Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 41
  • Mohloli oa Khanyetsano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohloli oa Khanyetsano
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu—Mohloli oa Khanyetsano
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • O Nka Matla a ho Etsa Mehlolo Kae?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • “Le Ithute ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 41

Khaolo ea 41

Mohloli oa Khanyetsano

NAKOANA ka mor’a hore a amoheloe lapeng la Simone, Jesu o qala leeto la hae la bobeli la boboleli Galilea. Leetong la hae la pele naheng eo, o ne a tsamaea le barutuoa ba hae ba pele, Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne. Empa hona joale o tsamaea le baapostola ba 12, ’moho le basali ba bang ba itseng. Bana ba akarelletsa Maria Magdalena, Susanna, le Joanna, eo monna oa hae e leng letona la Morena Heroda.

Ha tšebeletso ea Jesu e ntse e matlafala, khanyetsano ka tšebeletso ea hae le eona ea eketseha. Monna ea nang le modemona, ea sa boneng a bile a sitoa ho bua, o tlisoa ho Jesu. Ha Jesu a mo phekola, e le hore a lokolohe taolong ea modemona ’me a khone ho bua le ho bona, matšoele aa hlolloa. A qala ho re: “Ana enoa hase mor’a Davida na?”

Matšoele a bōkana ka bongata ho pota ntlo eo Jesu a lulang ho eona hoo eena le barutuoa ba hae ba sitoang le ho ja. Ho phaella ho bao ba nahanang hore e ka ’na eaba ke eena “mor’a Davida” ea tšepisitsoeng ho na le bangoli le Bafarisi ba tlohileng koana Jerusalema ho tla mo nyelisa. Ha beng ka Jesu ba utloa ka pherekano e amang Jesu, ba tla ho tla mo tšoara. Ka lebaka lefe?

Banab’abo Jesu ba ntse ba e-⁠s’o lumele hore ke Mor’a Molimo. Hape, mofere-fere le khohlano tsa sechaba tseo a li tsositseng ke tseo ho hang li sa lokelang Jesu eo ba mo tsebileng ha a ntse a hōla Nazaretha. Ka hona, ba lumela hore ho na le phoso e khōlō kelellong ea Jesu. Ba etsa qeto ea ho re: “Ha a sa nka [hantle],” (TLP) ’me ba batla ho mo tšoara le ho tsamaea le eena.

Empa bopaki bo hlakile hore Jesu o phekotse monna ea nang le modemona. Bangoli le Bafarisi baa tseba hore ba ke ke ba latola bonnete ba sena. Kahoo e le ho nyelisa Jesu ba bolella batho: “Enoa ha a leleka bademona, ke ka Beelzebule feela, morena oa bademona.”

Ka ho tseba mohopolo oa bona, Jesu o bitsetsa bangoli le Bafarisi ho eena ’me o re: “’Muso o mong le o mong o khaohaneng ho itoantša o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e khaohaneng ho itoantša, e ke ke ea tiea. Satane ha a leleka Satane, eba o khaohane ho itoantša; ana ’Muso oa hae o tla tiea joang?”

Ke karabo e tsietsang hakaakang! Kaha Bafarisi ba bolela hore batho ba boemong ba bona ba ’nile ba leleka bademona, Jesu o boetse oa botsa: “Ha ke fela ke leleka bademona ka Beelzebule, bara ba lōna, bona, ba ba leleka ka mang?” Ka mantsoe a mang, qoso eo ba e lebisang ho Jesu ka ho tšoanang e lokela ho lebisoa le ho bona. Joale Jesu oa ba lemosa: “Empa ekare ha ke leleka bademona ka Moea oa Molimo, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o le fihletse ruri.”

Ho bontša hore ho leleka bademona ha hae ke bopaki ba matla a hae holim’a Satane, Jesu o re: “Kapa motho a ka kena joang tlung ea senatla, ho phahla mesebetsi ea sona, ha a sa ka a tlama senatla seo pele, ebe moo a phahlang ntlo ea sona? Ea sa ntoaneleng, oa ntoantša; le ea sa bokelleng le ’na, oa hasanya.” Ka ho hlakileng Bafarisi ba khahlanong le Jesu, ’me ba ipaka e le mahlahana a Satane. Ba qhalanyetsa Baiseraele hōle le eena.

Ka baka leo, Jesu o lemosa bahanyetsi bana ba bosatane hore “nyefolo e nyefotseng Moea, batho ba ke ke ba e tšoareloa.” Oa hlalosa: “Ha motho a sebile mor’a motho, a ka tšoareloa; empa ha a sebile Moea o halalelang, a ke ke a tšoareloa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.” Bangoli le Bafarisi bao ba entse sebe seo se sa tšoareloeng ka hore ka boomo ba amahanye seo ka ho totobetseng e leng tšebetso ea mohlolo ea moea o halalelang oa Molimo le Satane. Mattheu 12:22-32; Mareka 3:19-30; Johanne 7:5.

▪ Leeto la bobeli la Jesu Galilea le fapana joang le la pele?

▪ Ke hobane’ng ha beng ka Jesu ba leka ho mo tšoara?

▪ Bafarisi ba leka joang ho nyelisa mehlolo ea Jesu, ’me Jesu o ba nyatsa joang?

▪ Bafarisi bao ba molato oa eng, hona hobane’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela