Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 13 leq. 124-leq. 127 ser. 1
  • Ho Talima Bamameli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Talima Bamameli
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Sheba Mahlong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Kenyelletso e Tsosang Thahasello
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • E Ruta Bamameli ba Hao
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 13 leq. 124-leq. 127 ser. 1

Thuto 13

Ho Talima Bamameli

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Talima batho bao u buang le bona, u shebe motho mahlong ka metsotsoana e seng mekae haeba eo e le ntho e amohelehang sebakeng sa lōna. Etsa hore u bone motho ka mong, eseng e le sehlopha.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Litsong tse ngata, ho sheba motho mahlong ho talingoa e le pontšo ea hore u thahasella motho eo u buang le eena. Hape ho talingoa e le bopaki ba hore u kholisehile ka seo u se buang.

MAHLO a rōna a bonahatsa maikutlo. A ka ’na a bontša ho makala kapa tšabo. A ka ’na a bontša kutloelo-bohloko kapa lerato. Ka linako tse ling, a ka ’na a bonahatsa pelaelo kapa a fana ka bopaki ba ho sareloa. Ha monna e mong ea hōlileng a bua ka batho ba naha ea habo ba ileng ba utloisoa bohloko haholo, o ile a re: “Re bua ka mahlo a rōna.”

Batho ba bang ba ka ’na ba fihlela liqeto tse itseng ka rōna le ka seo re se buang motheong oa hore na mahlo a rōna a shebile hokae. Litsong tse ngata, batho ba ba le tšekamelo ea ho tšepa motho ea ba shebang mahlong ka botsoalle. Ka lehlakoreng le leng, ba ka ’na ba belaella botšepehi kapa ho tšoaneleha ha motho ea ntseng a halikisa mahlo kapa ea shebang ntho e itseng ho e-na le ho sheba motho eo a buang le eena. Litso tse ling li talima ho tonela motho mahlo e le ho se bontše mekhoa e metle, ho ba mabifi kapa ho phephetsa. Sena se etsahala haholo ha u bua le batho ba bong bo fapaneng kapa le morena kapa motho e mong ea hlomphehang. Libakeng tse ling, haeba ngoana a ne a ka sheba motho e moholo ka har’a lithaka tsa mahlo, sena se ne se ka talingoa e le ho hloka tlhompho.

Leha ho le joalo, moo ho etsa sena ho sa talingoeng e le ho hloka tlhompho, ho sheba motho mahlong ha u bua ntho ea bohlokoa ho ka etsa hore seo u se buang se be le matla. Ho ka talingoa e le bopaki ba hore sebui se kholisehile ka seo se se buang. Hlokomela kamoo Jesu a ileng a arabela kateng ha barutuoa ba hae ba ne ba maketse haholo ’me ba re: “Ka sebele ke mang ea ka pholohang?” Bibele ea tlaleha: “A ba shebile mahlong, Jesu a re ho bona: ‘Ho batho hona ho ke ke ha khoneha, empa lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.’” (Mat. 19:25, 26) Mangolo a boetse a bontša hore moapostola Pauluse o ile a talima ka hloko tsela eo bamameli ba hae ba neng ba itšoara ka eona. Ka lekhetlo le leng monna ea neng a tsoetsoe a holofetse o ne a le teng ha Pauluse a bua. Liketso 14:9, 10 e re: “Monna enoa o ne a mametse Pauluse ha a bua, eo, ha a mo talima ka hloko ’me a bona hore o ne a e-na le tumelo ea hore a ka folisoa, a ileng a re ka lentsoe le phahameng: ‘Ema ka maoto u otlolohile.’”

Litlhahiso Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo. Ha u kopanetse tšebeletsong ea tšimo, e-ba botsoalle ’me u be mofuthu ha u atamela batho. Ha ho loketse, sebelisa lipotso tse susumelletsang motho ho nahana ka ho teba bakeng sa ho qala moqoqo ka ntho eo mohlomong le e thahasellang le le babeli. Ha u ntse u etsa sena, leka ho sheba motho mahlong—kapa bonyane u shebe motho sefahlehong ka tsela e bontšang tlhompho le e mosa. Sefahleho sa motho ea bososelang ka mofuthu eo mahlo a hae a bontšang hore pelo ea hae e thabile se ipiletsa haholo. Pontšo e joalo e ka bolella motho eo ho hongata mabapi le hore na u motho oa mofuta ofe ’me ho mo thuse ho ikutloa a phutholohile haholoanyane ha le ntse le qoqa.

Ho hlokomela seo mahlo a motho a se bolelang, haeba ho loketse, ho ka u bontša hore na u lokela ho sebetsana joang le boemo bo itseng. Haeba motho a halefile kapa haeba a hlile a sa thahaselle, u ka khona ho bona hoo. Haeba a sa u utloisise, u ka lemoha hoo. Haeba a fela pelo, hangata u ka khona ho lemoha hoo. Haeba a hlile a thahasella, sena le sona se tla bonahala. Mahlo a hae a ka u hlokomelisa hore u lokela ho fetola lebelo leo u buang ka lona, ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho mo akarelletsa moqoqong, ho khaotsa puisano kapa mohlomong ho kenyelletsa pontšo ea kamoo ho ka ithutoang Bibele kateng.

Ho sa tsotellehe hore na u kopanetse tšebeletsong ea phatlalatsa kapa u khanna thuto ea lehae ea Bibele, leka ho sheba motho eo u buang le eena mahlong ka tsela e bontšang tlhompho. Leha ho le joalo, u se ke ua mo tonela mahlo, kaha seo se ka mo khopisa. (2 Mar. 8:11) Empa sheba motho eo sefahlehong khafetsa ka mokhoa oa tlhaho le o botsoalle. Linaheng tse ngata, sena se fetisa maikutlo a ho ba le thahasello ea sebele. Ho hlakile hore ha u bala Bibele kapa khatiso e itseng, mahlo a hao a tla khomarela taba e ngotsoeng. Empa bakeng sa ho hatisa ntlha, mohlomong u ka rata ho sheba motho ka ho toba, empa u etsa joalo hakhutšoanyane. Haeba u phahamisa mahlo nako le nako, sena le sona se tla u thusa ho hlokomela hore na o arabela joang ho se ntseng se baloa.

Qalong, haeba lihlong li u thatafalletsa ho sheba bamameli, u se ke ua tela. Ha u ntse u itlhakisa, ho talima bamameli ka tsela e loketseng ho tla itlisa ’me seo se ka etsa hore u atlehe tabeng ea ho buisana le ba bang.

Ha U Fana ka Puo. Bibele e re bolella hore pele Jesu a qala Thuto ea hae ea Thabeng, o ile a “phahamisetsa mahlo a hae ho barutuoa ba hae.” (Luka 6:20) Ithute mohlaleng oa hae. Haeba u il’o bua ka pel’a sehlopha, se talime ’me u etse khefu ea metsotsoana e seng mekae pele u qala ho bua. Libakeng tse ngata sena se tla akarelletsa ho sheba ba bang har’a bamameli. Khefu ena e khutšoanyane e ka ’na ea u thusa ho felisa letsoalo leo u bang le lona ha u qala. Hape e tla thusa bamameli ho itokisetsa boikutlo leha e le bofe bo tla senoloa ke sefahleho sa hao. Ho phaella moo, ho etsa joalo ho tla etsa hore bamameli ba phutholohe ’me ba itokisetse ho lebisa tlhokomelo ea bona ho uena.

Ha u ntse u bua, sheba bamameli. U se ke ua ba habanya feela. Leka ho sheba motho ka mong sehlopheng seo. Hoo e batlang e le litsong tsohle, ho lebeletsoe hore sebui sa phatlalatsa se shebe bamameli ka tekanyo e itseng.

Ho sheba bamameli ba hao ha ho bolele feela ho thalatsa mahlo. Talima motho ea itseng har’a bamameli ka tsela e bontšang tlhompho ’me haeba ho loketse, u bue polelo e feletseng u e lebisitse ho motho eo. Ebe u sheba e mong ’me u bue polelo e le ’ngoe kapa tse peli u li lebisitse ho motho eo. U se ke ua sheba motho ka nako e telele hoo a ka ikutloang a sa phutholoha ’me u se ke ua lebisa tlhokomelo ho batho ba seng bakae feela har’a bamameli bohle. Tsoela pele u sheba bamameli kaofela ka tsela ena, empa ha u ntse u bua le motho, u hle u bue le eena ’me u hlokomele hore na o itšoara joang pele u fetela ho e mong.

U lokela ho beha lintlha tsa hao sefalaneng sa sebui, u li tšoare ka letsoho kapa u li kenye ka Bibeleng ea hao e le hore u khone ho ’na u li qekotsa. Haeba ho hlokahala hore u reteletse hlooho kaofela ho sheba lintlha tsa hao, u tla thatafalloa ke ho sheba bamameli. U lokela ho nahanela taba ea hore na u sheba lintlha tsa hao hakae le hona neng. Haeba u sheba lintlha tsa hao ha u fihla sehlohlolong sa puo, u ke ke ua bona hore na bamameli ba hao ba itšoara joang ebile matla a mang a puo ea hao a tla senyeha. Ka ho tšoanang, haeba u sheba lintlha tsa hao khafetsa, u tla thatafalloa ke ho sheba bamameli.

Ha u akhella motho bolo, u ee u shebe hore na o e tšoere. Khopolo ka ’ngoe e leng puong ea hao ke karolo ea ntho eo u e ‘akhellang’ bamameli. Hore na ba hlile ba e “tšoere” ho ka bonahala ka karabelo ea bona—ho ōma ka hlooho, ho bososela le ka ho tsepamisa mohopolo. Ha u talima bamameli hantle, sena se tla u thusa ho tiisa hore batho ba khona ho ‘tšoara’ likhopolo tsa hao.

Ha u abetsoe ho balla phutheho, na u lokela ho leka ho sheba bamameli ha u ntse u bala? Haeba bamameli ba tsamaisana le uena ha u bala Bibeleng, boholo ba bona bo ke ke ba hlokomela hore na ua ba sheba kapa che. Empa ho sheba bamameli ba hao ho ka thusa ho phelisa ’malo oa hao hobane ho tla etsa hore u lule u chesehela ho tseba hore na ba itšoara joang. ’Me haeba ba bang har’a bamameli ba sa sebelise Libibele tsa bona ’me mohlomong likelello tsa bona li lelera, ho shebana le sebui ho ka thusa ho khutlisetsa mehopolo ea bona ho se baloang. Ho hlakile hore u tla khona ho phahamisa mahlo ka nako e khutšoanyane feela ’me ha ua lokela ho etsa hoo ka mokhoa o etsang hore u khitlele ’malong oa hao. Hore u khone ho etsa sena, ho molemo hore u tšoare Bibele ea hao ka letsoho ’me u lule u phahamisitse hlooho, u se ke ua inama haholo.

Ka linako tse ling, baholo ba kōptjoa hore ba fane ka puo e baloang kopanong. Ho etsa sena ka katleho ho hloka phihlelo, tokisetso e hlokolosi le ho itlhakisa hangata. Ho hlakile hore ho fana ka puo e baloang ho fokotsa ho talima bamameli. Empa haeba sebui se lokiselitse hantle, se tla khona ho sheba bamameli nako le nako empa se sa timelloe hore na se ntse se bala hokae. Ho etsa joalo ho tla se thusa ho hapa tlhokomelo ea bamameli le ho ba thusa ho rua molemo ka botlalo thupelong ea bohlokoa ea moea e fanoang.

LINTLHA TSEO U LOKELANG HO LI HOPOLA

Itšoare ka tsela ea tlhaho ’me u be botsoalle, u be le thahasello ea sebele ho bao u buang le bona.

Ha u bala, tšoara ntho eo u e balang ka letsoho ’me u phahamise hlooho e le hore u tsamaise mahlo feela, eseng hlooho.

BOITLHAKISO: Moqoqong oa kamehla le lelapa le metsoalle, leka ho talima ba bang ka ho eketsehileng, u etse joalo ka tsela e ke keng ea e-ba khahlanong le tloaelo ea sebaka seo u leng ho sona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela