Khaolo ea 124
Baa mo Nehoa ’me ba Tsamaea ka Eena
HA PILATO, a susumelitsoe ke boitšoaro bo hlomphehang bo khutsitseng ba Jesu ea hlokofatsoang, a boela a leka ho mo lokolla, baprista ba baholo ba halefa le ho feta. Ba ikemiselitse ho se lumelle letho ho kena-kenana le morero oo oa bona o mobe. Kahoo ba tsosa mohoo oa bona: “Mo khokhothele! Mo khokhothele!”
Pilato oa arabela: “Mo nkeng ka bolōna ’me le mo khokhothele.” (Ho fapana le seo Bajode ba se boletseng pejana, ba ka ’na ba ba le matla a ho bolaea batlōli ba molao bakeng sa litlōlo tsa bolumeli tse tebileng ka ho lekaneng.) Joale, bonyane ka lekhetlo la bohlano, Pilato o phatlalatsa hore Jesu ha a na molato, o re: “Ha ke fumane phoso leha e le efe ho eena.”
Ha Bajode ba bona hore liqoso tsa bona tsa bopolotiki ha lia atleha, ba khutlela qosong ea bolumeli ea ho nyefola e ileng ea sebelisoa lihora tse itseng pejana ha Jesu a ne a qosoa ka pel’a Sanhedrin. Ba re: “Re na le molao, ’me ho latela molao o lokela ho shoa, hobane o ikentse mora oa Molimo.”
Qoso ena e ncha ho Pilato, ’me e mo tšosa haholo. Nakong ena o hlokomela hore Jesu hase motho ea tloaelehileng, joalokaha toro ea mosali oa hae le matla a makatsang a botho ba Jesu li bontša. Empa “mora oa Molimo”? Pilato oa tseba hore Jesu o tsoa Galilea. Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore e be o ile a phela pele? Pilato o boetse o mo khutlisetsa ka tlung ea ’musisi, oa botsa: “U tsoa hokae?”
Jesu oa thōla. Pejana o ile a bolella Pilato hore ke morena, empa ’Muso oa hae hase karolo ea lefatše lena. Hona joale ha ho sa na tlhaloso e eketsehileng e ka bang le molemo. Leha ho le joalo, Pilato o ikutloa a theotsoe boemong ba hae ha Jesu a hana ho araba, ’me o halefela Jesu ka mantsoe ana: “Ha u mpuise? Na ha u tsebe hore ke na le matla a ho u lokolla hape ke na le matla a ho u khokhothela?”
Jesu o arabela ka tlhompho: “U ka be u se na matla ho hang khahlanong le ’na hoja ua se ke ua a neoa a e-tsoa holimo.” O bua ka matla ao Molimo o a fileng babusi ba batho hore ba tsamaise litaba tsa lefatše. Jesu oa eketsa: “Ke ka lebaka lena monna ea nehelaneng ka ’na ho uena a nang le sebe se seholoanyane.” Ka sebele, moprista ea phahameng Kaiafa le mahlahana a hae le Judase Iskariota kaofela ba jere boikarabelo bo tebileng haholoanyane ho feta Pilato bakeng sa ho tšoara Jesu ka tsela e se nang toka.
Pilato a khahluoe ka ho eketsehileng ke Jesu ’me a tšaba hore e ka ’na eaba Jesu o tsoa ho Molimo, o boetse o etsa boiteko ba ho mo lokolla. Leha ho le joalo, Bajode ba hanyetsa Pilato. Ba pheta qoso ea bona ea bopolotiki, ka masene ba mo etsetsa tšoso: “Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare. Monna e mong le e mong ea iketsang morena o nyefola Cesare.”
Ho sa tsotellehe liqoso tse tletseng tšokelo, Pilato o ntšetsa Jesu ka ntle hape. O boetse oa ipiletsa: “Bonang! Morena oa lōna!”
“Mo tlose! Mo tlose! Mo khokhothele!”
Pilato o botsa a feletsoe ke tšepo: “Ke khokhothele morena oa lōna?”
Bajode ha baa khotsofala ka ho ba tlas’a puso ea Baroma. Ka sebele, ba hloile puso ea Roma e hatellang! Leha ho le joalo, ka boikaketsi, baprista ba baholo ba re: “Ha re na morena ha e se Cesare.”
Pilato a tšohile hore o tla lahleheloa ke boemo ba hae ba lipolotiki le botumo, qetellong o inehela ho se batloang ke Bajode. O nehelana ka Jesu. Masole a hlobolisa Jesu seaparo se pherese ’me a mo apesa liaparo tsa hae tsa ka ntle. Ha Jesu a isoa moo a il’o khokhotheloa teng, o jarisoa thupa ea hae ea tlhokofatso.
Joale ke motšehare oa hoseng ka Labohlano, la 14 Nisane; mohlomong e se e tla ba motšehare o moholo. Haesale Jesu a tsoha hoseng ka Labone, ’me o hlokofalitsoe ke liphihlelo tse bohloko tse latellanang. Ka ho utloahalang, ka potlako o felloa ke matla ka baka la boima ba thupa. Kahoo mofeta-ka-tsela, Simone oa Cyrene e Afrika, o qobelloa ho mo jarela eona. Ha ba ntse ba e-ea pele, letšoele le leholo la batho, ho akarelletsa le basali ba hlomohileng, le ba llang le latela Jesu.
Ha Jesu a retelehela ho basali bao, o re: “Barali ba Jerusalema, se nteleleng, le mpe le llele lōna le bara ba lōna; hobane, bonang, mehla ea tla eo ho tla thoe: Ho lehlohonolo linyopa, le mala a sa kang a tsoala, le matsoèlè a sa kang a anyesa. . . . Hobane ekare ha ba etsa tseo ho sefate se setala, ho tla etsoa joang ho se omileng?”
Jesu o bua ka sefate sa sechaba sa Bajode, se sa ntsaneng se e-na le mongobo o itseng oa bophelo ka baka la boteng ba Jesu le ho ba teng ha masala a lumelang ho eena. Empa etlare ha bana ba tlosoa sechabeng, ho tla sala feela sefate se shoeleng moeeng, e, mokhatlo o hlophisitsoeng oa sechaba o omelletseng. Ha makhotla a Roma a sebeletsang e le baphethahatsi ba kahlolo ea Molimo a timetsa sechaba sa Bajode, hoo ho tla tlisa lillo tse kaakang! Johanne 19:6-17, NW; 18:31; Luka 23:24-31; Mattheu 27:31, 32; Mareka 15:20, 21, NW.
▪ Baeta-pele ba bolumeli ba qosa Jesu ka eng ha liqoso tsa bona tsa bopolotiki li sa atlehe?
▪ Ke hobane’ng ha Pilato a tšoha le ho feta?
▪ Ke bo-mang ba jarang sebe se seholoanyane bakeng sa se etsahalang ka Jesu?
▪ Baprista ba khona joang ho etsa hore Pilato a nehelane ka Jesu hore a bolaoe?
▪ Jesu o bolella basali ba mo llelang eng, ’me o bolela eng ha a bua ka sefate se “setala” ’me hamorao e se e le “se omileng”?