Khaolo ea Bobeli
Tlotlisa Jehova e le Eena Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
1. Molimo a le mong feela oa ’nete ke mang?
BIBELE e bolela hore le hoja ho e-na le ba bangata ba nkoang e le melimo, “ka sebele ho rōna ho na le Molimo a le mong Ntate.” (1 Bakorinthe 8:5, 6) ‘Molimo eo a le mong’ ke Jehova, ’Mōpi oa lintho tsohle. (Deuteronoma 6:4; Tšenolo 4:11) Jesu o buile ka eena e le “Molimo oa ka le Molimo oa lōna.” (Johanne 20:17) O ile a lumellana le Moshe, eo pejana a neng a boletse tjena: “Jehova ke Molimo oa ’nete; ha ho e mong ntle ho eena.” (Deuteronoma 4:35) Jehova o phahametse hōle lintho leha e le life tse rapeloang, tse kang melimo ea litšoantšo, batho ba entsoeng melimo, kapa sera sa hae Satane Diabolose, “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:3, 4) Ho e-na le hoo, joalokaha Jesu a boletse, Jehova ke “Molimo a le mong feela oa ’nete.”—Johanne 17:3.
2. Ha re ntse re ithuta ka Molimo, bophelo ba rōna bo lokela ho ameha joang?
2 Batho ba nang le kananelo ba ithutang ka litšoaneleho tse thabisang tsa Molimo, hammoho le seo a re etselitseng sona le seo a sa ntsaneng a tla re etsetsa sona, ba hulehela ho eena. Ha lerato la bona ho Jehova le ntse le hōla, ba ikutloa ba susumelletseha ho mo tlotlisa. Joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho bolella ba bang ka eena. Baroma 10:10 e re: “Ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.” Tsela e ’ngoe ke ka ho mo etsisa ka lentsoe le ka liketso. Baefese 5:1 e re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” Hore re tle re etse joalo ka botlalo, ho hlokahala hore re tsebe hore na Jehova ke mang.
3. Litšoaneleho tse ka sehloohong tsa Molimo ke life?
3 Hohle ka Bibeleng, ho na le lipolelo tse ngata tse khethollang litšoaneleho tse ikhethang tsa Molimo. Litšobotsi tsa hae tse ’nè tse ka sehloohong ke bohlale, toka, matla le lerato. “Ho eena ho na le bohlale.” (Jobo 12:13) “Litsela tsohle tsa hae ke toka.” (Deuteronoma 32:4) “O na le matla a maholo.” (Esaia 40:26) “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Leha ho le joalo, litšoanelehong tse ’nè tse ka sehloohong tsa Molimo, ke efe e ikhethang, e hlileng e mo khethollang hore na ke Molimo oa mofuta ofe?
“Molimo ke Lerato”
4. Ke efe litšoanelehong tsa Molimo e mo susumelelitseng ho bōpa bokahohle le lintho tsohle tse phelang?
4 Hlahloba se ileng sa susumelletsa Jehova ho bōpa bokahohle le libōpuoa tse bohlale tsa moea le tse batho. Na e ne e le bohlale ba hae kapa matla a hae? Che, hobane le hoja Molimo a ile a li sebelisa, e ne e se tsona tse mo susumetsang. ’Me toka ea hae e ne e sa hloke hore a arolelane le ba bang mpho ea bophelo. Ho e-na le hoo, lerato le leholo la Molimo le ile la mo susumelletsa ho arolelana thabo ea hae le ba bang joalokaha e le motho ea bohlale. Lerato le ile la mo susumelletsa ho rera hore batho ba utloang ba lokela ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng. (Genese 1:28; 2:15) Lerato le ile la etsa hore a lokisetse ho tlosa kahlolo eo tšito ea Adama e e tliselitseng moloko oa batho.
5. Ho ea ka Bibele, Jehova ke mothofatso oa tšoaneleho efe, hona hobane’ng?
5 Litšoanelehong tsohle tsa Molimo, e ikhethang ka ho fetisisa ho tsona ke lerato la hae. Ke seo a leng sona. Le hoja bohlale ba hae, toka ea hae le matla a hae e le tsa bohlokoa, ha ho mohla Bibele e bolelang hore Jehova ke e ’ngoe ea tsona. Empa e bolela hore ke lerato. E, Jehova ke mothofatso oa lerato. Lena ke lerato le tataisoang ke molao-motheo, eseng maikutlo. Lerato la Molimo le laoloa ke melao-motheo ea ’nete le ho loka. Ke mofuta o phahameng ka ho fetisisa oa lerato, joalokaha o bonahalitsoe ke Jehova Molimo ka boeena. Lerato le joalo ke pontšo e feletseng ea ho hloka boithati ’me kamehla le tsamaisana le bopaki bo bonahalang ba lerato le joalo ketsong.
6. Ke eng e etsang hore ho be bonolo hore re etsise Molimo, le hoja a re phahametse?
6 Ke tšoaneleho ena e babatsehang ea lerato e re nolofalletsang ho etsisa Molimo ea joalo. Joaloka batho ba tlaasana, ba sa phethahalang, ba sekametseng ho etseng liphoso, re ka ’na ra nahana hore le ka mohla re ke ke ra atleha ho etsa joalo. Empa mohlala o mong ke ona oa lerato la Jehova le leholo: O hlokomela mefokolo ea rōna ’me ha a batle phetheho ho rōna. Oa tseba hore hona joale re hōle le phetheho. (Pesaleme ea 51:5) Ke ka lebaka leo Pesaleme ea 130:3, 4 e reng: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema? Etsoe ho na le tšoarelo ea ’nete ho uena.” E, Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6) “Jehova, u molemo ’me u itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Ke ho tšelisang hakaakang! Ke ho khathollang hakaakang ho sebeletsa Molimo eo ea babatsehang le ho latsoa lerato la hae le tlhokomelo ea hae e mohau!
7. Lerato la Jehova le ka bonoa joang mesebetsing ea hae ea pōpo?
7 Lerato la Jehova le ka boela la bonoa mesebetsing ea hae ea pōpo. Nahana ka lintho tse ngata tse ntle tseo Jehova a lokiselitseng hore re li thabele, tse kang lithaba tse ntle, meru, matša le maoatle. O re file lijo ka mefuta ea tsona e tsotehang hore re thabele ho latsoeha ha tsona ho monate ’me li re phelise. Hape, Jehova o fane ka lipalesa tsa mefuta-futa tse ntle le tse monko o monate hammoho le pōpo e hlollang ea liphoofolo. O entse lintho tse neng li tla thabisa batho, le hoja a ne a sa tlameha. Ke ’nete hore kaha hona joale re phela lefatšeng lena le khopo re le batho ba sa phethahalang, re ke ke ra thabela pōpo ea hae ka botlalo. (Baroma 8:22) Empa nahana feela ka seo Jehova a tlang ho re etsetsa sona Paradeiseng! Mopesaleme oa re tiisetsa: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso [e loketseng] ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 145:16.
8. Ke mohlala ofe o ikhethang ka ho fetisisa oa lerato la Jehova ho rōna?
8 Ke mohlala ofe o hlahelletseng ka ho fetisisa oa lerato la Jehova ho moloko oa batho? Bibele ea hlalosa: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Na ke ka lebaka la molemo oa motho Jehova a entseng see? Baroma 5:8 ea araba: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” E, Molimo o ile a romela Mora oa hae ea phethahetseng lefatšeng ho tla fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo ho tla re rekolla kahlolong ea sebe le lefu. (Matheu 20:28) Sena se ile sa bulela batho ba ratang Molimo tsela ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Ka thabo, lerato la Molimo le atolohela ho bohle ba ratang ho etsa thato ea hae, hobane Bibele ea re bolella: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.
9. Taba ea hore ebe Jehova o fane ka Mora oa hae e le thekollo molemong oa rōna e lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?
9 Taba ea hore ebe Jehova o fane ka Mora oa hae e le thekollo molemong oa rōna, kahoo a re bulela tsela ea bophelo bo sa feleng, e lokela ho re susumelletsa ho sebelisa bophelo ba rōna joang? E lokela ho tebisa lerato la rōna ho Molimo oa ’nete, Jehova. Ka nako e tšoanang e lokela ho re etsa hore re batle ho mamela Jesu, ea emelang Molimo. “[Jesu] o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela.” (2 Bakorinthe 5:15) Ke ho thabisang hakaakang ho latela mehato ea Jesu, hobane e bile mohlala oa ho etsisa lerato la Jehova le kutloelo-bohloko! Sena se bontšoa ke seo Jesu a se boleletseng ba ikokobetsang: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.
Ho Bontša Lerato ho ba Bang
10. Re ka bontša hore re rata Bakreste-’moho le rōna ka litsela life?
10 Re ka bontša joang hore re na le lerato le tšoanang le leo Jehova le Jesu ba re bontšitseng lona ho Bakreste-’moho le rōna? Hlokomela litsela tse ngata tseo re ka etsang sena ka tsona: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:4-8; 1 Johanne 3:14-18; 4:7-12.
11. Ke bo-mang hape bao re lokelang ho ba bontša lerato, hona joang?
11 Ke bo-mang hape bao re lokelang ho ba bontša lerato, hona joang? Jesu o ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Sena se akarelletsa ho arolela bao e e-song ho be Bakreste-’moho le rōna litaba tse molemo tsa lefatše le lecha le tlang la Molimo la paradeise. Jesu o ile a bontša ka ho hlakileng hore lerato la rōna ha lea lokela ho lekanyetsoa feela ho ba lumelang seo re se lumelang, hobane o ile a re: “Haeba le rata [feela] ba le ratang, le na le moputso ofe? Na le babokelli ba lekhetho ha ba etse ntho e tšoanang? Hape haeba le lumelisa barab’abo lōna feela, le etsa ntho efe e fetang e tloaelehileng? Na le batho ba lichaba ha ba etse ntho e tšoanang?”—Matheu 5:46, 47; 24:14; Bagalata 6:10.
“Tsamaea ka Lebitso la Jehova”
12. Ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le ka sebetsa ho eena feela?
12 Tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ea ho tlotlisa Molimo oa ’nete ke ho tseba, ho sebelisa le ho ruta ba bang lebitso la hae le ikhethang, Jehova. Mopesaleme o ile a hlalosa takatso ea hae e tlohang botebong ba pelo: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Lebitso Jehova le bolela “O Etsa Hore Ho Be.” Ke Moreri e Moholo, kamehla o etsa hore merero ea hae e phethahale ka katleho. ’Me ke Molimo oa ’nete feela ea nang le tokelo ea ho ba le lebitso leo, kaha ha ho mohla batho ba bang le bonnete ba hore boiteko ba bona bo tla atleha. (Jakobo 4:13, 14) Ke Jehova feela ea ka bolelang hore lentsoe la hae “ka sebele le tla atleha” ho etsa seo a le rometseng sona. (Esaia 55:11) Ba bangata baa hlolloa ha ba qala ho bona lebitso la Molimo Libibeleng tsa bona ’me ba ithuta seo le se bolelang. (Exoda 6:3) Empa ba tla rua molemo tsebong ena hafeela ba “tsamaea ka lebitso la Jehova . . . ka ho sa feleng.”—Mikea 4:5.
13. Ho ameha eng ho tseba lebitso la Jehova le ho tsamaea ka lebitso la hae?
13 Mabapi le lebitso la Molimo, Pesaleme ea 9:10 e re: “Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa.” Ho sena ha ho amehe feela ho tseba lebitso Jehova, hoo ka bohona ho sa boleleng ho mo tšepa. Ho tseba lebitso la Molimo ho bolela ho utloisisa hore na Jehova ke Molimo oa mofuta ofe, ho hlompha bolaoli ba hae, ho mamela litaelo tsa hae, ho mo tšepa linthong tsohle. (Liproverbia 3:5, 6) Ka ho tšoanang, ho tsamaea ka lebitso la Jehova ho fana ka maikutlo a ho inehela ho eena le ho mo emela u le e mong oa barapeli ba hae, ho phela tumellanong le thato ea Molimo e le kannete. (Luka 10:27) Na u etsa joalo?
14. Hore re tle re sebeletse Jehova ka ho sa feleng, ho hlokahala eng kantle ho boikutlo ba ho tlameha?
14 Hore re tle re sebeletse Jehova ka ho sa feleng, ha rea lokela ho susumetsoa ke ho ikutloa eka re tlamehile feela. Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Timothea, eo e neng e le khale a sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata: “U ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.” (1 Timothea 4:7) Boinehelo bo hlaha pelong e tletseng kananelo ka motho eo boinehelo bo tobisitsoeng ho eena. “Boinehelo ba bomolimo” ke ho ba le tlhompho e tebileng ho Jehova. Bo bontša ho ba le katamelano e lerato le eena hobane re mo hlompha ka ho tebileng re bile re hlompha le litsela tsa hae. Bo etsa hore re batle hore e mong le e mong a nkele lebitso la hae holimo. Re tlameha ho hlaolela boinehelo ba bomolimo bophelong ba rōna haeba re batla ho tsamaea ka ho sa feleng ka lebitso la Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete.—Pesaleme ea 37:4; 2 Petrose 3:11.
15. Re ka fa Molimo boinehelo bo khethehileng joang?
15 Hore re sebeletse Molimo ka tsela e amohelehang, re tlameha ho rapela eena feela, kaha “ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.” (Exoda 20:5) Re ke ke ra rata Molimo ’me ka nako e tšoanang ra rata le lefatše le khopo, leo Satane e leng molimo oa lona. (Jakobo 4:4; 1 Johanne 2:15-17) Jehova o tseba hantle hore na e mong le e mong oa rōna o leka ho ba motho oa mofuta ofe. (Jeremia 17:10) Haeba re hlile re rata ho loka, oa ho bona hoo ’me o tla re thusa hore re mamelle liteko letsatsi le letsatsi. Ka ho re tšehetsa ka moea oa hae o halalelang o matla, o tla etsa hore re hlōle bokhopo bo atileng hakana lefatšeng lena. (2 Bakorinthe 4:7) O tla boela a re thusa ho boloka tšepo ea rōna e matla ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ke tebello e khanyang hakaakang! Re lokela ho e ananela ka ho teba ’me re ithaopele ho sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova, ea etsang hore re fumane bophelo bo sa feleng.
16. U tla rata ho etsa eng hammoho le ba bang ba limilione?
16 Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ka thabo ba amohetse memo ea mopesaleme ea ileng a ngola: “Tlotlisang Jehova hammoho le ’na, a re phahamiseng lebitso la hae hammoho.” (Pesaleme ea 34:3) Jehova o u mema hore u be har’a letšoele le ntseng le hōla lichabeng tsohle le etsang sena.
Tlhahlobo
• Jehova ke motho oa mofuta ofe? Re rua molemo joang ka ho fumana kutloisiso e hlakileng ea litšoaneleho tsa hae?
• Re ka thusa batho ba bang joang hore ba ithute ’nete ka Molimo?
• Ho ameha eng ho tseba lebitso la Jehova le ho tsamaea ka lebitso la hae?
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Jehova, ka lerato la hae le leholo, ‘o tla fuparolla seatla sa hae ’me a khotsofatse takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang’