Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 27
  • Pitso ea Mattheu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pitso ea Mattheu
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pitso ea Mattheu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu o re Matheu e be molateli oa hae
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Thuto ea Bohlokoa ea Boikokobetso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Buka ea Bibele ea 40—Mattheu
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 27

Khaolo ea 27

Pitso ea Mattheu

NAKOANA ka mor’a ho phekola monna ea omelletseng litho, Jesu o tloha Kapernauma ho ea Leoatleng la Galilea. Matšoele a batho a boetse a tla ho eena moo, ’me o qala ho a ruta. Ha a ntse a tsamaea, o bona Mattheu, eo hape a bitsoang Levi, a lutse ofising ea lekhetho. Jesu oa mo mema, “Ntatele.”

Ho ka etsahala hore Mattheu o se a tloaelane le lithuto tsa Jesu, joaloka Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne ha ba ne ba bitsoa. ’Me joaloka bona, hang-hang Mattheu o amohela memo eo. Oa ema, o siea boikarabelo ba hae ba ho ba molekhetho, ’me o latela Jesu.

Hamorao, mohlomong ho ketekela ho amohela pitso ea hae, Mattheu o etsa mokete oa semetletsa ha hae. Ntle ho Jesu le barutuoa ba Hae, metsoalle ea pele ea Mattheu le eona e teng. Ka kakaretso batho bana ba atisa ho nyelisoa ke Bajode ba habo bona hobane ba bokellela babusi ba hloiloeng ba Roma makhetho. Ho feta moo, hangata ka bolotsana ba batla batho chelete e fetang lekhetho le tloaelehileng.

Ha ba bona Jesu a e-⁠na le batho ba joalo moketeng, Bafarisi ba botsa barutuoa ba hae: “Na moruti oa lōna o jela’ng le ba-lekhetho le baetsalibe?” Ha Jesu a utloa potso eo, o araba Bafarisi: “Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batloa ke ba kulang. Empa e-⁠eang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, eseng sehlabelo; hobane ha kea tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsalibe.”

Mohlomong Mattheu o memetse balekhetho bana ha hae hore ba ka tla mamela Jesu ’me ba fumane phekolo ea moea. Ka hona Jesu o kopanela botsoalle le bona ho ba thusa ho fumana kamano e ntle le Molimo. Jesu ha a nyelise batho ba joalo, joaloka Bafarisi ba inkang ba lokile. Ho e-⁠na le hoo, a susumelitsoe ke mohau, o ba sebeletsa joaloka ngaka ea moea.

Kahoo ho hauhela ha Jesu baetsalibe ha ho bolele hore o thooletsa libe tsa bona empa ke pontšo ea kutloelo-bohloko e tšoanang le eo a e bontšitseng ho ba kulang ’meleng. Ka mohlala, hopola ka nako eo ka mohau a otlollang letsoho la hae ’me a tšoara molepera, a re: “Kea rata, u ntlafale.” E se eka le rōna ka mokhoa o tšoanang re ka bontša mohau ka ho thusa batho ba hlokang, haholo-holo ho ba thusa ka tsela ea moea. Mattheu 8:3; 9:9-13; Mareka 2:13-17; Luka 5:27-32.

▪ Mattheu o ne a le hokae ha Jesu a ’mitsa?

▪ Mattheu o sebetsa’ng, ’me ke hobane’ng ha batho ba joalo ba nyelisoa ke Bajode ba bang?

▪ Ho etsoa tletlebo efe mabapi le Jesu, ’me o araba joang?

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a kopanela botsoalle le baetsalibe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela