Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rq thuto 11 maq. 22-23
  • Litumelo le Meetlo e sa Thabiseng Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litumelo le Meetlo e sa Thabiseng Molimo
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Easter Kapa Sehopotso—Ke Efe eo U Lokelang ho e Keteka?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Sebeletsa Molimo ka Tsela e Nepahetseng
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Easter?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Easter e Bolela’ng ho Molimo?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
rq thuto 11 maq. 22-23

Thuto ea 11

Litumelo le Meetlo e sa Thabiseng Molimo

Ke litumelo le meetlo ea mofuta ofe e fosahetseng? (1)

Na Bakreste ba lokela ho lumela hore Molimo ke Boraro-bo-bong? (2)

Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa keteke Keresemese, “Easter” kapa matsatsi a tsoalo? (3, 4)

Na bafu ba ka ntša ba phelang kotsi? (5)

Na Jesu o ile a shoela sefapanong? (6)

Ke habohlokoa hakae ho thabisa Molimo? (7)

1. Hase litumelo le meetlo eohle e leng mebe. Empa Molimo ha a e amohele haeba e hlaha bolumeling ba bohata kapa e le khahlanong le lithuto tsa Bibele.—Matheu 15:6.

2. Boraro-bo-bong: Na Jehova ke Boraro-bo-bong—batho ba bararo ho Molimo a le mong? Che! Jehova, Ntate, ke “Molimo eo e leng eena feela oa ’nete.” (Johanne 17:3; Mareka 12:29) Jesu ke Mora oa Hae oa letsibolo, ’me o ka tlaase ho Molimo. (1 Bakorinthe 11:3) Ntate o moholo ho feta Mora. (Johanne 14:28) Moea o halalelang hase motho; ke matla a sebetsang a Molimo.—Genese 1:2; Liketso 2:18.

3. Keresemese le “Easter”: Jesu ha aa hlaha ka la 25 December. O ile a hlaha hoo e ka bang ka la 1 October, nakong ea selemo eo balisa ba neng ba lebela mehlape ea bona kantle bosiu. (Luka 2:8-12) Ha ho mohla Jesu a kileng a laela Bakreste ho keteka tsoalo ea hae. Ho e-na le hoo, o ile a bolella barutuoa ba hae ho ikhopotsa, kapa ho hopola, lefu la hae. (Luka 22:19, 20) Keresemese le meetlo ea eona li tsoa malumeling a bohata a boholo-holo. Ho boetse ho joalo ka meetlo ea Easter, e kang ho sebelisa mahe le meutlanyana. Bakreste ba pele ha baa ka ba keteka Keresemese kapa Easter, leha e le hore Bakreste ba ’nete baa li keteka kajeno.

4. Matsatsi a Tsoalo: Mekete e ’meli feela ea matsatsi a tsoalo eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng e ile ea etsoa ke batho ba neng ba sa rapele Jehova. (Genese 40:20-22; Mareka 6:21, 22, 24-27) Bakreste ba pele ha baa ka ba keteka matsatsi a tsoalo. Moetlo oa ho keteka matsatsi a tsoalo o tsoa malumeling a bohata a boholo-holo. Bakreste ba ’nete ba fana ka limpho le ho ba le linako tse monate hammoho nakong leha e le efe har’a selemo. 

5. Ho Tšaba Bafu: Bafu ba ke ke ba etsa letho kapa ba utloa letho. Re ke ke ra ba thusa, ’me ba ke ke ba re ntša kotsi. (Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5, 10) Soule ea shoa; ha e tsoele pele e phela ka mor’a lefu. (Ezekiele 18:4, NW) Empa ka linako tse ling mangeloi a khopo, a bitsoang bademona, a iketsa eka ke meea ea bafu. Meetlo leha e le efe e amanang le tšabo kapa borapeli ba bafu e fosahetse.—Esaia 8:19.

6. Sefapano: Jesu ha aa ka a shoela sefapanong. O shoeletse palong, kapa thupeng. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “sefapano” Libibeleng tse ngata le ne le bolela sekotoana se le seng feela sa patsi. Letšoao la sefapano le tsoa malumeling a bohata a boholo-holo. Sefapano se ne se sa sebelisoe kapa hona ho rapeloa ke Bakreste ba pele. Ka hona, na u nahana hore e ne e tla ba ntho e nepahetseng ho sebelisa sefapano borapeling?—Deuteronoma 7:26; 1 Bakorinthe 10:14.

7. Ho ka ’na ha e-ba thata haholo ho lahla tse ling tsa litumelo le meetlo ena. Beng ka uena le metsoalle ba ka ’na ba leka ho u kholisa hore u se ke ua fetola litumelo tsa hao. Empa ho thabisa Molimo ke habohlokoa ho feta ho thabisa batho.—Liproverbia 29:25; Matheu 10:36, 37.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Molimo hase Boraro-bo-bong

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Keresemese le “Easter” li tsoa malumeling a bohata a boholo-holo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ha ho na lebaka la ho rapela bafu kapa ho ba tšaba

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela