Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kl khao. 3 maq. 23-31
  • Molimo oa ’Nete ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo oa ’Nete ke Mang?
  • Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOLIMO OA ’NETE O NA LE LEBITSO
  • LEBAKA LEO U LOKELANG HO SEBELISA LEBITSO LA MOLIMO
  • LITŠOANELEHO TSA MOLIMO OA ’NETE
  • “MOLIMO O MOHAU, O LEREKO”
  • O LIEHA HO HALEFA, HA A LEEME, ’ME O LOKILE
  • ‘JEHOVA MOLIMO OA RŌNA A ’NOTŠI’
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Molimo o na le Lebitso
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Jehova—Molimo oa ’Nete le ea Phelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
kl khao. 3 maq. 23-31

Khaolo ea 3

Molimo oa ’Nete ke Mang?

1. Ke hobane’ng ha ba bangata ba lumellana le mantsoe a qalang a Bibele?

Ha u sheba holimo bosiu leholimong le hlakileng, na ha u hlolloe ke ho bona linaleli tse ngata hakaale? Ha u nahana li bile teng joang? Hape ho thoe’ng ka lintho tse phelang lefatšeng​—⁠lipalesa tse mebala-bala, linonyana ka lipina tsa tsona tse monate, marua-rua a matla a tlōlang leoatleng? Lethathamo ke le sa feleng. Tsena tsohle ha lia itlhahela feela ka tsietsi. Hase feela ba bangata ba lumellanang le mantsoe a qalang a Bibele: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše”!​—⁠Genese 1:⁠1.

2. Bibele e re’ng ka Molimo, ’me e re khothalletsa ho etsa eng?

2 Moloko oa batho o arohane haholo tabeng ea Molimo. Ba bang ba nahana hore Molimo ke matla a se nang sebōpeho. Ba limilione ba rapela baholo-holo ba shoeleng, ba lumela hore Molimo o hōle haholo hore a ka atameloa. Empa Bibele e senola hore Molimo oa ’nete ke motho oa sebele ea bontšang ho re thahasella ka mofuthu re le batho ka bomong. Ke ka lebaka leo e re khothalletsang hore re “batle Molimo,” e re: ‘Ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’​—⁠Liketso 17:⁠27.

3. Ke hobane’ng ha ho ke ke ha etsahala hore re etse setšoantšo sa Molimo?

3 Molimo o shebahala joang? Ba seng bakae ba bahlanka ba hae ba bone lipono tsa boteng ba hae bo khanyang. Ho tsona o itšoantšelitse a lutse holim’a terone, khanya e ke keng ea lekanngoa e hlaha ho eena. Leha ho le joalo, ba ileng ba bona lipono tse joalo ha ho mohla ba kileng ba hlalosa sefahleho se ikhethang. (Daniele 7:​9, 10; Tšenolo 4:​2, 3) Ke kahobane “Molimo ke Moea”; ha a na ’mele oa nama. (Johanne 4:​24) Ha e le hantle, ho ke ke ha etsahala hore re etse setšoantšo se nepahetseng se bonahalang sa ’Mōpi oa rōna, hobane “Molimo ha oa ka oa bonoa ke motho le ka mohla o le mong.” (Johanne 1:​18; Exoda 33:​20) Leha ho le joalo, Bibele e re ruta ho hongata ka Molimo.

MOLIMO OA ’NETE O NA LE LEBITSO

4. Tse ling tsa litlotla tse nang le moelelo tse sebelisoang ho Molimo ke life ka Bibeleng?

4 Ka Bibeleng, Molimo oa ’nete o khetholloa ka lipolelo tse kang “Molimo o matla ’ohle,” “Mookameli ea phahameng,” “’Mōpi e Moholo,” “Morupeli e Moholo,” “Morena ea Matla a Phahameng ka ho Fetisisa,” le “Morena oa bosafeleng.” (Genese 17:⁠1; Pesaleme ea 50:​14; Moeklesia 12:⁠1, NW; Esaia 30:​20, NW; Liketso 4:​24; 1 Timothea 1:​17) Ho thuisa ka litlotla tse joalo ho ka re thusa ho hōla tsebong ea Molimo.

5. Lebitso la Molimo ke mang, hona le hlaha hangata hakae ka Mangolong a Seheberu?

5 Leha ho le joalo, Molimo o na le lebitso le ikhethang le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a Seheberu feela​—⁠hangata ho feta leha e le efe ea litlotla tsa hae. Lilemo tse ka bang 1 900 tse fetileng, Bajode ka tumela-khoela ba ile ba khaotsa ho bitsa lebitso leo la bomolimo. Seheberu sa Bibele se ne se ngoloa ntle ho liluma-nosi. Kahoo, ha ho tsela eo ho ka neptjoang hantle hore na Moshe, Davida, kapa ba bang ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba bitsa liluma-’moho (יהוה) tseo tse ’nè tse etsang lebitso la bomolimo joang. Litsebi tse ling li hlahisa hore lebitso la Molimo e ka ’na eaba le ne le bitsoa “Yahweh,” empa ha ba na bonnete. Mokhoa oo “Jehovah” e bitsoang ka oona ka Senyesemane o ’nile oa sebelisoa ka makholo a lilemo ’me ho bitsoa ho tšoanang ka lipuo tse ngata ho amohetsoe hohle kajeno.​—⁠Bona Exoda 6:⁠3 le Esaia 26:⁠4.

LEBAKA LEO U LOKELANG HO SEBELISA LEBITSO LA MOLIMO

6. Pesaleme ea 83:​18 e re’ng ka Jehova, hona ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa lebitso la hae?

6 Lebitso le ikhethang la Molimo, Jehova, le sebeletsa ho mo khetholla ho melimo e meng eohle. Ke ka lebaka leo lebitso leo le hlahang hangata hakana ka Bibeleng, haholo-holo tabeng e ngotsoeng ea Seheberu. Bafetoleli ba bangata ba hlōleha ho sebelisa lebitso lena la bomolimo, empa Pesaleme ea 83:​18 ka ho hlakileng e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.” Kahoo ho loketse hore re sebelise lebitso la botho la Molimo ha re bua ka eena.

7. Se boleloang ke lebitso Jehova se re ruta eng ka Molimo?

7 Lebitso Jehova ke sebōpeho sa leetsi la Seheberu le bolelang “ho ba.” Kahoo, lebitso la Molimo le bolela “O Etsa hore Ho be.” Kahoo Jehova Molimo o ikhetholla e le Moreri e Moholo. Kamehla o etsa hore merero ea hae e be ’nete. Ke Molimo oa ’nete feela eo ka nepo a ka bang le lebitso lena, hobane ha ho mohla batho ba ka tiisang hore merero ea bona e tla atleha. (Jakobo 4:​13, 14) Ke Jehova feela ea ka reng: “Ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”​—⁠Esaia 55:⁠11.

8. Jehova o ile a tsebahatsa morero ofe ka Moshe?

8 Bapatriareka ba Baheberu Abrahama, Isaaka, le Jakobo ka mong ba ile ba “rapela lebitso la Jehova,” empa ha baa ka ba tseba bohlokoa bo feletseng ba lebitso leo la bomolimo. (Genese 21:​33; 26:​25; 32:⁠9; Exoda 6:⁠3) Hamorao ha Jehova a senola morero oa hae oa ho lokolla litloholo tsa bona, Baiseraele, bokhobeng Egepeta le ho ba fa “lefatše le kollang lebese le linotši,” sena se ne se bonahala se ka ’na sa se ke sa etsahala. (Exoda 3:​17) Leha ho le joalo, Molimo o ile a hatisa bohlokoa bo sa feleng ba lebitso la hae ka ho bolella moprofeta Moshe: “U tle u re ho bana ba Iseraele: Jehova, Molimo oa bo-ntat’a lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, ’me ke eona khopotso ea ka melokong le melokong.”​—⁠Exoda 3:⁠15.

9. Faro o ile a talima Jehova joang?

9 Moshe o ile a kōpa Faro, morena oa Egepeta, hore a lumelle Baiseraele ho ea rapela Jehova lehoatateng. Empa Faro, eo ka boeena a neng a talingoa e le molimo le ea neng a rapela melimo e meng ea Egepeta, a arabela: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae, ’me ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.”​—⁠Exoda 5:⁠1, 2.

10. Egepeta ea boholo-holo, Jehova o ile a nka bohato bofe ho phethahatsa morero oa hae o amang Baiseraele?

10 Joale Jehova a nka bohato bo tsoelang pele ho phethahatsa morero oa hae, a nka bohato tumellanong le se boleloang ke lebitso la hae. O ile a tlisetsa Egepeta ea boholo-holo likotlo tse leshome. Kotlo ea ho qetela e ile ea bolaea matsibolo ’ohle a Egepeta, ho akarelletsa le mora oa Faro ea ikhohomosang. Joale Baegepeta ba ne ba labalabela hore Iseraele e tsamaee. Leha ho le joalo, Baegepeta ba bang ba ile ba khahloa ke matla a Jehova hoo ba ileng ba ikopanya le Baiseraele ha ba tloha Egepeta.​—⁠Exoda 12:​35-⁠38.

11. Jehova o ile a etsa mohlolo ofe Leoatleng le Lefubelu, ’me lira tsa hae li ile tsa qobelloa ho lumela eng?

11 Faro ea manganga le lebotho la hae la ntoa, le nang le makoloi a ntoa a makholo, a tloha ho ea hapa makhoba a hae hape. Ha Baegepeta ba atamela haufi, ka mohlolo Molimo a arola Leoatle le Lefubelu hore Baiseraele ba ka tšela moo ho ommeng. Ha ba ba phalletseng ba kena ka leoatleng, Jehova a ’na a “pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaisoe ka boima.” Bahlabani ba Baegepeta ba hoeletsa: “A re baleheleng ba-Iseraele, hobane Jehova oa ba loanela, o loantša ba-Egepeta.” Empa metsotso e ne e jele babeli. Marako a maholo a metsi a loebehlana ’me a “koahela makoloi le bakalli le lekhotla lohle la Faro.” (Exoda 14:​22-25, 28) Kahoo Jehova o ile a iketsetsa lebitso le leholo, ’me ketsahalo eo ha e e-⁠s’o lebaloe ho tla fihlela kajeno.​—⁠Joshua 2:​9-⁠11.

12, 13. (a) Lebitso la Molimo le na le moelelo ofe ho rōna kajeno? (b) Ho hlokahala hore batho ba ithute eng ka potlako, hona hobane’ng?

12 Lebitso leo Molimo a iketselitseng lona le bolela ho hoholo ho rōna kajeno. Lebitso la hae, Jehova, le ema e le tiiso ea hore sohle seo a se rerileng o tla etsa hore e be ’nete. Seo se akarelletsa ho finyella morero oa hae oa mathomo oa hore lefatše la rōna le fetohe paradeise. (Genese 1:​28; 2:⁠8) Ho finyella seo, Molimo o tla felisa bahanyetsi bohle ba borena ba hae kajeno, hobane o itse: “Ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.” (Ezekiele 38:⁠23) Joale Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho lokolla barapeli ba hae ho ba kenya lefatšeng le lecha la ho loka.​—⁠2 Petrose 3:⁠13.

13 Bohle ba batlang ho amoheloa ke Molimo ba tlameha ho ithuta ho ipiletsa lebitsong la hae ka tumelo. Bibele e-⁠ea tšepisa: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Baroma 10:​13) E, lebitso Jehova le na le ho hoholo hoo le ho bolelang. Ho ipiletsa ho Jehova e le Molimo oa hao le Molopolli ho ka u isa thabong e sa feleng.

LITŠOANELEHO TSA MOLIMO OA ’NETE

14. Bibele e totobatsa litšoaneleho life tsa motheo tsa Molimo?

14 Ho ithuta ka ho lopolloa ha Iseraele Egepeta ho totobatsa litšoaneleho tse ’nè tsa motheo tseo Molimo a nang le tsona ka ho leka-lekana ho phethahetseng. Litšebelisano tsa hae le Faro li ile tsa senola matla a hae a maholohali. (Exoda 9:​16) Tsela e babatsehang eo Molimo a ileng a sebetsa taba eo e rarahaneng ka eona e ile ea bontša bohlale ba hae bo sa lekanngoeng. (Baroma 11:​33) O ile a senola toka ea hae ha a liha kahlolo holim’a bahanyetsi ba manganga le bahatelli ba batho ba hae. (Deuteronoma 32:⁠4) Tšobotsi e ka sehloohong ea Molimo ke lerato. Jehova o ile a bontša lerato le ikhethang ka ho phethahatsa tšepiso ea hae mabapi le litloholo tsa Abrahama. (Deuteronoma 7:⁠8) O boetse a bontša lerato ka ho lumella Baegepeta ba bang hore ba lahle melimo ea bohata ’me ba rue molemo o moholo ka hore ba emele Molimo a le mong oa ’nete.

15, 16. Molimo o bontšitse lerato ka litsela life?

15 Ha u ntse u bala Bibele, u tla hlokomela hore lerato ke tšobotsi e ka sehloohong ea Molimo, ’me o e bonahatsa ka litsela tse ngata. Ka mohlala, e ne e le ka lebaka la lerato e bileng ’Mōpi ’me pele o ile a kopanela thabo ea bophelo le libōpuoa tsa moea. Mangeloi ao a makholo a limilione a rata Molimo ’me aa mo rorisa. (Jobo 38:​4, 7; Daniele 7:​10) Molimo o boetse a bontša lerato ka ho bōpa lefatše le ho le lokisa hore batho ba phele ho lona ba thabile.​—⁠Genese 1:​1, 26-28; Pesaleme ea 115:⁠16.

16 Re rua molemo leratong la Molimo ka litsela tse ngata hoo re sitoang ho li bala. Har’a tse ling, ka lerato Molimo o entse ’mele ea rōna ka tsela e babatsehang hoo re ka thabelang bophelo. (Pesaleme ea 139:​13, 14) Lerato la hae le bonahetse ka hore o fana ka “lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa [rōna] ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.” (Liketso 14:​17) Molimo o bile o “chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:​45) Lerato le boetse le susumelletsa ’Mōpi oa rōna hore a re thuse ho fumana tsebo ea Molimo le ho mo sebeletsa ka thabo re le barapeli ba hae. Ka sebele, “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:⁠8) Empa ho na le ho hongata haholo bothong ba hae.

“MOLIMO O MOHAU, O LEREKO”

17. Re ithuta eng ka Molimo ho Exoda 34:​6, 7?

17 Ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Leoatle le Lefubelu, ho ne ho ntse ho hlokahala hore ba tsebe Molimo hamolemo haholoanyane. Moshe o ile a utloa tlhokahalo ena ’me a rapela: “Joale hle, ha ekaba ke bone mohau ho uena, u tle u ntsebise le litsela tsa hao, ke tle ke u tsebe, ke fele ke bone mohau ho uena.” (Exoda 33:​13) Moshe o ile a tseba Molimo hamolemo ka mor’a hore a utloe phatlalatso ea Molimo ka boeena: “Ke ’na Jehova, Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe, o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.” (Exoda 34:​6, 7) Molimo o leka-lekanya lerato la hae ka toka, a sa sireletse baetsalibe ba ka boomo liphellong tsa phoso eo ba e entseng.

18. Jehova o ipakile a le mohau joang?

18 Joalokaha Moshe a ile a ithuta, Jehova o bontša mohau. Motho ea mohau o utloela ba mahlomoleng bohloko ’me o leka ho ba imolla. Kahoo Molimo o bontšitse kutloelo-bohloko ho moloko oa batho ka ho etsa tokisetso bakeng sa ho imoloha ka ho sa feleng mahlomoleng, ho kuleng, le lefung. (Tšenolo 21:​3-⁠5) Ka lebaka la maemo barapeli ba Molimo ba ka ’na ba oeloa ke litlokotsi lefatšeng lena le khopo, kapa ba ka ’na ba se ke ba nka bohato ka tsela e bohlale ’me ba tobana le bothata. Empa haeba ba retelehela ho Jehova ka boikokobetso bakeng sa thuso, o tla ba tšelisa le ho ba thusa. Hobane’ng? Hobane ka mohau o bontša ho hlokomela barapeli ba hae ka mofuthu.​—⁠Pesaleme ea 86:15; 1 Petrose 5:​6, 7.

19. Ke hobane’ng ha re ka re Molimo o lereko?

19 Batho ba bangata ba boholong ba tšoara ba bang ka thata. Ho fapana le hoo, Jehova o lereko hakaakang ho bahlanka ba hae ba ikokobelitseng! Le hoja e le eena ea nang le matla a ho laela a phahameng ka ho fetisisa bokahohleng, o bontša mosa o ikhethang ka tsela e akaretsang ho moloko oohle oa batho. (Pesaleme ea 8:​3, 4; Luka 6:​35) Jehova o boetse o lereko ho batho ka bomong, a arabela likōpo tsa bona tse tobileng bakeng sa ho amoheloa. (Exoda 22:​26, 27; Luka 18:​13, 14) Ha e le hantle, Molimo ha aa tlameha ho bontša kamohelo kapa mohau ho mang kapa mang. (Exoda 33:​19) Ka hona, ho hlokahala re bontše kananelo e tebileng bakeng sa mohau oa Molimo le lereko la hae.​—⁠Pesaleme ea 145:​1, 8.

O LIEHA HO HALEFA, HA A LEEME, ’ME O LOKILE

20. Ke eng e bontšang hore Jehova o lieha ho halefa ebile ha a leeme?

20 Jehova o lieha ho halefa. Leha ho le joalo, sena hase bolele hore ha a nke bohato, hobane o ile a etsa joalo ka ho timetsa Faro ea manganga le lebotho la hae Leoatleng le Lefubelu. Hape Jehova ha a leeme. Ka hona, batho ba hae bao a ba hauhetseng, Baiseraele, qetellong ba ile ba lahleheloa ke kamohelo ea hae ka lebaka la ho phehella ha bona ho etsa phoso. Molimo o amohela batho ba tsoang lichabeng tsohle e le barapeli ba hae, empa e le feela ba lumellanang le litsela tsa hae tse lokileng.​—⁠Liketso 10:​34, 35.

21. (a) Tšenolo 15:​2-⁠4 e re ruta eng ka Molimo? (b) Ke eng e tla re nolofalletsa ho etsa seo Molimo a reng se nepahetse?

21 Buka ea Bibele ea Tšenolo e totobatsa bohlokoa ba ho ithuta ka ‘melao-taelo e lokileng’ ea Molimo. E re bolella hore libōpuoa tsa leholimo lia bina: “E meholo ’me ea hlolla mesebetsi ea hao, Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle. Litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete, Morena oa bosafeleng. Ke mang eo ka sebele a se nang ho u tšaba, Jehova, le ho tlotlisa lebitso la hao, hobane ke uena feela ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng? Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao, hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.” (Tšenolo 15:​2-⁠4) Re bontša ho tšaba Jehova ka tsela e hahang, kapa ho mo hlompha, ka ho lumellana le seo a reng se nepahetse. Sena se nolofatsoa ke ho ikhopotsa bohlale ba Molimo le lerato la hae. Litaelo tsohle tsa hae li molemong oa rōna.​—⁠Esaia 48:​17, 18.

‘JEHOVA MOLIMO OA RŌNA A ’NOTŠI’

22. Ke hobane’ng ha ba amohelang Bibele ba sa rapele Boraro-bo-bong?

22 Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba rapela melimo e mengata, empa Jehova ke “Molimo ea batlang borapeli bo khethehileng.” (Exoda 20:⁠5, NW) Moshe o ile a hopotsa Baiseraele hore “Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši.” (Deuteronoma 6:⁠4, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Jesu Kreste o ile a pheta mantsoe ao. (Mareka 12:​28, 29) Ka hona, ba amohelang Bibele e le Lentsoe la Molimo ha ba rapele Boraro-bo-bong bo entsoeng ka batho ba bararo kapa melimo e meraro ho a le mong. Ha e le hantle, lentsoe “Boraro-bo-bong” ha le hlahe le ho hlaha ka Bibeleng. Molimo oa ’nete ke Motho a le mong, ea arohileng ho Jesu Kreste. (Johanne 14:​28; 1 Bakorinthe 15:​28) Moea o halalelang oa Molimo hase motho. Ke matla a sebetsang a Jehova, a sebelisoang ke Ea Matla ’Ohle ho phetha merero ea hae.​—⁠Genese 1:⁠2; Liketso 2:​1-4, 32, 33; 2 Petrose 1:​20, 21.

23. (a) Lerato la hao ho Molimo le tla hōla joang? (b) Jesu o ile a re’ng ka ho rata Molimo, ’me ho hlokahala re ithute eng ka Kreste?

23 Ha u nahana kamoo Jehova a babatsehang kateng, na ha u lumele hore o lokeloa ke hore re mo rapele? Ha u ntse u ithuta Lentsoe la hae, Bibele, u tla mo tseba hamolemo haholoanyane ’me u tla ithuta seo a se hlokang ho uena bakeng sa boiketlo ba hao ba ka ho sa feleng le thabo. (Matheu 5:​3, 6) Ho phaella moo, lerato la hao ho Molimo le tla hōla. Hoo ho loketse, hobane Jesu o itse: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:​30) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a e-⁠na le lerato le joalo ho Molimo. Empa Bibele e senola eng ka Jesu Kreste? Karolo ea hae ke efe morerong oa Jehova?

LEKA TSEBO EA HAO

Lebitso la Molimo ke mang, hona le sebelisoa hangata hakae ka Mangolong a Seheberu?

Ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa lebitso la Molimo?

Ke litšoaneleho life tsa Jehova Molimo tse ipiletsang ho uena ka ho khetheha?

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

U tseba ’Mōpi oa lintho tsohle hantle hakae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela