Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ol karolo 7 maq. 22-24
  • Ke Bo-mang ba Leng Bolumeling ba ’Nete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bo-mang ba Leng Bolumeling ba ’Nete?
  • Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetholla Barapeli ba ’Nete
  • Ba Etsang Thato ea Molimo
  • Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Tsela e Nepahetseng ea ho Rapela Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Na Malumeli ’Ohle a Khahlisa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
ol karolo 7 maq. 22-24

Karolo 7

Ke Bo-mang ba Leng Bolumeling ba ’Nete?

1. Re lokela ho etsa eng e le hore re khahlise Molimo?

HORE re thabele kamano e mofuthu, e lerato le Molimo, re lokela ho arohana le bolumeli ba bohata ka ho feletseng. Re lokela ho ba bolumeling ba ’nete. Kajeno batho ba limilione ba etsa joalo lefatšeng ka bophara.

2. Lipaki tsa Jehova li ka fumanoa hokae, hona mosebetsi oa tsona ke ofe?

2 Joalokaha Bibele e boletse esale pele, barapeli ba ’nete ke “bongata bo boholo” bo tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9) Linaheng tse 235, Lipaki tsa Jehova tse limilione li thusa ba bang ka mafolofolo ho ithuta litsela tsa Jehova tse lerato le seo a se hlokang.

Ho Khetholla Barapeli ba ’Nete

3. Lipaki li lebisa borapeli ba tsona ho mang, hona li qoba borapeli ba mefuta efe?

3 Lipaki li lumela hore ke Jehova feela ea lokelang ho rapeloa. Li hana ho khumamela melimo ea litšoantšo kapa litšoantšo tsa bolumeli. (1 Johanne 5:21) Ha li rapele bafu ka ho ea litebelong kapa meketeng e meng e tšehetsang litumelo tsa bolumeli ba bohata le “lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Leha ho le joalo, li tšelisa ba hlokahaletsoeng ka ho ba hlalosetsa tšepiso ea Molimo ea hore bafu ba tla tsosetsoa lefatšeng la paradeise.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

4. Boemo ba batho ba Molimo ke bofe ka boselamose?

4 Lipaki ha li ikamahanye le boselamose kapa boloi, lia tseba hore lintho tsena li tsoa ho Diabolose. Ha li tšepe hore li tla sireletsoa ke boselamose—li tšepa Jehova.—Liproverbia 18:10.

5. Lipaki tsa Jehova hase “karolo ea lefatše” ka tsela efe?

5 Jesu o ile a re barutuoa ba hae e ne e sa tl’o ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Jesu ka boeena o ile a hana ho kopanela lipolotiking tsa mehleng ea hae. (Johanne 6:15) Ka ho tšoanang, Lipaki ha li kopanele lipolotiking tsa lefatše lena, bochaba le khethollano. Leha ho le joalo, li lefa makhetho le ho mamela melao ea linaha tseo li phelang ho tsona.—Johanne 15:19; Baroma 13:1, 7.

6. Bahlanka ba Molimo ba latela tataiso efe tabeng ea lenyalo le tlhalo?

6 Kaha li mamela litaelo tsa mebuso, Lipaki li tiisa hore manyalo a tsona a ngolisitsoe ka molao. (Tite 3:1) Li mamela litaelo tsa Molimo, ka hona li qoba sethepu. (1 Timothea 3:2) Ho feta moo, kaha bahlanka ba Molimo ba phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona, hase hangata manyalo a bona a fellang ka tlhalo.

7. Lipaki li bontšana lerato joang?

7 Lipaki lia ratana. Lerato lena, hammoho le lerato la tsona ho Molimo, le li momahanya bonngoeng ba sebele ba bara ba motho, le hoja e le tsa merabe le lichaba tse ngata. Ha ho hlaha koluoa kapa ho hlokahala thuso e itseng, Lipaki lia phallelana. Lipaki li bontša lerato ka tsela eo li phelang ka eona.—Johanne 13:35.

8. Batho ba Molimo ba qoba mekhoa efe e mebe?

8 Batho ba Jehova ba ikitlaelletsa ho phela ka botšepehi le ka bokhabane. Ba qoba ho utsoa, ho bua leshano, boitšoaro bo litšila, botahoa le ho se tšepahale litšebelisanong tsa khoebo. Banna ha ba otle basali ba bona. Ba bang pele e e-ba Lipaki, ba ne ba etsa lintho tsena, empa ka thuso ea Jehova ba khaolitse ho li etsa. Ba “hlatsoitsoe” mahlong a Molimo.—1 Bakorinthe 6:9-11.

Ba Etsang Thato ea Molimo

9. Buka e ’ngoe e ile ea re’ng ka likereke tsa moea tsa Afrika?

9 Ke ’nete hore malumeli a mangata a ipolela hore a ruta ’nete. A ka ’na a supa mesebetsi e khahlang ho tšehetsa seo a ipolelang sona. Ka mohlala, buka e ’ngoe e re ka likereke tseo ho thoeng ke tsa moea, Afrika: “Boholo ba tšebetso ea leselamose kapa seepa-mere bo se bo nketsoe sebaka ke [lihlopha tse ncha tsa Bokreste]. . . . Li re lia profeta hape li etsa mehlolo. Baprofeta ba tsona ba fana ka lipono le ho hlalosa litoro. Ba sebelisa metsi a halalelang, oli e halalelang, molora, likerese le libano ho folisa le ho thibela maloetse.”

10, 11. Ke hobane’ng ha lintho tseo ho thoeng ke mehlolo kajeno li sa bontše hore bolumeli bo tsoa ho Molimo?

10 Litho tsa malumeli ana li re mehlolo ke bopaki ba hore Molimo o hlohonolofatsa bolumeli ba tsona. Empa lintho tseo ho thoeng ke mehlolo hase bopaki ba hore Jehova o amohela bolumeli. Satane o fa barapeli ba bang ba bohata matla a ho etsa ‘mesebetsi e matla.’ (2 Bathesalonika 2:9) Ho feta moo, Bibele e boletse esale pele hore lineo tsa mohlolo tse tsoang ho Molimo, tse kang ho profeta, ho bua ka maleme le ho ba le tsebo e khethehileng, li ne li “tla felisoa.”—1 Bakorinthe 13:8.

11 Jesu o ile a lemosa: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong. Letsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ Leha ho le joalo ka nako eo ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.”—Matheu 7:21-23.

12. Ke bo-mang ba tla kena ’Musong oa maholimo?

12 Joale, ke bo-mang ba tla kena ’Musong oa maholimo? Ke ba etsang thato ea Jehova.

Baboleli ba ’Muso oa Molimo

13. Molimo o laela batho ba hae hore ba etse mosebetsi ofe kajeno, hona ke bo-mang ba o etsang?

13 Thato ea Molimo ka batho ba hae kajeno ke eng? Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Ona ke oona mosebetsi oo Lipaki tsa Jehova li o etsang ka cheseho.

14. ’Muso oa Molimo ke eng, hona ke bo-mang ba tla busa ’Musong oo?

14 Lipaki tsa Jehova li phatlalatsa ’Muso oa Molimo, “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona,” e le puso ea leholimo e tla busa lefatše lohle ka ho loka. Li ruta hore Jehova o khethile Kreste Jesu ho ba Morena oa ’Muso oo le babusi-’moho le eena ba 144 000 ba khethiloeng molokong oa batho.—Daniele 7:14, 18; Tšenolo 14:1, 4.

15. ’Muso oo o tla felisa eng?

15 Lipaki li sebelisa Bibele ho bontša batho hore ’Muso oa Molimo o tla felisa tsamaiso eohle ea Satane. Bolumeli ba bohata bo tla felisoa hammoho le lithuto tsa bona tse hlomphollang Molimo le ho tlotlisa Diabolose! (Tšenolo 18:8) Ho tla felisoa le mebuso ea batho e khahlanong le Molimo!—Daniele 2:44.

16. Bafo ba Kreste Jesu e tla ba bo-mang, hona ba tla phela hokae?

16 Ho feta moo, Lipaki tsa Jehova li tsebahatsa hore Kreste Jesu o tla tlisetsa bohle ba etsang seo Molimo a se hlokang melemo e babatsehang. E tla ba bafo ba hae lefatšeng. Bibele ea tšepisa: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.”—Pesaleme ea 72:12, 13.

17. Ke bo-mang feela ba phatlalatsang ’Muso oa Molimo?

17 Ha ho na sehlopha se seng sa batho se etsang thato ea Molimo ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ke Lipaki tsa Jehova feela tse tsebahatsang ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Lipaki tsa Jehova li bonngoeng ba bara ba motho lefatšeng ka bophara

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela