Ba Bang ba ka Thusa Joang?
“HAEBA ho na le seo nka se etsang, u ntsebise.” Sena ke seo ba bangata ba rōna re se buang le motsoalle kapa mong ka rōna ea sa tsoa shoeloa. Ka sebele, re tiile. Re tla etsa sohle ho thusa. Empa na ea shoetsoeng o ke a re bitse ’me a re: “Ke nahanne ka ntho e ’ngoe eo le ka e etsang ho nthusa”? Hangata ha ho joalo. Ka ho hlakileng, ho ka ’na ha hlokahala hore re nke bohato pele haeba kannete re batla ho thusa le ho tšelisa ea sareloang.
Maele a Bibele a re: “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joalo ka liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.” (Liproverbia 15:23; 25:11) Ke bohlale ho tseba seo u lokelang ho se bua le seo u sa lokelang ho se bua, seo u lokelang ho se etsa le seo u sa lokelang ho se etsa. Litlhahiso tsa Mangolo tse seng kae ke tsena tseo batho ba bang ba shoetsoeng ba li fumaneng li le molemo.
Seo u ka se Etsang . . .
Mamela: Jakobo 1:19 e re le “be mafolo-folo ho utloa.” E ’ngoe ea lintho tse molemohali eo u ka e etsang ke ho kopanela bohlokong ba ea shoetsoeng ka ho mamela. Batho ba bang ba shoetsoeng ba ka ’na ba hloka ho bua ka moratuoa oa bona ea shoeleng, ka kotsi kapa bokuli bo bakileng lefu, kapa ka maikutlo a bona esale lefu le hlaha. Kahoo botsa: “Na u ka rata ho bua ka hona?” Ba tlohele ba etse qeto. Ha a hopola ha ntate oa hae a e-shoa, mohlankana e mong o ile a re: “Ka sebele ho nthusitse ha ba bang ba mpotsa hore na ho etsahetse’ng ’me ba hlile ba mamela.” Mamela ka mamello le ka kutloelo-bohloko ka ntle le hore u ikutloe u hlile u tlameha ho fana ka likarabelo kapa tharollo. Ba lumelle ho bolela eng kapa eng eo ba batlang ho e arolelana.
Fana ka tiisetso: Ba tiisetse hore ba entse sohle se neng se khoneha (kapa ntho leha e le efe eo u e tsebang e le ’nete e bile e le molemo). Ba tiisetse hore seo ba se utloang—masoabi, bohale, ho ikutloa ba le molato, kapa boikutlo bo bong feela—ke ntho e tloaelehileng. Ba bolelle ka ba bang bao u ba tsebang ba ileng ba hlaphoheloa ka katleho tahlehelong e joalo. Liproverbia 16:24 e re, ‘lipuo tse joalo tse ntle’ li “matlafatsa masapo.”—1 Ba-Thessalonika 5:11, 14.
E ba ea fumanehang: Iketse ea fumanehang, e seng feela matsatsing a pele a seng makae ha metsoalle le ba seng ba le teng ka bongata, empa esita le likhoeli hamorao ha ba bang ba khutletse kemisong ea bona e tloaelehileng. Ka tsela ena u ipaka u le “motsoalle oa ’nete,” ea emang le motsoalle nakong ea “tsieleho.” (Liproverbia 17:17, NW) Teresea, eo ngoana oa hae a ileng a shoela kotsing ea koloi, oa hlalosa: “Metsoalle ea rōna e ne e etsa hore re lule re tšoarehile mantsiboea e le hore re se ke ra lula nako e ngata lapeng re le bang. Seo se re thusitse ho sebetsana ka katleho le boikutlo ba ho ba feela boo re neng re e-na le bona.” Ka lilemo ka morao ho moo, matsatsi a boikhopotso, a kang boikhopotso ba lechato kapa letsatsi la lefu, e ka ba nako e hatellang ho ba phelang. Ke hobane’ng ha u sa tšoaee matsatsi a joalo almanakeng ea hao e le hore ha a fihla, u ka iketsa ea fumanehang, haeba ho hlokahala, bakeng sa ho tšehetsa ka kutloelo-bohloko?
Nka mehato ea pele e loketseng: Na ho na le mabaka a lokelang ho phethoa? Na ho hlokahala motho ea tlang ho sala le bana? Na metsoalle le ba seng ba etileng ba hloka sebaka seo ba lulang ho sona? Batho ba sa tsoa shoeloa hangata ba tsielehile hoo ba sa tsebeng le hore na ho hlokahala ba etse eng, ho se ho sa thoe letho ka ho bolella ba bang kamoo ba ka thusang kateng. Kahoo haeba u lemoha hore ho na le tlhokahalo ea sebele, se ke ua emela ho kōpuoa; nka mehato e loketseng. (1 Ba-Korinthe 10:24; bapisa le 1 Johanne 3:17, 18.) Mosali e mong eo monna oa hae a neng a shoele oa hopola: “Ba bangata ba ile ba re, ‘Haeba ho e-na le ntho eo nka e etsang, ntsebise.’ Empa motsoalle e mong ha aa ka a botsa. O ile a fetela ka kamoreng ea ho robala, a alola bethe, ’me a hlatsoa lishiti tse neng li silafalitsoe ke ho shoa ha hae. E mong a nka bakete, metsi le lintho tseo a hlatsoang ka tsona ’me a hōhlōla ’mete oa fatše moo monna oa ka a neng a hlatselitse teng. Libeke tse seng kae hamorao, e mong oa baholo ba phutheho o ile a tla a apere liaparo tsa mosebetsi le lithulusi tsa hae ’me a re, ‘Kea tseba hore ho tlameha e be ho na le ntho e hlokang ho lokisoa. Ke eng?’ Monna eo o rateha hakaakang pelong ea ka ka lebaka la ho lokisa lemati le neng le tšoere ka nqekeisane le ka ho lokisa thepa e ’ngoe ea motlakase!”—Bapisa le Jakobo 1:27.
E ba le kamohelo e mofuthu ea baeti: Bibele ea re hopotsa, “Le se ke la lebala ho amohela baeti.” (Ba-Heberu 13:2) Haholo-holo re lokela ho hopola ho ba le kamohelo e mofuthu ea baeti ho ba sareloang. Ho e-na le memo ea “u ka tla nako efe le efe,” beha letsatsi le nako. Haeba ba hana, se ke ua tela habonolo. Ho ka ’na ha hlokahala khothatso e bonolo. Mohlomong ba hana memo ea hao hobane ba tšaba ho lahleheloa ke ho laola maikutlo a bona ka pel’a ba bang. Kapa ba ka ’na ba ikutloa ba le molato ka ho thabela lijo le botsoalle ka nako e joalo. Hopola mosali ea nang le kamohelo e mofuthu ea baeti Lydia ea boletsoeng ka Bibeleng. Ka mor’a ho memeloa ha hae, Luka o re, “A tiisa hore rea tla.”—Liketso 16:15, NW.
E ba ea mamellang le ea utloisisang: U se ke ua makatsoa haholo ke seo ea shoetsoeng a ka ’nang a se bua ka lekhetlo la pele. Hopola, ba ka ’na ba ikutloa ba halefile ba bile ba le molato. Haeba ba tšollela bohale ba bona ho uena, ho tla u hloka temohisiso le mamello hore u se ke ua arabela ka ho khopeha. “Aparang maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko, mosa, kelello e ikokobelitseng, bonolo, le tiisetso,” ke seo Bibele e se buellang.—Ba-Kolosse 3:12, 13, NW.
Ngola lengolo: Hangata ho hlokomolohuoa bohlokoa ba lengolo la matšeliso kapa karete ea kutloelo-bohloko. Molemo oa lona ke ofe? Cindy, ea ileng a lahleheloa ke ’mè oa hae ka lebaka la kankere, oa arabela: “Motsoalle e mong o ile a ’ngolla lengolo le monate. Ka sebele hoo ho ile ha nthusa hobane ke ne nka le bala khafetsa.” Lengolo le joalo kapa karete ea khothatso li ka ’na tsa e-ba ‘khutšoanyane,’ empa li lokela ho senola pelo ea hao. (Ba-Heberu 13:22) Le ka bolela hore ua tsotella le hore u arolelana mehopolo e khethehileng ka mofu, kapa le ka bontša kamoo bophelo ba hao bo ileng ba angoa ke motho ea shoeleng.
Rapela le bona: U se ke ua khella fatše bohlokoa ba lithapelo tsa hao le ba shoetsoeng le ho ba rapella. Bibele e re: “Thapelo ea ea lokileng e na le matla a maholo.” (Jakobo 5:16) Ka mohlala, ha ba utloa u ba rapella ho ka ba thusa ho hlōla maikutlo a fosahetseng a joaloka ho ikutloa ba le molato.—Bapisa le Jakobo 5:13-15.
Seo U sa Lokelang ho se Etsa . . .
Se ke ua ba hōle hobane u sa tsebe seo u ka se buang kapa ua se etsa: ‘Ke na le bonnete ba hore hona joale ba batla ho ba bang,’ re ka ’na ra ipolella joalo. Empa mohlomong ’nete ke hore re ba hōle hobane re tšaba ho bua kapa ho etsa ntho e fosahetseng. Leha ho le joalo, ho qojoa ke metsoalle, beng ka uena, kapa balumeli ’moho le uena ho etsa feela hore ea shoetsoeng a ikutloe a le bolutu, ho ekelletsang bohlokong boo a nang le bona. Hopola, mantsoe le liketso tse mosa ka ho fetisisa hangata ke tse bonolo ka ho fetisisa. (Ba-Efese 4:32) Ho ba teng ha hao feela e ka ba mohloli oa khothatso. (Bapisa le Liketso 28:15.) Ha a hopola letsatsi leo morali oa hae a shoeleng ka lona, Teresea o re: “Ka hora feela, phaseje ea sepetlele e ne e tletse metsoalle ea rōna; baholo bohle le basali ba bona ba ne ba le teng. Basali ba bang ba ne ba ntse ba e-na le lintho tse lokisang moriri, ba bang ba le liphahlong tseo ba sebetsang ka tsona. Ba ile ba tlohela ntho e ’ngoe le e ngoe ’me ba tla. Ba bangata ba bona ba ile ba re bolella hore ba ne ba sa tsebe hore na ba re’ng, empa ho ne ho se na taba hobane ba ne ba le teng.”
Se ke ua ba qobella hore ba khaotse ho sareloa: ‘Butle, butle, hanyenyane, se k’a lla,’ re ka ’na ra batla ho rialo. Empa ho ka ’na ha e-ba molemo ho tlohella meokho e tšolohe. Katherine, ha a nahana ka lefu la monna oa hae, o re: “Ke nahana hore ke habohlokoa ho lumella ba shoetsoeng ho bontša maikutlo a bona le hona ba hle ba a ntše.” Hanela tšekamelo ea ho bolella ba bang hore na ba lokela ho ikutloa joang. Le teng u se ke ua nka hore u lokela ho pata maikutlo a hao e le hore u ka sireletsa a bona. Ho e-na le hoo, Bibele e khothalletsa hore “le lle le ba llang.”—Ba-Roma 12:15.
Se ke ua potlakela ho ba eletsa hore ba lahle liphahlo kapa thepa e ’ngoe ea botho ea mofu pele ba lokela seo: Re ka ’na ra ikutloa hore ho ne ho tla ba molemo hore ba lahle lintho tse ba hopotsang ka eena hobane ka tsela e ’ngoe ba lelefatsa ho sareloa hoo. Empa polelo e reng “Se sa bonoeng, se tsoa kelellong” e ka ’na ea se ke ea sebetsa mona. Motho ea shoetsoeng a ka ’na a batla ho lebala mofu butle-butle. Hopola tlhaloso ea Bibele ka boitšoaro ba mopatriareka Jakobo ha a ne a etsoa hore a lumele hore mora oa hae e monyenyane Josefa o bolailoe ke phoofolo e hlaha. Ka mor’a hore seaparo se selelele sa Josefa se tšetsoeng ka mali se hlahisoe ho eena, Jakobo o ile a “llela mora oa hae ka litšiu tse ngata. Bara ba hae kaofela, le barali ba hae kaofela, ba tla ho mo tšelisa, empa a hana ho itšelisa.”—Genese 37:31-35.
Se ke ua re, ‘U ka ba le ngoana e mong’: “Ke ne ke hlonamela batho ba mpolellang hore nka ba le ngoana e mong,” ho hopola ’mè ea ileng a lahleheloa ke ngoana ka lefu. E ka ’na eaba ba ne ba e-na le maikutlo a matle, empa ho motsoali ea saretsoeng, mantsoe a ka fanang ka maikutlo a hore ngoana ea hlokahetseng a ka nkeloa sebaka ke e mong a ka “hlaba joalo ka tsenene.” (Liproverbia 12:18) Ngoana e mong le ka mohla a ke ke a nkela e mong sebaka. Hobane’ng? Hobane e mong le e mong oa ikhetha.
Se ke ua qoba ho bua ka ea hlokahetseng leha ho sa hlokahale: “Batho ba bangata ba ne ba sa bitse le lebitso la mora oa ka Jimmy kapa ho bua ka eena,” ho hopola ’mè e mong. “Ke tlameha ho lumela hore ke ne ke batla ke utloa bohloko ha ba bang ba etsa joalo.” Kahoo se ke ua batla ho fetola moqoqo leha ho sa hlokahale ha ho bitsoa lebitso la mofu. Botsa motho eo hore na o batla ho bua ka moratuoa oa hae na. (Bapisa le Jobo 1:18, 19 le 10:1.) Batho ba bang ba shoetsoeng ba ananela ho utloa metsoalle e bolela litšoaneleho tse khethehileng tseo ba neng ba li rata ho ea hlokahetseng.—Bapisa le Liketso 9:36-39.
Se ke ua potlakela ho re, ‘Ho bile molemo’: Ho leka ho fumana molemo o itseng ka lefu hase kamehla ho “tšelisang ho liphefumolohi tse tepelletseng” tse saretsoeng. (1 Ba-Thessalonika 5:14, NW) Ha a hopola ha ’mè oa hae a e-shoa, mosali e mong e monyenyane o ile a re: “Ba bang ba ne ba ee ba re, ‘Ha a sa utloa bohloko’ kapa, ‘Bonyane o khotsong.’ Empa ke ne ke sa batle ho utloa seo.” Litlhaloso tse joalo ho ba phelang li ka ’na tsa fana ka maikutlo a hore ha baa lokela ho ikutloa ba hloname kapa hore tahlehelo eo e ne e sa re letho. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ba ikutloa ba hlomohile haholo kahobane ba hlolohetsoe moratuoa oa bona haholo.
Ho ka ba molemo ha u sa re, ‘Kea tseba hore na u ikutloa joang’: Na u hlile ua tseba? Ka mohlala, na u ka hla ua tseba seo motsoali a se utloang ha ngoana a e-shoa haeba ha u e-s’o lahleheloe ke eena? ’Me esita le haeba ho joalo, hlokomela hore ba bang ba ka ’na ba se ke ba ikutloa hantle ka tsela eo u ikutloang ka eona. (Bapisa le Lillo tsa Jeremia 1:12.) Ka lehlakoreng le leng, haeba ho bonahala ho loketse, ho ka ’na ha e-ba le molemo o itseng ka ho bolela kamoo u ileng ua hlaphoheloa kateng ha u lahleheloa ke moratuoa oa hao. Mosali e mong eo morali oa hae a neng a shoele o ile a ho fumana ho mo tiisa ha ’mè oa ngoanana e mong ea neng a shoele a mo bolella ka ho khutlela ha hae bophelong bo tloaelehileng. O ile a re: “’Mè oa ngoanana ea shoeleng ha aa ka a qala taba ea hae ka ho re ‘kea tseba hore na u ikutloa joang.’ O ile a mpolella feela kamoo lintho li neng li le kateng ka lehlakoreng la hae ’me a etsa hore ke inahanele hore na li nkama joang.”
Ho thusa motho ea shoetsoeng ho hloka kutloelo-bohloko, temoho, le lerato le leholo ka lehlakoreng la hao. Se ke ua emela hore ea shoetsoeng a tle ho uena. Se ke ua re feela, “Haeba ho e-na le ntho eo nka e etsang . . .” Iphumanele eona “ntho eo,” ’me ebe u nka mehato e loketseng.
Ho sala lipotso tse seng kae: Ho thoe’ng ka tšepo ea Bibele ea tsoho? E ka bolela eng ho uena le moratuoa oa hao ea shoeleng? Re ka tiisa joang hore ke tšepo e tšepahalang?
Lipotso tse ka Nahanisisoang
Ke hobane’ng ha ho le molemo ho kopanela bohloko ba ea shoetsoeng ka ho mamela?
Ke lintho life tseo re ka li etsang ho tšelisa ea saretsoeng?
Ke eng eo re lokelang ho e qoba kapa ho e etsa ho ea bofifing?
[Lebokose le leqepheng la 25]
Ho Thusa Bana ho Sebetsana le Lefu
Ha lefu le hlaha ka lapeng, batsoali hammoho le ba bang ba seng le metsoalle hangata ha ba tsebe seo ba lokelang ho se bua kapa ho se etsa ho thusa bana hore ba sebetsane ka katleho le se etsahetseng. Empa, bana ba hloka ba baholo hore ba ba thuse bo sebetsana le lefu. Nahana ka lipotso tse ling tse tloaetseng ho botsoa ka ho thusa bana ho utloisisa lefu.
U hlalosa lefu joang ho bana? Ke habohlokoa ho hlalosa litaba ka mantsoe a bonolo. Le hona e le ’nete. Se ke ua tsila-tsila ho sebelisa mantsoe a sebele, a kang “ho shoa” le “lefu.” Ka mohlala, u ka ’na ua lula fatše le ngoana, ua mo nka ’me ua re: “Ho na le ntho e bohloko haholo e etsahetseng. Ntate o ile a kula haholo a tšoeroe ke lefu le sa tšoareng batho ba bangata [kapa eng kapa eng eo u tsebang hore ke ’nete], ’me o shoele. Hase molato oa mang kapa mang hore ebe o shoele. Re tla mo hloloheloa haholo hobane re ne re mo rata, ’me le eena o ne a re rata.” Leha ho le joalo, ho ka ba molemo ho hlalosetsa ngoana eo hore eena kapa motsoali oa hae ea phelang a ke ke a shoa hobane feela ka linako tse ling a kula.
Ba khothalletse ho botsa. Ba ka ’na ba botsa, ‘Ho shoa ke eng?’ U ka ’na ua arabela ka tsela ena: “‘Ho shoa’ ho bolela hore ’mele o khaolitse ho sebetsa ’me o ke ke oa etsa lintho tseo o neng o tloaetse ho li etsa—o ke ke oa bua, oa bona, kapa oa utloa, le hore o ke ke oa utloa letho ha o thetsoa.” Motsoali ea lumelang tšepiso ea Bibele ea tsoho a ka sebelisa monyetla ona ho hlalosa hore Jehova Molimo o hopola ea hlokahetseng ’me a ka mo khutlisetsa bophelong Paradeiseng e tlang ea lefatšeng. (Luka 23:43; Johanne 5:28, 29)—Bona karolo “Tšepo e Tiileng Bakeng sa Bafu.”
Na ho na le ntho eo u sa lokelang ho e bua? Ha ho thuse hore u re mofu o nkile leeto le lelelele. Ngoana o amehile haholo ka ho tšaba ho lahloa, haholo-holo ha motsoali a shoele. Ho bolelloa hore mofu o nkile leeto ho ka ’na ha tiisa boikutlo ba ngoana ba ho lahloa ’me a ka ’na a re: ‘Nkhono o tsamaile, ’me ha a ka a re le hore feela sala hantle!’ Hape, ela hloko bana ba banyenyane hore u se ke ua re ea hlokahetseng o robetse. Bana ba na le tšekamelo ea ho nka ntho joalokaha e le joalo. Haeba ngoana a nka hore boroko bo lekana le lefu, a ka ’na a tšaba ho ea robala bosiu.
Na bana ba lokela ho ba teng litšebeletsong tsa lepato? Batsoali ba lokela ho nahanela maikutlo a bana. Haeba ba sa batle ho ea, se ke ua ba qobella kapa ka tsela leha e le efe ua etsa hore ba ikutloe ba le molato ha ba sa ee. Haeba ba batla ho ea, ba fe tlhaloso e batsi ka se tla etsahala, ho akarelletsa le hore na ho tla ba le lekese le hore na le tla be le butsoe kapa le koetsoe. Hape, hlalosa hore ba ka ’na ba bona batho ba bangata ba lla kahobane ba utloile bohloko. Hape, ba lumelle ba botse lipotso. Hape u ba tiisetse hore ba ka tsamaea haeba ba hloka.
Bana ba itšoara joang ha lefu le hlahile? Hangata bana ba ikutloa ba ikarabella bakeng sa lefu la moratuoa. Kahobane ngoana ka nako e ’ngoe a ne a kile a ikutloa a halefetse motho eo ea shoeleng, ngoana eo a ka ’na a lumela hore menahano eo ea ho halefa kapa mantsoe a bakile lefu. Ho ka ’na ha hlokahala hore u fane ka matšeliso: ‘Menahano ea hao le mantsoe hase tsona tse etsang hore batho ba kule, hape ha li etse hore batho ba shoe.’ Ngoana e monyenyane a ka hloka tiisetso e joalo nako le nako.
Na u lokela ho patela bana ho sareloa ha hao? Ho lla ka pel’a bana ho tloaelehile ebile ho kolekela bophelong bo botle. Ntle ho moo, e batla e le ntho e ke keng ea etsahala ho patela bana maikutlo a hao ka ho feletseng; ba na le tšekamelo ea ho lemoha haholo ’me hangata ba ka utloa hore ho na le ho hong ho phoso. Ka ho tšepahala ka ho sareloa ha hao ho ba tsebisa hore ho tloaelehile ho sareloa le ho bontša maikutlo a hao ka linako tse ling.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Haeba u lemoha tlhokahalo ea sebele, se ke ua emela hore u kōpuoe—nka mehato e loketseng
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho ba teng ha hao sepetlele ho ka khothatsa ba shoetsoeng