Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • si maq. 299-305
  • Thuto ea 4—Bibele le Mangolo a Eona a Halalelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea 4—Bibele le Mangolo a Eona a Halalelang
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • POKELLO EA LIBUKA E TSOANG HO MOLIMO
  • MANGOLO A SEHEBERU
  • LIBUKA TSE SA AMOHELOENG E LE KAROLO EA BIBELE TSA MANGOLO A SEHEBERU
  • MANGOLO A SEGERIKE A BOKRESTE
  • Na Bibele e re Bolella Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe ka Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bibele e Bua ka Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Seo Buka Ena e se Fupereng
    Buka ea Batho Bohle
“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
si maq. 299-305

Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa

Thuto ea 4​—Bibele le Mangolo a Eona a Halalelang

Tšimoloho ea lentsoe “Bibele”; ho hlahloba hore na ke libuka life tseo ka nepo li oelang Pokellong ea Libuka e tsoang ho Molimo; ho latola Libuka tse sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele.

1, 2. (a) Ka kakaretso lentsoe la Segerike bi·bliʹa le bolela eng? (b) Lentsoe lee le a mang a amanang le lona a sebelisoa joang ka Mangolong a Segerike a Bokreste? (c) Lentsoe “Bible” (Bibele) le kene joang puong ea Senyesemane?

KAHA ka tloaelo Mangolo a bululetsoeng a bitsoa Bibele, hoa thahasellisa ho batlisisa tšimoloho ea lentsoe “Bibele” le se boleloang ke lona. Le nkiloe lentsoeng la Segerike bi·bliʹa, le bolelang “libuka tse nyenyane.” Athe leo lona le nkiloe ho biʹblos, e leng lentsoe le hlalosang karolo e ka hare ea semela sa loli seo ho neng ho hlahisoa “pampiri” ea ho ngola ka sona mehleng ea boholo-holo. (Kou ea Fenicia ea Gible, eo loli e rekiloeng Egepeta e neng e feta ho eona, e ile ea bitsoa Byblos ke Magerike. Bona Joshua 13:5, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.) Boitsebiso bo sa tšoaneng bo neng bo ngotsoe holim’a mofuta ona oa loli bo ile ba tsejoa ka lentsoe bi·bliʹa. Ka hona, bi·bliʹa e ile ea hlalosa mengolo, meqolo, libuka, litokomane, kapa mangolo kapa esita le pokello ea libuka tse nyenyane.

2 Ka ho makatsang, ka kakaretso lentsoe “Bibele” ka bolona ha le fumanehe tabeng e ngotsoeng ea liphetolelo tsa Mangolo a Halalelang tsa Senyesemane kapa tsa lipuo tse ling. Leha ho le joalo, lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., pokello ea libuka tse bululetsoeng tsa Mangolo a Seheberu e ne e bitsoa ta bi·bliʹa puong ea Segerike. Ho Daniele 9:2 moprofeta o ile a ngola tjena: “’Na Daniele, ka utloa ka libuka . . .” Mona Septuagint e sebelisa biʹblois, sebōpeho se sa tobang se ka bongateng sa biʹblos. Ho 2 Timothea 4:13 (NW), Pauluse o ngotse: “Ha u e-tla, tlisa . . . meqolo [bi·bliʹa, ka Segerike].” Libōpehong tsa ’ona tse ’maloa tsa ho bōptjoa ha puo, mantsoe a Segerike bi·bliʹon le biʹblos a hlaha ka makhetlo a fetang 40 ka Mangolong a Segerike a Bokreste ’me hangata a fetoleloa e le “(me)moqolo” kapa “(li)buka.” Hamorao bi·bliʹa e ile ea sebelisoa Selatineng e le lentsoe le ka bonngoeng, ’me lentsoe “Bible” (Bibele) le ile la kena puong ea Senyesemane le tsoa Selatineng.

3. Bangoli ba Bibele ba ile ba tiisa joang hore ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng?

3 Ke Lentsoe la Molimo. Le hoja ho ile ha sebelisoa banna ba sa tšoaneng ho ngoloeng ha eona ho bululetsoeng ’me ho sa le joalo ba bang ba kopanetse ho e fetoleleng ho tloha lipuong tsa pele-pele ho tla lipuong tsa kajeno tse ngoloang, ka kutloisiso e felletseng haholo, Bibele ke Lentsoe la Molimo, tšenolo ea oona e bululetsoeng ho batho. Bangoli ba bululetsoeng ka bobona ba ne ba e talima ka tsela ena, joalokaha ho pakoa ke ho sebelisa ha bona lipoleloana tse kang “polelo e tsoang molomong oa Jehova” (Deut. 8:3, NW), “lipolelo tsa Jehova” (Josh. 24:27, NW), “litaelo tsa Jehova” (Esdr. 7:11), “molao oa Jehova” (Pes. 19:7), “lentsoe la Jehova” (Esa. 38:4), ‘polelo ea Jehova’ (Matt. 4:4), le “lentsoe la Jehova” (1 Ba-Thess. 4:15, NW).

POKELLO EA LIBUKA E TSOANG HO MOLIMO

4. Bibele e entsoe ka eng, hona ke mang ea rerang hoo?

4 Seo motho a se tsebang kajeno e le Bibele ha e le hantle ke pokello ea litokomane tsa boholo-holo tse neng li bululetsoe ke Molimo. Litokomane tsena li ne li ngotsoe ebile li bokelletsoe e le buka ka nako e fetang makholo a 16 a lilemo. Pokello ena ea litokomane kaofela e etsa seo Jerome a ileng a se hlalosa hantle ka Selatine e le Bibliotheca Divina, kapa Pokello ea Libuka e tsoang ho Molimo. Pokello ena ea libuka e na le lethathamo, kapa ho thathamisoa ha lingoliloeng ka molao, le lekanyelitsoeng libukeng tse amanang le morero le tšebetso e khethehileng ea pokello eo. Libuka tsohle tse sa lumelloang ka molao ha lia akarelletsoa. Jehova Molimo ke ’Mokelli e Moholo oa Libuka ea behang tekanyetso e rerang hore na ke mangolo afe a lokelang ho akarelletsoa. Kahoo Bibele e na le lethathamo le sa fetoheng le nang le libuka tse 66, tseo kaofela li hlahisitsoeng ke tataiso ea moea o halalelang oa Molimo.

5. Canon ea Bibele ke eng, hona ho khethoa hoo ho simolohile joang?

5 Hangata pokello, kapa lethathamo, ea libuka e amoheloang e le Lengolo la sebele le le bululetsoeng ho buuoa ka eona e le canon ea Bibele. Qalong, leqala (qa·nehʹ, ka Seheberu) le ne le sebeletsa e le lere le lekanyetsang haeba ho ne ho se na sekotoana sa patsi haufinyane. Moapostola Pauluse o ile a sebelisa lentsoe la Segerike ka·nonʹ bakeng sa “tekanyetso ea boitšoaro” hammoho le bakeng sa “sebaka” seo a se lekanyelitsoeng e le kabelo ea hae. (Ba-Gal. 6:16, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; 2 Ba-Kor. 10:13) Kahoo libuka tseo e leng karolo ea Mangolo a Halalelang ke libuka tseo e leng tsa ’nete le tse bululetsoeng le tse tšoanelehang hore li ka sebelisoa e le tekanyetso e otlolohileng ea ho khetholla tumelo, thuto, le boitšoaro tse nepahetseng. Haeba re sebelisa libuka tse sa “otlolohang” e le khoele e lekanyang, “mohaho” oa rōna e ke ke ea e-ba oa ’nete, ’me ha o hlahlobjoa ke Mohlahlobi e Moholo o tla fumanoa o na le phoso.

6. Lintho tse ling tse khethollang hore na buka e itseng ke karolo ea Mangolo a Halalelang ke life?

6 Ho Hlahloba ho ba Karolo ea Mangolo a Halalelang. Litšupiso tse ling tse tsoang ho Molimo tse khethollotseng ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang ha libuka tse 66 tsa Bibele ke life? Pele ho tsohle, litokomane tseo li tlameha ho sebetsana le litaba tsa Jehova lefatšeng, li lebise batho borapeling ba hae le ho susumetsa tlhompho e tebileng bakeng sa lebitso la hae le bakeng sa mosebetsi oa hae le merero lefatšeng. Li tlameha ho fana ka bopaki ba hore li bululetsoe, ke hore, bopaki ba hore li hlahisitsoe ke moea o halalelang. (2 Pet. 1:21) Ha lia tlameha ho ipiletsa tumela-khoeleng kapa borapeling ba libōpuoa, empa ho fapana le hoo, li ipiletse leratong le tšebeletsong ea Molimo. Ho ne ho ke ke ha lokela hore ho be le letho mangolong ka bonngoe le neng le tla hanyetsana le ho momahana ha litaba ha mangolo a mang ’ohle, empa, ho fapana le hoo, buka ka ’ngoe e tlameha ho tšehetsa hore e ngotsoe ke mongoli a le mong e leng Jehova Molimo, ka ho momahana ha eona le tse ling. Hape re ne re ka lebella hore mangolo ao a fane ka bopaki ba ho se fose esita le litlhalosong tse nyenyane ka ho fetisisa. Ho phaella linthong tsena tsa motheo tse hlokahalang, ho na le litšupiso tse ling tse tobileng tsa pululelo, ka hona tse amanang le ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang, ho latela sebōpeho sa litaba tse ka hare tsa buka ka ’ngoe, ’me litšupiso tsena li tšohliloe boitsebisong ba selelekela ho e ’ngoe le e ’ngoe ea libuka tsa Bibele. Hape, ho na le maemo a khethehileng a amanang le Mangolo a Seheberu le a mang a amanang le Mangolo a Segerike a Bokreste a thusang ho tiisa karolo ea Mangolo a Halalelang a Bibele.

MANGOLO A SEHEBERU

7. Ke ka mehato efe e tsoelang pele karolo ea Mangolo a Halalelang a Seheberu e ileng ea phethoa, hona karolo efe kapa efe e batlang e le ncha e ne e tla lokela ho momahana le eng?

7 Re se nahane hore ho amohela se bitsoang Lengolo le bululetsoeng ho ne ho lokela ho ema ho fihlela ho phethoa Mangolo a Halalelang a Seheberu lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Ho tloha qalong Baiseraele ba ne ba amohela mangolo a Moshe tlas’a tataiso ea moea oa Molimo e le a bululetsoeng le a ngotsoeng ke Molimo. Ha Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele li phethoa, li ile tsa akarelletsoa Mangolong a Halalelang ho fihlela ka nako eo. Ho ne ho tla hlokahala hore litšenolo tse eketsehileng tse amanang le merero ea Jehova tse ileng tsa fuoa batho tlas’a pululelo li latele ka momahano ’me li lumellane le melao-motheo ea sehlooho e mabapi le borapeli ba ’nete e tlalehiloeng Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele. Re bone hore ho fela ho le joalo ha re ne re hlahloba libuka tse fapaneng tsa Bibele, haholo-holo kaha li sebetsana ka ho toba le sehlooho se hlollang sa Bibele, ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho tlotlisoa ha bobusi ba hae ka ’Muso o matsohong a Kreste, Peō e Tšepisitsoeng.

8. Ke eng se tiisang ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang ha libuka tsa boprofeta tsa Bibele?

8 Ka ho khetheha Mangolo a Seheberu a tletse boprofeta. Jehova, ka Moshe, o ile a fana ka motheo bakeng sa ho tiisa bonnete ba boprofeta, hore na bo ne bo hlile bo tsoa ho Molimo kapa che, ’me sena se ile sa thusa ho khetholla ho ba ha buka ea boprofeta karolo ea Mangolo a Halalelang. (Deut. 13:1-3; 18:20-22) Ho hlahloba buka ka ’ngoe ea libuka tsa boprofeta tsa Mangolo a Seheberu hammoho le Bibele eohle le histori ea lefatše ho tiisa ntle ho pelaelo hore “lentsoe” leo li neng li bua ka lona e ne e le lebitso la Jehova, hore ka sebele le ile la ‘etsahala, la phethahala’ (BPN), ebang ke ka botlalo kapa ka tsela e nyenyane kapa e sa fellang ha le ne le amana le lintho tseo e neng e le hona li tla etsahala, le hore le ile la lebisa batho ho Molimo. Ho finyella litlhokahalo tsena ho ile ha tiisa hore boprofeta boo e ne e le ba sebele ebile bo bululetsoe.

9. Ke ntlha efe ea bohlokoa e tlamehang ho hopoloa ha motho a nahana ka taba ea Mangolo a Halalelang a Bibele?

9 Litaba tseo Jesu le bangoli ba bululetsoeng ba Mangolo a Segerike a Bokreste ba ileng ba li qotsa li fana ka tsela e tobileng ea ho tiisa ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang ha libuka tse ngata tsa Mangolo a Seheberu, le hoja tekanyo ena e sa sebetse ho tsona kaofela, ka mohlala, libuka tsa Esthere le Moeklesia. Ka hona, ha ho hlahlobjoa taba ea ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang, ho tlameha hore ho hopoloe ntho e ’ngoe hape ea bohlokoahali, e amanang le Mangolo a Halalelang a Bibele eohle. Feela joalokaha Jehova a ile a bululela batho ho ngola boitsebiso ba hae ba bomolimo bakeng sa ho ba laea, ho ba haha, le ho ba khothatsa borapeling le tšebeletsong ea hae, kahoo ke ho utloahalang hore Jehova o ne a ka laela le ho tataisa ho bapisoa ha mangolo a bululetsoeng le ho tiisoa ha Mangolo a Halalelang a Bibele. O ne a tla etsa sena e le hore ho se ke ha ba le pelaelo mabapi le hore na Lentsoe la hae la ’nete le entsoe ka eng le hore na ke eng e neng e tla tiisa khoele e lekanyang e tšoarellang ea borapeli ba ’nete. Ka sebele, ke ka tsela ena feela libōpuoa tse lefatšeng li neng li ka tsoela pele ho fuoa ‘tsoalo e ncha ka lentsoe la Molimo’ (NW) le ho nolofalloa ke ho tiisa hore “lentsoe la Morena le hlola ka ho sa feleng.”—1 Pet. 1:23, 25.

10. Karolo ea Mangolo a Halalelang ea Mangolo a Seheberu e ile ea tiisoa neng?

10 Ho Tiisa Karolo ea Mangolo a Halalelang a Seheberu. Neano ea Bajode e lebisa tlotla ho Esdrase ka ho qala ho bokella le ho thathamisa Mangolo a Seheberu ao e leng karolo ea Mangolo a Halalelang, ’me e bolela hore hona ho ile ha phethoa ke Nehemia. Ka sebele Esdrase o ne a itlhomelletse hantle bakeng sa mosebetsi o joalo, joalokaha e le e mong oa bangoli ba bululetsoeng ba Bibele hammoho le moprista, setsebi, le mokopitsi oa molao oa mangolo a halalelang. (Esdr. 7:1-11) Ha ho na lebaka la ho belaella pono ea neano ea hore karolo ea Mangolo a Halalelang ea Mangolo a Seheberu e ile ea tiisoa bofelong ba lekholo la bohlano la lilemo B.C.E.

11. Karolo ea Mangolo a Halalelang a Bajode e thathamisa Mangolo a Seheberu joang?

11 Rōna kajeno re thathamisa libuka tse 39 tsa Mangolo a Seheberu; karolo ea Mangolo a Halalelang a Bajode e li bala li le 24 le hoja e ntse e akarelletsa libuka tsona tsena. Litsebi tse ling, ka ho beha Ruthe hammoho le Baahloli, Lillo hammoho le Jeremia, li ne li bala libuka tsena li le 22, le hoja li ne li ntse li tšoarelletse hantle mangolong a tšoanang ao e leng karolo ea Mangolo a Halalelang.a Sena se ile sa etsa hore lenane la libuka tse bululetsoeng le lekane le lenane la litlhaku tsa alfabeta ea Seheberu. Lethathamo le latelang ke la libuka tse 24 ho latela karolo ea Mangolo a Halalelang ea Bajode ea neano:

Molao (Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele)

1. Genese

2. Exoda

3. Levitike

4. Numere

5. Deuteronoma

Baprofeta

6. Joshua

7. Baahloli

8. Samuele (Oa Pele le oa Bobeli hammoho e le buka e le ’ngoe)

9. Marena (A Pele le a Bobeli hammoho e le buka e le ’ngoe)

10. Esaia

11. Jeremia

12. Ezekiele

13. Baprofeta ba Leshome le Metso e ’Meli (Hosea, Joele, Amose, Obadia, Jonase, Mikea, Nahume, Habakuke, Sofonia, Haggai, Zakaria, le Malakia, e le buka e le ’ngoe)

Mangolo (Mangolo a Bajode a bitsoang Hagiographa)

14. Lipesaleme

15. Liproverbia

16. Jobo

17. Sefela sa Lifela

18. Ruthe

19. Lillo

20. Moeklesia

21. Esthere

22. Daniele

23. Esdrase (Nehemia e ne e akarellelitsoe le Esdrase)

24. Likronike (Tsa Pele le tsa Bobeli hammoho e le buka e le ’ngoe)

12. Ke eng e tiisang karolo ea Mangolo a Halalelang a Seheberu ka ho eketsehileng, hona e ile ea fella ka mangolo afe?

12 Hona e ne e le lethathamo, kapa karolo ea Mangolo a Halalelang, leo Kreste Jesu le phutheho ea pele ea Bokreste ba neng ba le amohela e le Lengolo le bululetsoeng. Bangoli ba bululetsoeng ba Mangolo a Segerike a Bokreste ba ile ba qotsa mangolong ana feela, ’me ka ho kenyelletsa litaba tse joalo tse qotsitsoeng ka lipoleloana tse kang “joalo ka ha ho ngoliloe,” ba ne ba li tiisa e le Lentsoe la Molimo. (Ba-Roma 15:9) Jesu, ha a bua ka Mangolo a bululetsoeng a felletseng a neng a ngotsoe ho fihlela nakong ea tšebeletso ea hae, o ile a bua ka lintho tse tlalehiloeng “molaong oa Moshe le baprofeteng le lipesalemeng.” (Luka 24:44) ‘Lipesaleme,’ joaloka buka ea pele ea mangolo a Bajode a bitsoang Hagiographa, mona li sebelisetsoa ho bolela karolo ena eohle. Buka ea ho qetela ea histori e akarelletsoang Mangolong a Halalelang a Seheberu ke ea Nehemia. Hore hona e ne e le tlas’a tataiso ea moea oa Molimo ho bonoa ka hore buka ena feela e fana ka tšimoloho bakeng sa ho lekanyetsa boprofeta bo ikhethang ba Daniele ba hore “ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe” ho fihlela ho tleng ha Messia e ne e tla ba nako ea libeke tse 69 tsa boprofeta. (Dan. 9:25; Neh. 2:1-8; 6:15) Buka ea Nehemia e boetse e fana ka setšehetso sa histori bakeng sa buka ea ho qetela ea libuka tsa boprofeta, Malakia. Hore Malakia e oela Mangolong a Halalelang a bululetsoeng ho ke ke ha belaelloa, kaha esita le Jesu, Mora oa Molimo, o ile a e qotsa ka makhetlo a mangata. (Matt. 11:10, 14) Le hoja litaba tse tšoanang tse qotsitsoeng li qotsitsoe libukeng tse ngata tsa Seheberu tseo e leng karolo ea Mangolo a Halalelang, tseo kaofela ha tsona li neng li ngotsoe pele ho Nehemia le Malakia, bangoli ba Mangolo a Segerike a Bokreste ha ba qotse letho mangolong ao ho thoeng a bululetsoe a ngotsoeng ka mor’a nako ea Nehemia le Malakia ho theosa ho fihlela nakong ea Kreste. Sena se tiisa pono ea neano ea Bajode, hape le tumelo ea phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo C.E., ea hore ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang ha Lengolo la Seheberu ho felletse ka mangolo a Nehemia le Malakia.

LIBUKA TSE SA AMOHELOENG E LE KAROLO EA BIBELE TSA MANGOLO A SEHEBERU

13. (a) Libuka tse sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele ke life? (b) Ho tlile joang hore li amoheloe karolong ea Mangolo a Halalelang ea Roma e K’hatholike?

13 Libuka tse sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele ke life? Libuka tsena ke mangolo ao ba bang ba a akarellelitseng Libibeleng tse itseng empa ba bang ba li latotse hobane li sa fane ka bopaki ba hore li bululetsoe ke Molimo. Lentsoe la Segerike a·poʹkry·phos le bolela lintho tse “patiloeng.” (Mar. 4:22; Luka 8:17; Ba-Kol. 2:3) Lentsoe leo le sebelisetsoa libuka tseo ho nang le pelaelo ka bongoli ba tsona kapa mohloli oa tsona kapa tse neng li haelloa ke bopaki ba hore li bululetsoe ke Molimo le hoja ho nahanoa hore ke tsa bohlokoa bo itseng bakeng sa ho ipalla feela. Libuka tse joalo li ne li behelletsoe ka thōko ’me li sa baloe pontšeng, ka hona khopolo e ne e le hore li ‘patiloe.’ Sebokeng sa Carthage, ka 397 C.E., ho ile ha sisinngoa hore libuka tse supileng tse sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele li kenyelletsoe Mangolong a Seheberu, hammoho le litlatselletso libukeng tseo e leng karolo ea Mangolo a Halalelang tsa Esthere le Daniele. Leha ho le joalo, ebile feela morao ka 1546, Sebokeng sa Trent, Kereke ea Roma e K’hatholike e ileng ea tiisa e sa sisinyehe ho amoheloa ha litlatselletso tsena lethathamong la eona la libuka tsa Bibele. Litlatselletso tsena e ne e le Tobit, Judith, litlatselletso ho Esthere, Wisdom, Ecclesiasticus, Baruch, litlatselletso tse tharo ho Daniele, Maccabees oa Pele, le Maccabees oa Bobeli.

14. (a) Maccabees oa Pele e thahasellisa ka tsela efe? (b) Ke litsebi life tse sa kang tsa bua ka Mangolo a sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele le ka mohla, hona hobane’ng?

14 Buka ea Maccabees oa Pele, le hoja e ke ke ea amoheloa e le buka e bululetsoeng ka tsela efe kapa efe, e na le boitsebiso bo thahasellisang historing. E fana ka tlaleho ea ho loanela ha Bajode boipuso lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. tlas’a boeta-pele ba lelapa la boprista la Maccabees. Libuka tse ling tsohle tse sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele li tletse litšōmo le litumela-khoela ’me li tletse liphoso. Ha ho mohla Jesu kapa bangoli ba Mangolo a Segerike a Bokreste ba kileng ba bua ka tsona kapa ho li qotsa.

15, 16. Josephus le Jerome ba ile ba bontša joang hore na ke libuka life tseo e leng karolo ea Mangolo a Halalelang?

15 Bukeng ea hae Against Apion (I, 38-41 [8]), rahistori oa Mojode Flavius Josephus oa lekholong la pele la lilemo C.E., o bua ka libuka tsohle tseo Baheberu ba neng ba li hlokomela li halalela. O ngotse: “Ha re na libuka tse mashome a likete tse feto-fetohang, tse hanyetsanang. Libuka tsa rōna ke feela tse peli le tse mashome a mabeli, tse fuoang tlotla ka nepo, [tse nyalanang le tsa rōna tse 39 kajeno, joalokaha ho bontšitsoe serapeng sa 11], ’me li na le tlaleho ea nako eohle. Ho tsena, libuka tse hlano ke tsa Moshe, tse nang le melao le histori ea neano ho tloha ha motho a hlaha ho theosa ho tla fihlela lefung la monehi-molao. . . . Ho tloha lefung la Moshe ho fihlela ho Artaxerxese, ea ileng a hlahlama Xerxese e le morena oa Persia, baprofeta ba ileng ba hlahlama Moshe ba ile ba ngola histori ea liketsahalo tsa mehleng ea bona libukeng tse leshome le metso e meraro. Libuka tse ’nè tse setseng li na le lifela tse eang ho Molimo le melao bakeng sa boitšoaro ba bophelo ba motho.” Ka hona Josephus o bontša hore ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang ha Mangolo a Seheberu ho ne ho se ho tiisitsoe nako e telele pele ho lekholo la pele la lilemo C.E.

16 Setsebi sa Bibele Jerome, se ileng sa phetha phetolelo ea Selatine ea Vulgate ea Bibele hoo e ka bang ka 405 C.E., se ne se tsitsitse boemong ba sona mabapi le libuka tse sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele. Ka mor’a ho thathamisa libuka tse bululetsoeng, se sebelisa ho bala ho tšoanang le ha Josephus, se bala libuka tse 39 tse bululetsoeng tsa Mangolo a Seheberu li le 22, selelekeleng sa sona libukeng tsa Samuele le Marena ho Vulgate sea ngola: “Ka hona ho na le libuka tse mashome a mabeli a metso e ’meli . . . Selelekela sena sa Mangolo se ka sebeletsa e le katamelo e tiisitsoeng libukeng tsohle tseo re li fetolelang ho tloha Seheberung ho ea Selatineng; e le hore re ka tseba hore eng kapa eng e ka ’nģane ho tsona e tlameha ho kenngoa mangolong a sa amoheloeng e le karolo ea Bibele.”

MANGOLO A SEGERIKE A BOKRESTE

17. Kereke ea Roma e K’hatholike e bolela hore e na le boikarabelo bofe, empa ha e le hantle ke mang ea ileng a khetholla hore na ke libuka life tse etsang Mangolo a Halalelang a Bibele?

17 Kereke ea Roma e K’hatholike e bolela e na le boikarabelo bakeng sa qeto e mabapi le hore na ke libuka life tse lokelang ho akarelletsoa Mangolong a Halalelang a Bibele, ’me ho suptjoa Seboka sa Carthage (397 C.E.), seo ho ileng ha hlahisoa lethathamo la libuka ho sona. Empa hase ’nete, hobane lethathamo la libuka tseo e leng karolo ea Mangolo a Halalelang, ho akarelletsa le lethathamo la libuka tse etsang Mangolo a Segerike a Bokreste, le ne le se le ntse le tiisitsoe ka nako eo, ke hore, eseng ka taelo ea seboka sefe kapa sefe, empa ka tataiso ea moea o halalelang oa Molimo—oona moea o ileng oa bululela ho ngoloa ha libuka tseo qalong. Bopaki ba bangoli ba morao ba mathathamo ba sa bululeloang ke ba bohlokoa feela bakeng sa ho amoheloa ha Mangolo a Halalelang a Bibele, a neng a tiisitsoe ke moea oa Molimo.

18. Ho ka fihleloa liqeto life tsa bohlokoa ka chate e bontšang mathathamo a pele a Mangolo a Segerike a Bokreste?

18 Bopaki ba Mathathamo a Pele. Ho lekola chate e latelang ho senola hore mathathamo a ’maloa a Mangolo a Bokreste a lekholong la bone la lilemo, e ne e le a nakong ea pele ho seboka se boletsoeng ka holimo, a lumellana hantle le lethathamo la rōna le teng la karolo ea Mangolo a Halalelang, ’me a mang a behella Tšenolo feela ka thōko. Pele ho bofelo ba lekholo la bobeli la lilemo, ho ne ho e-na le ho amoheloa ho akaretsang ha Likosepele tse ’nè, Liketso, le mangolo a 12 a moapostola Pauluse. Mangolo a seng makae a manyenyane a ne a belaelloa mona le mane. Mohlomong ho ne ho le joalo hobane mangolo a joalo qalong a ne a abuoa ka ho fokolang ka lebaka le leng le itseng ka hona a nka nako e teletsana hore a amoheloe e le karolo ea Mangolo a Halalelang.

19. (a) Ke tokomane efe e ikhethang e fumanoeng Italy, hona ke ea neng? (b) See se hlalosa karolo e amoheloang ea Mangolo a Halalelang ea nakong eo joang?

19 Lethathamo le leng le thahasellisang la mathathamo a pele ke sekotoana sa lengolo se ileng sa sibolloa ke L. A. Muratori Laebraring ea Ambrose, Milan, Italy, ’me sa hatisoa ke eena ka 1740. Le hoja qalo e le sieo, ho bua ha sona ka Luka e le Kosepele ea boraro ho bontša hore pele le ne le bua ka Mattheu le Mareka. Sekotoana sa Lengolo sa Muratori, se ngotsoeng ka Selatine, ke sa nakong ea morao karolong e qetellang ea lekholo la bobeli la lilemo C.E. Ke tokomane e thahasellisang ka ho fetisisa, joalokaha taba e latelang e fetoletsoeng ka karolo e bontša: “Buka ea boraro ea Kosepele ke e ngotsoeng ke Luka. Luka, ngaka e tsebahalang, o e ngotse ka lebitso la hae . . . Buka ea bone ea Kosepele ke ea Johanne, e mong oa barutuoa. . . . Kahoo tumelong ea balumeli ha ho khaohano, le hoja ho etsoa likhetho tse fapaneng linneteng tsa libuka ka bonngoe tsa Likosepele, hobane ho [tsona] kaofela tlas’a Moea o le mong o tataisang ho boletsoe lintho tsohle tse amanang le tsoalo ea hae, boikutlo, tsoho, puisano le barutuoa ba hae, le ho tla ha hae ho habeli, ha pele ka ho tlotlolloa ho tlisitsoeng ke nyeliso, ho seng ho ile ha etsahala, ’me ha bobeli ka khanya ea matla a borena, ho sa ntsaneng ho tla tla. Ka hona hase ho makatsang ha Johanne a paka lintho tsena tse ’maloa a sa feto-fetohe liepistoleng tsa hae, a re ka boeena: ‘seo re se boneng ka mahlo a rōna, le seo re se utloileng ka litsebe tsa rōna, le seo matsoho a rōna a se tšoereng, ke tsona lintho tseo re li ngotseng.’ Ka hona o bolela hore hase paki e boneng ka mahlo feela empa hape o utloile ’me a pheta lintho tsohle tse tsotehang tsa Morena, ka tlhahlamano ea tsona. Ho feta moo, liketso tsa baapostola bohle li ngotsoe bukeng e le ’ngoe. Luka o ile a li ngola [joalo] bakeng sa Theofile ea khabane . . . Joale hore na liepistole tsa Pauluse ke eng, li rometsoe neng kapa ka lebaka lefe, tsona ka botsona li hlakisetsa motho ea tla utloisisa. Pele ho tsohle o ile a ngolla Bakorinthe ka ho qaqileng hore ba thibele karohano ea bokhelohi, eaba o ngolla Bagalata [khahlanong le] lebollo, ’me a ngolla Baroma ka taelo ea Mangolo, ho fanang ka maikutlo a hore Kreste ke eena eo ho buuoang ka eena haholo-holo ho tsona—tseo ho hlokahalang hore re hlahlobe e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona, ka ho bona hore Moapostola Pauluse ea hlohonolofalitsoeng ka boeena, a latela mohlala oa eo a neng a mo hlahlama Johanne, o ngolla likereke tse ka bang supa ka tatellano e latelang: Bakorinthe (ea pele), Baefese (ea bobeli), Bafilippi (ea boraro), Bakolosse (ea bone), Bagalata (ea bohlano), Bathessalonika (ea botšelela), Baroma (ea bosupa). Empa le hoja a ngolla Bakorinthe le Bathessalonika habeli molemong oa ho ba khalemela, ho bontšoa hore ho na le kereke e le ’ngoe e pharalletseng ho pholletsa le lefatše lohle [?ke hore, ka mongolo ona o hasupa]; ’me le Johanne ho Tšenolo, le hoja a ngolla likereke tse supileng, empa o bua le bohle. Empa [o ile a ngola] e ’ngoe e eang ho Filemone ka baka la kameho le lerato, le e ’ngoe e eang ho Tite, le tse peli tse eang ho Timothea; [’me liepistole tsena] li nkoa li halalela ha ho nahanoa ka Kereke e hlomphehang. . . . Ho phaella moo, epistole ea Juda le tse peli tse ngotsoeng lebitso la Johanne lia balelloa . . . Re amohela litšenolo tsa Johanne le Petrose feela, tseo [tsa ho qetela ho tsona] ba bang ba rōna re sa lakatseng ha li ka baloa ka kerekeng.”—The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge, 1956, Moq. VIII, leqephe 56.

20. (a) Ho behelloa ka thōko ha lengolo le leng la mangolo a Johanne le le leng la Petrose ho hlalosoa joang? (b) Ka hona, lethathamo lee le amana haufi-ufi joang le lethathamo la mehleng ea rōna?

20 Hoa hlokomeleha hore ho ea bofelong ba Sekotoana sa Lengolo sa Muratori, ho buuoa ka liepistole tse peli feela tsa Johanne. Leha ho le joalo, ntlheng ena buka e boletsoeng ka holimo ea boitsebiso, leqepheng la 55, e hlokomela hore liepistoleng tsena tse peli tsa Johanne “e ka ba epistoleng ea pele le ea boraro feela, tseo ho tsona mongoli oa tsona a ipitsang ‘moholo’ feela. Le hoja ka tšohanyetso a se a hlalositse ea pele, mabapi le Kosepele ea Bone, ’me ho eona a boletse tumelo ea hae e sa belaelleng letho ka ho simoloha ha eona ho Johanne, mona mongoli o ile a ikutloa a khona ho fella mangolong a mabeli a manyenyane.” Mabapi le ho se boleloe leha e le hofe ho hlakileng ha epistole ea pele ea Petrose, buka ena e tsoela pele: “Khopolo e inahaneloang ke ea ho lahleha ha mantsoe a seng makae, mohlomong mola o felletseng, ao ho oona I Petrose le Tšenolo ea Johanne li ileng tsa boleloa li amohetsoe.” Ka hona, ho latela pono ea Sekotoana sa Lengolo sa Muratori, buka ena ea boitsebiso, leqepheng la 56, ea phethela: “Testamente e Ncha e nkoa ka ho felletseng e entsoe ka Likosepele tse ’nè, Liketso, liepistole tse leshome le metso e meraro tsa Pauluse, Tšenolo ea Johanne, mohlomong le liepistole tsa hae tse tharo, Juda, mohlomong le I Petrose, le hoja khanyetso lengolong le leng la Petrose e ne e e-s’o tholisoe.”

21. (a) Litlhaloso tsa Origen ka mangolo a bululetsoeng li thahasellisa ka eng? (b) Bangoli ba morao ba ile ba amohela eng?

21 Hoo e ka bang selemong sa 230 C.E., Origen o ile a amohela libuka tsa Baheberu le Jakobo har’a Mangolo a bululetsoeng, tse leng sieo Sekotoaneng sa Lengolo sa Muratori. Le hoja a bontša hore ba bang ba ne ba belaella boleng ba tsona ba ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang, sena se boetse se bontša hore ka nako ena, ho ba karolo ea Mangolo a Halalelang ha Mangolo a Segerike a mangata ho ne ho amoheloa, leha ho ne ho e-na le ba seng bakae ba belaellang liepistole tse ling tse sa tumang hakaalo. Hamorao, Athanasius, Jerome, le Augustine ba ile ba amohela liqeto tse fihletsoeng ke mathathamo a pejana ka ho hlalosa libuka tsena tse 27 tseo re nang le tsona hona joale e le karolo ea Mangolo a Halalelang.b

22, 23. (a) Manane a mathathamo a chateng a ile a lokisetsoa joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho se na mathathamo a joalo pele ho Sekotoana sa Lengolo sa Muratori?

22 Bongata ba mathathamo a chateng ke mathathamo a tobileng a bontšang hore na ke libuka life tse neng li amoheloa e le karolo ea Mangolo a Halalelang. Mathathamo a Irenaeus, Clement oa Alexandria, Tertullian, le Origen a phethiloe ho tsoa litabeng tseo ba li qotsitseng, tse senolang kamoo ba neng ba talima mangolo ao ho buuoeng ka ’ona. Mathathamo ana a boetse a tiisoa ke litlaleho tsa rahistori oa pele Eusebius. Leha ho le joalo, ’nete ea hore bangoli bana ha ba bolele mangolo a itseng ao e leng karolo ea Mangolo a Halalelang ha ho a pake e se karolo ea Mangolo a Halalelang. Ke feela hore ho ile ha etsahala hore ba se ke ba bua ka ’ona mangolong a bona ebang ke ka boikhethelo kapa ka baka la litaba tseo ho neng ho buisanoa ka tsona. Empa ke hobane’ng ha re sa fumane mathathamo a tšoanang hantle a pejana ho feta Sekotoana sa Lengolo sa Muratori?

23 Ebile feela ho fihlela ha bahlahlobisisi ba kang Marcion ba hlahella bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo C.E. ha ho ne ho hlaha tseko mabapi le hore na ke libuka life tseo Bakreste ba lokelang ho li amohela. Marcion o ile a qapa libuka tsa hae tsa Mangolo a Halalelang tse lumellanang le lithuto tsa hae, a nka mangolo a itseng feela a moapostola Pauluse le Kosepele ea Luka ea mofuta o ntšitsoeng liphoso. Kosepele ena, hammoho le pokello ea lingoliloeng tse sa amoheloeng e le karolo ea Bibele tse neng li hasane lefatšeng lohle ka nako eo, ke eona e lebisitseng lipolelong tse entsoeng ke bangoli ba mathathamo mabapi le hore na ke libuka life tseo ba neng ba li amohela e le karolo ea Mangolo a Halalelang.

24. (a) Ke eng e khethollang mangolo a sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele a “Testamente e Ncha”? (b) Litsebi li re’ng ka ’ona?

24 Mangolo a sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele. Bopaki bo tiisa karohano e hlakileng e ileng ea etsoa pakeng tsa mangolo a bululetsoeng a Bokreste le libuka tsa bomene-mene kapa tse sa bululeloang. Mangolo a sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele a fokola haholo ’me hangata aa inahaneloa ebile ha a utloahale. Khafetsa aa fosa.c Hlokomela lipolelo tse latelang tse entsoeng ke litsebi ka libuka tsena tseo eseng karolo ea Mangolo a Halalelang:

“Ha ho na pelaelo ea hore ho na le e mong ea li behelletseng ka thōko ho Testamente e Ncha: li ipehelletse ka thōko ka botsona.”—M. R. James, The Apocryphal New Testament, maqephe xi, xii.

“Re lokela feela ho bapisa libuka tsa rōna tsa Testamente e Ncha ka kakaretso le lingoliloeng tsa rōna tsa mofuta oo ho hlokomela hore na lekhalo le li arohantseng le bophara bo bokae. Hangata ho boleloa hore likosepele tseo eseng karolo ea Mangolo a Halalelang ha e le hantle ke bopaki bo molemohali ba tseo e leng karolo ea Mangolo a Halalelang.”—G. Milligan, The New Testament Documents, leqephe 228.

“Ho ke ke ha boleloa hore mongolo leha o le mong oo re o boloketsoeng ho tloha nakong ea boholo-holo ea Kereke ka ntle ho Testamente e Ncha o ka tlatsetsoa ka nepo Karolong ea Mangolo a Halalelang kajeno.”—K. Aland, The Problem of the New Testament Canon, leqephe 24.

25. Ke linnete life ka bangoli ka bomong ba Mangolo a Segerike a Bokreste tse bontšang mabaka a ho bululeloa ha mangolo ao?

25 Bangoli ba Bululetsoeng. Ntlha ena e tsoelang pele ea thahasellisa. Bangoli bohle ba Mangolo a Segerike a Bokreste ka tsela e itseng ba ne ba na le kamano e haufi-ufi le sehlopha se busang sa pele-pele sa phutheho ea Bokreste, se neng se akarelletsa baapostola ba neng ba khethiloe ke Jesu ka boeena. Mattheu, Johanne, le Petrose ba ne ba le har’a baapostola ba pele-pele ba 12, ’me Pauluse o ile a khethoa hamorao e le moapostola empa o ne a sa nkoe e le e mong oa ba 12.d Le hoja Pauluse a ne a le sieo ha ho ne ho etsoa tšollo e khethehileng ea moea ka Pentekonta, Mattheu, Johanne, le Petrose ba ne ba le teng, hammoho le Jakobo le Juda mohlomong le Mareka. (Lik. 1:13, 14) Ka ho khetheha Petrose o balella mangolo a Pauluse har’a “mangolo a mang.” (2 Pet. 3:15, 16) Mareka le Luka e ne e le metsoalle e haufi-ufi ea Pauluse le Petrose ebile e le ba tsamaeang le bona. (Lik. 12:25; 1 Pet. 5:13; Ba-Kol. 4:14; 2 Tim. 4:11) Bangoli bana bohle ba ile ba fuoa matla a mohlolo ka moea o halalelang, ebang ke ka ho tšolloa ho khethehileng joalokaha ho etsahetse ka Pentekonta le ha Pauluse a sokoloha (Lik. 9:17, 18) kapa, ntle ho pelaelo joaloka boemong ba Luka, ka ho behoa matsoho ke baapostola. (Lik. 8:14-17) Ho ngoloa hohle ha Mangolo a Segerike a Bokreste ho ile ha phethoa nakong eo limpho tse khethehileng tsa moea li neng li sebetsa.

26. (a) Re amohela eng e le Lentsoe la Molimo, hona hobane’ng? (b) Re lokela ho bontša kananelo joang bakeng sa Bibele?

26 Ho ba le tumelo ho Molimo o matla ’ohle, oo e leng oona O Bululetseng Lentsoe la oona le ’Moloki oa lona, ho re etsa hore re kholisehe hore ke oona o tataisitseng ho bokelloa ha likarolo tsa lona tse sa tšoaneng. Kahoo re amohela libuka tse 27 tsa Mangolo a Segerike a Bokreste hammoho le tse 39 tsa Mangolo a Seheberu ka kholiseho e le Bibele e le ’ngoe, e ngotsoeng ke Sengoli se le seng, Jehova Molimo. Lentsoe la hae le libukeng tsa eona tse 66 ke lona le re tataisang, ’me ho momahana hohle ha eona le botsitso li tiisa hore e felletse. Thoriso eohle e leba ho Jehova Molimo, ’Mōpi oa buka ena eo ho seng e ka bapisoang le eona! E ka re hlomella ka ho felletseng le ho kenya maoto a rōna tseleng e isang bophelong. A re e sebeliseng ka bohlale ha monyetla o mong le o mong o hlaha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Encyclopaedia Judaica, 1973, Moq. 4, lik. 826, 827.

b The Books and the Parchments, 1963, F. F. Bruce, leqephe 112.

c Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 122-5.

d Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 129-30.

[Chate e leqepheng la 303]

Mathathamo a Pele a Ikhethang a Mangolo a Segerike a Bokreste

A - E amoheloa ntle ho pelaelo e le ea Mangolo ebile e le karolo ea Mangolo a Halalelang

D - E belaelloa likarolong tse itseng

DA - E belaelloa likarolong tse itseng, empa mongoli oa lethathamo

o ne a e amohela e le ea Mangolo ebile e le karolo ea Mangolo a Halalelang

? - Litsebi ha lia kholiseha ka ho baloa ha taba e ngotsoeng

kapa kamoo buka e boletsoeng e talingoang ka teng

- Sebaka se sekheqe se bontša hore buka eo

e ne e sa sebelisoa kapa e sa boleloa ke litsebi

Lebitso le Sebaka

Sekotoana sa Irenaeus, Clement oa Tertullian,

Lengolo sa Muratori, Asia Minor Alexandria Afrika Leboea

Italy

Hoo e ka bang

Nako C.E. 170 180 190 207

Mattheu A A A A

Mareka A A A A

Luka A A A A

Johanne A A A A

Liketso A A A A

Ba-Roma A A A A

1 Ba-Korinthe A A A A

2 Ba-Korinthe A A A A

Ba-Galata A A A A

Ba-Efese A A A A

Ba-Filippi A A A A

Ba-Kolosse A A A A

1 Ba-Thessalonika A A A A

2 Ba-Thessalonika A A A A

1 Timothea A A A A

2 Timothea A A A A

Tite A A A A

Filemone A A

Ba-Heberu D DA DA

Jakobo ?

1 Petrose A? A A A

2 Petrose D? A

1 Johanne A A DA A

2 Johanne A A DA

3 Johanne A?

Juda A DA A

Tšenolo A A A A

Lebitso le Sebaka

Origen, Eusebius, Cyril oa Lethathamo la

Alexandria Palestina Jerusalema Cheltenham,

Afrika Leboea

Hoo e ka bang

Nako C.E. 230 320 348 365

Mattheu A A A A

Mareka A A A A

Luka A A A A

Johanne A A A A

Liketso A A A A

Ba-Roma A A A A

1 Ba-Korinthe A A A A

2 Ba-Korinthe A A A A

Ba-Galata A A A A

Ba-Efese A A A A

Ba-Filippi A A A A

Ba-Kolosse A A A A

1 Ba-Thessalonika A A A A

2 Ba-Thessalonika A A A A

1 Timothea A A A A

2 Timothea A A A A

Tite A A A A

Filemone A A A A

Ba-Heberu DA DA A

Jakobo DA DA A

1 Petrose A A A A

2 Petrose DA DA A D

1 Johanne A A A A

2 Johanne DA DA A D

3 Johanne DA DA A D

Juda DA DA A

Tšenolo A DA A

Lebitso le Sebaka

Athanasius, Epiphanius, Gregory Amphilocius,

Alexandria Palestina Nazianzus, Asia Minor

Asia Minor

Hoo e ka bang

Nako C.E. 367 368 370 370

Mattheu A A A A

Mareka A A A A

Luka A A A A

Johanne A A A A

Liketso A A A A

Ba-Roma A A A A

1 Ba-Korinthe A A A A

2 Ba-Korinthe A A A A

Ba-Galata A A A A

Ba-Efese A A A A

Ba-Filippi A A A A

Ba-Kolosse A A A A

1 Ba-Thessalonika A A A A

2 Ba-Thessalonika A A A A

1 Timothea A A A A

2 Timothea A A A A

Tite A A A A

Filemone A A A A

Ba-Heberu A A A DA

Jakobo A A A A

1 Petrose A A A A

2 Petrose A A A D

1 Johanne A A A A

2 Johanne A A A D

3 Johanne A A A D

Juda A A A D

Tšenolo A DA D

Lebitso le Sebaka

Philaster, Jerome, Augustine, Seboka

Italy Italy Afrika Leboea sa Boraro

sa Carthage,

Afrika Leboea

Approximate

Date C.E. 383 394 397 397

Mattheu A A A A

Mareka A A A A

Luka A A A A

Johanne A A A A

Liketso A A A A

Ba-Roma A A A A

1 Ba-Korinthe A A A A

2 Ba-Korinthe A A A A

Ba-Galata A A A A

Ba-Efese A A A A

Ba-Filippi A A A A

Ba-Kolosse A A A A

1 Ba-Thessalonika A A A A

2 Ba-Thessalonika A A A A

1 Timothea A A A A

2 Timothea A A A A

Tite A A A A

Filemone A A A A

Ba-Heberu DA DA A A

Jakobo A DA A A

1 Petrose A A A A

2 Petrose A DA A A

1 Johanne A A A A

2 Johanne A DA A A

3 Johanne A DA A A

Juda A DA A A

Tšenolo DA DA A A

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela