa Molao oo, mali a liphoofolo tse entsoeng mahlabelo a ne a sebelisoa aletareng. (Exoda 24:3-8) Melao e neng e le lethathamong leo e ne e bontša ’nete ea hore batho bohle ha baa phethahala; ke baetsalibe, kamoo Bibele e hlalosang ka teng. Molimo o ile oa bolella Baiseraele hore ka mahlabelo a liphoofolo ao ba neng ba a nyehela ho oona, ba ne ba ka lumela hore ho hlokahala hore ba tšoareloe libe. (Levitike 4:4-7, 13-18, 22-30) Rea lumela hore seo ke sona seo Molimo o neng o se hloka ho bona morao koo, hase seo o se hlokang ho barapeli ba ’nete kajeno. Leha ho le joalo, ke sa bohlokoahali ho rōna hona joale.

Molimo ka booona o ile oa hlalosa molao-motheo oo mahlabelo ao a neng a etsoa ka lebaka la oona: “Sephefumolohi [kapa, bophelo] sa nama se maling, ’me ’na ka bonna ke a behile aletareng bakeng sa lōna hore le etsetse liphefumolohi tsa lōna tefello ea libe, hobane ke mali a etsang tefello ea libe ka sephefumolohi se ho ’ona. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bara ba Iseraele: ‘Ho se be sephefumolohi se jang mali ho lōna.’”—Levitike 17:11, 12, NW.

Moketeng oa boholo-holo o bitsoang Letsatsi la Tefello ea Libe, moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a isa mali a liphoofolo tse entsoeng mahlabelo ka karolong e halalelang ka ho fetisisa ea tempele, setsi sa borapeli ba Molimo. Ho etsa seo e ne e le tsela ea tšoantšetso ea ho kōpa Molimo hore o tšoarele sechaba libe. (Levitike 16:3-6, 11-16, BPN) Mahlabelo ao a ne a hlile a sa tlose sebe sohle, kahoo a ne a lokela ho phetoa selemo se seng le se seng. Ho ntse ho le joalo, ho sebelisoa ha mali ka tsela ena ho ile ha beha mohlala o nang le se sengata seo o se bolelang.

Thuto e khōlō ka Bibeleng ke hore qetellong Molimo o ne o tla fana ka sehlabelo se le seng se phethahetseng se neng se ka lefella libe tsa balumeli bohle ka ho felletseng. Sena se bitsoa topollo, ’me se theiloe sehlabelong sa Messia, kapa Kreste, ea neng a boletsoe esale pele.

Bibele e bapisa karolo eo Messia a e phethang le se neng se etsoa Letsatsing la Tefello ea Libe: “Joale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo oa tse molemo tse tlang ho tla. [Tempele] eo a sebeletsang ho eona e kholo, ’me e phethehile ho feta ea pele. Ha ea etsoa ke motho, . . . o kene hanngoe feela Sehalalelong [leholimong] se halalelang ka ho fetisisa, a sa nka mali a liphooko kapa a manamane, empa a nkile mali a hae ka sebele, ’me a re fumanela topollo e sa feleng. Ho ea ka Molao e batla e le tsohle tse hloekisoang ka mali, ’me libe li ke ke tsa tšoareloa ha mali a sa tšolohe.”—Ba-Heberu 9:11, 12, 22, BPN.

Ka hona hoa hlaka hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be le pono ea Molimo ka mali. Ka lebaka la tokelo ea oona joaloka ’Mōpi, o entse qeto ea hore na a ka sebelisoa feela ka tsela efe. E ka ’na eaba Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba fumana melemo ea bophelo bo botle ka ho se je mali a liphoofolo kapa a batho, empa eo e ne e se eona taba ea bohlokoahali. (Esaia 48:17, NW) Ba ne ba lokela ho qoba ho boloka bophelo ba bona ka mali, ’me lebaka le leholo e ne e se hobane ho etsa ho fapaneng le hoo ho ne ho tla etsa hore ba se ke ba phela hantle ’meleng, empa e ne e le hobane ho Molimo hoo e ne e le ho silafatsang moeeng. Ba ne ba sa lokela ho tela mali hobane a silafetse, empa hobane e le a bohlokoahali bakeng sa ho fumana tšoarelo.

Moapostola Pauluse o ile a hlalosa tjena ka topollo: “Ke ka eena [Kreste], ka mali a hae, re lopolotsoeng, ra tšoareloa libe, ka baka la boholo ba mohau oa hae.” (Ba-Efese 1:7, BPN) Ka nepo lentsoe la pele-pele la Segerike le fumanoang moo le fetoletsoe e le “mali,” empa liphetolelo tse ’maloa tsa Bibele li etsa phoso ka ho kenya lentsoe “lefu” bakeng sa lona. Kahoo, babali ba ka ’na ba hlōleha ho hlokomela hore ho hatelloa pono ea ’Mōpi oa rōna ka mali le molemo oa sehlabelo oo a o amahanyang le ’ona.

Sehlooho sa Bibele se theiloe ’neteng ea hore Kreste o ile a shoa hore e be sehlabelo se phethahetseng sa topollo empa ha aa ka a lula a shoele. Ho latela mohlala oo Molimo o ileng oa o beha Letsatsing la Tefello ea Libe, Jesu o ile a tsosetsoa leholimong “a tle a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, sebakeng sa rōna.” O ile a hlahisa molemo oa mali a sehlabelo sa hae moo. (Ba-Heberu 9:24) Bibele e hatella hore re tlameha ho qoba tsela efe kapa efe e neng e tla tšoana le ho ‘hatakela Mor’a Molimo ka maoto le ho etsa mali a hae ntho feela.’ Ke ka tsela eo feela re ka ipolokang re e-na le kamano e ntle le khotso le Molimo.—Ba-Heberu 10:29; Ba-Kolosse 1:20, NW.

THABELA BOPHELO BO BOLOKILOENG KE MALI

Ha re utloisisa seo Molimo o se bolelang ka mali, re qala ho ba le tlhompho e khōlō ka ho fetisisa bakeng sa molemo oa ’ona oa ho boloka bophelo. Mangolo a hlalosa Kreste e le ea ‘re ratileng le ea re lokollotseng libeng tsa rōna ka mali a hae.’ (Tšenolo 1:5, NW; Johanne 3:16) E, ka mali a Jesu, re ka fumana tšoarelo e felletseng le e sa feleng ea libe tsa rōna. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “’Me joale, ha re se re beiloe ba lokileng ka mali a hae, re tla loeloa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.” Ena ke eona tsela eo ka eona mali a ka bolokang bophelo bo sa feleng.—Ba-Roma 5:9; Ba-Heberu 9:14.

Khale koana Jehova Molimo o ile a fana ka tšepiso e tiileng ea hore ‘malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa’ ka Kreste. (Genese 22:18, NW) Tlhohonolofatso eo e akarelletsa ho tsosolosa lefatše hore e be paradeise. Joale batho ba lumelang ha ba sa tla hlola ba hlokofatsoa ke ho kula, botsofali, kapa lona lefu; ba tla thabela mahlohonolo a fetang hōle thuso ea nakoana eo basebetsi ba phekolo ea meriana ba ka re fang eona hona joale. Re na le tšepiso ena e tsotehang: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

Ka hona, ke ho bohlale hakaakang hore re nke litlhokahalo tsohle tsa Molimo ka ho teba! Seo se akarelletsa ho mamela litaelo tsa oona ka mali, ho se a sebelise hampe esita le maemong a phekolo ea meriana. Ka tsela eo ha re na ho phela ka nakoana feela. Ho e-na le hoo, re tla bontša tlhompho ea rōna e phahameng bakeng sa bophelo, ho akarelletsa tebello ea rōna ea ka moso ea bophelo bo sa feleng phethehong ea botho.

[Lebokose le leqepheng la 25]

Batho ba Molimo ba ile ba hana ho boloka bophelo ba bona ka mali, eseng ka lebaka la hore hoo ho ne ho tla etsa hore ba se ke ba phela hantle ’meleng, empa ka lebaka la hore e ne e le ho silafatsang moeeng, eseng ka lebaka la hore mali a ne a silafetse, empa ka lebaka la hore e ne e le a bohlokoahali.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

“Ke ka eena [Jesu], ka mali a hae, re lopolotsoeng, ra tšoareloa libe.”—Ba-Efese 1:7, BPN

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho boloka bophelo ka mali a Jesu ho bula tsela e isang bophelong bo sa feleng, bophelong bo botle ba ’mele paradeiseng ea lefatšeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela