Thuto 47
Ho Sebelisa Lithuso Tse Bonahalang Tsa ho Ruta ka Katleho
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Sebelisa litšoantšo, limmapa, lichate kapa lintho tse ling ho etsa hore lintlha tsa bohlokoa tsa thuto li hlake haholoanyane.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Hangata lithuso tse bonahalang tsa ho ruta li bōpa setšoantšo se hlakileng haholoanyane le se sa lebaleheng ka kelellong ho feta mantsoe.
KE HOBANE’NG ha u lokela ho sebelisa lithuso tse bonahalang ha u ruta? Ke hobane ho etsa joalo ho ka etsa hore ho ruta ha hao ho atlehe haholoanyane. Jehova Molimo le Jesu Kreste ba ile ba sebelisa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta ’me re ka ithuta ho bona. Ha lithuso tse bonahalang tsa ho ruta li kopantsoe le puo, boitsebiso bo amoheloa ka mecha e ’meli ea kutlo. Sena se ka thusa ho hapa tlhokomelo ea bamameli ba hao le ho etsa hore taba e hatisehe haholoanyane. U ka akarelletsa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta joang linehelanong tsa hao tsa litaba tse molemo? U ka tiisa joang hore u li sebelisa ka katleho?
Kamoo Mesuoe e Meholo ka ho Fetisisa e Ileng ea Sebelisa Lithuso Tse Bonahalang Tsa ho Ruta Kateng. Jehova o ile a sebelisa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta tse hopolehang habonolo ho ruta lithuto tsa bohlokoa. Bosiung bo bong o ile a ntšetsa Abrahama ka ntle ’me a re: “Ka kōpo, talima maholimong ’me u bale linaleli, haeba u ka khona ho li bala. . . . Peō ea hao e tla ba joalo.” (Gen. 15:5) Le hoja se tšepisoang se ne se bonahala se ke ke sa etsahala ponong ea motho, se ile sa ama Abrahama ka botebo ’me a ba le tumelo ho Jehova. Ka lekhetlo le leng, Jehova o ile a romela Jeremia ntlong ea sebōpi sa lipitsa tsa letsopa eaba o re a kene sebakeng seo sebōpi se sebeletsang ho sona hore a shebelle ha sebōpi seo se bōpa letsopa. Eo e bile thuto e sa lebaleheng hakaakang e bontšang matla a ’Mōpi a phahametseng a batho! (Jer. 18:1-6) Jonase eena o ne a ka lebala joang thuto ea ho bontša mohau eo Jehova a ileng a mo ruta eona ka semela sa mohope? (Jon. 4:6-11) Jehova o ile a bolella esita le baprofeta ba hae hore ba tšoantšise melaetsa ea boprofeta ka ho sebelisa lisebelisoa tse itseng tse loketseng. (1 Mar. 11:29-32; Jer. 27:1-8; Ezek. 4:1-17) Tabernakele le litšobotsi tsa tempele ka botsona ke litšoantšo tse re thusang ho utloisisa lintho tsa sebele tsa leholimo. (Baheb. 9:9, 23, 24) Hape Molimo o ile a sebelisa lipono haholo ho fetisa boitsebiso ba bohlokoa.—Ezek. 1:4-28; 8:2-18; Lik. 10:9-16; 16:9, 10; Tšen. 1:1.
Jesu o ile a sebelisa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta joang? Ha Bafarisi le balateli ba sehlopha sa Heroda ba ne ba leka ho mo tšoasa ka puo ea hae, Jesu o ile a kōpa denari ’me a ba bontša setšoantšo sa Cesare se cheleteng eo ea tšepe. Eaba o hlalosa hore lintho tsa Cesare li lokela ho lefshoa ho Cesare empa lintho tsa Molimo li lokela ho lefshoa ho Molimo. (Mat. 22:19-21) E le hore a rute thuto mabapi le ho hlompha Molimo ka sohle seo re nang le sona, Jesu o ile a hlokomelisa ka mohlolohali ea futsanehileng tempeleng ea ileng a nehelana ka licheletana tse peli tsa tšepe, tseo e neng e le mokhoa oohle oa hae oa ho iphelisa. (Luka 21:1-4) Ka lekhetlo le leng o ile a sebelisa ngoana e monyenyane e le mohlala oa ho bontša boikokobetso, bo se nang takatso ea bophahamo. (Mat. 18:2-6) Hape eena ka boeena o ile a bontša hore na boikokobetso bo bolela’ng ka ho hlatsoa barutuoa ba hae maoto.—Joh. 13:14.
Litsela Tsa ho Sebelisa Lithuso Tse Bonahalang Tsa ho Ruta. Ho fapana le Jehova, ha re khone ho fetisa boitsebiso ka lipono. Leha ho le joalo, ho na le litšoantšo tse ngata tse susumetsang mohopolo likhatisong tsa Lipaki tsa Jehova. Li sebelise ho thusa batho ba thahasellang ho bona ka mahlo a kelello Paradeise ea lefatšeng, e tšepisitsoeng Lentsoeng la Molimo. Thutong ea lehae ea Bibele, u ka ’na ua lebisa tlhokomelo ea seithuti setšoantšong se amanang le seo le ithutang sona ’me u mo kōpe hore a u bolelle seo a se bonang. Ke habohlokoa ho hlokomela hore ha moprofeta Amose a ne a fuoa lipono tse itseng, Jehova o ile a botsa: “U bona eng Amose?” (Amose 7:7, 8; 8:1, 2) U ka botsa lipotso tse tšoanang ha u ntse u lebisa tlhokomelo ea batho litšoantšong tse etselitsoeng ho ba lithuso tse bonahalang tsa ho ruta.
Haeba u ngola lipalo kapa u sebelisa chate e bontšang ho latellana ha liketsahalo tsa bohlokoa, sena se ka thusa batho ho utloisisa habonolo boprofeta bo kang ba “linako tse supileng” tseo ho buuoang ka tsona ho Daniele 4:16 le “libeke tse mashome a supileng” tseo ho buuoang ka tsona ho Daniele 9:24. Lithuso tse joalo tse bonahalang tsa ho ruta li hlaha likhatisong tsa rōna tse ’maloa tsa ho ithuta.
Thutong ea lōna ea lelapa ea Bibele, u ka etsa hore lintho tse kang tabernakele, tempele e Jerusalema le tempele eo Ezekiele a e boneng ponong li utloisisehe habonolo ka ho sebelisa setšoantšo kapa polane. U ka fumana lintho tsena ho Insight on the Scriptures, sehlomathisong sa New World Translation of the Holy Scriptures—With References le litokollong tse sa tšoaneng tsa Molula-Qhooa.
Ha u bala Bibele le lelapa la hao, sebelisa limmapa hamolemo. Bontša mohlala oa leeto la Abrahama ha a ne a tloha Ure a ea Harane le ho ea fihla Bethele. Hlahloba tsela eo Baiseraele ba ileng ba e nka ha sechaba se ne se tloha Egepeta se e-ea Naheng e Tšepisitsoeng. Supa sebaka se neng se fuoe moloko ka mong oa Iseraele e le lefa. Hlokomela boholo ba sebaka se neng se busoa ke Solomone. Bontša tsela eo Elia a ileng a tsamaea ka eona ha a ne a baleha ho tloha Jezriele ho ea fihla lefeelleng ka nģ’ane ho Beerseba ka mor’a ho sokeloa ke Jezebele. (1 Mar. 18:46–19:4) Supa metse eo Jesu a ileng a bolela ho eona. Bontša maeto a Pauluse, joalokaha a hlalositsoe bukeng ea Liketso.
Lithuso tse bonahalang tsa ho ruta li molemo ha u tloaetsa liithuti tsa Bibele tsela eo phutheho e sebetsang ka eona. U ka ’na ua bontša seithuti sa hao lenaneo le hatisitsoeng ’me u hlalose mofuta oa boitsebiso boo re bo tšohlang likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Ba bangata ba ile ba khahloa ke ho etela Holo ea ’Muso kapa ho etela ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova. Ena e ka ba tsela e atlehang ea ho felisa maikutlo a fosahetseng ka mosebetsi oa rōna le morero oa oona. Ha u bontša batho Holo ea ’Muso, bontša hore na e fapane joang le libaka tse ling tsa borapeli. Totobatsa boemo ba eona bo itekanetseng bo e etsang hore e be sebaka se loketseng ho ithuta. Bontša likarolo tse etselitsoeng tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa ka ho khetheha—libaka tsa kabo ea lingoliloeng, limmapa tsa tšimo le mabokose a monehelo (ho fapana le lipoleiti tsa likoleke).
Haeba livideo tse entsoeng tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang li le teng, li sebelise ho haha kholiseho Bibeleng, ho tloaetsa liithuti mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova le ho khothalletsa ba li shebellang ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele.
Ho Sebelisa Lithuso Tse Bonahalang Tsa ho Ruta Bakeng sa Lihlopha Tse Khōloanyane. Ha lithuso tse bonahalang tsa ho ruta li lokiselitsoe hantle ’me li nehetsoe ka bokhabane, e ka ba lithuso tse atlehang tsa ho ruta bakeng sa lihlopha tse khōloanyane. Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se lokiselitse mefuta e sa tšoaneng ea lithuso tse joalo tsa ho ruta.
Hangata taba e ithutoang ho Molula-Qhooa e akarelletsa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta tse hlahang e le litšoantšo tseo mokhanni a ka li sebelisang ho hatisa lintlha tsa bohlokoa. Ho joalo le ka likhatiso tse sebelisoang Thutong ea Buka ea Phutheho.
Likemiso tse ling tsa lipuo tsa phatlalatsa li ka ’na tsa hloka hore ho sebelisoe lithuso tse bonahalang tsa ho ruta bakeng sa ho hlakisa lintlha tse itseng. Leha ho le joalo, hangata molemo o moholoanyane o finyelloa ka ho lebisa tlhokomelo ho se fuperoeng ke Bibele, eo boholo ba bamameli bo tla beng bo e tšoere matsohong. Haeba ka linako tse ling ho hlokahala hore u sebelise setšoantšo kapa lethathamo le lekhutšoanyane la lintlha tsa sehlooho ho fetisa ntlha e le ’ngoe kapa tse ’maloa tsa puo, hlahloba esale pele ho tiisa hore thuso eo e bonahalang ea ho ruta e bonahala hantle (kapa e baleha hantle) ho batho ba lulelletseng morao sebakeng seo seboka se tšoaretsoeng ho sona. Lintho tse joalo li lokela ho sebelisoa ka mokhoa o lekanyelitsoeng.
Seo re se habileng ka ho sebelisa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta ha re bua le ha re ruta hase ho tšehisa batho. Ha ho sebelisitsoe thuso e bonahalang ea ho ruta e hlomphehang, e tla etsa hore mehopolo e tšoanelang ho hatisoa ka ho khethehileng e bonahale ka mokhoa o hlakileng. Lithuso tse joalo li phetha morero oa bohlokoa ha li hlakisa puo, li etsa hore ho be bonolo ho utloisisa, kapa ha li fana ka bopaki bo matla bo tiisang se boletsoeng. Ha thuso e loketseng ea ho ruta e sebelisoa hantle, e ka hatisa ntho ka matla kelellong hoo thuso eo e bonahalang ea ho ruta hammoho le morero oa thupelo li ka hopoloang ka lilemo-lemo.
Matla a ho utloa le a ho bona a phetha likarolo tsa bohlokoa tabeng ea ho ithuta. Hopola kamoo Mesuoe e meholo ka ho fetisisa e ileng ea sebelisa litho tsena tsa kutlo kateng ’me u loanele ho e etsisa boitekong ba hao ba ho buisana le ba bang.
LITHUSO TSE BONAHALANG TSA HO RUTA KA KATLEHO . . .
Li lokela ho totobatsa kapa ho hlakisa lintho tse tšoanelang ho hatisoa ka ho khethehileng.
Sepheo se seholo sa tsona e lokela ho ba ho ruta.
Haeba li sebelisoa sethaleng bamameli bohle ba lokela ho li bona hantle.
BOITLHAKISO: Thathamisa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta tseo u ka ’nang ua li sebelisa mona ka tlaase . . .
Ho hōlisa kananelo bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
Ho ruta ngoana linnete tse itseng tsa Bibele
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․