Khaolo ea 42
Jesu o Nyatsa Bafarisi
JESU o bontša hore haeba ke ka matla a Satane a lelekang bademona, etlaba Satane o khaohane ho itoantša. O tsoela pele ka hore: “Sefate se setle, tholoana ea sona e ntle; sefate se sebe tholoana ea sona le eona e mpe; hobane sefate se tsejoa ka tholoana ea sona.”
Ke booatla ho tseka hore litholoana tse molemo tsa ho leleka ha Jesu bademona ke hobane a ne a sebeletsa Satane. Haeba tholoana li le monate, sefate e ke ke ea e-ba se sebe. Ka lehlakoreng le leng, litholoana tse mpe tsa Bafarisi tsa liqoso tsa bohata le khanyetso e hlokang motheo ho Jesu ke bopaki ba hore bona ka bobona ba bolile. Jesu oa hooa: “Malinyane a marabe, le ka bolela tse molemo joang, le e-na le lonya? Hobane molomo o buisoa ke seo pelo e tletseng sona.”
Kaha mantsoe a rōna a bontša boemo ba lipelo tsa rōna, seo re se buang se fana ka motheo oa khahlolo. Jesu o re: “Ka letsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekisoa polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bosaoana eo ba e boletseng. Hobane u tla beoa ea lokileng ka lipolelo tsa hao, ’me ka lipolelo tsa hao u tla tsuoa.”
Ho sa tsotellehe mesebetsi eohle e matla ea Jesu, bangoli le Bafarisi baa kōpa: “Moruti, re rata re ka u bona u etsa mohlolo.” Le hoja banna bana ba tsoang Jerusalema ba sa iponela ka bobona mehlolo ea hae, bopaki bo bonoeng ka mahlo bo ke keng ba hanyetsoa ka eona bona bo teng. Kahoo Jesu o bolella baeta-pele ba Bajode: “Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke oa neoa mohlolo, ha e se mohlolo oa moprofeta Jonase.”
Ha Jesu a hlalosa seo a se bolelang, o tsoela pele: “Hobane joaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea hlapi e kholo, Mor’a motho le eena o tla ba maleng a lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo.” Hoba hlapi e mo koenye, Jonase o hlahile joaloka hoja a tsositsoe, kahoo Jesu o bolela esale pele hore o tla shoa ’me ka letsatsi la boraro o tla tsosoa a phela. Empa, esita leha Jesu a tsositsoe hamorao, baeta-pele ba Bajode ba sa ntse ba latola “mohlolo oa Jonase.”
Kahoo Jesu o re banna ba Ninive ba sokolohileng thutong ea Jonase ba tla ema kahlolong ba nyatse Bajode ba latotseng Jesu. Ka ho tšoanang, o etsa mohlala ka mofumahali oa Sheba, ea kileng a tloha lipheletsong tsa lefatše ho tla mamela bohlale ba Salomone ’me a hlolloa ke seo a se boneng le ho se utloa. Jesu a re: “Bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.”
Joale Jesu o etsa setšoantšo ka monna ea ntšitsoeng moea o litšila. Leha ho le joalo, monna enoa ha a tlatse sebaka se feela ka lintho tse molemo, kahoo e-ba lekhoba la meea e meng e supileng e litšila. Jesu o re: “Moloko o lonya ona o tla hlaheloa ke taba e joalo.” Sechaba sa Iseraele se ne se hloekisitsoe ’me se latsoitse nchafatso—joaloka ho tsoa ha moea o litšila ka nakoana. Empa ho latola ha sechaba baprofeta ba Molimo, ho fihlileng sehlohlolong ka ho hanyetsa ha sona Kreste ka boeena, ho senola boemo ba sona bo khopo hore bo tla ba boholo ho feta qalong.
Ha Jesu a ntse a bua, ’m’ae le banab’abo ba fihla ’me ba batla ho bua le eena. Motho e mong a re: “’M’ao le banab’eno ke bana ka ntle, ba batla ho bua le uena.”
Jesu a botsa: “’Mè ke mang, ’me banab’eso ke bafe?” Ha a otlollela letsoho la hae ho barutuoa ba hae, o re: “Bonang ’mè le banab’eso ke bana. Hobane e mong le e mong ea tla etsa thato ea Ntate ea maholimong, ke eena e leng ngoan’eso, le khaitseli ea ka, le ’mè.” Ka tsela ena Jesu o bontša hore ho sa tsotellehe lerato la hae ho ba habo, setsoalle sa hae ho barutuoa ba hae e sa ntse e le se seholo. Mattheu 12:33-50; Mareka 3:31-35; Luka 8:19-21.
▪ Bafarisi ba hlōlehile joang ho etsa sefate se “monate” le “tholoana” tse monate?
▪ “Mohlolo oa Jonase” e ne e le eng, ’me o latotsoe joang?
▪ Ke joang sechaba sa Iseraele se tšoanang le monna ea ntšitsoeng moea o litšila?
▪ Jesu o hatelletse joang setsoalle sa hae se haufi le barutuoa ba hae?