Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ol karolo 4 maq. 12-14
  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?
  • Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moea le Matla a Bophelo
  • Boemo ba Bafu
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
    Tsoha!—2009
  • Meea ha ea ka ea Phela Lefatšeng le ho Shoella Teng
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Ho Etsahala’ng ka Moea Lefung?
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
ol karolo 4 maq. 12-14

Karolo 4

Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?

1, 2. Batho ba bangata ba lumela eng ka bafu?

BATHO ba limilione Afrika ba lumela hore lefu hase qetello ea bophelo, empa e le ho falla, ho ea phela sebakeng se seng se itseng. Ba bangata ba nka hore baholo-holo ba bona ba shoeleng ba falletse lefatšeng ba ile lefatšeng la moea, ba tlohile lefatšeng la batho ba ea ho la meea.

2 Ho lumeloa hore baholo-holo bana, kapa balimo, ba sireletsa malapa a bona a lefatšeng le ho a atlehisa. Ho latela maikutlo ana, balimo ke metsoalle e matla, ba khona ho tlisa chai, boiketlo ’me ba sireletsa kotsing. Haeba ba hlokomolohuoa kapa ba khopisoa, ho thoe ba tlisa bomalimabe—ho kula, bofuma le tlokotsi.

3. Batho ba bang ba rapela balimo joang?

3 Ba phelang ba etsa meetlo le mekete e le ho hlompha balimo le ho boloka likamano tse ntle le bona. Meetlo ena e totobala ka ho khetheha litšebeletsong tsa lepato, tse kang tebelo. Ho rapela balimo ho etsoa ka litsela tse ling hape. Ka mohlala, pele batho ba bang ba e-noa joala, ba etsa pha-balimo. Leha ba qeta ho pheha, lijo tse ling li siuoa ka pitseng e le hore ha balimo ba ka ba fihla, ba tle ba fumane ho eang ka maleng.

4. Batho ba bangata ba lumela eng ka moea?

4 Batho ba bang ba lumela hore batho ba na le moea o sa shoeng o tsoelang pele o phela ha ’mele o e-shoa. Ha motho a phela ka ho loka, ho thoe moea oa hae o ea leholimong, kapa paradeiseng, empa ha motho a phela ka boitšoaro bo bobe, ho thoe moea oa hae o ahloleloa ho ea liheleng. Batho ba atisa ho matahanya khopolo ena le litumelo tsa moetlo. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe lipehi tsa mafu koranteng e phatlalatsang litšebeletso tsa kereke tsa mapato li re motho “o fetile” kapa “o iketse balimong.” Litumelo tsena kaofela li thehiloe khopolong ea hore moea, kapa matla a bophelo, o tsoela pele ho phela ha ’mele o e-shoa. Bibele e re’ng ka see?

Moea le Matla a Bophelo

5, 6. Ho ea ka Bibele, moea ke eng?

5 Bibele e bontša hore moea hase ntho e ka hare ho motho; moea ke motho ka boeena. Ka mohlala, ha Molimo a bōpa Adama, ‘motho e ile ea e-ba moea o phelang.’ (Genese 2:7) Adama ha aa ka a fuoa moea; e ne e le moea, motho ea feletseng.

6 Ka hona, re bala hore meea ea tsoaloa. (Genese 46:18) E ka ja kapa ea itima lijo. (Levitike 7:20; Pesaleme ea 35:13) Ea lla le ho tepella. (Jeremia 13:17; Jonase 2:7) Meea e ka koeteloa, ea lelekisoa le ho kenngoa litšepeng. (Deuteronoma 24:7; Pesaleme ea 7:5; 105:18) Libibele tse ling li fetolela lentsoe la puo ea qalong le litemaneng tsena e le “moea,” ha tse ling li sebelisa poleloana “ea phelang,” le lentsoe “sebōpuoa,” kapa “motho.” Kaofela ha tsona li bolela ntho e le ’ngoe.

7. Ke litemana life tsa Bibele tse bontšang hore moea o ka shoa?

7 Kaha moea ke motho, ha motho a e-shoa, moea oa shoa. Ezekiele 18:4 e re: “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.” Le Liketso 3:23 e re: “Moea [kapa motho] leha e le ofe o sa mameleng Moprofeta eo o tla timetsoa ka ho feletseng har’a sechaba.” Kahoo moea hase ntho e tsoelang pele e phela ha ’mele o e-shoa.

8. Matla a bophelo a ka ho batho ke eng?

8 Matla a bophelo hase ntho e le ’ngoe le moea. Matla a batho a bophelo, ke matla a phelisang a ba nolofalletsang ho phetha mesebetsi ea bophelo. Matla a bophelo a tšoana le motlakase. Motlakase o ka etsa hore fene kapa sehatsetsi se sebetse empa ka booona o ke ke oa fehla moea kapa oa hatsetsa lintho. Ka tsela e tšoanang, matla a rōna a bophelo a re nolofalletsa ho bona, ho utloa le ho nahana. Empa matla a bophelo a ke ke a etsa lintho tsena ka ntle ho mahlo, litsebe, kapa boko. Ke kahoo Bibele e reng ka motho: “Moea oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.”—Pesaleme ea 146:4.

9. Ke’ng seo moea le matla a bophelo li sa se etseng?

9 Ka hona, ho latela Bibele, ha motho a e-shoa moea le matla a bophelo ha li tsoe ’meleng ho ea phela sebakeng sa moea.

Boemo ba Bafu

10. Bibele e re’ng ka boemo ba bafu?

10 Joale, boemo ba bafu ke bofe? Kaha Jehova ke eena ea bōpileng batho, ke eena ea ka boelang a tseba se etsahalang ka rōna ha re e-shoa. Lentsoe la hae le ruta hore bafu ha ba phele, ha ba khone ho utloa, ho bona, ho bua, kapa hona ho nahana ntho leha e le efe. Bibele e re:

● “Ba shoeleng . . . ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5.

● “Lerato la bona le lehloeo la bona le poulelo ea bona li se li timetse.”—Moeklesia 9:6.

● “Ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale [lebitleng], e leng sebaka seo u eang ho sona.”—Moeklesia 9:10.

11. Ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a re’ng ho eena?

11 Nahana ka seo Bibele e se buang ka moholo-holo oa rōna oa pele, Adama. Jehova o ile a etsa Adama “ka lerōle la lefatše.” (Genese 2:7) Hoja Adama o ne a ile a mamela molao oa Jehova, a ka be a ile a phela ka ho sa feleng ka thabo lefatšeng. Leha ho le joalo, Adama ha aa ka a mamela molao oa Jehova, kahoo a fuoa kotlo ea lefu. Adama o ile a ea hokae ha a e-shoa? Molimo o ile a re ho eena: “U [tla] khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:19.

12. Ho ile ha etsahala’ng ka Adama lefung?

12 Adama o ne a le hokae pele Jehova a mo bōpa ka lerōle? O ne a le sieo. O ne a sa phele. Kahoo ha Jehova a ne a re Adama o tla “khutlela mobung,” O ne a bolela hore Adama o tla khutlela boemong ba ho se phele, joaloka lerōle. Adama ha aa ka a phela lefatšeng la moea. Ha aa ka a ‘fetela’ balimong. Ha aa ka a ea leholimong kapa liheleng. O ile a khutlela boemong ba ho se phele; a khaotsa ho ba teng.

13. Ho etsahala’ng ka batho le liphoofolo lefung?

13 Na batho ka kakaretso ba etsahalloa ke ntho e tšoanang? E, ea ba etsahalla. Bibele ea hlalosa: “[Batho hammoho le liphoofolo] ba ea sebakeng se le seng. Bohle ba bile teng ba tsoa lerōleng, ’me bohle ba khutlela lerōleng.”—Moeklesia 3:19, 20.

14. Ho na le tšepo efe ka bafu?

14 Bibele e tšepisa hore Molimo o tla tsosetsa bafu bophelong lefatšeng la paradeise. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Empa nako eo ke hona e ntseng e tla. Hajoale ba robetse lefung. (Johanne 11:11-14) Ha rea lokela ho ba tšaba kapa ho ba rapela, kaha ba ke ke ba re thusa kapa hona ho re ntša kotsi.

15, 16. Satane o etsa’ng ho leka ho etsa hore batho ba lumele hore bafu ha baa shoa?

15 Khopolo ea hore ha re hlile ha re shoe ke leshano le jetsoeng ke Satane Diabolose. Ho etsa hore batho ba kholoe leshano lena, eena le bademona ba hae ba leka ho etsa hore batho ba nahane hore ho kula le mathata a mang a bakoa ke meea ea bafu. Ke ’nete hore mathata a mang a bakoa ke bademona ka bobona. Hape ke ’nete hore mathata a mang ha a bakoe ke matla a phahametseng tlhaho. Empa hase ’nete hore ba robetseng lefung ba ka re ntša kotsi.

16 Ho na le tsela e ’ngoe hape eo bademona ba lekang ho etsa hore batho ba nahane hore seo Bibele e se buang ka lefu se fosahetse. Ba qhekella batho hore ba nahane hore ba bone bafu kapa ba buile le bona. Bademona ba etsa sena ka ho sebelisa lipono, litoro, ba buisanang le meea, kapa litsela tse ling. Leha ho le joalo, batho ha ba bue le batho ba shoeleng, empa bademona ba iketsa eka ke batho bao. Ke kahoo Jehova a nyatsang ka matla ba buisanang le bafu le ba botsang bafu.—Deuteronoma 18:10-12; Zakaria 10:2.

Bafu ba ke ke ba re Thusa

Morena e mong ea hlaheletseng oa Afrika Bophirimela o ile a hlokahala ka 1990. O ne a e-na le basali ba bahlano le bana ba bangata. O ne a e-na le likhoebo tse peli tse kenyang chelete e ngata.

Ha morena eo a hlokahala, lelapa le ile la phetha ka hloko meetlo eo le neng le nahana hore e hlompha moea oa hae. Basali ba hae ba ile ba apara bofifi, ba hlantholla moriri, ba inotla lijo, ba lula ba sa itlhatsoe. Ba ile ba lla le ho bokolla ka matsatsi a supileng ka mor’a lepato. Ka mor’a moo, ho ea ka moetlo, ba lelapa le ba leloko ba ile ba phutheha e le hore ba phethe tšebeletso ea lepato—mokete oa lijo le lino le tantši.

Ka sebele, haeba morena a ne a ka khona ho sireletsa lelapa la hae le lerato le ho le hlohonolofatsa ka ho enneng, a ka be a ho entse! Empa ha aa ka a ho etsa. Likhoebo tsa hae li ile tsa oa. Litho tsa lelapa li ile tsa loanela lefa ’me qetellong tsa arohana. Joale lehae le leholo la morena leo ho lona ho neng ho kile ha phethesela batho ho lona la sala ka methoaela feela.

Bafu ba ke ke ba re Ntša Kotsi

Motsaneng o mong oa Nigeria, monna e mong o ile a hlokahala a ba a patoa. Hamorao, mosali oa monna eo o ile a kholoa toro eo a e lorileng ea hore monna oa hae o batla oache ea hae. Kahoo a nka oache ’me a e tsetela pel’a setopo sa monna.

Mohlankana e mong ea bitsoang Dunikan o ile a tsetolla oache eo ka lenyele ’me a e sebelisa ka lilemo-lemo ho fihlela oache e senyeha. Ha aa ka a hlaheloa ke kotsi ea letho. Haeba monna eo ea shoeleng a ne a e-na le tšusumetso e itseng ho ba phelang, ka sebele a ka be a ile a otla lesholu leo le utsoitseng oache ea hae lebitleng la hae!

[Potso ea Sehlooho se Ithutoang]

Lebokose: Ke liphihlelo life tse bontšang hore bafu ba ke ke ba re thusa kapa ba re ntša kotsi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela