Khaolo ea 31
Ho Khola Liqoapi ka Sabbatha
HANG Jesu le barutuoa ba hae ba tloha Jerusalema ba khutlela Galilea. Ke nako ea selemo, ’me masimong ho na le liqoapi mahlakeng. Barutuoa ba lapile. Ka hona ba khola liqoapi ’me baa ja. Empa kaha ke Sabbatha, liketso tsa bona ha li hlokomolohuoe.
Baeta-pele ba bolumeli Jerusalema ba ne ba sa tsoa batla ho bolaela Jesu seo ho thoeng ke ho tlōla molao oa Sabbatha. Joale Bafarisi ba hlahisa qoso. Baa qosa, “Bona, barutuoa ba hao ba etsa ho sa lumelloeng ho etsoa ka tsatsi la sabbatha.”
Bafarisi ba bolela hore ho khola liqoapi le ho li tšohlela ho li ja ke ho kotula le ho pola. Empa litlhaloso tsa bona tse thata tsa hore na ke eng seo e leng mosebetsi li entse hore Sabbatha e be moroalo, athe e ne e reretsoe ho ba nako e thabisang, le e hahang moeeng. Ka hona Jesu o hanyetsa ka mehlala ea Mangolo ho bontša hore Jehova Molimo le ka mohla ha a ka a rerela tšebeliso e thata ka mokhoa o sa hlokahaleng joalo ea molao oa Hae oa Sabbatha.
Jesu o bolela hore ha Davida le banna ba nang le eena ba ne ba lapile, ba ile ba emisa tabernakeleng ’me ba ja mahobe a nyehelo. Mahobe ao a ne a se a tlositsoe ka pel’a Jehova ’me a nketsoe sebaka ke a macha, ’me ka tloaelo a ne a boloketsoe baprista hore ba a je. Empa, tlas’a maemo ao, Davida le banna ba neng ba e-na le eena ha baa ka ba ahloloa ka ho a ja.
Ha a etsa mohlala o mong, Jesu o re: “Kapa ha lea ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a sabbatha, baprista ba tlōla molao oa sabbatha tempeleng, ’me ha ba na molato?” E, esita le ka Sabbatha baprista ba tsoela pele ho hlaba liphoofolo le ho etsa mesebetsi e meng tempeleng ho lokisetsa mahlabelo a liphoofolo! Jesu o re: “’Me ke re ho lōna: Ho teng mona ho hoholo ho tempele.”
Ha Jesu a eletsa Bafarisi, o tsoela pele: “Hola la tseba ho lekanntsoeng ha ho thoe: Ke rata mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tsoa ba se nang molato.” Joale oa qetella: “Hobane Mor’a motho ke morena le oa sabbatha.” Jesu o bolela eng ka ho rialo? Jesu o ne a bua ka puso ea ’Muso oa hae oa khotso oa lilemo tse sekete.
Joale, ka lilemo tse 6 000 moloko oa batho o ’nile oa ba mahlomoleng ke tšebetso e boima ea bokhoba tlas’a Satane Diabolose, moo pefo le ntoa e leng lintho tse tloaelehileng tsa letsatsi le letsatsi. Ka lehlakoreng le leng, puso e phahameng ea Sabbatha ea Kreste e tla ba nako ea phomolo mahlomoleng ’ohle a joalo le khatello. Mattheu 12:1-8; Levitike 24:5-9; 1 Samuele 21:1-6; Numere 28:9; Hosea 6:6.
▪ Barutuoa ba Jesu ba qosoa ka eng, ’me Jesu o e arabela joang?
▪ Ke phoso efe ea Bafarisi eo Jesu a e hlokomelang?
▪ Ke ka tsela efe Jesu e leng “morena le oa sabbatha”?