Kingdom News No. 34
Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Tletse Mathata Hakaale?
Na ho ka khoneha hore ho be le paradeise e se nang likhathatso?
KE HOBANE’NG HA MATHATA A TEBILENG A MPEFALA?
Batho ba ’nile ba e-ba le mathata. Le hoja ba bangata ba ile ba nahana hore theknoloji ea mehleng ena e ne e ka a rarolla, mathata a tebileng a ntse a mpefala.
Bokebekoa: Ba bangata ba ikutloa ba sa sireletseha ha ba tsamaea literateng esita leha ba lutse ka malapeng a bona. Naheng e ’ngoe ea Europe, hoo e ka bang motho a le mong ho ba bararo selemong sa morao tjena o ile a hlaseloa ke likebekoa.
Tikoloho: Tšilafalo ea moea, mobu, le metsi e sabaletse ka ho eketsehileng. Lichabeng tse hōlang moruong, karolo ea bone ea batho ha e fumane metsi a hloekileng.
Bofutsana: Batho ba futsanehileng le ba lapileng ba eketsehile ho feta neng kapa neng. Linaheng tse ling batho ba ka holimo ho karolo ea 90 lekholong ke mafutsana; karolo ea 30 lekholong ea basebetsi ba lefatše, hoo e ka bang batho ba limilione tse 800, e hloka mesebetsi kapa e sebetsa mesebetsi e lefang meputso e tlaase—’me palo ena ea hōla.
Tlala: Esita le haeba uena u e-na le lijo tse lekaneng, ba limilione tse eketsehang ha ba na tsona. Ka lebaka la tlala, selemo ka seng linaheng tse hōlang moruong, bonyane ho shoa batho ba limilione tse 13, boholo ba bona e le bana.
Ntoa: Ba makholo a likete ba bolailoe pefong ea morao tjena ea merabe. ’Me lekholong la bo20 la lilemo, batho ba fetang limilione tse lekholo ba shoele ka lebaka la lintoa.
Mathata a Mang: Eketsa mathata a ka holimo ka ho qhalana ha malapa ho ntseng ho hōla, bo-’mè ba sa nyaloang ba ntseng ba eketseha, ho hloka bolulo ho ntseng ho eketseha, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e jeleng setsi, ho ata ha boitšoaro bo bobe. Ka nepo, eo e kileng ea e-ba setho sa k’habinete ea United States o ile a re: “Ho na le matšoao a mangata haholo a . . . tšenyeho ea tsoelo-pele.” Lilemong tse sa tsoa feta tse 30, baahi ba United States ba ile ba eketseha ka karolo ea ba 41 lekholong, empa bokebekoa bo mabifi bo ile ba phahama haholo ka karolo ea 560 lekholong, bana ba matšeo ka karolo ea 400 lekholong, litlhalano ka karolo ea 300 lekholong, ho ipolaea ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ka tekanyo e fetang karolo ea 200 lekholong. Boemo boa tšoana le lichabeng tse ling.
Ke Hobane’ng ha Mathata a Mpefetse?
’Mōpi oa rōna o fana ka karabo. Lentsoe la hae le bitsa linako tsena tse tletseng mathata ‘mehla ea qetello,’ ea ha ho ne ho tla ba le ‘linako tse bohloko.’ (2 Timothea 3:1) Mehla ea qetello ea eng? Ha e le hantle, Bibele e bua ka “ho fela ha lefatše.”—Mattheu 24:3.
Mathata a kajeno a hōlang ke bopaki bo bonahalang ba hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo haufi, ho kopanyelletsa le ho fela ha bokhopo le ba bo etsang. (Mattheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:7-12) Haufinyane Molimo o tla kenella ’me a bone hore mathata ’ohle a kajeno a rarolloa ka ho feletseng.—Jeremia 25:31-33; Tšenolo 19:11-22.
MALUMELI A LEFATŠE LENA A HLŌLEHILE
Ho e-na le hore litsamaiso tsa lefatše lena tsa bolumeli li thuse ho rarolla mathata a kajeno, lia ekelitse. Nakong ea lintoa, Mak’hatholike a bolaea Mak’hatholike, Maprostanta a bolaea Maprostanta—ka limilione. Eseng khale haholo Rwanda, moo batho ba bangata e leng Mak’hatholike, batho ba ile ba bolaeana ka makholo a likete! (Bona setšoantšo ka letsohong le letšehali.)
Na Jesu o ne a ka ea ntoeng a tšoere sethunya kapa koakoa eaba o bolaea barutuoa ba hae hobane sechaba sa habo bona se sa tšoane le sa habo? Ho hang o ne a ke ke! Bibele e re: “Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo.” (1 Johanne 4:20, 21) Malumeli a lefatše lena a hlōlehile ho etsa joalo. ‘Ka molomo a bolela hore a tseba Molimo, empa a o latola ka liketso.’—Tite 1:16.
Ho feta moo, ka hore a se ke a tiea ho phahamiseng litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro, malumeli a lefatše a tlatsetsa ho oeng ho tšosang ha boitšoaro lefatšeng ka bophara.
Jesu o ile a re u ne u ka khetholla bolumeli ba bohata ho ba ’nete ‘ka seo bo se behang’—ka seo litho tsa bona li se etsang. O boetse a re: “Sefate se seng le se seng se sa beheng litholoana tse [molemo], se tla rengoa se lahleloe mollong.” (Mattheu 7:15-20, bapisa le New World Translation of the Holy Scriptures.) Lentsoe la Molimo le re khothaletsa hore re balehe bolumeli bo behang litholoana tse mpe ’me ka hona bo lebane le timetso.—Tšenolo 18:4.
Bolumeli ba ’Nete ha boa Hlōleha
Bolumeli ba ’nete bo “beha litholoana tse [molemo],” haholo-holo ea lerato. (Mattheu 7:17, bapisa le NW; Johanne 13:34, 35.) Ke sehlopha sefe se kopaneng sa baena ba Bakreste ba machaba se sebelisang lerato le joalo? Ke bafe ba hanang ho bolaea batho ba bolumeling bo le bong le bona, kapa motho leha e le ofe?—1 Johanne 3:10-12.
Lipaki tsa Jehova li tumme ka ho beha “litholoana tse molemo” joalo. Lefatšeng lohle, linaheng tse fetang 230, ‘li teile liphehla tsa tsona tsa ntoa mehoma.’ (Esaia 2:4) Lerato la tsona ho batho le boetse le bontšoa ka boikokobetso ba tsona taelong ea Kreste ea ho bolela “evangeli” ea ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. (Mattheu 24:14) Hape li sebelisa boitšoaro bo phahameng bo rutoang ka Bibeleng ebile lia bo buella.—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Bolumeli ba ’nete ha boa hlōleha. Bo supisa batho ho A le Mong feela ea nang le tsebo ea ho rarolla mathata a moloko oa batho. Haufinyane Eo o tla tlisa lefatše le lecha ka ho feletseng. Ke mang eena Eo? (Ak’u shebe leqepheng le qetellang.)
PARADEISE E SE NANG LIKHATHATSO KE NTHO EA ’NETE
Haeba u ne u ka khona, na u ne u ke ke ua rarolla mathata ’ohle a hlaselang moloko oa batho? Ho hlakile hore u ne u tla a rarolla! Na re lokela ho nahana hore ’Mōpi oa rōna ea lerato, eena feela ea nang le matla le bohlale bakeng sa ho rarolla mathata a moloko oa batho, o tla etsa ho ka tlaase ho moo?
Bibele e senola hore Molimo o tla kenella litabeng tsa batho ka ’muso oa hae oa leholimo o matsohong a Jesu Kreste. O tla “robaka” mebuso e bolileng e teng lefatšeng. (Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10) Ka lebaka lefe? Mopesaleme oa araba, a lebisitse taba ho Molimo: “Ba tle ba tsebe hore uena eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 83:18.
Ha lefatše lena le fela, na ho tla ba le baphonyohi? Bibele e re: “Lefatše lea feta, . . . empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Baphonyohi baa ba tla phela hokae ka ho sa feleng? Bibele ea araba: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:9-11, 29; Liproverbia 2:21, 22.
Lefatšeng le lecha la Molimo, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Tšenolo 21:4) Ha ho sa tla ba le bokebekoa, bofutsana, tlala, ho kula, masoabi, kapa lefu! Ka sebele, le bona bafu ba tla phela hape! “Tsoho ea bafu e tla ba teng.” (Liketso 24:15) ’Me lefatše ka bolona le tla fetoloa paradeise ea sebele.—Esaia 35:1, 2; Luka 23:43.
Re tlameha ho etsa’ng e le hore re thabele bophelo lefatšeng le lecha la Molimo? Jesu o itse: “Bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Batho ba limilione ba tšepahalang lefatšeng lohle ba ntse ba fumana tsebo ena. Sena se ba nolofaletsa hore hona joale ba atlehe ho sebetsana le mathata a mangata a bona a botho, empa habohlokoa haholo, se ba kholisa ka ho feletseng hore mathata a phahametseng matla a bona hore ba a rarolle a tla phekoloa ka ho feletseng lefatšeng le lecha la Molimo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
WHO photo by P. Almasy
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Jerden Bouman/Sipa Press