Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 4 leq. 93-leq. 96 ser. 3
  • Nehelano e Phollatsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nehelano e Phollatsi
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Bohoelea Kateng
    Tsoha!—2010
  • Ho ba ka Tsela ea Tlhaho
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa Sekolo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 4 leq. 93-leq. 96 ser. 3

Thuto 4

Nehelano e Phollatsi

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Bala le ho bua ka mokhoa oo ka oona mantsoe le mehopolo ea hao li latellanang hantle. Ha nehelano e le phollatsi, ha u bua ha u tsamaee u khitlela kapa u bua butle haholo ’me ha u khitlele ha u bala kapa u sokole hore na u lokela ho re’ng.

Ke Hobane’ng ha e le ea Bohlokoa?

Ha sebui se sa bue ka mokhoa o phollatsi, likelello tsa bamameli li ka ’na tsa lelera; ho ka ’na ha fetisoa mehopolo e fosahetseng. Se buuoang se ka ’na sa se ke sa susumetsa.

HA U bala ka lentsoe le phahameng, na ua khitlela ha u fihla lipoleloaneng tse ling? Kapa ha u ema ka pel’a bamameli ho fana ka puo, na u atisa ho iphumana u sokola ho fumana mantsoe a nepahetseng? Haeba ho joalo, u na le bothata ba ho bua ka mokhoa o phollatsi. Motho ea phollatsi o bua le ho bala ka mokhoa oo ka oona mantsoe le mehopolo li itlelang habonolo feela, ha ho utloahale a sokola. Sena ha se bolele hore o bua lolololo, le hore o bua ka potlako haholo, kapa hore o bua a sa nahane. O bua hamonate le ka mokhoa o khahlisang. Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ho lebisoa tlhokomelo e khethehileng tabeng ea ho bua ka mokhoa o phollatsi.

Ho na le mabaka a sa tšoaneng a ka tlatsetsang tabeng ea ho se bue ka mokhoa o phollatsi. Na ho hlokahala hore u ele hloko ka ho khethehileng le leng la mabaka a latelang? (1) Ha motho a balla ba bang, ho se tloaelane le mantsoe a itseng ho ka ’na ha etsa hore motho a khitlele. (2) Ho etsa likhefunyana libakeng tse ngata haholo ho ka ’na ha fella ka nehelano e tsamaeang e khaoha. (3) Ho se lokisetse ho ka ’na ha tlatsetsa bothateng boo. (4) Ha motho a bua ka pel’a sehlopha, ntho e atisang ho sitisa motho ho bua ka mokhoa o phollatsi ke ho se hlophise boitsebiso ka mokhoa o utloahalang. (5) Ho haelloa ke mantsoe ho ka etsa hore motho a khitlele ha a ntse a sokola ho fumana mantsoe a nepahetseng. (6) Haeba ho hatisoa mantsoe a mangata haholo, sena se ka sitisa motho ho bua ka mokhoa o phollatsi. (7) Ho se tloaelane le melao ea sebōpeho-puo ho ka tlatsetsa bothateng boo.

Haeba u sa bue ka mokhoa o phollatsi, hase hore bamameli ba tla tsoa ka Holong ea ’Muso, empa likelello tsa bona li ka ’na tsa lelera. Ka lebaka leo, karolo e khōlō ea seo u se buang e ka ’na ea lahleha.

Ka lehlakoreng le leng, u lokela ho ela hloko hore ho bua ho reretsoeng ho ba matla le ho ba phollatsi e se ke ea e-ba ho feteletseng, mohlomong ho be ho etse hore bamameli ba ikutloe ba sa phutholoha. Haeba ka lebaka la ho fapana ha semelo, batho ba talima mokhoa oo u buang ka oona e le o sa bontšeng masene kapa e le oa boikaketsi, seo se tla senya sepheo sa hao. Hoa hlokomeleha hore le hoja moapostola Pauluse e ne e le sebui se nang le phihlelo, o ile a atamela Bakorinthe “ka bofokoli le ka tšabo le ka thothomelo e khōlō” e le hore a se ke a lebisa tlhokomelo e sa lokelang ho eena.—1 Bakor. 2:3.

Mekhoa e Lokelang ho Qojoa. Batho ba bangata ba na le mekhoanyana e itseng ea ho kenyelletsa mantsoe a kang “eh” ha ba bua. Ba bang khafetsa ba qala polelo ka ho re “joale he,” kapa ba eketsa ka poleloana e kang “u be le hona ho” kapa “re be bao ba bang le hona ho” kapa “eo e leng ea,” nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e buang. Mohlomong ha u elelloe makhetlo ao u sebelisang lipoleloana tseo ka ’ona. U ka ’na ua leka lenaneo la ho ikoetlisa leo ho lona motho e mong a u mamelang ’me a phete lipoleloana tsena nako le nako ha u li bua. U ka ’na ua makala ho utloa seo.

Batho ba bang ba bala le ho bua ba ntse ba khutlela morao hangata. Ka mantsoe a mang, ba qala polelo ebe baa khitlela ha ba le hare ’me ba phete karoloana e itseng ea seo ba seng ba se buile.

Ba bang bona ba bua ka potlako, empa ba qala ka ho sebelisa mohopolo o itseng ebe ha ba le bohareng ba polelo, ba fetohela mohopolong o mong. Le hoja mantsoe a itlela habonolo feela, ho fetola mohopolo ka tšohanyetso ho senya ho bua ka mokhoa o phollatsi.

Kamoo U ka Ntlafatsang Kateng. Haeba bothata ba hao ke hore hangata u sokola ho fumana lentsoe le nepahetseng, u lokela ho etsa boiteko bohle hore u eketse pokello ea hao ea mantsoe. Hlokomela ka ho khethehileng mantsoe ao u sa a tloaelang ho Molula-Qhooa, Tsoha! le likhatisong tse ling tseo e ka ’nang eaba ua li bala. A shebe dikishinaring, sheba mokhoa oo a bitsoang ka oona le litlhaloso tsa ’ona ’me u kenye a mang a ’ona pokellong ea hao ea mantsoe. Haeba u se na dikishinari, kōpa thuso ho e mong ea buang puo eo hantle.

Ho itloaetsa ho bala ka lentsoe le phahameng kamehla ho tla u thusa ho ntlafatsa. Hlokomela mantsoe a thata ’me u a bale hangatanyana ka lentsoe le phahameng.

E le hore u bale ka mokhoa o phollatsi, ke habohlokoa hore u utloisise kamoo mantsoe a sebetsang hammoho kateng polelong. Hangata mantsoe a lokela ho baloa e le sehlopha e le hore a fetise mohopolo o boletsoeng ke mongoli. Hlokomela lihlopha tsena tsa mantsoe ka ho khethehileng. Haeba e le hore ho ka u thusa, a tšoaee. Sepheo sa hao hase feela ho bala mantsoe ka nepo, empa hape ke ho fetisa mehopolo ka mokhoa o hlakileng. Ka mor’a ho hlahlobisisa polelo e le ’ngoe, fetela ho e latelang ho fihlela u ithutile serapa kaofela. Tloaelana le moelelo oa taba. Joale itlhakise ka ho bala ka lentsoe le phahameng. Bala serapa hangatanyana ho fihlela u khona ho se bala u sa khitlele ’me u sa etse khefu libakeng tse fosahetseng. Joale fetela lirapeng tse ling.

Bohato bo latelang, eketsa lebelo la hao. Haeba u utloisisa kamoo mantsoe a tsamaeang hammoho kateng ka har’a polelo, u tla khona ho bona mantsoe a mangata ka nako e le ’ngoe le ho lebella hore na ke afe a tla latela. Sena se tla tlatsetsa haholo ho etseng hore ’malo oa hao o atlehe.

Ho itloaetsa ho bala ka ho qekotsa mantsoe kamehla e ka ba koetliso ea bohlokoa haholo. Ka mohlala, bala temana ea letsatsi le litlhaloso ka lentsoe le phahameng u sa lokisetsa esale pele; u ho etse kamehla. Tloaetsa mahlo a hao ho bona mantsoe e le lihlopha tse hlalosang mehopolo e feletseng ho e-na le ho bona lentsoe le le leng feela ka nako.

Moqoqong, ho ba phollatsi ho hloka hore u nahane pele u bua. Itloaetse ho etsa sena mosebetsing oa hao oa letsatsi le letsatsi. Etsa qeto hore na ke mehopolo efe eo u batlang ho e fetisa le tatellano eo u tla e beha ka eona; ebe hona u qalang ho bua. U se ke ua potlaka. Leka ho bolela mohopolo o feletseng u sa etse khefu kapa ho fetola mehopolo pele u qeta o mong. Ho ka ’na ha u thusa ho sebelisa lipolelo tse khutšoanyane, tse bonolo.

Ka tloaelo mantsoe a lokela ho itlela feela haeba u tseba hantle seo u batlang ho se bua. Hangata, ha ho hlokahale hore u khethe mantsoe ao u tla a sebelisa. Ha e le hantle, e le ho itloaetsa, ho molemo ho tiisa feela hore mohopolo o hlakile ka kelellong ea hao ebe u nahana ka mantsoe ha u ntse u bua. Ha u etsa joalo ’me u tsepamisa kelello ea hao mohopolong ho e-na le mantsoeng ao u a buang, mantsoe a tla itlela feela ’me u tla bua mehopolo ea hao kamoo u e batlang kateng. Empa hang ha u qala ho nahana ka mantsoe ho e-na le mehopolo, puo ea hao e ka ’na ea sitiseha. Ka ho itloaetsa, u ka atleha ho hlaolela ho bua ka mokhoa o phollatsi, e leng tšoaneleho ea bohlokoa bakeng sa ho bua le ho bala ka katleho.

Ha Moshe a ne a abetsoe ho emela Jehova sechabeng sa Iseraele le ka pel’a Faro oa Egepeta, o ile a ikutloa a sa tšoanelehe. Hobane’ng? E ne e se motho ea buang ka mokhoa o phollatsi; mohlomong o ne a e-na le khoreletseho ea ho bua. (Ex. 4:10; 6:12) Moshe o ile a beha mabaka a ho ikemela, empa ha ho leo Molimo a ileng a le amohela. Jehova o ile a romela Arone hore e be ’muelli, empa O ile a boela a thusa Moshe ho bua. Ka makhetlo a mangata le ka tsela e atlehileng, Moshe ha aa ka a bua le batho ka bomong feela le lihlotšoana tsa batho empa o ile a bua le sechaba kaofela. (Deut. 1:1-3; 5:1; 29:2; 31:1, 2, 30; 33:1) Haeba u khothalla ho etsa karolo ea hao u ntse u tšepile Jehova, le uena u ka sebelisa puo ea hao bakeng sa ho hlompha Molimo.

KAMOO U KA E FINYELLANG KATENG

Ha u bala limakasine le libuka, tšoaea mantsoe a macha, fumana hantle hore na a bolela’ng, ebe ua a sebelisa.

Itloaetse ho bala ka lentsoe le phahameng bonyane metsotso e mehlano ho isa ho e leshome letsatsi ka leng.

Lokisetsa hantle likabelo tsa ho bala. Ela hloko ka ho khethehileng lihlopha tsa mantsoe tse fetisang mohopolo. Tloaelana le moelelo oa taba.

Moqoqong oa letsatsi le letsatsi, ithute pele ho nahana ebe u bua lipolelo tse feletseng u sa etse khefu.

BOITLHAKISO: Hlahloba ka hloko esale pele Baahloli 7:1-25, u ithute serapa se le seng ka nako. Tiisa hore u utloisisa seo se se bolelang. U sebelise dikishinari ho hlahloba mantsoe a sa tloaelehang. Bitsa lebitso ka leng ka lentsoe le phahameng. Joale bala serapa seo ka lentsoe le phahameng; u ele hloko hore u se bala ka nepo. Ha u ikutloa u khotsofetse ka serapa seo, fetela ho se latelang, joalo-joalo. Joale bala khaolo kaofela. E bale hape, lekhetlong lena u potla-potlake. E bale hape, u potlake haholoanyane moo ho loketseng—empa eseng ka lebelo le tla etsa hore u khitlele.

[Lebokose le leqepheng la 95]

HO SEBETSANA KA KATLEHO LE HO HOELEKETSA

Ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore motho a hoeleketse. Liphekolo tse thusang batho ba bang li ka ’na tsa se ke tsa sebetsa hantle ho ba bang. Empa hore motho a latsoe thabo ea ho atleha, ke habohlokoa hore a ’ne a tsoele pele ho leka.

Na u ikutloa u tšoha esita le ho tlala tšabo ha u nahana ka ho fana ka tlhaloso sebokeng? Rapela Jehova hore a u thuse. (Bafil. 4:6, 7) Lebisa mehopolo ea hao tabeng ea ho hlompha Jehova le ho thusa ba bang. U se ke ua lebella hore bothata bo nyamele ka ho feletseng, empa u hlokomele kamoo u thusoang kateng ho sebetsana le bona ka katleho. Ha u ntse u latsoa tlhohonolofatso ea Jehova le khothatso ea barab’eno, u tla batla ho etsa ho eketsehileng.

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se u neha monyetla oa ho fumana phihlelo ea ho bua ka pel’a sehlopha. U ka ’na ua makala ha u bona kamoo u etsang hantle kateng ka pel’a sehlopha se senyenyane se u tšehetsang le se batlang hore u atlehe. Sena se ka u thusa hore u be le sebete sa ho bua maemong a mang.

Haeba u il’o fana ka puo, lokisetsa hantle. Ikakhele ka setotsoana nehelanong ea hao. Bua ka boikutlo bo loketseng. Ha u qala ho hoeleketsa ha u ntse u bua, leka ka hohle kamoo ho ka khonehang ho kokobetsa lentsoe la hao le mokhoa oa hao. U se ke ua tiisa mesifa ea mohlahare. Sebelisa lipolelo tse khutšoanyane. Fokotsa makhotsa a kang “eh” le “mm.”

Batho ba bang ba sebetsanang ka katleho le ho hoeleketsa, ha ba se ba bone mantsoe a ba baketseng bothata nakong e fetileng, ba qoba mantsoe ana, ’me ho e-na le ho sebelisa mantsoe ao, ba sebelisa mantsoe a nang le moelelo o tšoanang. Ba bang ba rata ho khetholla melumo ea puo e ba thatafallang haholo ebe ba itloaetsa eona khafetsa.

Haeba u hoeleketsa ha u ntse u bua, u se ke ua tela boitekong ba hao ba ho buisana le ba bang. Mohlomong u ka khothalletsa motho eo u buisanang le eena hore a ’ne a bue ho fihlela u ka khona ho bua. Haeba ho hlokahala, ngola molaetsa o mokhutšoanyane kapa u bontše motho eo ntho e ngotsoeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela