Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 14
  • Barutuoa ba Pele ba Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Barutuoa ba Pele ba Jesu
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Barutuoa ba Pele ba Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu o Etsa Barutuoa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Bao e Ileng ea E-ba Barutuoa ba Jesu
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Johanne o Kolobetsa Jesu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 14

Khaolo ea 14

Barutuoa ba Pele ba Jesu

KA MOR’A hore Jesu a be lefeelleng ka matsatsi a 40, o khutlela ho Johanne ea ileng a mo kolobetsa. Ha a atamela, kamoo ho bonahalang ka teng, Johanne oa mo supa ’me oa hooa: “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše. Ke enoa eo ke ’moletseng, ka re: Ka morao ho ’na ho tla monna ea bileng teng pele ho ’na, kahobane a na a le pele ho ’na.” Le hoja Johanne a le moholo ho Jesu, eo e leng ngoan’abo ka bo-’m’a bona, Johanne oa tseba hore Jesu o bile teng pele ho eena e le motho oa moea leholimong.

Empa, libeke tse seng kae pejana, ha Jesu a ne a tlil’o kolobetsoa, ka ho hlakileng Johanne o ne a sa kholiseha hantle hore Jesu e ne e tla ba Messia. Johanne oa lumela: “Le ’na ke ne ke sa mo tsebe; empa ke tlile ho kolobetsa ka metsi, a tle a bonahatsoe ho Iseraele.”

Johanne o tsoela pele ho hlalosetsa bamameli ba hae se ileng sa etsahala ha a ne a kolobetsa Jesu: “Ke bone Moea o theoha leholimong, o kang leeba, oa ba oa lula holim’a hae. Le ’na ke ne ke sa mo tsebe; empa ea nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke eena ea neng a mpoleletse, a re: Eo u tla bona Moea o theohela ho eena, ’me o lula holim’a hae, ke eena ea kolobetsang ka Moea o Halalelang. Le ’na ke bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mor’a Molimo.”

Ka letsatsi le latelang Johanne o eme le barutuoa ba hae ba babeli. Hape, ha Jesu a atamela, o re: “Bonang, ke Konyana ea Molimo.” Barutuoa bana ba babeli ba Johanne Mokolobetsi ba latela Jesu ha ba utloa seo. E mong oa bona ke Andrease, ’me e mong ho bonahala e le eena motho ea tlalehileng litaba tsena, eo hape a neng a bitsoa Johanne. Johanne enoa, ho latela litlhaloso, le eena ke ngoan’abo Jesu ka bo-’m’a bona, mohlomong ke mora oa ngoan’abo Maria, Salome.

Ha Jesu a reteleha ’me a bona Andrease le Johanne ba mo latela, oa botsa: “Le batla’ng?”

Baa botsa, “Moruti u lutse kae?”

Jesu oa ba araba: “Tlong, le bone.”

Ke hoo e ka bang hora ea bone motšehare oa matsiboea, ’me Andrease le Johanne ba hlola letsatsi leo le Jesu. Ka mor’a moo Andrease o thabile hoo a potlakelang ho ea batla ngoan’abo, ea bitsoang Petrose. O re ho eena: “Re bone Messia.” ’Me o isa Petrose ho Jesu. Mohlomong ka nako e tšoanang Johanne o ile a fumana ngoan’abo ea bitsoang Jakobo a ba a mo tlisa ho Jesu; leha ho le joalo, ho latela sebōpeho sa hae, Johanne ha a akarelletse boitsebiso bona Kosepeleng ea hae.

Ka letsatsi le latelang, Jesu o fumana Filippi, oa Bethsaida, e leng motse oo Andrease le Petrose ba neng ba tsoa ho oona pele. Oa mo mema: “Ntatele!”

Joale Filippi o fumana Nathanaele, eo hape a bitsoang Bartholome, ’me o re ho eena: “Re fumane eo Moshe a ngolileng taba tsa hae molaong, le baprofeta ba li ngolile; ke Jesu oa Nazaretha, mor’a Josefa.” Nathanaele oa belaela. Oa botsa: “Na ntho e molemo e ka tsoa Nazaretha na?”

Filippi oa mo phehella: “Tlo, u bone.” Ha ba atamela ho Jesu, Jesu o re ho Nathanaele: “Bonang mo-Iseraele oa sebele, eo ho seng mano ho eena.”

Nathanaele oa botsa: “U ntsebela kae?”

Jesu oa arabela: “Ke u bone, Filippi a e-⁠so ho u bitse, u le tlas’a sefate sa feiga.”

Nathanaele o maketse. O re: “Rabbi [e bolelang Moruti], u Mora oa Molimo, u morena oa Iseraele!”

Jesu oa botsa: “U lumela kahobane ke u boleletse hore ke u bone tlas’a sefate sa feiga; u tla bona tse kholo ho tseo.” Joale oa tšepisa: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ho qala joale, le ea ’ne le bone leholimo le phetliloe, le mangeloi a Molimo a nyoloha, a ba a theohela holim’a Mor’a motho.”

Kapele ka mor’a moo, Jesu a e-⁠na le barutuoa ba hae bao a sa tsoa ba fumana, o tloha Phuleng ea Jordane ’me o leba Galilea. Johanne 1:​29-⁠51.

▪ Barutuoa ba pele ba Jesu ke bo-mang?

▪ Petrose, mohlomong le Jakobo, ba tsebisoa Jesu joang?

▪ Ke eng se kholisitseng Nathanaele hore Jesu ke Mora oa Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela