Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rq thuto 7 maq. 14-15
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ka Lithapelo Tseo Molimo a li Utloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
rq thuto 7 maq. 14-15

Thuto ea 7

Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rapela kamehla? (1)

Re lokela ho rapela mang, hona joang? (2, 3)

Ke lintho life tse loketseng bakeng sa thapelo? (4)

U lokela ho rapela neng? (5, 6)

Na Molimo o mamela lithapelo tsohle? (7)

1. Thapelo ke ho bua le Molimo ka boikokobetso. U lokela ho rapela Molimo kamehla. Kahoo u ka ikutloa u le haufi le eena joaloka motsoalle ea ratehang. Jehova o moholo haholo ebile o matla, empa o mamela lithapelo tsa rōna! Na u rapela Molimo kamehla?—Pesaleme ea 65:2; 1 Bathesalonika 5:17.

2. Thapelo ke karolo ea borapeli ba rōna. Kahoo, re lokela ho rapela Molimo feela, Jehova. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, kamehla o ne a rapela Ntate oa hae, e seng motho leha e le ofe. Re lokela ho etsa se tšoanang. (Matheu 4:10; 6:9) Leha ho le joalo, lithapelo tsohle tsa rōna li lokela ho etsoa ka lebitso la Jesu. Sena se bontša hore re hlompha boemo ba Jesu le hore re na le tumelo sehlabelong sa hae sa thekollo.—Johanne 14:6; 1 Johanne 2:1, 2.

3. Ha re rapela re lokela ho bua le Molimo ho tloha lipelong tsa rōna. Ha rea lokela ho etsa lithapelo tsa rōna ka ho li pheta ka hlooho kapa ho li bala bukeng ea lithapelo. (Matheu 6:7, 8) Re ka rapela re le boemong leha e le bofe bo hlomphehang, ka nako leha e le efe le sebakeng leha e le sefe. Molimo a ka utloa esita le lithapelo tse etsoang ka khutso ka lipelong tsa rōna. (1 Samuele 1:12, 13) Ho molemo ho fumana sebaka se khutsitseng thōko le batho ba bang hore re etse lithapelo tsa rōna tsa botho.—Mareka 1:35.

4. Ke lintho life tseo u ka li rapellang? Ntho leha e le efe e ka ’nang ea ama botsoalle ba hao le eena. (Bafilippi 4:6, 7) Thapelo ea mohlala e bontša hore re lokela ho rapella lebitso la Jehova le morero oa hae. Re ka boela ra rapella hore re fuoe lintho tse bonahalang tseo re li hlokang, hore libe tsa rōna li tšoareloe le thuso ea ho hanela moleko. (Matheu 6:9-13) Lithapelo tsa rōna ha ea lokela ho ba tsa boithati. Re lokela ho rapella feela lintho tse lumellanang le thato ea Molimo.—1 Johanne 5:14.

5. U ka rapela neng le neng ha pelo ea hao e u susumetsa hore u lebohe kapa u rorise Molimo. (1 Likronike 29:10-13) U lokela ho rapela ha u e-na le mathata ’me tumelo ea hao e lekoa. (Pesaleme ea 55:22; 120:1) Ho loketse ho rapela pele u e-ja lijo tsa hao. (Matheu 14:19) Jehova o re memela ho “rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe.”—Baefese 6:18.

6. Ho hlokahala hore re rapele haholo-holo haeba re entse sebe se tebileng. Linakong tse joalo re lokela ho kōpa mohau oa Jehova le tšoarelo ea hae. Haeba re bolela libe tsa rōna ho eena ’me re etsa sohle seo re ka se khonang hore re se ke ra li pheta, Molimo o lula a “loketse ho tšoarela.”—Pesaleme ea 86:5, NW; Liproverbia 28:13.

7. Jehova o mamela lithapelo tsa batho ba lokileng feela. Hore lithapelo tsa hao li utluoe ke Molimo, u tlameha hore ebe u leka ka hohle ho phela ka melao ea hae. (Liproverbia 15:29; 28:9) U tlameha ho ikokobetsa ha u rapela. (Luka 18:9-14) Ho hlokahala hore u sebetse tumellanong le seo u se rapellang. Kahoo u tla bontša hore u na le tumelo le hore ka sebele u bolela seo u se buang. Ke ka tsela eo feela Jehova a tlang ho araba lithapelo tsa hao.—Baheberu 11:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela