Karolo 6
Ke Hobane’ng ha ho E-na le Bohloko le ho Hloka Toka ho Hongata Hakaale?
1, 2. Ka lebaka la phihlelo ea batho, ke lipotso life tse ka botsoang?
1 Leha ho le joalo, haeba Motho ea Phahameng o ne a rerile hore batho ba phethahetseng ba phele lefatšeng ka ho sa feleng tlas’a maemo a paradeise le haeba oo e ntse e le morero oa hae, ke hobane’ng ha ho se na paradeise hona joale? Ho e-na le hoo, ke hobane’ng ha batho ba ’nile ba feta lilemong tse makholo-kholo tsa ho utloa bohloko le ho hloka toka?
2 Ntle ho pelaelo, histori ea batho e tletse masisa-pelo a bakiloeng ke ntoa, khapo ea mahahapa, tlatlapo, ho hloka toka, bofuma, koluoa, ho kula, le lefu. Ke hobane’ng ha lintho tse ngata hakaale tse mpe li etsahetse ho batho ba bangata hakaale ba hlokang molato? Haeba Molimo a e-na le matla a maholo ka ho fetisisa, ke hobane’ng ha a lumeletse ho utloa bohloko ho hoholo hakaale ka lilemo tse likete? Kaha Molimo o entse le ho hlophisa bokahohle hantle hakana, ke hobane’ng ha a lumeletse ho hloka taolo le tšenyo lefatšeng?
Mohlala
3-5. (a) Ke papiso efe e ka re thusang ho utloisisa lebaka leo ka lona Molimo oa tlhophiso a neng a ka lumella ho se hlophisehe lefatšeng? (b) Ke khetho efe ho tse ’maloa e tšoanelang boemo bo leng lefatšeng?
3 A re sebelise mohlala ho etsa papiso ea hore na ke hobane’ng ha Molimo oa tlhophiso a ne a ka lumella ho se hlophisehe lefatšeng. Ak’u nahane u kena ka morung ’me ka tšohanyetso u bona ntlo. Ha u ntse u hlahloba ntlo eo, u bona e hlekemane. Lifensetere li pshatlehile, marulelo a senyehile haholo, mathule a lehong a tletse masoba, lemati le leketlile sehokelong se le seng, ’me lipeipi tsa metsi ha li sebetse.
4 Ha u bona liphoso tsena tsohle, na u ne u tla fihlela qeto ea hore ha ho na moetsi ea bohlale eo mohlomong a entseng ntlo eo? Na ho hlekemana ho ne ho tla u kholisa hore ntlo eo e bile teng feela ka kotsi? Kapa haeba u fihletse qeto ea hore ho na le motho ea e entseng le ho e haha, na u ne u tla ikutloa hore motho eo o ne a se na tsebo ’me a sa nahane?
5 Ha u hlahlobisisa moaho ka hloko, u hlokomela hore qalong o ne o hahiloe hantle ’me o fana ka bopaki ba tlhokomelo e bontšang ho nahanela. Empa joale o se o senyehile ’me e se e le lithako. Lipha le mathata li ka bontša eng? Li ka bontša hore (1) mong’a oona o shoele; (2) ke sehahi sa setsebi empa ha se sa thahasella ntlo eo; kapa (3) ka nakoana o hiriselitse batho ba se nang kananelo ntlo ea hae. Ntlha ea ho qetela e tšoanela boemo bo leng lefatšeng lena.
Moo Phoso e Bileng Teng
6, 7. Ho ile ha etsahala eng ka Adama le Eva ha ba tlōla molao oa Molimo?
6 Ho tloha tlalehong ea pele ea Bibele, re ithuta hore e ne e se morero oa Molimo hore batho ba utloe bohloko kapa ba shoe. Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ile ba shoa hobane feela ba sa ka ba utloa Molimo. (Genese, likhaolo 2 le 3) Ha ba bontša ho hloka kutlo, ba ne ba se ba sa etse thato ea Molimo. Ba ile ba ikhula tlhokomelong ea Molimo. Ha e le hantle, ba ile ba ikhaohanya le Molimo, “mohloli oa bophelo.”—Pesaleme ea 36:9, NW.
7 Joaloka mochine o felloang ke matla ebe oa tima ha o ntšoa mohloling oa matla a oona, ’mele le likelello tsa bona li ile tsa felloa ke matla. Ka baka leo, Adama le Eva ba ile ba fokola, ba tsofala, ’me qetellong ba shoa. Joale ho ile ha etsahala eng? Ba ile ba khutlela moo ba tsoang teng: “U lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” Molimo o ne a ba lemositse hore phello ea ho se utloe melao ea hae e tla ba lefu: “Joang kapa joang le tla shoa.”—Genese 2:17, NW; 3:19.
8. Sebe sa batsoali ba rōna ba pele se ile sa ama lelapa la batho joang?
8 Hase feela hore batsoali ba rōna ba pele ba ile ba shoa empa litloholo tsohle tsa bona, moloko oohle oa batho, le tsona li bile tlas’a lefu. Hobane’ng? Hobane ho latela melao ea liphatsa tsa lefutso, bana ba futsa litšobotsi tsa batsoali ba bona. ’Me seo bana bohle ba batsoali ba rōna ba pele ba se futsitseng ke ho se phethahale le lefu. Ba-Roma 5:12 ea re bolella: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama, moholo-holo oa batho], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle [ka ho futsa ho se phethahale, ke hore, litšekamelo tsa boetsalibe].” ’Me kaha sebe, ho se phethahale, le lefu ke tsona feela lintho tseo batho ba li tsebang, ba bang ba li talima e le tsa tlhaho le tse ke keng tsa qojoa. Leha ho le joalo, batho ba pele ba ne ba bōpiloe ba na le matla le takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Ke ka baka leo batho ba bangata ba fumanang tebello ea hore bophelo ba bona bo tla khutsufatsoa ke lefu e le e ferekanyang haholo.
Halelele Hakaale Hobane’ng?
9. Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore ho utloa bohloko ho tsoele pele halelele hakaale?
9 Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse batho ho latela tsela ea bona ka nako e telele hakaale? Ke hobane’ng ha a lumeletse ho utloa bohloko ho ba teng ka lilemo tsee tsohle tse makholo-kholo? Lebaka le leng la bohlokoa ke hore ho ile ha hlahisoa tseko ea bohlokoa haholo: Ke mang ea nang le tokelo ea ho busa? Na Molimo o lokela hore e be ’Musi oa batho, kapa na ba ka ipusa ka katleho ka ntle ho eena?
10. Batho ba ile ba fuoa matla afe, hammoho le boikarabelo bofe?
10 Batho ba bōpiloe ba na le boikhethelo, ke hore, matla a ho khetha. Ha baa ka ba etsoa joaloka liroboto kapa joaloka liphoofolo, tseo haholo-holo li laoloang ke tšekamelo ea tlhaho. Kahoo batho ba ka ikhethela hore na ba tla sebeletsa mang. (Deuteronoma 30:19; 2 Ba-Korinthe 3:17) Ka hona, Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Etsang ka mokhoa o tšoanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tšireletso ea bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Molimo.” (1 Petrose 2:16) Leha ho le joalo, le hoja batho ba na le mpho e tsotehang ea boikhethelo, ba tlameha ho amohela liphello tsa seo ba se khethang.
11. Ke tsela efe feela ea ho fumana hore na tsela e itseng ea ho se itšetlehe ka Molimo e ka atleha?
11 Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba etsa khetho e fosahetseng. Ba ile ba khetha tsela ea ho se itšetlehe ka Molimo. Ke ’nete hore Molimo a ka be a ile a bolaea batho ba babeli ba pele ba bafetoheli hang-hang ka mor’a hore ba sebelise boikhethelo ba bona hampe. Empa hoo ho ne ho ke ke ha rarolla potso e mabapi le tokelo ea Molimo ea ho busa batho. Kaha batho ba babeli ba pele ba ne ba batla ho se itšetlehe ka Molimo, ho tlameha hore ho arabjoe potso ena: Na tsela eo e ne e tla fella ka bophelo bo thabisang, bo atlehileng? Tsela feela ea ho fumana hoo e ne e le ho lumella batsoali ba rōna ba pele le bana ba bona ho ikela ka tsela ea bona, kaha eo e ne e le khetho ea bona. Nako e ne e tla bontša hore na batho ba bōpetsoe ho ipusa ka katleho ba sa itšetleha ka ’Mōpi oa bona.
12. Jeremia o ile a lekanyetsa puso ea batho joang, ’me ke hobane’ng ha ho le joalo?
12 Mongoli oa Bibele Jeremia o ne a tseba hore na phello e tla ba efe. A tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo o matla, kapa matla a hae a sebetsang, ka nepo o ile a ngola: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae. Jehova, u nkhalemele.” (Jeremia 10:23, 24) O ne a tseba hore batho ba tlameha ho ba le tataiso ea bohlale ba leholimo ba Molimo. Hobane’ng? Hobane feela Molimo o ne a sa bōpa batho hore ba atlehe ka ntle ho tataiso ea hae.
13. Liphello tsa lilemo tse likete tsa puso ea motho li bontšitse eng ntle ho pelaelo?
13 Liphello tsa lilemo tse likete tsa puso ea motho li bontša ntle ho pelaelo hore ha ho matleng a batho ho tsamaisa litaba tsa bona ka ntle ho ’Mōpi oa bona. Ka mor’a ho e leka, ke bona ba ka ipehang molato ka liphello tse bakang tlokotsi. Bibele e hlakisa sena: “[Molimo] ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane. Ba itšentse pel’a oona; ke bana ba litšila; ke mofuta o khelohileng, o nang le mano.”—Deuteronoma 32:4, 5.
Haufinyane Molimo o Tla Kenella
14. Ke hobane’ng ha Molimo a ke ke a hlola a liehisa ho kenella ha hae litabeng tsa batho?
14 Kaha o lumeletse ponahatso e lekaneng ea ho hlōleha ha puso ea batho ka lilemo tse makholo, hona joale Molimo a ka tsoela pele ho kenella litabeng tsa batho ’me a felisa ho utloa bohloko, masoabi, ho kula, le lefu. Kaha o lumeletse batho ho fihla sehlohlolong sa katleho ea bona saenseng, indastering, bongakeng, le likarolong tse ling, ha ho sa hlokahala hore Molimo a lumelle lilemo tse eketsehileng tse makholo bakeng sa batho ba sa itšetlehang ka ’Mōpi oa bona ho bontša hore na ba ka tlisa lefatše la khotso, la paradeise. Ha baa khona ho le tlisa ebile ba ke ke. Ho se itšetlehe ka Molimo ho tlisitse lefatše le lebe, le tletseng lehloeo, le tletseng ho bolaea.
15. Ke keletso efe ea Bibele eo re lokelang ho e ela hloko?
15 Le hoja ho bile le babusi ba tšepahalang ba ’nileng ba laba-labela ho thusa batho, boiteko ba bona ha boa atleha. Libakeng tsohle kajeno ho na le bopaki ba ho senyeha ha puso ea batho. Ke ka lebaka leo Bibele e eletsang: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!”—Pesaleme ea 146:3.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Esita le babusi ba lefatše ba tšepahalang ha baa khona ho tlisa lefatše la khotso, la paradeise