Thuto ea 9
Bahlanka ba Molimo ba Tlameha ho Hloeka
Ke hobane’ng ha re tlameha ho hloeka ka litsela tsohle? (1)
Ho bolela eng ho hloeka moeeng? (2) ho hloeka boitšoarong? (3) ho hloeka kelellong? (4) ho hloeka ’meleng? (5)
Ke mefuta efe ea puo e sa hloekang eo re lokelang ho e qoba? (6)
1. Jehova Molimo o hloekile ebile oa halalela. O lebeletse hore barapeli ba hae ba lule ba hloekile—moeeng, boitšoarong, kelellong le ’meleng. (1 Petrose 1:16) Ho hlokahala boiteko ba sebele ho lula re hloekile mahlong a Molimo. Re phela lefatšeng le sa hloekang. Re boetse re na le ntoa khahlanong le litšekamelo tsa rōna tsa ho etsa se fosahetseng. Empa ha rea tlameha ho tela.
2. Bohloeki Moeeng: Haeba re batla ho sebeletsa Jehova, re ke ke ra tsoela pele re khomaretse lithuto leha e le life kapa meetlo ea bolumeli ba bohata. Re tlameha ho tsoa bolumeling ba bohata ’me re se ke ra bo tšehetsa ka tsela leha e le efe. (2 Bakorinthe 6:14-18; Tšenolo 18:4) Hang ha re se re ithutile ’nete ka Molimo, re tlameha ho ba hlokolosi hore re se ke ra khelosoa ke batho ba rutang leshano.—2 Johanne 10, 11.
3. Bohloeki Boitšoarong: Jehova o batla hore barapeli ba hae ba itšoare joaloka Bakreste ba ’nete ka linako tsohle. (1 Petrose 2:12) O bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang, esita le sephiring. (Baheberu 4:13) Re lokela ho qoba boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le mekhoa e meng e sa hloekang ea lefatše lena.—1 Bakorinthe 6:9-11.
4. Bohloeki Kelellong: Haeba re tlatsa likelello tsa rōna ka menahano e hloekileng, e se nang litšila, boitšoaro ba rōna le bona bo tla hloeka. (Bafilippi 4:8) Empa haeba re nahana ka lintho tse sa hloekang, ho tla fella ka liketso tse mpe. (Matheu 15:18-20) Re lokela ho qoba mekhoa ea boithabiso e ka silafatsang likelello tsa rōna. Re ka tlatsa likelello tsa rōna ka menahano e hloekileng ka ho ithuta Lentsoe la Molimo.
5. Bohloeki ’Meleng: Kaha ba emela Molimo, Bakreste ba lokela ho boloka ’mele le liaparo tsa bona li hloekile. Re lokela ho hlapa matsoho a rōna ka mor’a ho sebelisa ntloana, ’me re lokela ho a hlatsoa pele re e-ja lijo kapa re tšoara lijo. Haeba ha u na tsamaiso e loketseng ea ho qhala likhoere-khoere, mantle a lokela ho chekeloa fatše. (Deuteronoma 23:12, 13) Ho boloka bohloeki ’meleng ho tlatsetsa bophelong bo botle. Lehae la Mokreste le lokela ho ba makhethe le ho hloeka kantle le ka hare. Le lokela ho hlahella e le mohlala sechabeng.
6. Puo e Hloekileng: Bahlanka ba Molimo ba tlameha ho bua ’nete kamehla. Batho ba buang leshano ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo. (Baefese 4:25; Tšenolo 21:8) Bakreste ha ba sebelise puo e mpe. Ha ba mamele kapa hona ho bua mesoaso e litšila kapa litaba tse sa hloekang. Ka lebaka la puo ea bona e hloekileng, ba hlahelletse e le ba fapaneng mosebetsing kapa sekolong le tikolohong eo ba phelang ho eona.—Baefese 4:29, 31; 5:3.
[Litšoantšo tse leqepheng la 18, 19]
Bahlanka ba Molimo ba tlameha ho hloeka litšobotsing tsohle