Khaolo ea 92
Ho Phekoloa Balepera ba Leshome Leetong la ho Qetela la Jesu Jerusalema
JESU o ferekanya boiteko ba ho ’molaea ba Lekhotla le Phahameng la Bajode ka ho tloha Jerusalema ’me a leba motseng oa Efraime, mohlomong o ka bang lik’hilomithara tse 24 feela ka leboea-bochabela ho Jerusalema. O lula moo le barutuoa ba hae, hōle le lira tsa hae.
Leha ho le joalo, nako ea Paseka ea 33 C.E. ea atamela, ’me kapele Jesu o boetse o leetong. O pholletsa le Samaria ’me o nyolohela Galilea. Ena ke ketelo ea hae ea ho qetela sebakeng sena pele ho lefu la hae. Ha a ntse a le Galilea, mohlomong eena le barutuoa ba hae ba tsamaea le ba bang leetong la bona ho ea Jerusalema bakeng sa mokete oa Paseka. Ba tsamaea ka tsela e haolang le setereke sa Perea, ka bochabela ho Nōka ea Jordane.
Qalong ea leeto, ha Jesu a kena motseng oa Samaria kapa oa Galilea, o khahlanyetsoa ke banna ba leshome ba nang le lepera. Lefu lena le tšabehang le ja likarolo tsa ’mele oa motho butle-butle—menoana ea hae ea matsoho, menoana ea maoto, litsebe tsa hae, nko ea hae, le melomo ea hae. Ho sireletsa ba bang hore ba se tšoaetsoe, Molao oa Molimo o re ka molepera: “A itširele litelu, a hoe: Sesila! sesila! O tla ba le sesila mehleng eohle eo a nang le bohloko boo. . . . ’me o tla aha a inotši.”
Balepera ba leshome ba boloka lithibelo tsa Molao bakeng sa balepera ’me ba emella hōle le Jesu. Empa, ba hooa ka mantsoe a phahameng: “Jesu, Monghali, re hauhele.”
Jesu a ba bonela hōjana, oa laela: “E-eang, le ipontše ho baprista.” Jesu o bolela sena hobane Molao oa Molimo o fa baprista matla a ho phatlalatsa balepera ba folileng bohlokong ba bona e le ba phekotsoeng. Ka tsela ena ba joalo ba fumana tumello ea ho phela hape le batho ba bang ba phelang hantle.
Balepera ba leshome ba tšepa matla a Jesu a mohlolo. Ka hona ba potlakela ho ea bona baprista, le hoja ba ntse ba e-s’o phekoloe. Ha ba le tseleng, tumelo ea bona ho Jesu e-ea putsoa. Ba qala ho bona le ho ikutloa ba e-na le bophelo bo ntlafetseng hape!
Ba robong ho balepera ba hloekisitsoeng ba tsoela pele tseleng ea bona, empa molepera e mong, Mosamaria, o khutla ho ea batla Jesu. Hobane’ng? Hobane o leboha haholo ka se etsahetseng ho eena. O rorisa Molimo ka lentsoe le phahameng, ’me ha a fumana Jesu, o itihela maotong a hae, a mo leboha.
Ha Jesu a arabela o re: “Na ha ba ka ba ntlafala ba le leshome na? Ba robileng mono o le mong ba kae na? Ha ba ka ba boea, ba tle ba tlotlise Molimo, ha e se monna enoa oa mofuta osele?”
Joale o bolella monna oa Mosamaria: “Ema, u ikele; tumelo ea hao e u pholositse.”
Ha re bala ka ho phekola ha Jesu balepera ba leshome, re lokela ho nka ka ho teba thuto e fanoang ke potso ea hae: “Ba robileng mono o le mong ba kae na?” Ho hloka teboho ho bontšitsoeng ke ba robileng mono o le mong ke phoso e tebileng. Na rōna, joaloka Mosamaria, re tla bontša hore re na le teboho ka lintho tseo re li amohelang ho Molimo, ho akarelletsa le tšepiso e tiileng ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo? Johanne 11:54, 55; Luka 17:11-19; Levitike 13:16, 17, 45, 46; Tšenolo 21:3, 4.
▪ Jesu o ferekanya boiteko ba ho ’molaea joang?
▪ Ka mor’a moo Jesu o leba hokae, ’me leeto la hae le fella hokae?
▪ Ke hobane’ng ha balepera ba emella thōkoana, ’me ke hobane’ng ha Jesu a ba bolella hore ba ee ho baprista?
▪ Ke thuto efe eo re lokelang ho ithuta eona phihlelong ee?