Khaolo 14
Ho se Lumele ha Kajeno Na ho Batla ho Lokela ho Tsoela Pele?
“Ha ho sa tloaelehile hore batho ba amehe ka Molimo. Ho ntse ho fokotseha hore ba o hopole ha ba ntse ba tsoela pele ka letsatsi le letsatsi kapa ha ba etsa liqeto tsa bona. . . . Molimo o nketsoe sebaka ka lintho tse ling tsa bohlokoa: chelete le mahlahahlaha. Mohlomong ka nako e ’ngoe o kile oa nkoa e le mohloli oa ho hong habohlokoa liketsong tsohle tsa batho, empa kajeno o lahletsoe mehohlong e ipatileng ea histori. . . . Molimo o nyametse tlhokomelong ea batho.”—The Sources of Modern Atheism.
1. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Buka The Sources of Modern Atheism e hlalosa tumelo ho Molimo har’a batho joang kajeno? (b) Ho se lumele ha kajeno ho fapana ka matla joang le maemo lilemong tse seng kae tse fetileng?
HASE lilemong tse ngata haholo tse fetileng ha Molimo e ne e le karolo e khōlō haholo ea bophelo ba batho ba lefatšeng la Bophirima. Hore motho a amohelehe ho baahisani, o ne a lokela ho ba le bopaki ba hore o lumela ho Molimo, le haeba e ne e se e mong le e mong ea neng a hlile a sebelisa seo a neng a ipolela hore oa se lumela. Lipelaelo leha e le life le ho se nepisise motho o ne a li fetola lekunutu la hae a le mong. Ho li bolela phatlalatsa e ne e ka ba ho tšosang ’me mohlomong e bile ho pepesetsa motho hore e be ea nyatsehang.
2.(a) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba khaolitse ho batla Molimo? (b) Ke lipotso life tse tlamehang ho botsoa?
2 Leha ho le joalo, kajeno, litaba li fapane. Ba bangata ba nka ho ba le kholiseho leha e le efe e matla ea bolumeli e le ho ba le kelello e sa nahaneng ka ho felletseng, ho lumela se se nang bopaki, esita le ho ba le cheseho e se nang kelello. Linaheng tse ngata, re bona ho iphapanya ho ntseng ho ata mabapi le Molimo le bolumeli kapa ho haelloa ke thahasello ho Molimo le bolumeli. Batho ba bangata ha ba sa batla Molimo hobane mohlomong ha ba lumele hore o teng kapa ha ba nepisise hantle hore na o teng. Haele hantle, ba bang ba bile ba sebelisa mantsoe “ka morao ho Bokreste” ho hlalosa mehla ea rōna. Ka baka leo, ho tlameha hore ho botsoe lipotso tse itseng: Ke ho tloha neng khopolo ea Molimo e ileng ea suthela hōle hakana le bophelo ba batho? Litšusumetso tse ileng tsa tsoala phetoho ee ke life? Na ho na le mabaka a utloahalang a ho tsoela pele ho batla Molimo?
Liphello Tse Bosula Tsa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli
3. Phello e ’ngoe ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e bile efe?
3 Joalokaha re bone Khaolong ea 13, Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea Boprostanta ea lekholong la lilemo la bo16 e ile ea tlisa phetoho e hlokomelehang tseleng eo batho ba neng ba talima ba boholong ka eona, bolumeling kapa linthong tse ling. Ho iponahatsa seo motho a leng sona le bolokolohi ba ho itlhalosa li ile tsa nka sebaka sa tumellano le boikokobetso. Le hoja batho ba bangata ba ile ba lula ka hare ho kaheho ea motheo ea bolumeli ba neano, ba bang ba ile ba fetela liphetohong tse sefutho haholoanyane, ba belaella mekhoa ea ho ruta le lithuto tsa motheo tsa likereke tsa molao. Ba bang hape ka ho hlokomela karolo eo bolumeli bo ileng ba e nka lintoeng, mahlomoleng, le leemeng historing eohle, ba ile ba e-ba lekhonono ho hang ka bolumeli.
4.(a) Litlaleho tsa nakong eo li ile tsa hlalosa ho saballa ha ho se lumele ho Molimo England le France joang makholong a lilemo la bo16 le la bo17? (b) Ke bo-mang ba ileng ba hlahella pooaneng ka lebaka la boiteko bo ileng ba etsoa ho hlohlolla joko ea bo-mopapa nakong ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli?
4 Esale qalong hoo e ka bang ka 1572, tlaleho e bitsoang Discourse on the Present State of England e ile ea tlaleha: “’Muso o arohane mekha e meraro, ba Roma e K’hatholike, Ba sa Lumeleng ho Molimo, le Baprostanta. E ratoa ka ho tšoana ka boraro ba eona: oa pele le oa bobeli hobane, kaha ba bangata, re tšaba ho ba khopisa.” Khakanyo e ’ngoe e ile ea fana ka palo ea 50 000 e le palo ea ba neng ba sa lumele ho Molimo Paris ka 1623, le hoja tlhaloso eo e ne e sebelisoa ka mokhoa o batlang o se motle. Leha ho le joalo, ho hlakile hore Phetoho e Khōlō ea Bolumeli, boitekong ba eona ba ho hlohlolla puso ea matla a bo-mopapa, e ne e boetse e entse hore ba neng ba qholotsa malumeli a molao ba hlahelle pooaneng. Joalokaha Will le Ariel Durant ba bolela ho The Story of Civilization: Part VII—The Age of Reason Begins: “Ba neng ba seka-seka litaba ba Europe—baeta-pele ba likelello tsa batho ba Europe—ba ne ba se ba sa buisane ka matla a mopapa; ba ne ba ngangisana ka ho ba teng ha Molimo.”
Tlhaselo ea Saense le Filosofi
5. Ke matla afe a ileng a potlakisa ho phahama ha ho se lumele ho Molimo?
5 Ho phaella ho tsekoloheng ha Bokreste-’mōtoana ka bobona, ho ne ho e-na le matla a mang a neng a sebetsa a ileng a tsoela pele ho fokolisa boemo ba bona. Saense, filosofi, bolefatše, le lintho tse bonahalang li ile tsa nka likarolo tsa tsona ho tsosa lipelaelo le ho khothalletsa ho ba lekhonono ka Molimo le ka bolumeli.
6. (a) Ho hōla ha tsebo ea saense ho ile ha ama lithuto tse ngata tsa kereke joang? (b) Ba bang ba neng ba inka hore ba khema le linako ba ile ba etsa eng?
6 Ho hōla ha tsebo ea saense ho ile ha etsa hore ho belaelloe lithuto tse ngata tsa kereke tse neng li theiloe tlhalosong e fosahetseng ea litemana tsa Bibele. Ka mohlala, lintho tse ileng tsa sibolloa ka linaleli ke banna ba kang Copernicus le Galileo li ile tsa hlahisa phephetso e tobileng thutong ea kereke ea hore lefatše ke setsi sa bokahohle. Ho feta moo, ho utloisisa melao ea tlhaho e laolang tsela eo lefatše ka bolona le sebetsang ka eona ho ile ha etsa hore e be ho seng ho sa hlokahale hore ho thoe liketsahalo tseo ho tla fihlela ka nako eo ho neng ho thoe ke liketsahalo tsa mohlolo, tse kang lia-luma le mahalima kapa hona ho hlaha ha linaleli tse itseng le mechochonono, ho thoe li entsoe ke letsoho la Molimo kapa Matla a Laolang Bokamoso ba Motho. “Mehlolo” le “ho kenella ha Molimo” litabeng tsa batho le tsona li ile tsa belaelloa. Ka tšohanyetso feela, ba bangata ba ile ba bona Molimo le bolumeli li feletsoe ke nako ’me ba bang ho ba neng ba inka ba khema le linako ka potlako ba ile ba furalla Molimo le ho khobokana borapeling ba saense e nkoang eka ha e fose.
7. (a) Ha ho pelaelo hore tlhaselo e matla ka ho fetisisa ea bolumeli e bile eng? (b) Likereke li ile tsa arabela joang thutong ea Darwin?
7 Ha ho pelaelo hore ntho e ileng ea hlasela bolumeli ka ho fetisisa, e bile khopolo ea hore lintho li bile teng ka ho iphetola libopeho. Ka 1859 seithuti sa tlhaho sa Lenyesemane Charles Darwin (1809-82) se ile sa phatlalatsa The Origin of Species ea sona ’me sa hlahisa phephetso e tobileng thutong ea Bibele ea hore Molimo ke oona o bōpileng. Likereke li ile tsa arabela joang? Qalong baruti ba England le libakeng tse ling ba ile ba nyatsa khopolo ena. Empa khanyetso ea phakisa ea nyamela. Ho ile ha bonahala eka khopolo-taba ea Darwin ruri e ne e le lona lebaka le neng le ntse le batloa ke baruti ba bangata ba neng ba ntse ba belaela ka lenyele. Kahoo, bophelong ba Darwin, The Encyclopedia of Religion e re: “Baruti ba neng ba nahana ka ho fetisisa le ba neng ba tseba ho itlhalosa ka ho fetisisa ba ne ba finyelletse qetong ea bona ea hore ho iphetola ha lintho libopeho ho lumellana ka ho felletseng le kutloisiso e tsoetseng pele ea lengolo.” Ho e-na le ho sireletsa Bibele, Bokreste-’mōtoana bo ile ba inehela khatellong ea pono ea bo-rasaense le ho khema le se neng se rateha. Ka ho etsa joalo, bo mpile feela ba nyokola tumelo ho Molimo.—2 Timothea 4:3, 4.
8.(a) Ba tšoaeang liphoso bolumeling ba lekholong la lilemo la bo19 ba ile ba belaella eng? (b) Tse ling tsa likhopolo tse ratehang tse ileng tsa hlahisoa ke ba tšoaeang liphoso bolumeling e bile life? (c) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ile ba amohela ka potlako likhopolo tseo e seng tsa bolumeli?
8 Ha lekholo la lilemo la bo19 le ntse le tsoela pele, ba tšoaeang liphoso bolumeling ba ile ba e-ba sebete haholoanyane tlhaselong ea bona. Ba sa khotsofalla feela ho supa ho hlōleha ha likereke, ba ile ba qala ho belaela motheo oa bolumeli ka booona. Ba ile ba phahamisa lipotso tse kang: Molimo ke eng? Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ho be le Molimo? Ho lumela ho Molimo ho amme mokhatlo oa batho joang? Banna ba kang Ludwig Feuerbach, Karl Marx, Sigmund Freud, le Friedrich Nietzsche ba ile ba bolela mabaka a bona ka mantsoe a thuto ea filosofi, ea kelello, le ea litlhoko tsa batho. Likhopolo tse kang ‘Molimo hase letho haese feela leano la monahano oa motho,’ ‘Bolumeli ke matekoane ho batho,’ le ‘Molimo o shoele’ kaofela li ile tsa utloahala li le ncha li bile li hlasimolla maikutlo ha li bapisoa le lithuto le lineano tse thotofetseng le tse sa utloahaleng tsa likereke. Ho ile ha bonahala eka qetellong batho ba bangata ba fumane tsela e hloahloa ea ho hlalosa lipelaelo le ho se lumele tse neng li ntse li ipatile likelellong tsa bona. Ka potlako le ka boithatelo ba ile ba amohela likhopolo tsena e le ’nete e ncha e felletseng.
Ho Sekisetsa ho Hoholo
9.(a) Likereke li ile tsa etsa eng ha li hlaseloa ke saense le filosofi? (b) Liphello tsa ho sekisetsa ha likereke e bile life?
9 Likereke li ile tsa etsa joang ha li hlaseloa le ho hlahlobisisoa ke saense le filosofi? Ho e-na le ho emela seo Bibele e se rutang, li ile tsa inehela tlas’a likhatello ’me tsa sekisetsa le lintlheng tsa bohlokoa tsa tumelo tse kang pōpo e entsoeng ke Molimo le bonnete ba Bibele. Phello ea e-ba efe? Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa qala ho felloa ke tšusumetso ea tumelo, ’me batho ba bangata ba qala ho felloa ke tumelo. Ho hlōleha ha likereke ho itšireletsa ho ile ha siea monyako o petlekehile hore matšoele a tsoele ka ntle. Ho batho ba bangata, bolumeli bo ile ba fetoha feela seemahale har’a batho, ntho ea ho tšoaea liketsahalo tsa bohlokoa bophelong ba motho—tsoalo, lenyalo, lefu. Ba bangata ba ile ba batla ba tela ho batla Molimo oa ’nete.
10. Ke lipotso life tse potlakileng tse tlamehang ho hlahlojoa?
10 Har’a sena sohle, hoa utloahala ho botsa: Na kannete saense le filosofi li entse hore batho ba felloe ke tumelo ho Molimo? Na ho hlōleha ha likereke ho bolela ho hlōleha ha seo li se rutang, e leng, Bibele? Ka sebele, na ho batla Molimo ho lokela ho tsoela pele? A re hlahlobeng litseko tsena ka bokhutšoanyane.
Motheo oa ho Lumela ho Molimo
11. (a) Ke libuka life tse peli tseo e leng khale e le motheo oa ho lumela ho Molimo? (b) Libuka tsee li amme batho joang?
11 Ho ’nile ha boleloa hore ho na le libuka tse peli tse re bolellang ka boteng ba Molimo—“buka” ea pōpo, kapa tlhaho e re potolohileng, le Bibele. E bile tsona motheo oa tumelo bakeng sa batho ba limillione nakong e fetileng le hona joale. Ka mohlala, morena oa lekholong la lilemo la bo11 B.C.E., a khahliloe ke seo a neng a se bona maholimong a tletseng linaleli, o ile a tsota ka mokhoa oa thothokiso: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.” (Pesaleme ea 19:1) Lekholong la lilemo la bo20, e mong oa ba fofang sepaka-pakeng, ha a ne a shebile botle bo hlollang ba lefatše a le sefofaneng sa hae sa sepaka-paka ha se ntse se potoloha khoeli, o ile a susumeletseha hore a phete: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.”—Genese 1:1.
12. Buka ea pōpo le Bibele li hlasetsoe joang?
12 Leha ho le joalo, ba ipolelang hore ha ba lumele ho Molimo ba hlasela libuka tsena tse peli. Ba bolela hore liphuputso tseo bo-rasaense ba li entseng ka lefatše le re potolohileng li pakile hore bophelo bo bile teng ka tsietsi e sa lebelloang le ka tšebetso e mofere-fere ea ho iphetola libopeho ha lintho e seng ka pōpo e bohlale. Ka baka leo, ba phea khang hore ha hoa ba le ’Mōpi le hore ho hlakile hore taba ea Molimo ha e hlokahale. Ho feta moo, ba bangata ho bona ba lumela hore Bibele ho hang e fetiloe ke linako e bile ha e utloahale, ka baka leo, ha ea lokela ho lumeloa. Ka baka leo, ho bona, ha ho sa na motheo leha e le ofe oa ho lumela hore Molimo o teng. Na see sohle ke ’nete? Linnete li bontša eng?
Ka Tsietsi Kapa ka ho Qaptjoa?
13. Ho ne ho tla lokela hore e be ho ile ha etsahala eng hore e be bophelo bo hlahile ka tsietsi?
13 Haeba ho ne ho se ’Mōpi, bophelo bo tlameha hore e be bo qalehile ka tsietsi ka tšohanyetso. Hore bophelo bo tle bo be teng, ho ne ho tla hlokahala hore ka mokhoa o mong o itseng metsoako e nepahetseng e kopane hammoho ka litekanyetso tse nepahetseng, tlas’a mohatsela le mofuthu tse nepahetseng le matla a nepahetseng le lintlha tse ling tse hlokahalang, ’me sena sohle se ne se tla lokela ho tsoela pele ka nako e telele bo lekaneng. Ho feta moo, hore e be bophelo bo ile ba qaleha le ho bolokoa lefatšeng, liketsahalo tsena tsa tsietsi li ne li tla lokela ho phetoa ka makhetlo a likete. Empa ho bonolo hakae hore ketsahalo leha e le ’ngoe feela e joalo e etsahale?
14. (a) Monyetla oa hore molecule o le mong oa protein o ka hlaha ka tsietsi feela o hōle hakae? (b) Lipalo li ama khopolo ea hore bophelo bo ka simoloha ka tšohanyetso feela joang?
14 Ba khopolo ea hore lintho li bile teng ka ho iphetola libopeho ba lumela hore monyetla oa hore liathomo le li-molecule tse nepahetseng li be sebakeng se nepahetseng hore li bōpe molecule o le mong feela oa protein ke 1 ho 10113, kapa 1 e lateloang ke linoto tse 113. Palo eo e feta palo ea liathomo kaofela tseo ho hakanngoang hore li teng bokahohleng! Litsebi tsa lipalo li lahla ntho efe le efe e nang le monyetla oa ho etsahala o leng ka tlaase ho 1 ho 1050 hore e ka etsahala le ka mohla. Empa bakeng sa bophelo ho hlokahala ho eketsehileng haholo ho feta molecule o le mong oa protein. Li-protein tse sa tšoaneng tse ka bang 2 000 lia hlokahala bakeng sa sele e le ’ngoe feela hore e ’ne e sebetse, ’me monyetla oa hore kaofela ha tsona li etsahale feela tjee ke 1 ho 1040 000! Setsebi sa linaleli Fred Hoyle se re: “Haeba motho a se leeme ka lebaka la litumelo tsa batho kapa koetliso ea saense hore a lumele hore bophelo bo simolohile [ka tšohanyetso] Lefatšeng, lipalo tsena tse bonolo li hlakola khopolo eo ka ho felletseng.”
15. (a) Bo-rasaense ba sibollotse eng ha ba ntse ba ithuta lefatše ka bolona? (b) Moprofesa oa physics o ile a re’ng ka melao ea tlhaho?
15 Ka lehlakoreng le leng, ka ho ithuta lefatše ka bolona, ho qala ka liphatsa tsa liathomo ho ea ho melala e meholo ea linaleli, bo-rasaense ba sibollotse hore liketsahalo tsohle tse tsejoang tsa tlhaho ho bonahala li latela melao e itseng ea motheo. Ka mantsoe a mang, ba sibollotse hore ho na le monahano le taolo nthong e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang bokahohleng, ’me ba khonne ho hlalosa ho ba teng hona ha monahano le taolo ka maqheka a bonolo a lipalo. Paul Davies, moprofesa oa physics, oa ngola ho makasine ea New Scientist: “Ke bo-rasaense ba fokolang ka palo ba ka hlōlehang ho khahloa ke bonolo boo ho bonahalang eka ha bo na lebaka le bokhabane tse melaong ena.”
16. (a) Lipalo tse ling tsa mantlha ke life melaong ea tlhaho? (b) Ho ne ho tla etsahala joang haeba lipalo tsena tsa mantlha li ne li ka fetoha leha e le hanyenyane feela? (c) Moprofesa oa physics o ile a fihlela qeto efe ka bokahohle le boteng ba rōna?
16 Leha ho le joalo, ntho e hlollang ka ho fetisisa ka melao ena ke hore ka ho eona ho na le likarolo tseo lipalo li tlamehang ho behoa ka ho nepahala e le hore bokahohle bo ka ba teng kamoo re bo tsebang ka teng. Har’a lipalo tsena tsa mantlha ho ka boleloa tekanyo ea motlakase prothoneng, boima ba tse ling tsa liphatsa tsena tsa mantlha, le palo ea matla a khoheli (gravitation) ea Newton, eo ka tloaelo e khetholloang ka tlhaku G. Ntlheng ena, Moprofesa Davies o tsoela pele: “Ho fetola lipalo tsena hanyenyane ho ka fetola ponahalo ea Bokahohleng haholo feela. Ka mohlala, Freeman Dyson o ile a supa hore haeba matla a pakeng tsa li-nucleon (liprothone le li-neutron) a ne a ka eketsoa ka likarolo li se kae lekholong, Bokahohleng bo ne bo tla hloka hydrogen. Linaleli tse kang Letsatsi, re se re sa bue ka metsi, li ne li tla ba sieo. Bophelo, bonyane kamoo re bo tsebang, bo ne bo ke ke ba e-ba teng. Brandon Carter o bontšitse hore liphetoho tse nyenyane ho G li ne li ka fetola linaleli tsohle hore e be liphankha tse putsoa kapa likakachelana tse khubelu, ka liphello tse kotsi bophelong.” Kahoo, Davies o fihlela qeto ea hore: “Tabeng ena hoa utloahala hore ho ka ’na ha e-ba le Bokahohle bo le bong. Haeba ho joalo, hoa tsoteha hore boteng ba rōna re le batho ba utloang ke phello eo ho ke keng ha latoloa hore e bile teng ka lebaka la ho ba teng ha monahano.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
17. (a) Boqapi le morero tse teng bokahohleng li bontša eng ka ho hlaka? (b) See se tiisoa joang ka Bibeleng?
17 Ke eng eo re ka e fumanang ho see sohle? Pele ho tsohle, haeba bokahohleng bo laoloa ke melao, e tlameha e be ho na le moetsi-melao ea bohlale ea ileng a qala kapa a thea melao ena. Ho feta moo, kaha melao e laolang ho sebetsa ha bokahohle e bonahala e entsoe ho lebelletsoe bophelo le maemo a lumellang ho bo boloka, ho hlakile hore morero oa ameha. Boqapi le morero—tsena hase litšobotsi tsa tsietsi e sefofu; ka ho khethehileng ke seo ’Mōpi ea bohlale a neng a tla se bontša. ’Me ke sona seo Bibele e se bontšang ha e re: “Hobane se ka tsejoang sa Molimo se senotsoe ka ho bona, etsoe Molimo o ba senoletse sona. Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa.”—Ba-Roma 1:19, 20; Esaia 45:18; Jeremia 10:12.
Re Pota-potiloe ke Bopaki bo Bongata
18. (a) Boqapi le morero li ka bonoa ho eng hape? (b) Ke mehlala efe e tloaelehileng ea boqapi bo bohlale eo u ka fanang ka eona?
18 Joalokaha ho ka lebelloa, boqapi le morero ha li bonoe feela ho sebetseng ho nang le taolo ha bokahohle empa hape le tseleng eo libōpuoa tse phelang, tse sa bōpehang ka mokhoa o rarahaneng le tse bōpehileng ka mokhoa o rarahaneng li phethang mesebetsi ea tsona ea letsatsi le letsatsi, esita le ka tsela eo li sebelisanang ka eona le eo li sebelisanang le tikoloho ka eona. Ka mohlala, hoo e ka bang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele oa rōna—boko, leihlo, tsebe, letsoho—e bontša boqapi bo rarahaneng hoo saense ea kajeno e ke keng ea bo hlalosa ka botlalo. Ho hong hape ke liphoofolo le limela. Ho falla selemo le selemo ha linonyana tse itseng li fofa lik’hilomithara tse likete-kete holim’a lefatše le leoatle, tšebetso ea letsatsi makhasing a matala, ho hōla ha lehe le le leng le emolisitsoeng hore e be setho se rarahaneng se nang le lisele tse limillione tse nang le mesebetsi e khethehileng—ha re fana ka mehlala e seng mekae feela—kaofela ke bopaki bo khethehileng ba boqapi bo bohlale.a
19. (a) Na tlhaloso ea bo-rasaense ea kamoo lintho li sebetsang e paka hore ha ho na moqapi ea bohlale? (b) Ke eng eo re ka ithutang eona ka ho ithuta lefatše le re potolohileng?
19 Leha ho le joalo, ba bang ba phea khang hore tsebo e eketsehileng ea saense e fane ka litlhaloso bakeng sa tse ngata tsa liketsahalo tsena. Ke ’nete hore ho isa tekanyong e itseng saense e hlalositse tse ngata tsa lintho tseo e kileng ea e-ba mehlolo e qakileng. Empa ho sibolla ha ngoana hore na oache e sebetsa joang ha ho pake hore oache eo ha ea qaptjoa le ho etsoa ke motho e mong. Ka ho tšoanang, ho utloisisa ha rōna litsela tse hlollang tseo lintho tse ngata tse lefatšeng li sebetsang ka tsona ha ho pake hore ha ho na moqapi ea bohlale ea li susumetsang. Ho fapana le moo, ha re ntse re eketsa tsebo ea rōna ka lefatše le re potolohileng, re fumana bopaki bo eketsehileng ba hore ho teng ’Mōpi ea bohlale, Molimo. Kahoo, ka likelello tse seng leeme, re ka lumellana le mopesaleme ha a ne a lumela: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao.”—Pesaleme ea 104:24.
Bibele—Na u ka e Lumela?
20. Ke eng e bontšang hore ho lumela ho Molimo ha hoa lekana ho susumetsa motho hore a o batle?
20 Leha ho le joalo, ho lumela hore Molimo o teng ha hoa lekana ho susumetsa batho hore ba o batle. Kajeno ho na le batho ba limillione ba sa ntsaneng ba lumela ka lekeke ho Molimo, empa hoo ha hoa ba etsa hore ba batle Molimo. Raliphuputso oa Leamerika George Gallup, e monyenyane, o hlalosa hore “ha ho hlile ha ho phapang e kaalo eo u e fumanang pakeng tsa ba kenang kereke le ba sa keneng kereke tabeng ea ho qhekella, ho qoba makhetho, ho tloaela ho utsoa lintho tse nyenyane, haholo hobane ho na le bolumeli bo bongata bo etsoang hore bo lumellane le mathata a batho.” O phaella ka hore “ba bangata ba mpa ba khomathiselletsa bolumeli bo lumellanang le bona le bo ba thabisang le bo sa ba hlokeng ho hongata. Motho e mong o ile a bo bitsa bolumeli bo lumellanang le motho ka mong. Boo ke bofokoli bo boholo ba Bokreste naheng ena [U.S.A.] kajeno: Tumelo ha ea tsitsa.”
21, 22. (a) Ke eng e etsang Bibele buka e tsotehang? (b) Bopaki bo boholo ba hore Bibele ke ’nete ke bofe? Hlalosa.
21 ‘Bofokoli boo bo boholo’ haholo-holo ke tholoana ea ho haelloa ke tsebo le tumelo Bibeleng. Empa ho na le motheo ofe bakeng sa ho lumela Bibele? Pele ho tsohle, ho lokela hore ho hlokomeloe hore ho theosa le mehla, mohlomong ha ho buka e ’ngoe e ileng ea nyatsoa, ea sebelisoa hampe, ea hlouoa, le ho hlaseloa ka leeme ho feta Bibele. Leha ho le joalo, e ile ea pholoha har’a seo sohle ’me ea fetoha buka e fetoletsoeng ka bophara haholo le e tsamaisoang haholo tlalehong eohle. Hoo ka bohona ho etsa Bibele buka e tsotehang. Empa ho na le bopaki bo bongata, bopaki bo kholisang, hore Bibele ke buka e bululetsoeng ke Molimo le e tšoaneloang ke hore re e lumele.—Bona se ka lebokoseng, maqepheng a 340-1.
22 Le hoja batho ba bangata ba se ba batla ba nkile hore Bibele ha e lumellane le saense, ea ikhanyetsa, le hore e fetiloe ke linako, linnete li bontša se fapaneng le seo. Ho ngoloa ha eona ho khethehileng, ho nepahala ha eona historing le saenseng, le boprofeta ba eona bo sa foseng kaofela li lebisa qetong e le ’ngoe feela e ke keng ea qojoa: Bibele ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. Joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela: ‘Lengolo lohle le bulutsoe ke Moea oa Molimo, ’me le na le molemo.’—2 Timothea 3:16.
Ho Sebetsana le Phephetso ea ho se Lumele
23. Re ka fihlela qeto efe mabapi le Bibele ha re sheba linnete?
23 Ha re hlahlobile bopaki bo tsoang bukeng ea pōpo le Bibeleng, re ka fihlela qeto efe? E bonolo feela ea hore libuka tsena ke tsa bohlokoa kajeno joalokaha li ’nile tsa e-ba joalo ka linako tsohle. Ha re utloisisa ho sheba taba ena joale ka eo ho lokelang hore ho nahanoe ka eona ho e-na le ho hlokisoa botsitso ke maikutlo a tlileng pele, re fumana hore likhanyetso leha e le life li ka hlōloa ka mokhoa o utloahalang. Likarabo li teng, haeba feela re utloisisa ho li batla. Jesu o itse, “Le ’ne le batle, ’me le tla fumana.”—Mattheu 7:7, NW; Liketso 17:11.
24. (a) Ke hobane’ng ha ba bangata ba tetse ho batla Molimo? (b) Re ka tšelisoa ke eng? (c) Ke eng eo re tla e hlahloba karolong e setseng ea buka ee?
24 Qetellong, batho ba bangata ba tetseng ho batla Molimo ha baa etsa joalo hobane ba itlhahlobetse bopaki ka hloko ’me ba fumana hore Bibele ha e na ’nete. Ho e-na le hoo, ba bangata ba bona ba lelekiloe ke ho hlōleha ha Bokreste-’mōtoana ho beha ka pel’a bona Molimo oa ’nete oa Bibele. Joalokaha sengoli sa Lefora P. Valadier se itse: “Ke neano ea Bokreste e hlahisitseng ho se lumele ho Molimo e le tholoana ea eona; e isitse ho bolaoeng ha Molimo matsoalong a batho hobane e ile ea kenya ka ho bona Molimo o ke keng oa lumeloa.” Le haeba ho joalo, re ka tšelisoa ke mantsoe a moapostola Pauluse: “Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba lumela, ho se lumele ha bona ho ka fosisa ho tšepeha ha Molimo na? Ho se be joalo! ’Nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano.” (Ba-Roma 3:3, 4) E, ho na le lebaka le leng le le leng la ho tsoela pele ho batla Molimo oa ’nete. Likhaolong tse saletseng tsa buka ena, re tla bona kamoo ho batla ho fihlisitsoeng phethong e atlehileng le hore na ke eng seo bokamoso bo nang le sona bakeng sa moloko oa batho.
a Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea bopaki bona ba boteng ba Molimo, bona buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1985, maqephe 142-78.
[Lebokose le leqepheng la 340,341]
Bopaki ba Hore Bibele ke ’Nete
Bongoli bo Ikhethang: Ho tloha ka buka ea eona ea pele, Genese, ho isa ho ea ho qetela, Tšenolo, Bibele e entsoe ka libuka tse 66 tse ngotsoeng ke bangoli ba ka bang 40 ba limelo tse fapaneng haholo tsa boemo har’a batho, thuto, le mesebetsi. E ile ea ngoloa ka nako e fetang makholo a lilemo a 16, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho isa ho 98 C.E. Leha ho le joalo, tholoana ke buka e lumellanang le e nyallanang, e thathamisang liketsahalo tse utloahalang tse nang le sehlooho se hlakileng—ho phahamisa Molimo le morero oa oona ka ’Muso oa Messia.—Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 241.
Ho Nepahala Litabeng Tsa Histori: Liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng li tumellanong e felletseng le linnete tse pakoang ke histori. Buka A Lawyer Examines the Bible ea bolela: “Le hoja libuka tsa litaba tsa lerato, lipale le bopaki ba bohata li le hlokolosi hore ha li pheta taba li e behe sebakeng se hōle le nakong e sa tsejoeng, . . . litaba tse phetoang ke Bibele li re nea nako le sebaka ka ho nepahala ho felletseng.” (Ezekiele 1:1-3) ’Me The New Bible Dictionary ea bolela: “[Mongoli oa Liketso] o bolela litaba tsa hae a li tšetlehile historing ea nakong eo; maqephe a hae a tletse litšupiso tsa bo-maseterata ba metse, babusi ba litereke, marena a neng a busoa ke a mang, le tse joalo, ’me litšupiso tsena nako le nako li paka hore li nepahetse bakeng sa sebaka le nako tse amehang.”—Liketso 4:5, 6; 18:12; 23:26.
Ho Nepahala Litabeng Tsa Saense: Melao ea ho arola batho ba nang le mafu a tšoaetsanoang le paballo ea ’mele e ile ea neoa Baiseraele bukeng ea Levitike ha lichaba tse neng li ba pota-potile li ne li sa tsebe letho ka mekhoa e joalo. Ha ho potoloha ho etsoang ke pula le mouoane ho tloha maoatleng, ho ne ho sa tsejoe mehleng ea boholo-holo, ho hlalosoa ho Moeklesia 1:7. Hore lefatše le lechicha e bile le leketlile sebakeng feela, hoo saense e sa kang ea ho tiisa ho fihlela lekholong la lilemo la bo16, ho boletsoe ho Esaia 40:22 le Jobo 26:7, BPN. Hoo e ka bang lilemo tse 2 200 pele William Harvey a phatlalatsa seo a se fumaneng ka phallo ea mali, Liproverbia 4:23 e ile ea supa karolo e phethoang ke pelo ea motho. Kahoo, le hoja Bibele e se buka ea ho ithuta ea saense, moo e amang litaba tse amanang le saense, e bontša kutloisiso e tebileng e tsoetseng pele haholo bakeng sa nako ea eona.
Boprofeta bo sa Foseng: Ho timetsoa ha Tyre ea boholo-holo, ho oa ha Babylona, ho ahoa bocha ha Jerusalema, le ho phahama le ho oa ha marena a Medo-Persia le Greece li ile tsa boleloa esale pele ka ho qaqa hoo ba tšoaeang liphoso ba ileng ba qosa, ntle ho katleho, hore li ile tsa ngoloa ka mor’a hore li etsahale. (Esaia 13:17-19; 44:27–45:1; Ezekiele 26:3-7; Daniele 8:1-7, 20-22) Boprofeta bo neng bo bua ka Jesu bo entsoeng makholo a lilemo pele a tsoaloa bo ile ba phethahala ka mokhoa o qaqileng. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 245.) Boprofeta ba Jesu ka boeena ka ho timetsoa ha Jerusalema bo ile ba phethahala ka nepo. (Luka 19:41-44; 21:20, 21) Boprofeta ba mehla ea qetello bo ileng ba fanoa ke Jesu le moapostola Pauluse bo phethahala mehleng ea rōna. (Mattheu 24; Mareka 13; Luka 21; 2 Timothea 3:1-5) Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore boprofeta bona bohle bo tsoa Mohloling o le mong, Jehova Molimo.—2 Petrose 1:20, 21.
[Litšoantšo tse leqepheng la 333]
Darwin, Marx, Freud, Nietzsche, le ba bang ba ile ba hlahisa likhopolo tse ileng tsa nyokola tumelo ho Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 335]
“Buka” ea pōpo le Bibele li fana ka motheo oa ho lumela ho Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 338]
Ha re tseba haholoanyane ka lefatše le re potolohileng, re ba le bopaki bo eketsehileng ba ’Mōpi ea bohlale
[Setšoantšo/Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 337]
Bophelo le bokahohle li ne li ke ke tsa e-ba teng haeba lintlha tse itseng tsa boqapi li ne li ka fosahala ka karolo leha e le e nyenyane feela
[Setšoantšo]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIKAROLO TSE ETSANG ATHOMO EA HYDROGEN
Lebili la Electron
PROTHONE + Khubu
ELECTRON