Khaolo ea 13
Ho Ithuta Melekong ea Jesu
HANG-HANG hoba Jesu a kolobetsoe, moea oa Molimo o mo isa lefeelleng la Judea. Ho na le lintho tse ngata tseo a ka li nahanang hobane nakong ea ha a kolobetsoa “maholimo a phetleloa eena,” hore a lemohe lintho tsa leholimo. Ka sebele ho na le litaba tse ngata tseo a ka thuisang ka tsona!
Jesu o qeta matsatsi a 40 le masiu a 40 a le lefeelleng, ’me a sa je lijo. Joale, ha Jesu a se a lapile haholo, Diabolose o tla ho eena ho mo leka, o re: “Ha u le Mora oa Molimo, e re majoe ana a fetohe mahobe.” Empa Jesu oa tseba hore ho fosahetse ho sebelisa matla a hae a mohlolo hore a khotsofatse litakatso tsa hae tsa botho. Kahoo o hana ho lekoa.
Empa Diabolose ha a tele. O leka mokhoa o mong. O phephetsa Jesu hore a itihele fatše a le lerakong la tempele e le hore mangeloi a Molimo a mo sireletse. Empa Jesu ha a leke ho etsa pontšo ena ea mohlolo. Jesu o qotsa Mangolo, o bontša hore ho fosahetse ho leka Molimo ka tsela ena.
Tekong ea boraro, Diabolose o bontša Jesu mebuso eohle ea lefatše ka tsela ea mohlolo ’me o re ho eena: “Ntho tseo kaofela ke tla u nea tsona, ha u ka oa ka mangole, ua nkhumamela.” Empa hape Jesu o hana ho inehela tekong ea hore a etse se fosahetseng, o khetha ho lula a tšepahala ho Molimo.
Re ka ithuta ho itseng melekong ena ea Jesu. Ka mohlala, e bontša hore Diabolose hase tšobotsi feela ea bobe, joalokaha batho ba bang ba bolela, empa ke motho oa sebele ea sa bonahaleng. Teko ea Jesu e bontša hore mebuso eohle ea lefatše ke thepa ea Diabolose. Hobane ha Diabolose a ne a re a ka e neha Kreste, ke joang hoo e neng e ka ba teko ea sebele haeba e ne e hlile e se ea hae?
Nahana ka sena: Diabolose o boletse hore o ne a ikemiselitse ho putsa Jesu bakeng sa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli esita le hore o tla mo neha mebuso eohle ea lefatše. Diabolose a ka re leka ka tsela e tšoanang, mohlomong ka ho beha ka pel’a rōna menyetla e hohelang ea ho fumana leruo, matla, kapa boemo lefatšeng. Empa re tla ipaka re le bohlale haholo hakaakang ha re latela mohlala oa Jesu ka ho lula re tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe teko e ka hlahang! Mattheu 3:16; 4:1-11; Mareka 1:12, 13; Luka 4:1-13.
▪ Ka ho hlakileng, Jesu o thuisa ka lintho life nakong ea matsatsi a 40 ha a le lefeelleng?
▪ Diabolose o leka ho hlahisetsa Jesu moleko joang?
▪ Re ithuta eng melekong ea Jesu?