Karolo 4
Molimo o re Tsebisa ka Merero ea Oona
1, 2. Re tseba joang hore Molimo o fana ka likarabo ho ba botsang ka botšepehi?
KA SEBELE Molimo o lerato o senolela batho ba o batlang ka botšepehi merero ea oona. O neha batho ba batlang ho tseba likarabo lipotsong tse kang hore na ke hobane’ng ha o lumelletse bohloko.
2 Bibele e re: “Ekare ha u mo batla [Molimo], o tla fumanoa ke uena.” “Molimo o teng leholimong o senolang liphiri.” “Morena ’Musi Jehova a ke ke a etsa letho leha le le leng ntle le haeba a senoletse bahlanka ba hae ba baprofeta taba ea hae ea lekunutu.”—1 Likronike 28:9; Daniele 2:28; Amose 3:7, NW.
Likarabo li Fumaneha Hokae?
3. Ke hokae moo re ka fumanang lebaka leo Molimo o lumelletseng bohloko ka lona?
3 Likarabo tsa lipotso tse kang ke hobane’ng ha Molimo o lumella bohloko le hore na o tla etsa eng ka bona li fumaneha tlalehong e bululetsoeng molemong oa rōna. Tlaleho eo ke Lentsoe la oona, Bibele e Halalelang. “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, hore motho oa Molimo e be ea loketseng ka ho felletseng, ea hlomelletsoeng ka ho felletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o motle.”—2 Timothea 3:16, 17, NW.
4, 5. Ke eng se etsang hore Bibele e be buka e ikhethang?
4 Ka sebele Bibele ke buka e ikhethang. E na le tlaleho e nepahetseng ka ho fetisisa ea histori ea batho ’me ebile e fetela ka nģane ho pōpo ea batho. E boetse e nakong, hobane boprofeta ba eona bo amana le liketsahalo tsa mehleng ea rōna le tsa nako e tlang.
5 Ha ho buka e ’ngoe e nang le bopaki bo bongata hakaalo ba ho nepahala ha histori. Ka mohlala, ho setse feela libuka tse ’maloa feela tse ngotsoeng ka letsoho tsa bangoli ba boholo-holo ba Magerike le Baroma. Empa ho sa na le likarolo tsohle tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele: tse ka bang 6 000 kapa likarolo tsa Mangolo a Seheberu kaofela (libuka tse 39 tsa “Testamente ea Khale”) le likarolo tse ka bang 13 000 tsa Mangolo a Bakreste a Segerike (libuka tse 27 tsa “Testamente e Ncha”).
6. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore le kajeno Bibele e sa ntse e tšoana le ha Molimo o ne o e bululela?
6 Molimo o Matla ’Ohle, o bululetseng Bibele, o ile oa hlokomela hore botšepehi ba taba e ngotsoeng bo bolokoa likoping tseo tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho. Kahoo, Libibele tsa rōna kajeno li tšoana le mengolo ea pele-pele e bululetsoeng. Lebaka le leng le re thusang ho utloisisa sena ke hore likopi tse ling tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Bakreste a Segerike ke tsa morao nakong ea lilemo tse ka bang lekholo tsa ho ngoloa ha tsona ha pele. Ke likopi tse seng kae tse ngotsoeng ka letsoho tsa bangoli ba boholo-holo ba lefatše tse ntseng li le teng tse nang le lilemo tse makholo a seng makae li ngotsoe ka mor’a ho ngoloa ke bangoli ba tsona ba pele-pele.
Mpho ea Molimo
7. Ho abjoa ha Bibele ho pharalletse hakae?
7 Bibele ke buka e abiloeng ka mokhoa o pharalletseng haholo historing. Ho hatisitsoe likopi tse ka bang libillione tse tharo. Ha ho buka e ’ngoe e ka atamelang lenane leo. Bibele e felletse kapa likarolo tsa eona, li fetoletsoe lipuong tse ka bang 2 000. Ka hona, ho lekanyetsoa hore karolo ea 98 lekholong ea baahi ba planete ea rōna ba ka khona ho fumana Bibele.
8-10. Ke mabaka afe a mang a etsang hore e be ho loketseng hore re hlahlobe Bibele?
8 Ka sebele buka e ipolelang hore e tsoa ho Molimo ’me e-na le bopaki bohle bo tsoang ka ntle le ka hare ba ho nepahala ha eona e lokeloa ke hore re e hlahlobe.a E hlalosa morero oa bophelo, se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše le seo bokamoso bo se fupereng. Ha ho buka e ’ngoe e ka etsang joalo.
9 E, Bibele ke mokhoa oo Molimo o buisanang le lelapa la batho ka ’ona. O ile oa laola ho ngoloa ha eona ka matla a oona a sebetsang, kapa moea, ’me batho ba ka bang 40 ba ile ba e ngola. Ka hona, Molimo o bua le rōna ka Lentsoe la oona, Bibele e Halalelang. Moapostola Pauluse o ngotse: “Mohla le amohetseng lentsoe la Molimo, leo le le utloileng ho rōna, le le amohetse e seng joale ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo.”—1 Ba-Thessalonika 2:13.
10 Abraham Lincoln, mopresidente oa bo16 oa United States, o ile a bitsa Bibele “mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Molimo o kileng oa e fa motho . . . Empa kantle ho eona re ne re ke ke ra tseba ho khetholla se lokileng ho se fosahetseng.” Joale, mpho ena ea bohlokoa ka ho fetisisa e re bolella eng kamoo bohloko bo qalileng ka teng le hore na ke hobane’ng ha Molimo o bo lumelletse, le hore na o tla etsa eng ka bona?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho nepahala ha Bibele, bona buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ka 1989 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bibele e bululetsoeng ke Molimo, ke eona tsela eo o buisanang le lelapa la motho ka eona