Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 10 leq. 115-leq. 117 ser. 4
  • Cheseho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Cheseho
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Cheseha ha u Ruta
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • E Ruta Bamameli ba Hao
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Cheseha
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Ho Bua U sa Bale Kemiso e Ngotsoeng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 10 leq. 115-leq. 117 ser. 4

Thuto 10

Cheseho

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Ka puo e phelang, hlahisa maikutlo a hao a matla ka bohlokoa ba seo u se buang.

Ke Hobane’ng ha e le ea Bohlokoa?

Ho cheseha ha hao ho tla thusa ho hapa thahasello ea bamameli ba hao; ho ka boela ha ba susumelletsa ho nka khato e itseng. Haeba u chesehela seo u se buang, bamameli ba hao le bona ba tla cheseha.

CHESEHO e thusa ho etsa hore puo e phele. Le hoja ho le bohlokoa ho ba le boitsebiso bo rutang, puo e fanoang ka cheseho ke eona e tla thusa ho hapa tlhokomelo ea bamameli. Ho sa tsotellehe setso sa hao kapa botho ba hao, u ka khona ho hlaolela cheseho.

Bua ka Boikutlo. Ha Jesu a ne a bua le mosali oa Samaria, o ile a re ba rapelang Jehova ba lokela ho etsa joalo “ka moea le ka ’nete.” (Joh. 4:24) Borapeli ba bona bo lokela ho susumetsoa ke lipelo tse tletseng kananelo ’me bo be tumellanong le ’nete e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. Ha motho a e-na le kananelo e joalo e tebileng, e tla bonahala ka tsela eo a buang ka eona. O tla chesehela ho bua le ba bang ka litokisetso tse lerato tsa Jehova. Ponahalo ea hae ea sefahleho, boitšisinyo ba hae le lentsoe la hae li tla bontša tsela eo a hlileng a ikutloang ka eona.

Ke hobane’ng ha sebui se ratang Jehova le se lumelang seo se se buang se ka haelloa ke cheseho ha se bua? Ha hoa lekana hore se lokisetse feela seo se tla se bua. Se lokela ho ikakhela ka setotsoana tabeng ea sona, se amehe maikutlong ka eona. Ha re nke hore se abetsoe ho bua ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Ha sebui se fana ka puo ea sona, mohopolo oa sona ha oa lokela ho tlala boitsebiso bo bongata feela, empa o lokela ho tlala kananelo mabapi le seo sehlabelo sa Jesu se se bolelang ho sebui le ho bamameli ba sona. Se lokela ho tsosolosa maikutlo a sona a teboho ho Jehova Molimo le ho Kreste Jesu ka tokisetso ena e hlollang. Se lokela ho nahana ka tebello e hlollang ea bophelo eo e e bulelang moloko oa batho—thabo ea ka ho sa feleng ea bophelo bo phethahetseng paradeiseng ea lefatšeng e tsosolositsoeng! Kahoo, pelo ea sona e lokela ho ameha.

Mabapi le mongoli Esdrase, mosuoe oa Iseraele, Bibele e re o ne a “lokisitse pelo ea hae hore a bale molao oa Jehova le ho o phetha le ho ruta molao oa tsamaiso le toka Iseraele.” (Esdr. 7:10) Haeba re etsa se tšoanang—re sa lokisetse boitsebiso feela empa re lokisa le lipelo tsa rōna—re tla bua ho tsoa pelong. Ho bolela ’nete ka tsela e joalo e tlohang pelong ho ka etsa ho hoholo ho thusa bao re buang le bona ho hōlisa lerato la sebele bakeng sa ’nete.

Nahana ka Bamameli ba Hao. Lebaka le leng la bohlokoa la ho bontša cheseho ke ho ba le kholiseho ea hore bamameli ba hao ba lokela ho utloa seo u se buang. Sena se bolela hore ha u lokisetsa nehelano ea hao, ha ua lokela ho bokella boitsebiso ba bohlokoa feela empa hape u lokela ho rapela Jehova bakeng sa tataiso ea hae hore u bo sebelise molemong oa bao u buang le bona. (Pes. 32:8; Mat. 7:7, 8) Hlahloba hore na ke hobane’ng ha bamameli ba hao ba lokela ho utloa boitsebiso boo, kamoo bo tla ba ruisa molemo kateng le kamoo u ka bo nehelang ka tsela e tla etsa hore ba utloisise bohlokoa ba bona.

Lokisetsa boitsebiso ba hao ho fihlela ho e-ba le ho hong ho etsang hore u ikutloe u thabile. Ha ho hlokahale hore e be boitsebiso bo bocha, empa tsela eo u behang taba ea hao ka eona e ka ba ncha. Ha u lokisetsa ho hong hoo ka sebele ho tla thusa bamameli ba hao ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova, hore ba ananele litokisetso tsa hae, ba sebetsane ka katleho le likhatello tsa bophelo tsamaisong ena ea khale, kapa ba atlehe tšebeletsong ea bona, joale u na le mabaka ’ohle a hore u chesehe puong ea hao.

Ho thoe’ng haeba kabelo ea hao e le ho bala phatlalatsa? Hore u tsebe ho etsa hoo ka cheseho, ha ho hlokahale feela hore u tsebe ho bua mantsoe ka nepo le ho a kopanya hantle. Ithute boitsebiso boo. Haeba u il’o bala karolo e itseng ea Bibele, e etsetse lipatlisiso. Tiisa hore u utloisisa moelelo oa eona oa motheo. Nahana kamoo e leng molemo kateng ho uena le ho bamameli ba hao ’me u e bale ka takatso ea ho e fetisetsa ho ba tlang ho u mamela.

Na u lokisetsa tšebeletso ea tšimo? Hlahloba sehlooho sa taba eo u tla e tšohla le mangolo ao u rerang ho a sebelisa. Hape, nahana ka lintho tseo batho ba li nahanang. Ho hlahile eng litabeng? Ba thulana le mathata afe? Ha u hlomeletsoe ho bontša batho hore Lentsoe la Molimo le fupere tharollo bakeng sa mathata a ba amang, u ikutloa u labalabela ho etsa joalo ’me cheseho e itlela feela.

Bontša Cheseho ka ho Fana ka Puo e Phelang. Cheseho e bonahala ka ho hlakileng ha puo e phela. E lokela ho bonahala ponahalong ea hao ea sefahleho. U lokela ho utloahala u kholisehile, u sa bontše ho laela ho feteletseng.

Ho hlokahala teka-tekano. Ba bang ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo ea ho cheseha ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ka hlokahala hore ba thusoe ho hlokomela hore ha motho a bua ka mokhoa o bontšang ho fetelletsa lintho kapa a nkeha maikutlo ka ho feteletseng, bamameli ba hae ba tla nahana ka eena ho e-na le ho nahana ka molaetsa. Ka lehlakoreng le leng, batho ba lihlong ba hloka khothatso ea hore ba itlhalose ka bolokolohi.

Cheseho ea tšoaetsanoa. Haeba u e-na le khokahano e ntle le bamameli ’me u cheseha puong ea hao, bamameli ba hao ba tla ba le cheseho eo. Apolose o ile a bontša mafolofolo ha a bua ’me o ile a hlalosoa e le sebui sa kheleke. Haeba u cheseha ke moea oa Molimo, puo ea hao e mafolofolo e tla susumelletsa ba u mametseng ho nka khato.— Lik. 18:24, 25; Bar. 12:11.

Cheseho e Loketseng Boitsebiso. Hlokomela hore u se ke ua cheseha ka mokhoa o feteletseng puong eohle ea hao hoo bamameli ba hao ba ka khathalang. Khothatso leha e le efe eo u fanang ka eona ea hore ba sebelise se ntseng se tšohloa e tla oela litsebeng tsa batho ba khathetseng. Sena se hatisa bohlokoa ba ho lokisetsa boitsebiso bo u lumellang ho kenyelletsa lintho tse sa tšoaneng puong ea hao. Leka hore u se ke ua oela mokhoeng oa ho bua o bontšang ho se tsotelle. Haeba u khetha boitsebiso ba hao ka hloko, u tla bo thahasella haholo. Empa ka tlhaho lintlha tse ling li hloka hore motho a chesehe haholo ha a bua ho feta tse ling ’me le tsona li lokela ho kenyelletsoa ka bohlale puong eohle ea hao.

Ka ho khetheha lintlha tsa sehlooho li lokela ho neheloa ka cheseho. Puo ea hao e lokela ho ba le lintlha tse hlaheletseng, tse totobetseng tseo u lokelang ho haha ho tsona. Kaha tsena ke tsona lintlha tsa sehlooho tsa puo ea hao, ka tloaelo e lokela ho ba lintlha tse etselitsoeng ho susumetsa bamameli ba hao. Ha u se u kholisitse bamameli ba hao, u lokela ho ba susumetsa, ho ba bontša melemo ea ho sebelisa se tšohliloeng. Cheseho ea hao e tla u thusa ho finyella lipelo tsa bamameli ba hao. Ho bua ka mokhoa o phelang ha ho mohla ho lokelang ho qobelloa. Ho lokela ho ba le lebaka la ho ho etsa ’me boitsebiso ba hao bo tla u bontša lebaka leo.

KAMOO U KA E NTLAFATSANG KATENG

U se ke ua lokisetsa boitsebiso boo u tla fana ka bona feela empa u lokise le pelo ea hao; kahoo u tla be u etsa hore maikutlo a hao a amehe.

Nahana ka hloko kamoo lintlha tseo u tla li akaretsa li tlang ho ruisa bao u buang le bona molemo kateng.

Khetholla lintlha tse hlokang cheseho e khethehileng.

E-ba ea tletseng mafolofolo mokhoeng oa hao oa ho bua. Tiisa hore sefahleho sa hao se bontša kamoo u ikutloang kateng. Bua ka matla le ka mafolofolo.

BOITLHAKISO: Hlahloba Joshua khaolo ea 1 le ea 2, u hlokomele hore u ka bontša cheseho e loketseng hokae hona joang ha u bala tlaleho ena. Itlhakisetse ho e bala ka lentsoe le phahameng le ka cheseho e loketseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela