Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rq thuto 8 maq. 16-17
  • Bophelo ba Lelapa bo Thabisang Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo ba Lelapa bo Thabisang Molimo
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Likeletso Tse Thusang Malapa Hore a Thabe
    Tsoha!—2021
  • Kamoo U ka Etsang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabileng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • U ka Etsa Joang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabisang?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
Bala Tse Ling
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
rq thuto 8 maq. 16-17

Thuto ea 8

Bophelo ba Lelapa bo Thabisang Molimo

Boemo ba monna ke bofe ka lapeng? (1)

Monna o lokela ho tšoara mosali oa hae joang? (2)

Ke boikarabelo bofe boo ntate a nang le bona? (3)

Karolo ea mosali ke efe ka lapeng? (4)

Ke’ng seo Molimo a se hlokang ho batsoali le ho bana? (5)

Pono ea Bibele ke efe ka karohano le tlhalo? (6, 7)

1. Bibele e re monna ke hlooho ea lelapa la hae. (1 Bakorinthe 11:3) Monna o tlameha ho ba le mosali a le mong feela. Ba lokela ho nyalana hantle ho ea ka molao.—1 Timothea 3:2; Tite 3:1.

2. Monna o lokela ho rata mosali oa hae feela joalokaha a ithata. O lokela ho mo tšoara ka tsela eo Jesu a tšoarang balateli ba hae ka eona. (Baefese 5:25, 28, 29) Le ka mohla ha aa lokela ho otla mosali oa hae kapa ho mo tšoara hampe ka tsela leha e le efe. Ho e-na le hoo, o lokela ho mo bontša tlhompho le tlhokomelo.—Bakolose 3:19; 1 Petrose 3:7.

3. Ntate o lokela ho sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa la hae. O tlameha ho fana ka lijo, liaparo le ntlo bakeng sa mosali oa hae le bana. Hape ntate o tlameha ho lokisetsa litlhoko tsa moea tsa lelapa la hae. (1 Timothea 5:8) O etella pele ho thuseng lelapa la hae ho ithuta ka Molimo le merero ea Hae.—Deuteronoma 6:4-9; Baefese 6:4.

4. Mosali e lokela ho ba mothusi ea molemo oa monna oa hae. (Genese 2:18) O lokela ho thusa monna oa hae ka ho ruta le ho koetlisa bana ba bona. (Liproverbia 1:8) Jehova o hloka hore mosali a hlokomele lelapa la hae ka lerato. (Liproverbia 31:10, 15, 26, 27; Tite 2:4, 5) O lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.—Baefese 5:22, 23, 33.

5. Molimo o hloka hore bana ba mamele batsoali ba bona. (Baefese 6:1-3) O lebeletse hore batsoali ba rupele le ho khalemela bana ba bona. Ho hlokahala hore batsoali ba qete nako ba e-na le bana ba bona ’me ba ithute Bibele le bona, ba hlokomele litlhoko tsa bona tsa moea le tsa maikutlo. (Deuteronoma 11:18, 19; Liproverbia 22:6, 15) Le ka mohla batsoali ha baa lokela hore ba laee bana ba bona ka tsela ea ho ba kharumela kapa e sehlōhō.—Bakolose 3:21.

6. Ha banyalani ba e-na le mathata a ho phelisana hammoho ka kutloano, ba lokela ho leka ho sebelisa keletso ea Bibele. Bibele e re khothalletsa ho bontša lerato le ho ba ba tšoarelang. (Bakolose 3:12-14) Lentsoe la Molimo ha le khothalletse karohano e le tsela ea ho rarolla mathata a fokolang. Empa mosali a ka ’na a khetha ho siea monna oa hae haeba (1) ka manganga a hana ho hlokomela lelapa la hae, (2) a le mabifi hoo bophelo ba mosali bo leng kotsing, kapa (3) boemo ba hae bo feteletseng bo etsa hore mosali a se ke a khona ho rapela Jehova.—1 Bakorinthe 7:12, 13.

7. Balekane ba lenyalo ba lokela ho tšepahala e mong ho e mong. Bofebe ke sebe khahlanong le Molimo le khahlanong le molekane oa motho. (Baheberu 13:4) Likamano tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo ke lona lebaka feela la Mangolo la ho hlala le lumellang motho ho kena lenyalong hape. (Matheu 19:6-9; Baroma 7:2, 3) Jehova o hloile ha batho ba hlalana ka ntle ho mabaka a Mangolo ’me ba nyalana le e mong osele.—Malakia 2:14-16.

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Molimo o lebeletse hore batsoali ba rupele le ho khalemela bana ba bona

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ntate ea lerato o hlokomela lelapa la hae nameng le moeeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela