Khaolo ea 88
Morui le Lazaro
JESU o ne a ntse a bua le barutuoa ba hae ka tšebeliso e nepahetseng ea maruo a bonahalang, a hlalosa hore re ke ke ra ba bahlanka ba ’ona ’me ka nako e tšoanang ra ba bahlanka ba Molimo. Bafarisi le bona ba mametse, ’me ba qala ho soma Jesu hobane ba rata chelete. Joale o re ho bona: “Ha e le lōna, le ipea ba lokileng pel’a batho, empa Molimo o tseba lipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pel’a Molimo.”
Nako e fihlile ea hore molamu o boele sefateng ho batho ba ruileng lintho tsa lefatše, matla a bopolotiki, le taolo le tšusumetso ea bolumeli. Ba lokela ho kokobetsoa. Leha ho le joalo, batho ba hlokomelang seo ba se hlokang moeeng ba lokela ho phahamisoa. Jesu o supa phetoho e joalo ha a tsoela pele ho re ho Bafarisi:
“Molao le baprofeta li ile tsa tiea ho fihlela ho Johanne [Mokolobetsi]; ’me ha e sa le mohlang oo, ’muso oa Molimo oa boleloa, ’me e mong le e mong o o kena ka matla. Ho bonolo ha ho ka feta leholimo le lefatše, ho e-na le hore ho oele fatše hlaku ea molao, leha e ka ba ’ngoe.”
Bangoli le Bafarisi ba motlotlo ka ho itšoarella ha bona ha boikaketsi ka Molao oa Moshe. Hopola hore ha Jesu a foufolla ka mohlolo monna e mong Jerusalema, ba ile ba ithorisa: “Re barutuoa ba Moshe. Rōna, rea tseba hobane Molimo o buile le Moshe.” Empa joale Molao oa Moshe o phethile morero oa ’ona hore o ise batho ba ikokobelitseng ho Jesu Kreste, Morena ea khethiloeng ke Molimo. Ho joalo le ka qaleho ea tšebeletso ea Johanne, batho ba mefuta eohle, haholo-holo baikokobetsi le bafumanehi, ba ikitlaetsa ka matla ho fetoha bafo ba ’Muso oa Molimo.
Kaha joale Molao oa Moshe o phethahalitsoe, tlamo ea ho o boloka e tla tlosoa. Molao o lumella tlhalo ka mabaka a fapa-fapaneng, empa Jesu joale o re: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae ha e se ka baka la bofebe, a nyala e mong, oa feba; le ea nyalang ea hlaliloeng, le eena oa feba.” E tlameha ebe lipuo tse buuoang sefahla-mahlo joalo li ile tsa khopisa Bafarisi hakaakang, haholo kaha ba lumella tlhalo ka mabaka a mangata!
Ha a tsoela pele ka lipolelo tsa hae ho Bafarisi, Jesu o pheta setšoantšo se buang ka banna ba babeli bao boemo ba bona, bo qetellang bo fetohile haholo. Na u ka hakanya hore na banna bao ba tšoantšetsa eng le hore na ho fetoha ha maemo a bona ho bolela eng?
Jesu oa hlalosa: “Morui e mong o na a le teng ea apereng purepera le line e ntle, ea iketlileng menateng ka matsatsi ’ohle. Mofutsana e mong le eena o na a le teng ea bitsoang Lazaro, ea neng a beoa pel’a monyako oa eo, a tletse libebe; o na a lakatsa a ka khora makumane a oang tafoleng ea morui; hape le tsona lintja li ne li tla, li nyeka libebe tsa hae.”
Mona Jesu o sebelisa morui ho tšoantšetsa baetapele ba bolumeli ba Bajode, ba sa akarelletseng feela Bafarisi le bangoli empa ba akarelletsa le Basadduci le baprista ba baholo. Ke barui ntlheng ea litokelo tsa moea le menyetla, ’me ba itšoara ka tsela e tšoanang le ea morui. Liaparo tsa bona tsa purepera ea borena li tšoantšetsa boemo ba bona bo ratehang, ’me line e tšoeu e tšoantšetsa ho itokafatsa ha bona.
Sehlopha sena sa morui se ikakasang se talima mafutsana, batho feela, ka nyeliso e feletseng, ba ba bitsa ‛am ha·’aʹrets, kapa batho ba lefatše. Kahoo mokōpi Lazaro o tšoantšetsa batho bana bao baetapele ba bolumeli ba ba hanelang ka phepo e loketseng ea moea le ka litokelo tse loketseng tsa moea. Kahoo, joaloka Lazaro ea neng a tletse libebe, batho feela ba khesoa joaloka ba kulang moeeng le ba lokeloang ke hore ba be feela har’a lintja. Leha ho le joalo, sehlopha sa Lazaro se lapetse le ho nyoreloa phepo ea moea ’me ka hona se lutse monyako se batla makumane leha e le afe a lijo tsa moea a ka ’nang a oa tafoleng ea morui.
Jesu joale o tsoela pele ho hlalosa liphetoho boemong ba morui le Lazaro. Liphetoho tsee ke life, hona li emela eng?
Morui le Lazaro ba Fetoha Maemong
Morui o emela baetapele ba bolumeli ba nehiloeng litokelo le menyetla moeeng, ’me Lazaro o tšoantšetsa batho ba tloaelehileng ba lapetseng ho feptjoa moeeng. Jesu o tsoela pele ka pale ea hae, o hlalosa phetoho ea tšohanyetso maemong a banna bao.
Jesu o re: “Ha isa-isa, mofutsana a shoa, ’me mangeloi a mo nkela sefubeng sa Abrahama. Morui le eena a shoa, a epeloa lebitleng. Joale, ha a le nģalong ea bafu, a lelala holimo, a lutse bohlokong, ’me a bonela Abrahama hole, le Lazaro a le sefubeng sa hae.”
Kaha morui le Lazaro hase batho ba sebele empa ba tšoantšetsa lihlopha tsa batho, ke ho utloahalang hore ho shoa ha bona le hona ke ha tšoantšetso. Ho shoa ha bona ho tšoantšetsa eng, kapa ho emela eng?
Jesu o qeta ho bua ka phetoho ea maemo ka ho bolela hore ‘Molao le baprofeta li ile tsa tiea ho fihlela ho Johanne Mokolobetsi, empa ha e sa le mohlang oo, ’muso oa Molimo oa boleloa.’ Kahoo, morui le Lazaro ba shoa maemong a bona a pele, kapa boemong ba bona ka boboleli ba Johanne le Jesu Kreste.
Bao ba sehlopha se ikokobelitseng, se bakileng sa Lazaro ba shoa boemong ba bona ba pele ba ho hloka moeeng ’me ba tla boemong ba ho amoheloa ke Molimo. Le hoja pele ba ne ba talimile ho baetapele ba bolumeli bakeng sa makumane a seng makae a oang tafoleng ea moea, joale linnete tsa Mangolo tse rutiloeng ke Jesu li khotsofatsa litlhoko tsa bona. Ka hona ba tlisoa sefubeng, kapa boemong ba ho amoheloa, ke Abrahama e Moholo, Jehova Molimo.
Ka lehlakoreng le leng, bao ba etsang sehlopha sa morui ba tla boemong ba ho se amoheloe ke Molimo ka baka la ho qophella ho hana ho amohela molaetsa oa ’Muso o rutoang ke Jesu. Ka hona ba shoa boemong ba bona ba pele bo neng bo bonahala eka ke ba ho amoheloa. Ha e le hantle, ba boleloa ba le tlhokofatsong ea tšoantšetso. Mamela ha morui a bua:
“Ntate Abrahama, nkhauhele; u rome Lazaro, hore a qopetse ntlha ea monoana oa hae metsing, a tle a mpholise leleme; hobane ke utloa bohloko bo boholo khabong ena.” Melaetsa ea kahlolo ea Molimo e kang mollo e boleloang ke barutuoa ba Jesu ke eona e hlokofatsang batho ba sehlopha sa morui. Ba batla hore barutuoa ba khaotse ho phatlalatsa melaetsa ena, ka ho etsa joalo ba ba tlisetse topollo e itseng litlhokofatsong tsa bona.
“Empa Abrahama a re: Ngoan’a ka, hopola hobane u bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; ’me ka mokhoa o joalo, Lazaro o bone tse mpe; joale eena, o tšelisoa mona, empa uena, u utloisoa bohloko. Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beiloe mahareng a rōna le lōna, hore ba mona ba ka ratang ho tšelela ho lōna ba sitoe, leha e le ba ho lōna ha ba rata ho tla ho rōna, ba sitoe le bona.”
Ke ho lokileng le ho loketseng hakaakang hore ho be le phetoho e joalo ea tšohanyetso pakeng tsa sehlopha sa Lazaro le sehlopha sa morui! Maemo a fetohileng a ile a finyelloa likhoeli tse seng kae hamorao ka Pentekonta ea 33 C.E., ha selekane sa khale sa Molao se nkeloa sebaka ke selekane se secha. Joale ntle le tika-tiko hoa hlaka hore barutuoa ke bona ba amohetsoeng ke Molimo, eseng Bafarisi le baetapele ba bang ba bolumeli. Ka hona “selomo se seholo” se arolang morui oa tšoantšetso le barutuoa ba Jesu se emela kahlolo ea Molimo e ke keng ea fetoloa, e lokileng.
Ho latelang morui o kōpa “ntate Abrahama”: “U mo romele [Lazaro] tlung ea ntate; hobane ke na le banab’eso ba bahlano.” Ka hona morui o lumela hore o na le kamano e haufi haholoanyane le ntate e mong, eo ha e le hantle e leng Satane Diabolose. Morui o kōpa hore Lazaro a bebofatse melaetsa ea kahlolo ea Molimo e le hore a se behe ‘banab’abo ba bahlano,’ balekane ba hae ba bolumeli, “nģalong ena e bohloko.”
“Abrahama a re ho eena: Ba na le Moshe le baprofeta; ba ke ba utloe bona.” E, hore ‘banab’abo ba bahlano’ ba pholohe tlhokofatso, sohle seo ba lokelang ho se etsa ke ho utloa mangolo a Moshe le Baprofeta a tsebahatsang Jesu e le Messia ’me joale ba fetohe barutuoa ba hae. Empa morui oa hana: “Che, ntate Abrahama, empa ekare ha e mong oa ba shoeleng a ka ea ho bona, ba ka baka.”
Leha ho le joalo, a bolelloa: “Ekare ha ba sa utloe Moshe le baprofeta, ba ke ke ba kholoa, leha e mong oa bafu a ka tsoha.” Molimo o ke ke oa fana ka lipontšo tse khethehileng kapa mehlolo ho kholisa batho ba joalo. Batho ba tlameha ho bala le ho sebelisa Mangolo hore ba tle ba fumane kamohelo ea oona. Luka 16:14-31; Johanne 9:28, 29; Mattheu 19:3-9; Ba-Galata 3:24; Ba-Kolosse 2:14; Johanne 8:44.
▪ Ke hobane’ng ha e tlameha ebe ho shoa ha morui le ha Lazaro ke ha tšoantšetso, hona ho shoa ha bona ho tšoantšetsa eng?
▪ Ka qaleho ea tšebeletso ea Johanne, Jesu o bontša hore ho etsahala liphetoho life?
▪ Ho tla tlosoa eng ka mor’a lefu la Jesu, ’me ntho ee e tla ama litaba tsa tlhalo joang?
▪ Setšoantšong sa Jesu, ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke morui le Lazaro?
▪ Litlhokofatso tseo morui a li utloang ke eng, ’me o kōpa hore a lopolloe ka mokhoa ofe?
▪ “Selomo se seholo” se emela eng?
▪ Ntate oa sebele oa morui ke mang, ’me banab’abo ba bahlano ke bo-mang?