Buka ea Bibele ea 22—Sefela sa Lifela
Mongoli: Salomone
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 1020 B.C.E.
1. Ke karolong efe see e leng “Sefela sa lifela”?
“LEFATŠE lohle le ne le sa tšoaneloe ke letsatsi leo ka lona Sefela sena se phahameng se ileng sa nehoa Iseraele.” Ke kamoo “rabbi” Akiba, ea phetseng lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, a ileng a bolela kananelo ea hae bakeng sa Sefela sa Lifela.a Sehlooho sa buka ke kakaretso ea mantsoe a qalang, ‘Sefela sa lifela, e leng sa Salomone.’ Polelo “Sefela sa lifela” e bontša bophahamo bo fetisisang, ho tšoana le polelo e reng “maholimo a maholimo,” bakeng sa maholimo a holimo-limo. (Deut. 10:14) Hase pokello ea lifela empa ke sefela se le seng, “sefela se phethahetseng ka hohle, se seng sa tse ntlehali tse kileng tsa e-ba teng, kapa tse kileng tsa ngoloa.”b
2. (a) Mongoli oa Sefela sa Lifela e ne e le mang, litšoaneleho tsa hae e ne e le life, ’me ke hobane’ng ha buka e ka bitsoa sefela sa lerato le soetsitsoeng? (b) Buka e ngoletsoe kae, hona neng?
2 Morena Salomone oa Jerusalema e ne e le mongoli oa sefela sena, joalokaha ho pakoa ke kenyelletso ea sona. O ne a tšoaneleha haholo ho ngola mohlala ona o phahameng ka ho fetisisa oa lithothokiso tsa Seheberu. (1 Mar. 4:32) Ke thothokiso ea litaba tsa lerato e tletseng ka lintho tsa bohlokoa le e hlalosang botle ka mokhoa o motle ka ho fetisisa. ’Mali ea ka iketsetsang setšoantšo sa Tikoloho ea Linaha tsa Bochabela ka kelellong o tla e ananela haholoanyane. (Sefela 4:11, 13; 5:11; 7:4) Ketsahalo eo se ngotsoeng ka baka la eona e ne e le e ikhethang. Morena Salomone e moholo, ea neng a tumme ka bohlale, le ea matla haholo, ’me a tsoteha khanyeng ea leruo la hae la lintho tse bonahalang, tseo esita le mofumahali oa Sheba a ileng a li tsota, ha a ka a hapa tlhokomelo ea ngoanana feela oa mahaeng eo a neng a mo rata. Ka lebaka la lerato le tšepahalang la ngoanana ho molisa oa hae, morena o ile a hlōloa. Ka hona, buka, ka nepo e ka bitsoa Sefela sa Lerato le Soetsitsoeng la Salomone. Jehova Molimo o ile a mo bululela ho qapa sefela sena molemong oa babali ba Bibele ba mehleng e neng e tla latela. O e ngoletse Jerusalema. Mohlomong e ne e le hoo e ka bang ka 1020 B.C.E., lilemo tse itseng ka mor’a hore tempele e qetoe. Ka nako eo Salomone a neng a ngola sefela, o ne a e-na le ‘mafumahali a borena a mashome a tšeletseng, le lirethe tse mashome a robileng meno e le ’meli,’ ha ho bapisoa le “basali ba makholo a supileng ba mafumahali, a nka le lirethe tse makholo a mararo” bofelong ba puso ea hae.—Sefela 6:8; 1 Mar. 11:3.
3. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Sefela sa Lifela ke karolo ea Mangolo a Halalelang?
3 Ho amoheleha ha Sefela sa Lifela e le karolo ea Mangolo a Halalelang ha hoa ka ha belaelloa kahohle-hohle mehleng ea pele. Se ne se nkoa e le karolo ea bohlokoa le e bululetsoeng ea Mangolo a Halalelang a Seheberu pele haholo ho Mehla e Tloaelehileng. Se ile sa kenngoa ho Septuagint ea Segerike. Josephus o ile a se kenyelletsa lethathamong la hae la libuka tse halalelang. Ka baka leo, se na le bopaki bo tšoanang ba ho amoheleha e le karolo ea Mangolo a Halalelang joalokaha ho boleloa ka buka leha e le efe ea Mangolo a Seheberu.
4. (a) Na ho ba sieo ha lentsoe “Molimo” ho ka hlahisa khang ea hore Sefela sa Lifela hase karolo ea Mangolo a Halalelang a amoheloang? (b) Ke eng e se tšoaeang e le se nang le sebaka se ikhethang e le karolo ea Mangolo a Halalelang a Bibele?
4 Leha ho le joalo, ba bang, ba ile ba belaella ho amoheleha ha buka ena e le karolo ea Mangolo a Halalelang motheong oa hore ha ho na moo ho buuoang ka Molimo ho eona. Hore ebe ha ho moo ho buuoang ka Molimo ho ne ho ke ke ha etsa hore buka ebe e sa tšoaneleheng joalokaha ho ba teng feela ha lentsoe la “Molimo” ho ne ho ke ke ha e etsa karolo e amohelehang ea Mangolong a Halalelang. Lebitso la Molimo e hlile lea hlaha ka mokhoa o khutsufalitsoeng ho khaolo 8, temaneng ea 6 (NW), moo ho boleloang hore lerato ke “khabo ea Jah.”c Ka ntle ho pelaelo buka ena e bōpa karolo ea mengolo eo Jesu Kreste a ileng a supa ho eona hantle ha a ne a re: “Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho ’ona.” (Joh. 5:39) Hape, ho bontša ha eona ho matla tšoaneleho e ntle haholo ea lerato le arolelanoang, joalokaha le le teng, ka kutloisiso ea moea, pakeng tsa Kreste le “monyaluoa” oa hae, e tšoaea Sefela sa Lifela bakeng sa sebaka sa sona se ikhethang e le karolo ea Mangolo a Halalelang a Bibele.—Tšen. 19:7, 8; 21:9.
LITABA TSE KA HARE TSA SEFELA SA LIFELA
5. (a) Libapali tse leng ketsahalong ena li khetholloa joang? (b) Ke sehlooho sefe se amang maikutlo se hlalosoang?
5 Boitsebiso bo ka bukeng bo fanoe ka letoto la lipuisano. Libui li fetoha joalo-joalo. Batho ba fanang ka lipuo ke Salomone morena oa Jerusalema, molisa, Sulamithe oa hae ea ratoang, likhaitseli tsa Sulamithe, mafumahali a lekhotla (“barali ba Jerusalema”), le basali ba Jerusalema (“barali ba Sione”). (Sefela 1:5-7; 3:5, 11) Ba khetholloa ka seo ba ipolelang ka sona kapa ka se buuoang ho bona. Ketsahalo e manoloha haufi le Shuneme, kapa Shuleme, moo Salomone a entseng liahelo le basebeletsi ba hae ba lekhotla. E hlahisa sehlooho se amang maikutlo—lerato la ngoanana oa mahaeng oa motse oa Shuneme ho motsoalle oa hae oa molisa.
6. Ke moqoqo ofe o tsoelang pele pakeng tsa moroetsana le mafumahali a lekhotla a liahelo tsa Salomone?
6 Moroetsana oa Moshulame liahelong tsa Salomone (1:1-14). Moroetsana o hlahella litenteng tsa borena e leng moo morena a mo tlisitseng teng, empa o lakatsa haholo ho bona feela moratuoa oa hae oa molisa. A hlolohetsoe moratuoa oa hae, o buela holimo joalokaha eka o teng. Mafumahali a lekhotla a sebeletsang morena, “barali ba Jerusalema,” a sheba Sulamithe ka thahasello ka baka la lebala la hae le letšo. O hlalosa hore o chesitsoe ke letsatsi ka baka la ho hlokomela lirapa tsa morara tsa likhaitseli tsa hae. Joale o bua le moratuoa oa hae joalokaha eka o lokolohile ’me o botsa hore na a ka mo fumana hokae. Mafumahali a lekhotla a ’molella hore a tsoe a il’o fulisetsa mohlape oa hae haufi le litente tsa balisa.
7. Salomone o etsa liqeko life, empa e le ka phello efe?
7 Salomone oa hlahella. Ha a batle hore a tsamaee. O rorisa botle ba hae ’me o tšepisa hore o tla mo khabisa ka “meqhaka ea gauda” le ka “mahlo a silevera.” Sulamithe o hanela liqeko tsa hae ’me o mo tsebisa hore lerato feela leo a le utloang ke la moratuoa oa hae.—1:11.
8. Moratuoa oa moroetsana o mo khothatsa joang? Moroetsana o laba-labela eng?
8 Moratuoa oa molisa oa hlahella (1:15–2:2). Moratuoa oa Sulamithe o kena liahelong tsa Salomone ’me o khothatsa Sulamithe. O mo tiisetsa lerato la hae. Sulamithe o laba-labela ho ba haufi le moratuoa oa hae le ho ba le thabo ea ho lula le eena masimong le morung.
9. Ngoanana le moratuoa oa hae ba hlalosa botle ba hae joang?
9 Sulamithe ke ngoanana ea ikokobelitseng. O re: “Ke rose ea Sarone.” Moratuoa oa hae oa molisa o nahana hore o motle bo ke keng ba lekangoa, o re: “Kamoo mohalalitoe o leng kateng har’a meutloa, thatohatsi ea ka o joalo har’a baroetsana.”—2:1, 2.
10. Moroetsana o hopola eng mabapi le lerato la hae?
10 Moroetsana o hlolohetsoe molisa oa hae (2:3–3:5). Sulamithe a boetse a arohantsoe le moratuoa oa hae, o bontša kamoo a mo nkang e le oa bohlokoa ho feta ba bang ka teng, ’me o bolella barali ba Jerusalema hore ba tlas’a kano ea hore ba se ke ba mo tsosetsa lerato leo a sa le batleng bakeng sa motho e mong. Sulamithe o hopola nako ea ha molisa oa hae a ne a arabela pitso ea hae ’me a mo memela ho ea maralleng nakong ea selemo. O ’mona a hloella lithabeng, a tlōla ke thabo. O mo utloa a mo hoeletsa: “Raoha, thatohatsi e ntle ea ka, tloha mona, u tle!” Leha ho le joalo, likhaitseli tsa hae, tse neng li sa kholiseha ka ho tiea ha hae, li ile tsa halefa ’me tsa etsa hore a sebetse ho lebela lirapa tsa morara. Oa phatlalatsa, “Moratuoa oa me ke oa me, ’me ’na ke oa hae,” ’me o mo kōpa hore a potlakele ho tla mo thusa.—2:13, 16.
11. Sulamithe o hopotsa barali ba Jerusalema hape ka kano efe?
11 Sulamithe o hlalosa ho tšoaroa ha hae liahelong tsa Salomone. Bosiu ha a robetse, o hloloheloa molisa oa hae. O boetse o hopotsa barali ba Jerusalema hore ba tlas’a kano ea hore ba se ke ba mo tsosetsa lerato leo a sa le batleng.
12. Moratuoa oa hae o fana ka khothatso efe e tsoelang pele ha moroetsana a nkeloa Jerusalema ke Salomone?
12 Sulamithe Jerusalema (3:6–5:1). Salomone o khutlela Jerusalema ka khanya ea borena, ’me batho ba tsota mokoloko oa banna ba hae ba lekhotla. Nakong ena e thata, molisa ea ratoang ha a soetse Sulamithe. O latela kharebe ea hae, e ikoahetseng ka lesira, ’me o teana le eona. O matlafatsa moratuoa oa hae ka lipolelo tse mofuthu tsa lerato. Moroetsana o ’molella hore o batla ho lokoloha ’me a tlohe motseng, ’me joale molisa o qala ho bua ka thabo ka maikutlo a matla a lerato: “Thatohatsi ea ka, botle ba hao bo phethehile, ha ho sekoli ho uena.” (4:7) Ho mo nyemotsa feela ho etsa hore pelo ea hae e otle kapele. Lipolelo tsa hae tsa lerato li molemo ho feta veine, monko oa hae o monate o tšoana le oa Lebanone, ’me letlalo la hae le joaloka paradeise ea ligarnata. Moroetsana o memela moratuoa oa hae ho tla “serapeng sa hae,” ’me oa lumela. Basali ba Jerusalema ba nang le botsoalle baa ba khothatsa: “Oho metsoalle, jang, le noe, le tahoe lerato.”—4:16; 5:1.
13. Moroetsana o ba le toro efe, ’me o hlalosa moratuoa oa hae joang ho mafumahali a lekhotla?
13 Toro ea moroetsana (5:2–6:3). Sulamithe o bolella mafumahali a lekhotla ka toro, eo ho eona a utloang motho a kokota. Moratuoa oa hae o ka ntle, o kōpa hore a ’mulele. Empa Sulamithe o robetse. Qetellong ha a tsoha ho ea bula monyako, moratuoa oa hae o se a tsamaile. Oa tsoa ho mo latela, empa ha a mo fumane. Balebeli ba tšoara Sulamithe hampe. O bolella mafumahali a lekhotla hore haeba a ka bona moratuoa oa hae, a tlas’a tlamo ea ho ’molella hore Sulamithe o kulisoa ke lerato. A ’motsa hore na ke eng se etsang hore molisa oa hae a khethehe hakaalo. O qalella ho hlalosa molisa oa hae ka mokhoa o motle ka ho fetisisa, a re o “mosoeu, o bile o mofubelu; o khetheha mahareng a ba likete tse leshome.” (5:10) Basali ba lekhotla ba ’motsa hore na molisa oa hae o ile kae. Sulamithe o re o aloselitse lirapeng.
14. Ho sa tsotellehe maqheka ’ohle a hae, Salomone o hlōleha joang patlong ea hae?
14 Liqeko tsa ho qetela tsa Salomone (6:4–8:4). Morena Salomone o atamela Sulamithe. O boetse o ’molella kamoo a leng motle ka teng, a ratehang ho feta “mafumahali a borena a teng moo a mashome a tšeletseng, a nang le lirethe tse mashome a robileng meno e le ’meli,” empa Sulamithe oa mo hana. (6:8) O mona feela ka baka la mosebetsi o ileng oa mo tlisa haufi le liahelo tsa Salomone. Oa botsa: “Ke eng seo u se bonang ho ’na?” Salomone o nka monyetla ka potso ea hae e se nang mano oa ho ’molella ka botle ba hae, ho tloha bohatong ba leoto ho isa har’a hlooho, empa moroetsana o hanyetsa maqheka ’ohle a hae. Ka sebete o bolela boinehelo ba hae ho molisa oa hae, oa mo hoeletsa. Ka lekhetlo la boraro, o hopotsa barali ba Jerusalema hore ba tlas’a kano ea hore ba se ke ba mo tsosetsa lerato a sa rate. Salomone oa mo tlohella hore a ee hae. O hlōtsoe ho batleng ha hae lerato la Sulamithe.
15. (a) Moroetsana o khutlela ho likhaitseli tsa hae ka kōpo efe? (b) Boinehelo bo khethehileng bo hlōtse joang?
15 Sulamithe oa khutla (8:5-14). Likhaitseli tsa hae lia ’mona ha a e-tla, empa ha a mong. O ‘ikokotletse ka moratuoa hae.’ O hopola ha a ne a teana le moratuoa oa hae tlas’a sefate sa apole ’me o bolela ho tiea ha lerato la hae ho eena. Litlhaloso tse ling tsa pejana tsa likhaitseli tsa hae tsa ho ameha ha bona ka eena ha e sa le “khaitseli e monyenyane” lia boleloa, empa o bolela hore eena o ipakile ho ba mosali ea hōlileng le ea nang le botsitso. (8:8) Likhaitseli tsa hae a li ke li mo lumelle ho nyaloa joale. Morena Salomone a ka sala le maruo a hae! Sulamithe o khotsofetse ka serapa sa hae se le seng sa morara, hobane o rata ea ratehang ka ho ikhethang ho eena. Ho eena lerato lena le matla joaloka lefu ’me ho tuka ha lona eka “khabo ea Jehova.” Ho phehella boinehelong bo ikhethang “joale ka nģalo ea bafu” ho hlōtse ’me ho lebisitse bophahamong bo khanyang ba ho kopana le moratuoa oa hae oa molisa.—8:5, 6.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
16. Ke lithuto life tsa bohlokoa tse rutoang sefeleng see?
16 Ke lithuto life tse rutoang sefeleng see sa lerato tseo motho oa Molimo a ka li fumanang li le molemo kajeno? Botšepehi, botšepehi bo sa sisinyeheng, le botšepehi bo sa sekisetseng melao-motheong ea bomolimo bo bontšitsoe ka ho hlaka. Sefela se ruta ka botle ba boitšoaro le ho hloka sekoli ho moratuoa oa sebele. Se ruta hore lerato la sebele le tla lula e le le sa hlōloeng, le sa tingoeng, le le ke keng la rekoa. Bahlankana le baroetsana ba Bakreste hammoho le banna le basali ba ka rua molemo mohlaleng ona o loketseng oa botšepehi bo sa sekisetseng ha liteko li hlaha le ha liqeko li itlhahisa.
17. (a) Pauluse o bontša joang hore sefela sena se ile sa ngoloa ho ruta phutheho ea Bokreste? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka be a hopotse ka sona ha a ne a ngolla Bakorinthe le Baefese? (c) Se ka bapisoa ka ho thahasellisang joang le mengolo e bululetsoeng ea Johanne?
17 Empa sefela sena se bululetsoeng se boetse se molemo haholo bakeng sa phutheho ea Bokreste ka kakaretso. Se ile sa nkoa e le karolo ea Mangolo a bululetsoeng ke Bakreste ba lekholo la pele la lilemo, bao e mong oa bona a ileng a ngola: “Hobane taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Pauluse, mongoli eena enoa ea bululetsoeng, e ka ’na eaba o ne a hopotse ka lerato le ikhethang la ngoanana oa Moshulame bakeng sa molisa oa hae ha a tla ngolla phutheho ea Bokreste: “Hobane ke le boulela ka poulelo ea Molimo, ke tsoe ke le lebellelitse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pel’a Kreste le le joale ka moroetsana ea se nang sekoli.” Pauluse o boetse a ngola ka lerato leo Kreste a nang le lona ho phutheho e le le kang la monna ho mosali. (2 Ba-Kor. 11:2; Ba-Ef. 5:23-27) Jesu Kreste hase feela Molisa ea Molemo ho bona empa hape ke Morena oa bona ea tšoaretseng balateli ba hae ba batlotsuoa thabo e ke keng ea hlalosoa ea “lenyalo” le eena maholimong.—Tšen. 19:9; Joh. 10:11.
18. Balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste Jesu ba ka rua molemo mohlaleng oa ngoanana oa Moshulame ka tsela efe?
18 Ka sebele balateli bana ba tlotsitsoeng ba Kreste Jesu ba ka rua molemo o moholo ho tsoa mohlaleng oa ngoanana oa Moshulame. Le bona ba lokela ho ba le botšepehi bo sa sisinyeheng leratong la bona, ba se ekoe ke ho benya ha lintho tse bonahalang tsa lefatše, ba boloke ho leka-lekana botšepehing ba bona bo sa sekisetseng ho fihlela ba fumana moputso. Mehopolo ea bona e lutse linthong tsa holimo ’me ba ‘batla ’Muso pele.’ Ba amohela mantsoe a lerato a Molisa oa bona, Jesu Kreste. Ba thabela haholo hore enoa ea ratoang, le hoja a sa bonahale, o haufi-ufi le bona, o ba bolella hore ba be sebete le ho hlōla lefatše. Ba e-na le lerato le joalo le sa tingoeng, le matla joaloka “khabo ea Jehova,” bakeng sa Molisa oa bona oa Morena, ka sebele ba tla hlōla ’me ba kopane le eena e le majalefa ’moho ’Musong o khanyang oa maholimo. Ka hona lebitso la Jah le tla halaletsoa!—Matt. 6:33; Joh. 16:33.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mishnah ea Sejode (Yadayim 3:5).
b Commentary ea Clarke, Moq. III, leqephe 841.
c “Jehova,” Bibele ea Sesotho.