Khaolo 18
‘Ho Batla ’Muso Pele’
SEHLOOHO se seholo sa Bibele ke ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ka ’Muso. Jesu Kreste o rutile balateli ba hae hore ba batle ’Muso pele, ho o etelletsa ka pele ho lithahasello tse ling bophelong. Hobane’ng?
Nako le nako Molula-Qhooa o ’nile oa hlalosa hore ka lebaka la hore ke ’Mōpi, Jehova ke ’Musi oa Bokahohle. Libōpuoa tsa hae li tšoanela ho mo tšoara ka tlhompho e khōlō ka ho fetisisa. (Tšen. 4:11) Leha ho le joalo, qalong ea histori ea batho, mora oa Molimo oa moea ea ileng a iphetola Satane Diabolose o ile a phephetsa bobusi ba Jehova ka nyefolo. (Gen. 3:1-5) Ho phaella moo, Satane o ile a re bohle ba sebeletsa Jehova ka baka la merero ea boithati. (Jobo 1:9-11; 2:4, 5; Tšen. 12:10) Ka hona khotso ea bokahohle e ile ea senngoa.
Ka lilemo tse mashome joale, lingoliloeng tsa Watch Tower li ’nile tsa hlalosa hore Jehova o entse tokisetso ea ho rarolla litseko tsena ka mokhoa o ke keng oa tlotlisa matla a hae a maholo feela empa le o tla tlotlisa bohlale ba hae bo boholo, toka ea hae, le lerato la hae. Karolo e khōlō ea tokisetso eo ke ’Muso oa Molimo oa Bomessia. Ka ’Muso oo, batho ba fuoe monyetla o lekaneng oa ho ithuta litsela tsa ho loka. Ka ’Muso oo, ba khopo ba tla timetsoa, ho tla tlosoa qoso bobusing ba Jehova, ’me morero oa hae o tla phethahatsoa e le ho etsa lefatše paradeise e nang le baahi bao kannete ba ratang Molimo le ba ratanang ka bobona le ba hlohonolofalitsoeng ka bophelo bo phethahetseng.
Ka baka la bohlokoa ba oona, Jesu o ile a eletsa balateli ba hae: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.” (Matt. 6:10, 33) Lipaki tsa Jehova kajeno li fane ka bopaki bo bongata ba hore li leka ho utloa keletso eo.
Ho Lahla Tsohle ka Lebaka la ’Muso
Qalong haholo, Liithuti tsa Bibele li ile tsa nahanisisa ka se boleloang ke ho batla ’Muso pele. Li ile tsa tšohla setšoantšo sa Jesu seo ho sona a ileng a tšoantša ’Muso le perela ea boleng bo phahameng hoo monna e mong a ileng a “bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, ’me a ithekela eona.” (Matt. 13:45, 46) Li ile tsa losa ka bohlokoa ba keletso ea Jesu ho ’musi e mocha ea ruileng ea hore a rekise lintho tsohle, a li abele mafutsana, ’me a mo latele. (Mar. 10:17-30)a Li ile tsa hlokomela hore e le ho ipaka li tšoaneleha bakeng sa ho kopanela ’Musong oa Molimo, li tlameha ho etelletsa ’Muso pele, ka thabo li sebelise bophelo ba tsona, matla a tsona, matlotlo a tsona, tšebeletsong ea oona. Lintho tse ling tsohle bophelong li ne li lokela ho tla hamorao.
Charles Taze Russell ka boeena o ile a tebisa keletso eo pelong. O ile a rekisa khoebo ea hae e atlehileng ea liaparo tsa banna, butle-butle a fokotsa lithahasello tse ling tsa khoebo, eaba o sebelisa matlotlo ’ohle a hae a lefatše bakeng sa ho thusa batho ka tsela ea moea. (Bapisa le Mattheu 6:19-21.) Hase ntho eo a ileng a e etsa feela ka lilemo tse seng kae. Ho fihlela lefung la hae, o ile a sebelisa matlotlo ’ohle a hae—matla a hae a kelello, bophelo ba hae ba ’mele, matlotlo a hae a lintho tse bonahalang—bakeng sa ho ruta ba bang ka molaetsa o moholo oa ’Muso oa Messia. Lepatong la Russell motsoalle oa hae, Joseph F. Rutherford, o itse: “Charles Taze Russell o ne a tšepahala ho Molimo, a tšepahala ho Kreste Jesu, a tšepahala lithahasellong tsa ’Muso oa Messia.”
Ka April 1881 (nakong eo ka eona e neng e le ba makholo a seng makae feela ba bang teng libokeng tsa Liithuti tsa Bibele), Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hatisa taba e nang le sehlooho se reng “Ho Batloa Baboleli ba 1 000.” Taba ena e ne e akarelletsa memo e eang ho banna le basali ba se nang malapa ao ba ikarabellang ho oona hore ba kenele mosebetsi oa ho ba baevangeli ba rekisang libuka tsa bolumeli. Ha o sebelisa puo ea setšoantšo sa Jesu se ho Mattheu 20:1-16, Molula-Qhooa o ile oa botsa: “Ke mang ea nang le takatso e chesang ea ho ea sebetsa Tšimong ea Merara, le ea ’nileng a rapela hore Morena a bule tsela”? Bao bonyane ba neng ba ka nehelana ka halofo ea nako ea bona ka ho khetheha mosebetsing oa Morena ba ile ba khothalletsoa ho etsa likōpo. E le ho ba thusa ka litšenyehelo tsa leeto, lijo, liaparo, le bolulo, Zion’s Watch Tower Tract Society e ile ea fa barekisi ba pele ba libuka tsa bolumeli lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa kabo, ea bolela monehelo o fokolang o ka kōptjoang bakeng sa lingoliloeng tseo, ’me ea khothalletsa barekisi ba libuka tsa bolumeli hore ba ipolokele karolo e itseng ea chelete e fumanoeng ka tsela eo. Ke bo-mang ba ileng ba arabela hamolemo litokisetsong tsee le ba ileng ba kenela tšebeletso ea ho rekisa libuka tsa bolumeli?
Ka 1885 ho ne ho e-na le barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ka bang 300 ba kopanelang le Mokhatlo. Ka 1914 lenane leo le ile la qetella le fetile 1 000. E ne e se mosebetsi o bonolo. Ka mor’a ho etela malapa a itseng litorotsoaneng tse ’nè le ho fumana batho ba bararo kapa ba bane ba thahasellang ho isa bohōleng bo itseng, e mong oa barekisi ba libuka tsa bolumeli o ngotse: “Ruri ke ne ke batla ke jeoa ke bolutu ha ke lokela ho ea libakeng tse hōle joalo, ho teana le batho ba bangata joalo, le ho fumana ba fokolang ba bontšang kameho ka morero le Kereke ea Molimo. Nthuseng ka lithapelo tsa lōna, hore ke nehelane ka ’nete ka nepo le ka ho hloka tšabo, le hore ke se ke ka khathala ke ho etsa hantle.”
Ba Ile ba Inehela ka Boithatelo
Barekisi bao ba libuka tsa bolumeli e ne e le bo-pula-maliboho ba sebele. Ba ile ba phunyeletsa likhutlong tsa lefatše tseo ho leng thata ka ho fetisisa ho fihla ho tsona nakong eo ka eona ho neng ho sebelisoa lipalangoang tsa boholo-holo ’me boholo ba litsela e le tse patisaneng. Khaitseli Early, oa New Zealand, ke e mong oa ba ileng ba etsa joalo. O ile a hla a qalisa hantle pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, ’me a qeta lilemo tse 34 tšebeletsong e joalo ka nako e tletseng pele a shoa ka 1943. O ile a akaretsa karolo e khōlō ea naha ka baesekele. Esita leha a qhoalile ka baka la arthritis ’me a se a sa khone ho palama baesekele, o ne a e sebelisa bakeng sa ho itšetleha ka eona le ho tsamaisa libuka ho potoloha tšimo ea khoebo ea Christchurch. O ne a khona ho hloa litepising, empa o ne a lokela ho theoha ka santhao ka baka la boqhoala ba hae. Leha ho le joalo, hafeela a ntse a e-na le matla, o ile a a sebelisa tšebeletsong ea Jehova.
Batho bana ha baa ka ba kenela mosebetsi ona hobane ba ne ba ikutloa ba itšepile ka bobona. Ba bang ka tlhaho e ne e le batho ba boi, empa ba ne ba rata Jehova. Pele a paka tšimong ea khoebo, khaitseli e mong ea joalo o ile a kōpa Liithuti tsa Bibele ka bomong sebakeng sa habo hore li mo rapelle. Ka mor’a nako, ha a fumana phihlelo, o ile a ba mafolo-folo haholo mosebetsing oo.
Ha Malinda Keefer a bua le Moena Russell ka 1907 ka takatso ea hae ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, o ile a re o ikutloa a lakatsa ho fumana tsebo e eketsehileng pele. Ha e le hantle, e ne e le lekhetlo la pele a fumana lingoliloeng tsa Liithuti tsa Bibele selemong se ka pele. Karabelo ea Moena Russell e bile ena: “Haeba u batla ho ema ho fihlela u tseba sohle ha ho mohla u tla qala, empa thoto e tiea tseleng.” Ntle le ho tsila-tsila, o ile a qalisa ka potlako Ohio, United States. Hangata o ne a hopola Pesaleme ea 110:3, (NW) e reng: “Batho ba hao ba tla inehela ka boithatelo.” Lilemong tse latelang tse 76, o ile a tsoela pele ho etsa joalo.b O ile a qalisa e le lesoha. Ka lilemo tse 15 o ile a thabela ho sebeletsa a le lenyalong. Empa ka mor’a hore monna oa hae a shoe, o ile a ’na a tsoela pele, ka thuso ea Jehova. Ha a hetla morao ho theosa le lilemo, o itse: “Ke leboha hakaakang hore ebe ke ile ka inehela ka boithatelo joaloka pula-maliboho ha ke sa le moroetsana le ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele ka mehla!”
Mehleng ea pele ha ho ne ho tšoaroa likopano tse akaretsang, hangata ho ne ho etsoa litokisetso bakeng sa mananeo a khethehileng a barekisi ba libuka tsa bolumeli. Ho ne ho arabeloa lipotso, ho fanoa ka koetliso bakeng sa ba bacha ’neteng, ’me ho fanoa ka khothatso.
Ho tloha ka 1919 ho ea pele, ho ne ho e-na le bahlanka ba bangata ka ho eketsehileng ba Jehova ba neng ba nka ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa bo boholo hoo le bona kannete ba ileng ba theha bophelo ba bona ho oona. Ba bang ho bona ba ile ba khona ho behella lipakane tsa lefatše ka thōko le ho inehela ka botlalo tšebeletsong.
Ho Hlokomela Litlhoko tsa Lintho tse Bonahalang
Ba ne ba hlokomela litlhoko tsa bona tsa lintho tse bonahalang joang? Anna Petersen (eo hamorao e bileng Rømer), moevangeli oa nako e tletseng Denmark, oa hopola: “Re ne re fumana thuso ka lingoliloeng tseo re li tsamaisitseng bakeng sa litšenyehelo tsa letsatsi le letsatsi, ’me litlhoko tsa rōna li ne li se khōlō. Haeba ho e-na le litlhoko tse khōloanyane, ka mehla li ne li koaheloa ka tsela e ’ngoe e itseng. Bo-khaitseli ba ne ba atisa ho re fa liaparo, mese kapa liaparo tse ka holimo, ’me re ne re li apara hang-hang, kahoo re ne re apara hantle. ’Me linakong tse ling tsa mariha ke ne ke etsa mosebetsi o itseng oa ofisi ka likhoeli tse seng kae. . . . Ka ho reka ha ho entsoe lifantisi, ke ne ke reka liaparo tseo ke li hlokang bakeng sa selemo kaofela. Lintho li ile tsa tsoella hantle. Ho ne ho se mohla re hlokang.” Lintho tse bonahalang e ne e se ntho e khōlō eo ba amehileng ka eona. Lerato la bona ho Jehova le litsela tsa hae le ne le tšoana le mollo o tukang ka hare ho bona, ’me ba ne ba lokela ho le bonahatsa ka hohle-hohle.
Bakeng sa marobalo ba ne ba hira kamore e itekanetseng ha ba ntse ba etela batho sebakeng se itseng. Ba bang ho bona ba ne ba sebelisa k’haravene—e ne e se e rarahaneng, e ne e mpa e le sebaka sa ho robala le ho jela. Ba bang ba ne ba robala litenteng ha ba ntse ba tloha sebakeng se seng ba ea ho se seng. Libakeng tse ling baena ba ile ba lokisetsa “likampo tsa bo-pula-maliboho.” Lipaki tse sebakeng se itseng li ka ’na tsa lokisetsa lehae, ’me motho a le mong o ne a abeloa hore a le hlokomele. Bo-pula-maliboho ba sebeletsang tikolohong eo ba ne ba ka sebelisa sebaka seo sa bolulo, ’me ba ne ba arolelana litšenyehelo tse amehang.
Basebetsi bana ba nako e tletseng ha baa ka ba lumella ho haelloa ke chelete ho thibela batho ba kang linku ho fumana lingoliloeng tsa Bibele. Hangata bo-pula-maliboho ba ne ba fapanyetsana ka lintho tse kang litapole, botoro, mahe, litholoana tse sa kenngoang ka libotlolong le tse kentsoeng libotlolong, likhoho, sesepa, le ntho leha e le efe e ’ngoe. Ba ne ba sa fetohe barui; ho fapana le hoo, ona e ne e le mokhoa oa ho thusa batho ba tšepahalang ho fumana molaetsa oa ’Muso, empa ka nako e tšoanang ba fumana litlhoko tsa nama tsa bophelo e le hore bo-pula-maliboho ba ka ntšetsa tšebeletso ea bona pele. Ba ne ba e-na le tumelo tšepisong ea Jesu ea hore haeba ba ‘batla ’muso pele le ho loka ha Molimo,’ joale lijo le liaparo tse hlokahalang li tla fanoa.—Matt. 6:33.
Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Kae Kapa Kae Moo ho Nang le Tlhokahalo
Takatso ea bona e tiileng ea ho etsa mosebetsi oo Jesu a o abetseng barutuoa ba hae e ile ea etsa hore basebetsi bana ba nako e tletseng ba fallele masimong a macha, hammoho le linaheng tse ncha. Ha Frank Rice a kōptjoa hore a tlohe Australia hore a qalise boboleli ba litaba tse molemo Java (eo joale e leng karolo ea Indonesia) ka 1931, o ne a e-na le phihlelo ea lilemo tse leshome tšebeletsong ea nako e tletseng. Empa joale ho ne ho e-na le meetlo e mecha, hammoho le lipuo tse ncha tseo a lokelang ho ithuta tsona. O ne a ka sebelisa Senyesemane ho pakela batho ba seng bakae mabenkeleng le liofising, empa o ne a batla ho pakela ba bang hape. O ile a ithuta ka thata, ’me ka mor’a likhoeli tse tharo o ne a tseba Sedutche ka ho lekaneng hore a ka qala ho ea ka ntlo le ntlo. Eaba o ithuta puo ea Malay.
Frank o ne a le lilemo li 26 feela ha a ea Java, ’me karolong e khōlō ea lilemo tseo tse tšeletseng ha a ntse a le moo le Sumatra, o ne a sebetsa a le mong. (Ho ea bofelong ba 1931, Clem Deschamp le Bill Hunter ba ile ba tla ba tsoa Australia ba tlil’o thusa mosebetsing. E le sehlopha, ba ile ba nka leeto la boboleli ho elella ka hare ho naha, athe Frank eena o ile a sebetsa tikolohong ea motse-moholo oa Java. Hamorao, Clem le Bill le bona ba ile ba fumana likabelo tse ileng tsa ba isa libakeng tse arohaneng.) Ho ne ho se liboka tsa phutheho tseo Frank a ka eang ho tsona. Ka linako tse ling o ne a jeoa ke bolutu haholo, ’me ka makhetlo a ’maloa o ile a loantša menahano ea ho tlohela le ho khutlela Australia. Empa o ile a ’na a tsoela pele. Joang? Lijo tsa moea tse leng ho Molula-Qhooa li ile tsa mo matlafatsa. Ka 1937 o ile a fallela kabelong e ’ngoe Indochina, moo a ileng a pholoha ka sobana-la-nale nakong ea merusu e mabifi e ileng ea latela Ntoa ea II ea Lefatše. Moea oo oa boithatelo oa ho sebeletsa o ne o ntse o le teng ka bo-1970 ha a ngola a bolela thabo ea hae ea hore lelapa la hae kaofela le sebeletsa Jehova le ho bolela hore eena le mosali oa hae ba ne ba boetse ba itokisetsa ho fallela sebakeng se seng Australia moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane.
‘Ho Tšepa Jehova ka Lipelo tsa Bona Tsohle’
Claude Goodman o ile a ikemisetsa ho ‘tšepa Jehova ka pelo ea hae eohle le ho se itšetlehe ka kutloisiso ea hae,’ kahoo o ile a khetha tšebeletso ea ho rekisa libuka tsa bolumeli e le moevangeli oa Mokreste ho e-na le monyetla oa khoebo ea lefatše. (Liprov. 3:5, 6) O ile a sebeletsa e le morekisi oa libuka tsa bolumeli hammoho le Ronald Tippin, ea neng a mo thusitse ho ithuta ’nete, Engelane, nako e fetang selemo. Joale, ka 1929, ba ile ba itlhahisa bakeng sa ho ea India.c Seo se ile sa ba hlahisetsa phephetso e khōlō hakaakang!
Lilemong tse latelang, ha baa ka ba tsamaea ka maoto feela le ka terene ea baeti le bese empa hape ba ne ba tsamaea ka terene ea liphahlo, selei se huloang ke lipholo, kamele, seketsoana se tsamaisoang ka masokoana, ricksha, esita le ka sefofane le ka terene eo e seng ea sechaba. Ka linako tse ling ba ne ba ala likobo tsa bona likamoreng tsa baeti seteisheneng, ka lesakeng la likhomo, holim’a joang likhoeng, holim’a fuluru ea ntlo e nyenyane e litsoeng ka bolokoe, empa ho ne ho e-ba le linako tse ling tseo ba neng ba robala lihoteleng tse majaba-jaba le ntlong ea borena ea raja. Joaloka moapostola Pauluse, ba ile ba ithuta lekunutu la ho khotsofala ebang ba na le litokisetso tse fokolang kapa ba na le litokisetso tse ngata. (Ba-Fil. 4:12, 13) Hangata ba ne ba e-na le lintho tse bonahalang tse fokolang haholo, empa le ka mohla ba ne ba sa haelloe ke seo ba hlileng ba se hlokang. Ba ile ba latsoa phethahatso ea tšepiso ea Jesu ea hore haeba ba batla ’Muso pele le ho loka ha Molimo, litlhoko tsa lintho tse bonahalang li tla fanoa.
Ho ne ho e-ba le litlhaselo tse tebileng tsa feberu e fetisoang ke monoang, malaria, le typhoid, empa Lipaki tse ling li ile tsa fana ka tlhokomelo e lerato. Ho ne ho e-na le tšebeletso e lokelang ho etsoa metseng e bohlasoa e kang Calcutta, ’me ho ne ho lokela ho fanoa ka bopaki libakeng tsa temo ea tee lithabeng tsa Ceylon (eo joale e tsejoang e le Sri Lanka). E le ho khotsofatsa litlhoko tsa moea tsa batho, ho ne ho fanoa ka lingoliloeng, ho bapaloa lirekoto ka lipuo tsa sebaka seo, hape ho fanoa ka lipuo. Ha mosebetsi o ntse o eketseha, Claude o ile a boela a ithuta ho sebelisa mochine oa khatiso le ho hlokomela mosebetsi liofising tsa Mokhatlo tsa lekala.
Ha a le lilemo li 87, o ne a ka hetla morao bophelong bo tletseng liphihlelo tse enneng tšebeletsong ea Jehova Engelane, India, Pakistan, Ceylon, Burma (eo joale e leng Myanmar), Malaya, Thailand, le Australia. O ile a etelletsa ’Muso pele bophelong ba hae e le mohlanka oa lesoha le ha e se e le monna le ntate. O ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng nakong e ka tlaase ho lilemo tse peli hoba a kolobetsoe, ’me a e talima joaloka pakane bophelong ba hae bohle.
Matla a Molimo a Phethahatsoa Bofokoling
Ben Brickell e bile e mong oa Lipaki tseo tse chesehang—o ne a tšoana le batho ba bang haholo, ka hore o ne a e-na le litlhoko le mefokolo e kang ea bona. O ne a ikhethile tumelong. Ka 1930 o ile a kenela mosebetsi oa ho rekisa libuka tsa bolumeli New Zealand, moo a ileng a paka masimong a sa kang a akaretsoa hape ka lilemo tse mashome. Lilemo tse peli hamorao, Australia, o ile a nka leeto la likhoeli tse hlano la boboleli ho pholletsa le nahathothe moo bopaki bo neng bo e-s’o fanoe pele. Baesekele ea hae e ne e laetsoe likobo, liaparo, lijo, le libuka tseo a lokelang ho li tsamaisa. Le hoja banna ba bang ba ile ba shoa ha ba leka ho tsamaea sebakeng sena, o ile a peselletsa ho ea pele, a tšepile Jehova. Joale, o ile a sebeletsa Malaysia, moo a ileng a ba le mathata a tebileng a pelo. Ha a ka a khaotsa. Ka mor’a nako e itseng a hlaphohetsoe, o ile a qalisa mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng Australia. Hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse leshome, o ile a kena sepetlele ka baka la ho kula ho tebileng, ’me ha a lokolloa sepetlele ngaka e ile ea ’molella hore “o na le monyetla oa karolo ea 85 lekholong oa hore a sitoe ho sebetsa.” O ne a sa khone le ho tsamaea seterateng hore a reke lintho lebenkeleng ntle le hore a tsamaee a ntse a phomola.
Empa Ben Brickell o ne a ikemiselitse ho tsoela pele hape, ’me o ile a fela a tsoela pele, a ntse a ema hore a phomole ha ho hlokahala. Kapele-pele o ile a khutlela bopaking libakeng tse mahaeng le tse matšoka-tšoka Australia. O ile a etsa seo a ka se khonang ho itlhokomela ’meleng, empa tšebeletso ea hae ho Jehova e ne e le ntho e khōlō bophelong ba hae ho fihlela ha a e-shoa lilemo tse 30 hamorao a se a le ka holimonyana ho lilemo tse 60.d O ile a hlokomela hore khaello e bakoang ke bofokoli ba hae e ka tlatsoa ke matla a Jehova. Kopanong e neng e tšoaretsoe Melbourne ka 1969, o ile a sebeletsa lefapheng la bo-pula-maliboho a qhoaetse beche e khōlō e balehang tjena: “Haeba u batla ho tseba ka bopula-maliboho, mpotse.”—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 12:7-10.
Ho Finyella Metse e Likhoeng le Likampo tsa Merafo Lithabeng
Cheseho bakeng sa tšebeletso ea Jehova ha ea ka ea susumetsa banna feela empa e ile ea susumetsa le basali ho qalisa mosebetsi masimong a e-song ho sebetsoe. Freida Johnson e ne e le e mong oa batlotsuoa, a batla a le monyenyane ka ’mele a bile a le lilemo li bo-50 ha a sebetsa a le mong ho pholletsa le likarolo tsa Amerika Bohareng, a akaretsa libaka tse kang lebōpo le ka leboea ho Honduras a palame pere. Ho ne ho hloka hore a be le tumelo hore a sebetse a le mong sebakeng sena, a etela libaka tsa masimo a libanana, litoropo tsa La Ceiba, Tela, le Trujillo, hammoho le metse e ka thōko ea Carib. O ile a paka moo ka 1930 le 1931, hape le ka 1934, le ka 1940 le 1941, a tsamaisa lingoliloeng tse likete tsa ’nete ea Bibele.
Lilemong tseo mosebeletsi e mong ea chesehang o ile a qalisa pakane ea hae tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke Kathe Palm, ea hlahetseng Jeremane. Se ileng sa mo susumelletsa ketsong ke ho ba teng kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, ka 1931, eo ho eona Liithuti tsa Bibele li ileng tsa amohela lebitso la Lipaki tsa Jehova. Ke ka eona nako eo ha a qala ho ikemisetsa ho batla ’Muso pele, ’me ka 1992, ha a le lilemo li 89, ke sona seo a neng a ntse a se etsa.
Tšebeletso ea hae ea bopula-maliboho e qalile Motseng oa New York. Hamorao, South Dakota, o ile a sebetsa le e mong ka lilemo tse ’maloa empa a tsoela pele a le mong, a tsamaea ka pere. Ha a kōptjoa hore a sebeletse Colombia, Amerika Boroa, o ile a amohela seo ka pelo e tšoeu, a fihla moo ho ea bofelong ba 1934. Hang hape, ka nakoana o ile a fumana motho eo a sebetsang le eena eaba o sebetsa a le mong. Sena ha sea ka sa etsa hore a ikutloe hore o lokela ho tlohela.
Banyalani ba bang ba ile ba mo mema hore a sebetse le bona Chile. E ne e le tšimo e ’ngoe e khōlō, e boholo ba lik’hilomithara tse 4 265 ho sika le lebōpo le k’honthinenteng ea Amerika Boroa. Ka mor’a ho bolela meahong ea ofisi ea motse-moholo, o ile a leba karolong e hōle ea leboea. Likampong tsohle tsa merafo, lifemeng tsohle tseo sechaba se fumanang boholo ba litšebeletso ho tsona, tse khōlō le tse nyenyane, o ne a paka ka ntlo le ntlo. Basebetsi ba sebetsang phahameng ea lithaba tsa Andes ba ne ba makalletse hore ba eteloe ke mosali enoa ea tsamaeang a le mong, empa o ne a ikemiselitse hore a se ke a feta motho le a mong sebakeng seo a se abetsoeng. Hamorao, o ile a fallela ka boroa, moo li-estancia (metebo ea linku) li neng li akaretsa hoo e ka bang lihekthere tse 100 000. Batho ba moo ba ne ba e-na le botsoalle ebile ba na le moea oa ho amohela baeti ’me ba ne ba mo amohela litafoleng tsa bona nakong ea lijo. Ka tsela ena le tse ling, Jehova o ile a mo hlokomela, e le hore a ka ba le litlhoko tsa hae tsa nama bophelong.
Ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho tlatsitse bophelo ba hae.e Ha a hetla morao lilemong tsa hae tsa tšebeletso, o itse: “Ke ikutloa ke bile le bophelo bo enneng haholo. Selemo le selemo ha ke ea kopanong ea batho ba Jehova, ke ba le boikutlo bo mofuthu, le ba khotsofalo ha ke bona batho ba bangata hakaalo bao ke bileng le lithuto tsa Bibele le bona ba phatlalatsa litaba tse molemo, ba thusa ba bang ho tla metsing a bophelo.” O bile le thabo ea ho bona lenane la barorisi ba Jehova Chile le eketseha ho tloha ho ba ka bang 50 ho ea ho ba fetang 44 000.
“Ke ’na Enoa, Roma ’na”
Ka mor’a ho utloa puo e thehiloeng memong ea Jehova ea ho kenela tšebeletso joalokaha e tlalehiloe ho Esaia 6:8 le karabelo ea moprofeta e kholisehileng, “Ke ’na enoa, roma ’na,” Martin Poetzinger, Jeremane, o ile a kolobetsoa. Lilemo tse peli hamorao, ka 1930, o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng Bavaria.f Ka mor’a nakoana, ba boholong sebakeng seo ba ile ba thibela boboleli ba Lipaki, libaka tsa liboka tsa koaloa, ’me lingoliloeng tsa nkoa ka mahahapa. Gestapo e ne e le tšokelo e khōlō. Empa liketsahalo tseo tse etsahetseng ka 1933 ha lia ka tsa felisa tšebeletso ea Moena Poetzinger.
O ile a kōptjoa hore a sebeletse Bulgaria. Likarete tsa bopaki tse ngotsoeng ka puo ea Bulgaria li ne li sebelisoa bakeng sa ho kenyelletsa lingoliloeng tsa Bibele. Empa batho ba bangata ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola. Kahoo, Moena Poetzinger o ile a kenela mananeo a ho ithuta puo ea bona, e neng e sebelisa alfabeta ea Cyrillic. Ha lelapa le itseng le ne le sieloa lingoliloeng, hangata ho ne ho hlokahala hore bana ba banyenyane ba li balle batsoali ba bona.
Karolong e khōlō ea selemo sa pele, Moena Poetzinger o ne a le mong, ’me o ile a ngola: “Sehopotsong, ke ile ka fana ka puo ke le mong, ka rapela ke le mong, ’me ka phetha seboka ke le mong.” Ka 1934, melata e ile ea ntšoa ka har’a naha, kahoo o ile a ea Hungary. O ne a lokela ho ithuta puo e ’ngoe e ncha e le hore a ka arolelana litaba tse molemo le ba bang. Ha a tloha Hungary o ile a ea linaheng tse neng li tsejoa e le Czechoslovakia le Yugoslavia nakong eo.
O ile a latsoa lintho tse ngata—a fumana batho ba ratang ’nete ha a ntse a tsamaea mahaeng le metseng, a jere mokotlana o topetseng lingoliloeng; a latsoa tlhokomelo ea Jehova ha batho ba nang le moea oa ho amohela baeti ba mo fa lijo le bethe bakeng sa ho robala bosiu; a bua ho fihlela bosiu haholo le ba tlileng moo a lulang teng ba tlil’o utloa ho eketsehileng ka molaetsa o tšelisang oa ’Muso.
Hape ho bile le liteko tse matla tsa tumelo. Ha a sebeletsa ka ntle ho naha ea habo, ’me a se na lichelete, o ile a hoehla haholo ha a kula. Ho ne ho se ngaka e ikemiselitseng ho ’mona. Empa Jehova o ile a mo hlokomela. Joang? Qetellong, ho ile ha buisanoa le moeletsi ea ka sehloohong oa sepetlele sa moo. Monna enoa, ea nang le tumelo e tiileng Bibeleng, o ile a hlokomela Moena Poetzinger joalokaha a ne a tla hlokomela mor’a hae, a etsa joalo ntle ho tefo. Ngaka e ile ea khahloa ke moea oa boitelo oa mohlankana enoa, o bonahalang mosebetsing oo a o etsang, ’me e ile ea amohela pokello ea libuka tsa Mokhatlo e le mpho.
Teko e ’ngoe e boima e ile ea tla likhoeli tse ’nè ka mor’a lenyalo. Moena Poetzinger o ile a tšoaroa ka December 1936 ’me pele o ile a kenngoa kampong e itseng ea mahloriso eaba o isoa ho e ’ngoe, ’me mosali oa hae eena a koalletsoe kampong e ’ngoe. Ha baa ka ba bonana ka lilemo tse robong. Jehova ha a ka a thibela mahloriso a joalo a sehlōhō, empa o ile a fela a matlafatsa Martin, mosali oa hae Gertrud, le ba bang ba likete hore ba a mamelle.
Ka mor’a hore eena le mosali oa hae ba lokolloe, Moena Poetzinger o ile a thabela lilemo tse ngata tsa tšebeletso e le molebeli ea tsamaeang Jeremane. O ne a le teng likopanong tse hlollang tse ileng tsa tšoaroa ka mor’a ntoa mabaleng a pele a Hitler a pokano ea sesole Nuremberg. Empa joale mabala ao a ne a tletse matšoele a maholo a batšehetsi ba tšepahalang ba ’Muso oa Molimo. O ile a ba teng likopanong tse ke keng tsa lebaloa Yankee Stadium New York. O ile a thabela koetliso ea hae ka botlalo Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. ’Me ka 1977 o ile a fetoha setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Pono ea hae, ho theosa ho fihlela a phetha tsela ea hae lefatšeng ka 1988, e ka hlalosoa hamolemo ka mantsoe ana: ‘Ntho e ’ngoe feela eo ke e etsang—ke ho batla ’Muso pele.’
Ho Ithuta Seo ha e le Hantle ho se Bolelang
Ka ho hlakileng moea oa boitelo hase ntho e ncha har’a Lipaki tsa Jehova. Ha moqolo oa pele feela oa Millennial Dawn o hatisoa morao koo ka 1886, taba ea ho khethoa (kapa, kamoo re ka bolelang ka teng kajeno, boinehelo) e ile ea tšohloa ka ho tobileng. Motheong oa Mangolo ho ile ha hlalosoa hore Bakreste ba ’nete “ba khethela” lintho tsohle ho Molimo; sena se akarelletsa matla a bona, matlotlo a bona a lintho tse bonahalang, bophelo ba bona. Ka hona Bakreste ba fetoha bahlokomeli ba se “khethetsoeng” Molimo, ’me joaloka bahlokomeli, ba tlameha ho ikarabella—eseng ho batho empa ho Molimo.
Ka sebele lenane le eketsehang la Liithuti tsa Bibele le ile la inehela tšebeletsong ea Molimo. Li ile tsa sebelisa matla a tsona, matlotlo a tsona, matla a tsona a ’mele ka botlalo ho etseng thato ea Molimo. Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba bang ba neng ba ikutloa hore habohlokoa ka ho fetisisa ke ho hlaolela seo ho thoeng ke sebōpeho sa botho ba Bokreste e le hore ba ka tšoaneleha bakeng sa ho kopanela ’Musong le Kreste.
Le hoja Moena Russell a ne a boletse ka makhetlo boikarabelo ba Mokreste ka mong ba ho pakela ba bang ka ’Muso oa Molimo, sena se ile sa hatisoa ka ho eketsehileng le ho feta ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. Sehlooho se reng “Sebōpeho sa Botho Kapa Selekane—Hofe?” se hlahileng ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa May 1, 1926, ke mohlala o matla. Ka tieo se ile sa tšohla liphello tse kotsi tsa seo ho neng ho thoe ke ho hōlisa sebōpeho sa botho eaba se hatisa bohlokoa ba hore motho a phethahatse boikarabelo ba hae ho Molimo ka liketso.
Pejana, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1, 1920, o ne o tšohlile boprofeta ba Jesu bo boholo bo buang ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea bofelo ba lefatše.’ (Matt. 24:3, KJ) O ile oa lebisa tlhokomelo mosebetsing oa ho bolela o tlamehang ho etsoa phethahatsong ea Mattheu 24:14 ’me oa senola molaetsa o lokelang ho boleloa, oa re: “Litaba tse molemo tseo ho buuoang ka tsona mona ke tse mabapi le bofelo ba taolo ea khale ea lintho le ho thehoa ha ’muso oa Messia.” Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore motheong oa seo Jesu a se boletseng mabapi le likarolo tse ling tsa pontšo, mosebetsi ona o ne o tla finyelloa “pakeng tsa nako ea ntoa e khōlō ea lefatše [Ntoa ea I ea Lefatše] le nako ea ‘mahlomola a maholo’ a boletsoeng ke Morena ho Mattheu 24:21, 22.” Mosebetsi oo o ne o potlakile. Ke bo-mang ba neng ba tla o etsa?
Ka ho hlakileng boikarabelo bona e ne e le ba litho tsa “kereke,” phutheho ea ’nete ea Bokreste. Leha ho le joalo, ka 1932, ka tokollo ea August 1 ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane), li ile tsa eletsoa hore li khothalletse “sehlopha sa Jehonadabe” ho kopanela le tsona mosebetsing, tumellanong le moea oa Tšenolo 22:17. Sehlopha sa Jehonadabe—seo tšepo ea sona e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise—se ile sa arabela, ’me ba bangata ho sona ba arabela ka cheseho.
Bohlokoa bo boholo ba mosebetsi ona bo ’nile ba hatisoa ka matla: “Ke habohlokoa ho kopanela tšebeletsong ea Morena, ho tšoana le ho ba teng sebokeng,” Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o boletse joalo ka 1921. “E mong le e mong e tlameha ho ba ’moleli oa kosepele,” o hlalositse joalo ka 1922. “Jehova o entse boboleli mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo leha e le ofe ho rōna a ka o etsang lefatšeng lena,” o boletse joalo ka 1949. Mantsoe a moapostola Pauluse a ho 1 Ba-Korinthe 9:16, (NW) a ’nile a qotsoa nako le nako: “Tlamo e behiloe holim’a ka. Ka sebele, ke malimabe haeba ke sa bolele litaba tse molemo!” Lengolo lena le ’nile la sebelisoa ho e mong le e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Ke ba Bakae ba Bolelang? Ho Isa Bohōleng Bofe? Hobane’ng?
Na batho ba ne ba qobelloa ho kopanela mosebetsing oo le haeba ba sa rate? “Che,” Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa arabela joalo, tokollong ea oona ea August 1, 1919, “ha ho motho ea qobelloang ho etsa eng kapa eng. Kaofela ke tšebeletso ea boithaopo ka hohle-hohle, e etsoang ka lerato ho Morena le ho loka ha hae. Le ka mohla Jehova ha a susutlelle mang kapa mang.” Mabapi le se susumetsang tšebeletso e joalo, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa September 1, 1922, o phaelletse ka ho re: “Motho ea nang le teboho ea sebele ka pelong ea hae le ea ananelang seo Molimo a mo etselitseng sona o tla batla ho ’museletsa ho itseng; ’me ha kananelo ea hae bakeng sa mosa oa Molimo e hōla, lerato la hae le lona le tla hōla; ’me ha lerato la hae le hōla, takatso ea hae ea ho mo sebeletsa e tla ba khōloanyane.” Ho ile ha hlalosoa hore lerato ho Molimo le bontšoa ka ho boloka litaelo tsa hae, ’me e ’ngoe ea litaelo tseo ke ho bolela litaba tse thabisang tsa ’Muso oa Molimo.—Esa. 61:1, 2; 1 Joh. 5:3.
Batho ba etsang mosebetsi ona ha baa hoheloa ke khopolo leha e le efe ea bophahamo ba lefatše. Ba bolelletsoe ka tieo hore ha ba ea ka ntlo le ntlo kapa ba tsamaisa lingoliloeng likoung tsa literata, ba tla talingoa e le “maoatla, ba fokolang, ba tlaase,” hore ba tla “nyefoloa, ba hlorisoe,” le hore ba tla nkoa “e se ba bohlokoa hakaalo lefatšeng.” Empa baa tseba hore Jesu le barutuoa ba hae ba pele ba ile ba tšoaroa ka tsela e tšoanang.—Joh. 15:18-20; 1 Ba-Kor. 1:18-31.
Na Lipaki tsa Jehova li nahana hore ka tsela e ’ngoe e itseng li tla reka poloko hobane li e sebelelitse ka boboleli ba tsona? Le hanyenyane! Buka Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete, e ’nileng ea sebelisoa ho tloha ka 1983 ho thusa liithuti ho hatela pele khōlong ea Bokreste, e tšohla taba ena. E re: “Sehlabelo sa Jesu hape se re buletse monyetla oa bophelo bo sa feleng . . . Ha se moputso oo re o lefuoang hobane re o sebelelitse. Ho sa tsotellehe hore na re etsa ho hokae tšebeletsong ea Jehova, re ke ke ra iketsa ba tšoanelehang hoo Molimo o qetellang o re kolota bophelo. Bophelo bo sa feleng ke ‘neo ea mohau oa Molimo . . . ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.’ (Ba-Roma 6:23; Ba-Ef. 2:8-10) Leha ho le joalo, haeba re lumela neong eo le ho ananela mokhoa oo e bileng teng ka ’ona, re tla ho bontša. Haeba re lemoha kamoo Jehova a sebelisitseng Jesu ka mohlolo ho phetha thato ea Hae le kamoo e leng habohlokoa kateng hore rōna bohle re latele mehato ea Jesu haufi, re tla etsa tšebeletso ea Bokreste e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa haholo bophelong ba rōna.”
Na ho ka boleloa hore Lipaki tsa Jehova kaofela ke baboleli ba ’Muso oa Molimo? E! Ke sona se boleloang ke ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Lilemo tse fetang mashome a mahlano tse fetileng, ho na le ba bang ba neng ba ikutloa hore ha ho hlokahale hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo, ho tsamaea pontšeng le ka ntlo le ntlo. Empa kajeno ha ho lea mong ho Lipaki tsa Jehova ea iketsang mokhelo tšebeletsong e joalo ka baka la boemo ka phuthehong ea habo kapa mokhatlong o hlophisitsoeng oa lefatše ka bophara. Ba batona le ba batšehali hammoho le ba bacha le ba hōlileng baa kopanela. Ba talima sena e le tokelo ea bohlokoa, tšebeletso e halalelang. Ba bangata ba e etsa ho sa tsotellehe mefokolo e tebileng. ’Me bao ho hang ba sa khoneng ho ea ka ntlo le ntlo ka baka la ho fokolloa ke bophelo, ba fumanang litsela tse ling tsa ho finyella batho le ho ba fa bopaki ba botho.
Nakong e fetileng, ka linako tse ling ho ne ho e-ba le tšekamelo ea ho tlohella ba bacha hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo kapele haholo. Empa lilemong tse mashome tsa morao, ho ’nile ha hatisoa haholo hore ba tšoanelehe pele ba mengoa. See se bolela eng? Hase bolele hore ba lokela ho khona ho hlalosa sohle se ka har’a Bibele. Empa, joalokaha buka Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna e hlalosa, ba tlameha ho tseba le ho lumela lithuto tsa motheo tsa Bibele. Hape ba tlameha ho phela bophelo bo hloekileng, tumellanong le litekanyetso tsa Bibele. Bohle ba tlameha ho batla ho ba ba bang ba Lipaki tsa Jehova.
Ha hoa lebelloa hore bohle har’a Lipaki tsa Jehova ba finyelle se tšoanang boboleling. Maemo a batho ha a tšoane. Lilemo, bophelo ba ’mele, boikarabelo ba lelapa, le botebo ba kananelo ke lintho tse amehang. Sena se ’nile sa hlokomeloa ka linako tsohle. Se ile sa hatisoa ke Molula-Qhooa (oa Senyesemane) tokollong ea oona ea December 1, 1950, ha o tšohla ‘mobu o motle’ oa setšoantšo sa Jesu sa mojali, ho Luka 8:4-15. Thupelo ea Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, e neng e lokiselitsoe baholo ka 1972, e ile ea hlahlobisisa tlhokahalo ea ‘ho rata Jehova ka sephefumolohi sohle’ ’me ea hlalosa hore “hoo e leng habohlokoa hase bongata ba seo motho a se etsang kamanong le seo e mong a se etsang, empa ho etsa seo motho a ka se khonang.” (Mar. 14:6-8) Leha ho le joalo, ha e khothalletsa tlhahlobisiso e tiileng ea botho, e ile ea boela ea bontša hore lerato le joalo le bolela “hore karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba motho e ameha ho sebeletseng Molimo ka lerato; ha hoa lebelloa mosebetsi, boemo kapa takatso e itseng bophelong.” Matla a rōna ’ohle, liphefumolohi tsa rōna tsohle, li tlameha ho hlomelloa ho etsa thato ea Molimo. Buka eo ea thuto e ile ea hatisa hore “Molimo ha a hloke feela hore re kopanele, empa o hloka tšebeletso ea sephefumolohi sohle.”—Mar. 12:30.
Ka bomalimabe, tšekamelo ea batho ba sa phethahalang ke ho fetelletsa lintho, ho hatisa ntho e itseng le ho hlokomoloha e ’ngoe. Kahoo, morao koo ka 1906, Moena Russell o ile a fumana ho hlokahala ho hlokomelisa hore boitelo ha bo bolele ho qhelela ba bang ka thōko. Ha bo bolele ho hlōleha ho hlokomela mosali oa motho ka tšoanelo, bana ba leng tlhokomelong ea hae, kapa batsoali ba seng ba hōlile e le hore a ka lokoloha ho bolella ba bang. Nako le nako ho tloha nakong eo, likhopotso tse tšoanang li ’nile tsa hlaha ho lingoliloeng tsa Watch Tower.
Butle-butle, ka thuso ea Lentsoe la Molimo, mokhatlo oohle o hlophisitsoeng o ’nile oa leka ho finyella ho leka-lekana ha Bokreste—ho bonahatsa cheseho tšebeletsong ea Molimo, le ho lebisa tlhokomelo e loketseng likarolong tsohle tsa ho ba Mokreste oa sebele. Le hoja “ho hōlisa sebōpeho sa botho” ho ne ho thehiloe kutloisisong e fosahetseng, Molula-Qhooa o ’nile oa bontša hore litholoana tsa moea le boitšoaro ba Bokreste ha lia lokela ho khelloa fatše. Ka 1942, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa bolela sena ka ho toba: “Ba bang ka booatla ba fihletse qeto ea hore haeba ba kopanela mosebetsing oa ho paka ka ntlo le ntlo ba ka hahamalla tsela leha e le efe e ka khotsofatsang litakatso tsa bona ntle ho kotlo. Motho o lokela ho hopola hore ho kopanela feela mosebetsing oa bopaki hase sohle se hlokahalang.”—1 Ba-Kor. 9:27.
Ho Hlophisa Lintho tse Tlang Pele
Lipaki tsa Jehova lia utloisisa hore ‘ho batla ’Muso le ho loka ha Molimo pele’ ho ama ho hlophisa lintho tsa tsona tse tlang pele. Ho akarelletsa ho fana ka monyetla o loketseng bophelong bakeng sa thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo le ho ba teng ka mehla libokeng tsa phutheho le ho se lumelle lipakane tse ling ho nka sebaka sa pele. Ho akarelletsa ho etsa liqeto tse bonahatsang takatso ea ’nete ea ho ipapisa le litlhokahalo tsa ’Muso oa Molimo, joalokaha li boletsoe ka Bibeleng. Sena se akarelletsa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele e le motheo oa liqeto tse amang bophelo ba lelapa, boithabiso, thuto ea lefatše, ho hiroa, mekhoa ea khoebo, le litšebelisano le batho ba bang.
Ho batla ’Muso pele hase feela ho kopanela ka tekanyo e itseng khoeli ka ’ngoe ho bueng le ba bang ka morero oa Molimo. Ho bolela ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele bophelong bohle, le ho hlokomela ka nepo boikarabelo bo bong ba Mangolo.
Ho na le litsela tse ngata tseo Lipaki tse inehetseng tsa Jehova li tšehetsang lithahasello tsa ’Muso ka tsona.
Tokelo ea Tšebeletso ea Bethele
Ba bang ba sebeletsa e le litho tsa lelapa la lefatše lohle la Bethele. Sena ke sehlopha sa basebeletsi ba nako e tletseng ba ithaopetseng ho etsa eng kapa eng eo ba ka abeloang ho e etsa bakeng sa ho lokisetsa le ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele, ho etsa mosebetsi o hlokahalang oa ofisi, le ho etsa litšebeletso tse tšehetsang mesebetsi e joalo. Ona hase mosebetsi oo ho oona ba fumanang botumo kapa matlotlo a lintho tse bonahalang. Takatso ea bona ke ho tlotlisa Jehova, ’me ba khotsofalletse litokisetso tseo ba li etsetsoang joaloka lijo, bolulo, le chelete e fokolang bakeng sa ho koahela litšenyehelo tsa botho. Ka mohlala, ka baka la tsela ea bophelo ea lelapa la Bethele, babusi ba lefatše United States ba le talima e le litho tsa mokhatlo oa bolumeli o amohetseng kano ea bofutsana. Batho ba leng Bethele ba thabela ho sebelisa bophelo ba bona ka botlalo tšebeletsong ea Jehova le ho etsa mosebetsi o tsoelang molemo baena ba bona ba Bakreste le batho ba sa tsoa thahasella, ka linako tse ling esita le linaheng lisele. Ho tšoana le ba bang har’a Lipaki tsa Jehova, le bona ba kopanela ka mehla tšebeletsong ea tšimo.
Lelapa la pele la Bethele (kapa, lelapa la Bible House, kamoo le neng le tsejoa ka teng nakong eo) le ne le le Allegheny, Pennsylvania. Ka 1896, basebetsi ba ne ba le 12 ka palo. Ka 1992, ho ne ho e-na le litho tsa lelapa la Bethele tse fetang 12 900, tse sebeletsang linaheng tse 99. Ho phaella moo, ha ho haella sebaka sa bolulo se lekaneng lehaeng la Mokhatlo, baithaopi ba bang ba makholo ba ’nile ba ea mahaeng a Bethele le lifekthering letsatsi le letsatsi e le hore ba ka kopanela mosebetsing. Ba ho nka e le tokelo ho kenya letsoho mosebetsing o etsoang. Ha ho hlokahala, Lipaki tse ling tse likete li ithaopela ho tlohela mosebetsi oa boipheliso le mesebetsi e meng ka linako tse sa tšoaneng ho thusa kahong ea meaho e hlokoang ke Mokhatlo bakeng sa ho e sebelisa mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle.
Ba bangata ho litho tsa lelapa la Bethele tsa lefatše lohle ba ho fetotse mosebetsi oa bona oa bophelo. Frederick W. Franz, eo ka 1977 a ileng a fetoha mopresidente oa bone oa Mokhatlo oa Watch Tower, ka nako eo e ne e se e bile setho sa lelapa la Bethele New York ka lilemo tse 57, ’me o ile a tsoela pele tšebeletsong ea Bethele ka lilemo tse ling tse 15, ho fihlela a shoa ka 1992. Heinrich Dwenger o ile a qala tšebeletso ea hae ea Bethele Jeremane ka 1911, ka mor’a moo a ikokobetsa ’me a sebeletsa kae kapa kae moo a abetsoeng teng; ’me ka 1983, e leng selemo seo a shoeleng ka sona, o ne a ntse a thabela tšebeletso ea hae e le setho sa lelapa la Bethele Thun, Switzerland. George Phillips, ea tsoang Scotland, o ile a amohela kabelo ea hae ea ho ea ofising ea lekala Afrika Boroa ka 1924 (ha e ntse e hlokomela mosebetsi oa boboleli ho tloha Cape Town ho ea Kenya) ’me a tsoela pele ho sebeletsa Afrika Boroa ho fihlela ha a e-shoa ka 1982 (e leng nako eo ka eona ho neng ho na le liofisi tsa lekala tsa Mokhatlo tse supileng le Lipaki tse ka bang 160 000 tse mafolo-folo sebakeng seo). Bo-khaitseli ba Bakreste, joaloka Kathryn Bogard, Grace DeCecca, Irma Friend, Alice Berner, le Mary Hannan, le bona ba ile ba sebelisa bophelo ba bona e le batho ba hōlileng tšebeletsong ea Bethele, ba etsa joalo ho fihlela lefung. Ka ho tšoanang, litho tse ling tse ngata tsa lelapa la Bethele li ’nile tsa sebeletsa ka lilemo tse 10, 30, 50, 70, le ho feta.g
Balebeli ba Tsamaeang ba Itetseng
Lefatšeng ka bophara, ho na le balebeli ba potoloho le ba setereke ba ka bang 3 900 bao, hammoho le basali ba bona, ba hlokomelang likabelo kae kapa kae moo ba hlokahalang, haholo-holo linaheng tsa habo bona. Ba bangata ho bona ba tlohetse mahae ’me joale ba tsamaea beke le beke kapa ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse seng kae bakeng sa ho sebeletsa liphutheho tseo ba li abetsoeng. Ha ba fumane moputso empa ba thabela lijo le bolulo moo ba sebeletsang teng, hammoho le tokisetso e fokolang bakeng sa ho koahela litšenyehelo tsa botho. United States, moo balebeli ba potoloho le ba setereke ba 499 ba neng ba sebeletsa ka 1992, baholo bana ba tsamaeang ka karolelano ba na le lilemo tse 54 ba phela, ’me ba bang ba bona ba ’nile ba sebeletsa boemong bona ka lilemo tse 30, 40, kapa ho feta moo. Linaheng tse ngata, balebeli bana ba tsamaea ka makoloi. Sebaka se Pacific hangata se hloka hore ho sebelisoe lifofane tse hiriloeng le liketsoana. Libakeng tse ngata balebeli ba potoloho ba fihla liphuthehong tse hōle ba palame pere kapa ba tsamaea ka maoto.
Bo-pula-maliboho ba Khotsofatsa Tlhoko ea Bohlokoa
E le hore ho ka qalisoa boboleli ba litaba tse molemo libakeng tseo ho tsona ho se nang Lipaki, kapa ho fana ka thuso e hlokahalang haholo sebakeng se itseng, Sehlopha se Busang se ka lokisetsa ho romela bo-pula-maliboho ba khethehileng. Bana ke baevangeli ba nako e tletseng ba sebetsang bonyane lihora tse 140 khoeli le khoeli tšebeletsong ea tšimo. Ba itlhahisa hore ba sebeletse kae kapa kae moo ba hlokahalang naheng ea habo bona kapa, maemong a mang, linaheng tse haufi. Kaha litlhokahalo tsa tšebeletso ea bona li ba siela nako e nyenyane kapa ha li ba siele letho bakeng sa mosebetsi oa boipheliso ho hlokomela litlhoko tsa lintho tse bonahalang, ba fuoa chelete e fokolang bakeng sa ho koahela litšenyehelo tsa bolulo le litlhoko tse ling. Ka 1992, ho bile le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba fetang 14 500 likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše.
Ha bo-pula-maliboho ba pele ba romeloa ka 1937, ba ile ba etella pele mosebetsing oa ho letsetsa beng ba matlo lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng malapeng a bona le ho sebelisa lirekoto e le motheo oa lipuisano tsa Bibele maetong a ho boela. Sena se ne se etsoa metseng e meholo moo ho seng ho ntse ho na le liphutheho. Ka mor’a lilemo tse seng kae, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba qala ho lebisoa ka ho khetheha libakeng tseo ho se nang liphutheho kapa moo liphutheho li hlokang thuso e khōlō. Ka baka la mosebetsi oa bona o atlehileng, ho thehiloe liphutheho tse ncha tse makholo.
Ho e-na le ho akaretsa tšimo le ho fetela ho e ’ngoe, ba ne ba sebetsa sebaka se itseng ka makhetlo, ba khutlela ho bohle ba thahasellang le ho khanna lithuto tsa Bibele. Ho ne ho lokisetsoa liboka bakeng sa batho ba thahasellang. Ka hona, Lesotho, ka boroa ho Afrika, bekeng ea pele a le kabelong ea hae e ncha, pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a mema bohle bao a teanang le bona hore ba tl’o bona kamoo Lipaki tsa Jehova li khannang Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Eena le lelapa la hae ba ile ba tšoara lenaneo le felletseng. Eaba o mema bohle hore ba be teng Thutong ea Molula-Qhooa. Ka mor’a hore thahasello ea bona ea pele e khotsofatsoe, ba 30 ba ile ba tsoela pele ho ba teng Thutong ea Molula-Qhooa, ’me ka karolelano lenane la ba bang teng sekolong e ne e le 20. Linaheng tseo ho tsona baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba entseng ho hongata bakeng sa ho qalisa mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo, ka linako tse ling ho bile le khōlo e potlakileng ha Lipaki tse tsoaletsoeng moo li qala ho tšoaneleha bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng, hobane li ne li ka khona ho sebetsa ka katleho e khōloanyane har’a batho ba habo tsona.
Ho phaella ho basebetsi bana ba chesehang, ho na le Lipaki tsa Jehova tse makholo a likete tseo le tsona ka matla li tšehetsang lithahasello tsa ’Muso. Li akarelletsa ba bacha le ba hōlileng, ba batona le ba batšehali, ba leng lenyalong le masoha. Bo-pula-maliboho ba ka mehla ba sebetsa bonyane lihora tse 90 khoeli le khoeli tšebeletsong ea tšimo; bo-pula-maliboho ba thusang, bonyane lihora tse 60. Ba ikhethela moo ba ratang ho paka teng. Ba bangata ho bona ba sebetsa liphuthehong tse ikemetseng; ba bang ba fallela libakeng tse ka thōko. Ba hlokomela litlhoko tsa bona tsa nama ka ho etsa mosebetsi o itseng oa boipheliso, kapa litho tsa malapa a bona li ka ’na tsa ba hlokomela. Ka 1992, ba fetang 914 500 ba ile ba kopanela tšebeletsong e joalo e le bo-pula-maliboho ba ka mehla kapa ba thusang karolong e itseng ea selemo.
Likolo tse Nang le Morero o Khethehileng
E le ho hlomella baithaopi bakeng sa mefuta e itseng ea tšebeletso, ho fanoa ka thupelo e khethehileng ea sekolo. Ka mohlala, ho tloha ka 1943, Sekolo sa Gileade se koetlisitse basebeletsi ba likete ba nang le phihlelo bakeng sa mosebetsi oa boromuoa, ’me liithuti li ’nile tsa romeloa likarolong tsohle tsa lefatše. Ka 1987 Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi se ile sa qala ho sebetsa e le ho khotsofatsa litlhoko tse khethehileng, ho akarelletsa ho hlokomela liphutheho hammoho le boikarabelo bo bong. Tokisetso ea hore sekolo sena se tšoareloe libakeng tse sa tšoaneng e fokotsa litšenyehelo tsa leeto la liithuti ha li ea setsing se itseng hammoho le tlhokahalo ea ho ithuta puo e ’ngoe e le hore li ka rua molemo koetlisong ea sekolo. Bohle ba mengoang hore ba be teng sekolong sena ke baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba faneng ka bopaki ba hore kannete ba batla ’Muso pele. Ba bangata ba itlhahisitse hore ba sebeletse linaheng tse ling. Moea oa bona o tšoana le oa moprofeta Esaia, ea itseng: “Ke ’na enoa, roma ’na!”—Esa. 6:8.
E le ho ntlafatsa katleho ea ba seng ba ntse ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng, Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se ile sa qalisoa ho tloha ka 1977. Ha ho khoneha, ho ile ha lokisetsoa sekolo potolohong ka ’ngoe lefatšeng lohle. Bo-pula-maliboho bohle ba ile ba mengoa hore ba rue molemo lenaneong lena la libeke tse peli. Mohato ka mohato ho tloha nakong eo, bo-pula-maliboho ba qetileng selemo sa bona sa pele tšebeletsong ba ’nile ba nehoa koetliso e tšoanang. Ho theosa ho fihlela ka 1992, bo-pula-maliboho ba fetang 100 000 ba ne ba koetlisitsoe sekolong sena United States feela; ba fetang 10 000 ba ne ba ntse ba koetlisoa selemo le selemo. Ba bang ba 55 000 ba ne ba koetlisitsoe Japane, ba 38 000 Mexico, ba 25 000 Brazil, le ba 25 000 Italy. Ho phaella lenaneong lena, bo-pula-maliboho ba thabela seboka se khethehileng le molebeli oa potoloho nakong ea maeto a etsoang habeli ka selemo phuthehong ka ’ngoe le ka lenaneo la koetliso e khethehileng le molebeli oa potoloho le molebeli oa setereke nakong ea kopano ea potoloho ea selemo le selemo. Ka hona, ba bōpang sehlopha se seholo sa baboleli ba ’Muso ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho hase basebetsi ba tletseng boithatelo feela empa hape ke basebeletsi ba koetlisitsoeng hantle.
Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane
Lipaki tsa Jehova tse likete—tseo ba bang ho tsona e leng bo-pula-maliboho, le ba bang bao e seng bona—li itlhahisitse hore li sebeletse eseng feela ha habo tsona empa le libakeng tse ling moo ho nang le tlhoko e khōlō ea baboleli ba litaba tse molemo. Selemo le selemo tse likete li qeta nako ea libeke kapa likhoeli tse seng kae, ho latela seo li ka se lokisetsang ka bomong, libakeng tseo hangata li leng hōle le mahae a tsona e le ho pakela batho ba sa eteloeng ka mehla ke Lipaki tsa Jehova. Tse ling tse likete li siile mahae a tsona ’me tsa fallela libakeng tse ling e le ho fana ka thuso e joalo ka nako e teletsana. Ba bangata ho tsona ke banyalani kapa malapa a nang le bana. Hangata ba ’nile ba fallela libakeng tse seng hōle haholo, empa ba bang ba ’nile ba falla ka makhetlo ho theosa le lilemo. Ba bangata ho Lipaki tsena tse chesehang ba kenetse tšebeletso linaheng lisele—ba bang ka lilemo tse seng kae, ba bang motheong oa nako eohle. Ba etsa mosebetsi leha e le ofe oa boipheliso o hlokahalang e le ho hlokomela litlhoko tsa bona, ’me ba jara litšenyehelo tsa ho falla ha bona. Takatso ea bona e le ’ngoe ke ho kopanela ka botlalo ho ea ka maemo a bona ho phatlalatseng molaetsa oa ’Muso.
Ha hlooho ea lelapa e se Paki, e ka ’na ea falla le lelapa ka baka la mosebetsi. Empa litho tsa lelapa tseo e leng Lipaki li ka bona hona e le monyetla oa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso. Ho bile joalo ka Lipaki tse peli tse tsoang United States tse ileng tsa iphumana li le kampong ea kaho likhoeng tsa Suriname ho ea bofelong ba bo-1970. Habeli ka beke li ne li tsoha ka 4:00 hoseng, li palama bese ea sechaba bakeng sa leeto la hora e le ’ngoe le boima le eang motseng o mong, ’me li qeta letsatsi li bolela. Ka mor’a nakoana li ne li khanna lithuto tsa Bibele tse 30 beke le beke le batho ba lapetseng ’nete. Kajeno, ho na le phutheho karolong eo e neng e e-s’o sebetsoe moo ho nang lipula tsa litloebelele.
Ho Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong o Loketseng Bakeng sa ho Paka
Ke ’nete hore hase Lipaki tsa Jehova kaofela tse fallelang linaheng tse ling, kapa litoropong tse ling, bakeng sa ho ntšetsa pele tšebeletso ea tsona teng. Maemo a tsona a ka ’na a se ke a li lumella ho bula maliboho. Leha ho le joalo, li hlokomela khothatso ea Bibele ea hore li etse “boiteko bohle bo tiileng” le ho ba le ‘ho hongata hoo li ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (2 Pet. 1:5-8, NW; 1 Ba-Kor. 15:58, NW) Li bontša hore li batla ’Muso pele ka ho etelletsa lithahasello tsa oona ka pele ho mosebetsi oa boipheliso le boithabiso. Tseo lipelo tsa tsona li tletseng kananelo bakeng sa ’Muso li kopanela ka mehla tšebeletsong ea tšimo ho ea kamoo maemo a tsona a li lumellang ka teng, ’me ba bangata ho tsona ba fetola maemo a bona e le hore ba ka kopanela ka botlalo haholoanyane. ’Me ka linako tsohle ba ela hloko ho sebelisa hamolemo menyetla e loketseng ea ho pakela ba bang ka ’Muso.
Ka mohlala, John Furgala, ea neng a na le khoebo e rekisang thepa e sebelisoang Guayaquil, Ecuador, o ile a beha lingoliloeng tsa Bibele ka tsela e khahlehang ka lebenkeleng la hae. Ha mothusi oa hae a ntse a bokella thepa e hlokahalang, John o ne a pakela moreki.
Nigeria Paki e ’ngoe e chesehang e neng e phelisa lelapa la eona ka ho sebetsa e le setei sa metlakase le eona e ne e ikemiselitse ho sebelisa hamolemo menyetla ea ho teana ha eona le batho bakeng sa ho fana ka bopaki. Kaha o ne a e-na le khoebo, ke eena ea neng a hlophisa kemiso ea mosebetsi. Hoseng ho hong le ho hong, pele ho mosebetsi oa letsatsi, o ne a bokella mosali oa hae, bana, bahiruoa, le ba ithutang mosebetsi bakeng sa puisano ea temana ea Bibele ea letsatsi, hammoho le liphihlelo tse tsoang ho Yearbook of Jehovah’s Witnesses. Mathoasong a selemo se seng le se seng, o ne a boetse a fa bareki likopi tsa almanaka ea Mokhatlo oa Watch Tower, hammoho le limakasine tse peli. Ka baka leo, bahiruoa ba bang ba hae hammoho le bareki ba ikopantse le eena borapeling ba Jehova.
Ho na le Lipaki tsa Jehova tse ngata tse nang le moea o tšoanang. Ho sa tsotellehe seo li se etsang, ka linako tsohle li batla menyetla ea ho arolelana litaba tse molemo le ba bang.
Sehlopha se Seholo sa Baevangeli ba Thabileng ba Nako e Tletseng
Ha lilemo li ntse li feta, cheseho ea Lipaki tsa Jehova bakeng sa boboleli ba litaba tse molemo ha ea fokotseha. Le hoja beng ba matlo ba bangata ba li bolelletse ka tieo hore ha ba thahaselle, ho na le ba bangata ba thabelang hore Lipaki li ba thuse ho utloisisa Bibele. Boikemisetso ba Lipaki tsa Jehova ke ho tsoela pele ho bolela ho fihlela ha Jehova ka boeena a fana ka pontšo e hlakileng ea hore mosebetsi ona o phethiloe.
Ho e-na le ho ba monyebe, ha e le hantle mokhatlo oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova o matlafalitse mosebetsi oa oona oa boboleli. Ka 1982 tlaleho ea selemo le selemo ea lefatše ka bophara e ile ea bontša hore ho ne ho sebelitsoe lihora tse 384 856 662 tšebeletsong ea tšimo. Lilemo tse leshome hamorao (ka 1992) ho ile ha sebetsoa lihora tse 1 024 910 434 mosebetsing ona. Lebaka la keketseho eo e khōlō mosebetsing e bile lefe?
Ke ’nete hore lenane la Lipaki tsa Jehova le ne le eketsehile. Empa leo hase lona lebaka le ka sehloohong. Nakong eo, le hoja lenane la Lipaki le eketsehile ka karolo ea 80 lekholong, lenane la bo-pula-maliboho le ile la eketseha haholo ka karolo ea 250 lekholong. Ka karolelano khoeli le khoeli, a le mong ho Lipaki tse ling le tse ling tsa Jehova tse supileng lefatšeng ka bophara o ne a le karolong e itseng ea mosebetsi oa boboleli oa nako e tletseng.
Ke bo-mang ba neng ba kopanela tšebeletsong e joalo ea bopula-maliboho? Ka mohlala, Rephabliking ea Korea, Lipaki tse ngata ke basali ba nyetsoeng. Boikarabelo ba lelapa bo ka ’na ba se ke ba ba lumella bohle ho ba bo-pula-maliboho hangata, empa ba bangata ba ’nile ba sebelisa nako e telele ea phomolo ea mariha sekolong e le menyetla ea ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang. Ka baka leo, karolo ea 53 lekholong ea kakaretso ea Lipaki Rephabliking ea Korea e bile karolong e itseng ea tšebeletso ea nako e tletseng ka January 1990.
Lilemong tse qalang, e ne e le moea o chesehang oa bopula-maliboho oa Lipaki tsa Filipino o ileng oa li nolofalletsa ho finyella lihleke-hleke tse makholo tse nang le baahi Philippines ka molaetsa oa ’Muso. Cheseho eo e bonahetse ka ho hlaka haholoanyane ho tloha nakong eo. Ka 1992, ka karolelano khoeli le khoeli, bahoeletsi ba 22 205 ba ne ba kopanela tšebeletsong ea tšimo e le bo-pula-maliboho Philippines. Har’a bona ho bile le bacha ba bangata ba neng ba khethile ho ‘hopola ’Mōpi oa bona’ le ho sebelisa matla a bona a bocha tšebeletsong ea hae. (Moek. 12:1) Ka mor’a ho ba tšebeletsong ea bopula-maliboho ka lilemo tse leshome, e mong oa bacha ba joalo o itse: “Ke ithutile ho ba le mamello, ho phela bophelo bo bonolo, ho itšetleha ka Jehova, le ho ba le boikokobetso. Ke ’nete hore hape ke ile ka boela ka hlaheloa ke mathata le ho nyahama, empa kaofela ha ’ona hase letho ha a bapisoa le mahlohonolo ao bopula-maliboho bo a tlisitseng.”
Ka April le May 1989, Molula-Qhooa o ile oa hlahisa taba e pepesang Babylona e Moholo, e leng bolumeli ba bohata ka mefuta ea bona e mengata lefatšeng ka bophara. Lihlooho tsena li ile tsa hatisoa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse 39 ’me ha abjoa tse ngata haholo. Japane, moo hangata lenane la Lipaki tseo e leng bo-pula-maliboho le ’nileng la feta karolo ea 40 lekholong, tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba thusang ba 41 055 e ile ea ngolisa bakeng sa ho thusa mosebetsing ka April selemong seo. Seterekeng sa Tsamaiso sa Osaka, Motseng oa Takatsuki, Phuthehong ea Otsuka, bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba 73 ho ba 77 ba ne ba le tšebeletsong ea mofuta o itseng ea bopula-maliboho khoeling eo. Ka April 8, ha bahoeletsi bohle Japane ba khothalletsoa ho kopanela ka tekanyo e itseng ho abeng molaetsa ona oa bohlokoa, liphutheho tse makholo, joaloka Phutheho ea Ushioda, Motseng oa Yokohama, li ile tsa lokisetsa tšebeletso ea letsatsi lohle seterateng le ka ntlo le ntlo, ho tloha ka 7:00 hoseng ho fihlela ka 8:00 mantsiboea, e le hore ha ho khoneha ho ka finyelloa bohle sebakeng seo.
Joalokaha ho etsahala libakeng tsohle, Lipaki tsa Jehova Mexico li sebeletsa ho hlokomela litlhoko tsa tsona tsa lintho tse bonahalang. Leha ho le joalo, khoeli ka ’ngoe selemong sa 1992, ka karolelano ba 50 095 ho Lipaki tsa Jehova sebakeng seo le bona ba ile ba bula monyetla bophelong ba bona bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho e le ho thusa batho ba lapetseng ’nete ho ithuta ka ’Muso oa Molimo. Malapeng a mang bohle ka lapeng ba ’nile ba sebelisana ’moho e le ho nolofalletsa sehlopha sohle, kapa bonyane ba bang ba bona, ho bula maliboho. Ba thabela tšebeletso e hlahisang litholoana. Ka 1992, Lipaki tsa Jehova Mexico li ne li khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 502 017 ka mehla le batho ka bomong le lihlopha tsa malapa.
Baholo ba sebeletsang litlhoko tsa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ba na le boikarabelo bo boima. Baholo ba bangata Nigeria ke banna ba nang le malapa, ’me ho joalo le ka baholo libakeng tse ling tse ngata. Leha ho le joalo, ho phaella ho lokisetseng ho khanna le ho kopanela libokeng tsa phutheho, hammoho le ho etsa bolisa bo hlokahalang ba mohlape oa Molimo, banna ba bang ho bana ba boetse ba bula maliboho. Ba khona joang? Hangata ho hlophisa nako ka hloko le tšebelisano-’moho e ntle ea lelapa ke lintho tsa bohlokoa tse tlatsetsang.
Ho hlakile hore, lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova li nkile khothatso ea Jesu ka ho teba ea ho ‘batla ’muso pele.’ (Matt. 6:33) Seo li se etsang ke pontšo e tsoang pelong ea lerato la tsona ho Jehova le kananelo ea tsona bakeng sa bobusi ba hae. Ho tšoana le mopesaleme Davida, li re: “Ke tla u holisa, Molimo oa ka, Morena oa ka! ke tla boka lebitso la hao ka mehla le ka ho sa eeng kae.”—Pes. 145:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa (oa Senyesemane), August 15, 1906, maq. 267-71.
b Bona Molula-Qhooa, October 1, 1967, maqephe 435-8 (February 1, 1967, ka Senyesemane).
c Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane), December 15, 1973, maqephe 760-5.
d Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane), September 1, 1972, maqephe 533-6.
e Molula-Qhooa (oa Senyesemane), December 15, 1963, maq. 764-6.
f Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane), December 1, 1969, maqephe 729-32; September 15, 1988, leqephe 31.
g Bona Molula-Qhooa, May 1, 1987, maqephe 22-30; (tse latelang ke tsa Senyesemane) April 1, 1964, maqephe 212-15; December 1, 1956, maqephe 712-19; August 15, 1970, maqephe 507-10; October 1, 1960, maqephe 601-5; June 15, 1968, maqephe 378-81; April 1, 1968, maqephe 217-21; April 1, 1959, maqephe 220-3.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 292]
Khatiso e eketsehileng boikarabelong ba ho paka
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 293]
Ba talima bopaki ba ka ntlo le ntlo e le tokelo ea bohlokoa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 294]
Ho utloisisa seo tšebeletso ea pelo eohle e leng sona
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 295]
Seo kannete ‘ho batla ’muso pele’ ho se bolelang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 301]
Lipaki tse chesehang li etelletsa lithahasello tsa ’Muso ka pele ho mosebetsi oa boipheliso le boithabiso
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 288]
“Ba Kae ba Robong?”
Sehopotsong sa lefu la Kreste, ka 1928, pampitšana e ileng ea nehoa bohle ba leng teng e ne e na le sehlooho se reng “Where Are the Nine?” Tlhaloso ea eona ea Luka 17:11-19 e ile ea ama pelo ea Claude Goodman ’me ea mo susumelletsa ho kenela mosebetsi oa ho rekisa libuka tsa bolumeli, kapa oa bopula-maliboho, le ho tiisetsa tšebeletsong eo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 296, 297]
Tšebeletso ea Bethele
Ka 1992, ho bile le ba 12 974 ba kopanelang tšebeletsong ea Bethele linaheng tse 99
[Litšoantšo]
Thuto ea botho ke ea bohlokoa ho litho tsa lelapa la Bethele
Spain
Lehaeng ka leng la Bethele, letsatsi le qalisoa ka puisano ea temana ea Bibele
Finland
Joalokaha ho le joalo ho Lipaki tsa Jehova libakeng tsohle, litho tsa lelapa la Bethele li kopanela tšebeletsong ea tšimo
Switzerland
Mantsiboea a mang le a mang ka ’Mantaha lelapa la Bethele le ithuta “Molula-Qhooa” hammoho
Italy
Mosebetsi oa fapa-fapana, empa kaofela ha oona o etsoa bakeng sa ho tšehetsa boboleli ba ’Muso oa Molimo
Fora
Papua New Guinea
United States
Jeremane
Philippines
Mexico
Brithani
Nigeria
Netherlands
Brazil
Japane
Afrika Boroa
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 298]
Ba Seng Bakae ba Nang le Litlaleho tsa Nako e Telele tsa Tšebeletso ea Bethele
F. W. Franz—United States (1920-92)
Heinrich Dwenger—Jeremane (hoo e ka bang lilemo tse 15 ka 1911-33), Hungary (1933-35), Czechoslovakia (1936-39), le Switzerland (1939-83)
George Phillips—Afrika Boroa (1924-66, 1976-82)
Bana ba motho (Kathryn Bogard le Grace DeCecca) ba qetileng kakaretso ea lilemo tse 136 tšebeletsong ea Bethele—United States
[Krafo e leqepheng la 303]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Bo-pula-maliboho ba Ntse ba Eketseha!
Bo-pula-maliboho
Bahoeletsi
Keketseho Lekholong ho Tloha ka 1982
250%
200%
150%
100%
50%
1982 1984 1986 1988 1990 1992
[Setšoantšo se leqepheng la 284]
Khaitseli Early o ile a tsamaea karolong e khōlō ea New Zealand ka baesekele bakeng sa ho arolelana le ba bang molaetsa oa ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 285]
Ka lilemo tse 76 Malinda Keefer—e le lesoha, a le lenyalong, leha e se e le mohlolohali—o ile a inehela tšebeletsong ea nako e tletseng
[Litšoantšo tse leqepheng la 286]
Lik’haravene tse itekanetseng li ile tsa fana ka marobalo bakeng sa bo-pula-maliboho ba bang ba pele ha ba ntse ba tloha sebakeng se seng ba ea ho se seng
Canada
India
[Setšoantšo se leqepheng la 287]
Frank Rice (ea emeng ka ho le letona), Clem Deschamp (ea lutseng ka pele ho Frank, hammoho le mosali oa Clem, Jean, haufi le bona), le sehlopha se seng Java se akarelletsang Lipaki-’moho, le ba sa tsoa thahasella bocha
[Litšoantšo tse leqepheng la 288]
Bophelo ba Claude Goodman ba tšebeletso ea nako e tletseng bo ile ba mo lebisa tšebeletsong India le linaheng tse ling tse supileng
[Setšoantšo se leqepheng la 289]
Ha Ben Brickell a sa ntse a phetse hantle, o ne a thabela ho sebelisa bophelo ba hae tšebeletsong ea Jehova; mathata a tebileng a bophelo lilemong tse latelang ha aa ka a mo etsa hore a khaotse
[Setšoantšo se leqepheng la 290]
Kathe Palm o ne a paka masimong a mefuta eohle, ho tloha meahong ea liofisi ea motse-moholo ho ea kampong e hōle ea merafo le motebong oa linku Chile
[Setšoantšo se leqepheng la 291]
Boikemisetso ba Martin le Gertrud Poetzinger bo hlalosoa ka mantsoe ana: ‘Ntho e ’ngoe feela eo ke e etsang—ke ho batla ’Muso pele’
[Setšoantšo se leqepheng la 300]
Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho (joalokaha se bontšitsoe mona Japane) se fane ka koetliso e khethehileng bakeng sa basebetsi ba chesehang ba mashome a likete