Khaolo ea 2
Lengolo le Tsoang ho Molimo ea Lerato
AK’U mpolelle, ke buka efe eo u e ratang ho feta tse ling tsohle?— Bana ba bang ba ka khetha e buang ka liphoofolo. Ba bang ba ka khetha buka e nang le litšoantšo tse ngata. Ho ka ba monate ho bala libuka tseo.
Empa libuka tse molemo ka ho fetisisa lefatšeng lohle ke tse re bolellang ’nete ka Molimo. E ’ngoe ea libuka tseo e bohlokoa ho feta tse ling kaofela. Na ua tseba hore na ke efe eo?— Ke Bibele.
Ke hobane’ng ha Bibele e le ea bohlokoa hakaale?— Hobane e tsoa ho Molimo. E re bolella ka eena le ka lintho tse molemo tseo a tlang ho re etsetsa tsona. Hape e re bontša seo re lokelang ho se etsa e le hore re mo khahlise. E tšoana le lengolo le tsoang ho Molimo.
Molimo a ka be a ntse a ngotse Bibele eohle a le leholimong a ntan’o e fa batho. Empa ha aa ka a etsa joalo. Le hoja likhopolo e le tsa Molimo, o ile a sebelisa bahlanka ba hae ba lefatšeng ho ngola karolo e khōlō ea Bibele.
Molimo o ile a etsa seo joang?— Hore u utloisise kamoo a entseng seo kateng, nahana ka sena. Ha re utloa lentsoe la motho e mong seea-le-moeeng, lentsoe leo e ka ’na eaba ke la motho ea sebakeng se hōle le rōna. Ha re shebeletse thelevishene, re khona ho bona litšoantšo tsa batho ba leng linaheng tse ling tsa lefatše le ho utloa seo ba se buang.
Batho ba bile ba khona ho ea hōle khoeling ka lifofa-sebakeng tsa bona, ’me ba khona ho romela melaetsa lefatšeng ba le hona moo. Na u ne u tseba seo?— Haeba batho ba khona ho etsa seo, na Molimo a ka khona ho romela melaetsa a le leholimong?— E a ka khona! ’Me ke sona seo a se entseng khale le pele batho ba e-ba le seea-le-moea kapa thelevishene.
Moshe o ile a ikutloela ka ho toba ha Molimo a bua. Moshe o ne a ke ke a bona Molimo, empa o ne a ka utloa lentsoe la Molimo. Ho ne ho e-na le batho ba limilione ha sena se etsahala. Ha e le hantle, letsatsing leo Molimo o ile a etsa hore thaba eohle e sisinyehe, ’me ha e-ba le sea-luma le lehalima. Batho ba ne ba tseba hore ke Molimo ea buileng, empa ba ile ba tšoha haholo. Kahoo ba re ho Moshe: “Molimo a se ke a bua le rōna esere ra shoa.” Ka mor’a moo, Moshe o ile a ngola lintho tseo Molimo a li buileng. ’Me seo Moshe a se ngotseng se ka Bibeleng.—Exoda 20:18-21.
Moshe o ngotse libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele. Empa hase eena feela ea ngotseng. Molimo o ile a sebelisa banna ba ka bang 40 ho ngola likarolo tse itseng tsa Bibele. Banna bana ba phetse khale, mehleng ea khale, ’me Bibele e nkile lilemo tse ngata pele e qetoa. Ha e le hantle, e nkile lilemo tse ka bang 1 600! Ntho e makatsang ke hore le hoja ba bang ba banna bana ba ne ba sa tsebane, sohle seo ba se ngotseng se lumellana ka ho feletseng.
Ba bang ba banna bao Molimo a ileng a ba sebelisa ho ngola Bibele e ne e le batho ba tummeng. Le hoja Moshe e ne e le molisa, e ile ea e-ba moeta-pele oa sechaba sa Iseraele. Solomone e ne e le morena ea bohlale le ea ruileng ka ho fetisisa lefatšeng. Empa bangoli ba bang ba ne ba sa hlahella hakaalo. Amose o ne a hlokomela lifate tsa feiga.
Hape, mongoli e mong oa Bibele e ne e le ngaka. Na u tseba lebitso la hae?— Ke Luka. Mongoli e mong e ne e le ’mokelli oa lekhetho. Lebitso la hae ke Matheu. E mong eena e ne e le ’muelli oa molao, setsebi sa molao oa bolumeli ba Sejuda. O ngotse libuka tse ngata tsa Bibele ho feta ba bang kaofela. Na u tseba lebitso la hae?— Ke Pauluse. Barutuoa ba Jesu e leng Petrose le Johanne, bao le bona e bileng bangoli ba Bibele, e ne e le batšoasi ba litlhapi.
Bangoli ba bangata ba Bibele ba ngotse ka lintho tseo Molimo a tlang ho li etsa nakong e tlang. Ba tsebile lintho tseo joang le pele li etsahala?— Molimo o ile a fa banna bao boitsebiso. O ile a ba bolella lintho tse neng li tla etsahala.
Ha Jesu, Mosuoe e Moholo, a ne a le lefatšeng, ho ne ho se ho ngotsoe karolo e khōlō ea Bibele. U hopole hore Mosuoe e Moholo o ne a kile a ba leholimong. O ne a tseba seo Molimo a se entseng. Na o ne a lumela hore Bibele e tsoa ho Molimo?— E, o ne a lumela.
Ha Jesu a ne a bua le batho ka mesebetsi ea Molimo, o ne a e bala Bibeleng. Ka linako tse ling o ne a ba bolella seo Bibele e se buang a sa e bale. Hape Jesu o ile a re tlisetsa boitsebiso bo eketsehileng bo tsoang ho Molimo. Jesu o ile a re: “Lintho tseo ke li utloileng ho eena ke li bua lefatšeng.” (Johanne 8:26) Jesu o ne a utloile lintho tse ngata ho Molimo kaha o ne a phetse le Molimo. Ebe ke hokae moo re ka balang ka lintho tseo Jesu a li buileng?— Ke ka Bibeleng. E ngoletsoe hore re e bale.
Ke ’nete hore ha Molimo a ne a sebelisa batho hore ba ngole, ba ile ba ngola ka puo eo ba e sebelisang letsatsi le letsatsi. Kahoo karolo e khōlō ea Bibele e ile ea ngoloa ka Seheberu, e ’ngoe ka Searabia, ’me karolo e ’ngoe e khōlō ea ngoloa ka Segerike. Kaha kajeno batho ba bangata ha ba tsebe ho bala lipuo tseo, Bibele e ile ea fetoleloa lipuong tse ling. Kajeno likarolo tsa Bibele li ka baloa ka lipuo tse fetang 2 260. Ak’u nahane feela ka palo eo! Bibele ke lengolo le tsoang ho Molimo le eang ho batho libakeng tsohle. Empa ho sa tsotellehe hore na e kopilitsoe hangata hakae, molaetsa oa eona o tsoa ho Molimo.
Seo Bibele e se buang ke sa bohlokoa ho rōna. Ke khale e ngotsoe. E bua ka lintho tse etsahalang mehleng ea kajeno. Hape e re bolella lintho tseo Molimo a tlang ho li etsa haufinyane. Seo e se buang sea thabisa! Se re fa tšepo e babatsehang.
Bibele e boetse e re bolella tsela eo Molimo a batlang hore re phele ka eona. E re bolella se nepahetseng le se fosahetseng. ’Na le uena re lokela ho se tseba. E re bolella ka batho ba ileng ba etsa lintho tse mpe le se ileng sa ba hlahela, e le hore re ka qoba ho kena bothateng joaloka bona. E boetse e re bolella ka batho ba ileng ba etsa se nepahetseng le ka liphello tse ntle tse ileng tsa ba tlela. Sena sohle se ngotsoe molemong oa rōna.
Empa e le hore re rue molemo o moholo Bibeleng, re lokela ho tseba karabo ea potso e ’ngoe. Potso eo e re: Ke mang ea re fileng Bibele? U ne u ka re ke mang?— E, Bibele e tsoa ho Molimo. Joale, re ka bontša joang hore re hlile re bohlale?— Ka ho mamela Molimo le ka ho etsa seo a se buang.
Kahoo re lokela ho ipha nako ea ho bala Bibele re le hammoho. Ha re fumana lengolo le tsoang ho motho eo re mo ratang haholo, re le bala khafetsa. Ke la bohlokoa ho rōna. Ke kamoo Bibele e lokelang ho ba kateng ho rōna hobane ke lengolo le tsoang ho Ea re ratang haholo. Ke lengolo le tsoang ho Molimo ea lerato.
Ak’u nke metsotso e meng e seng mekae u bale litemana tsena tse bontšang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo e le kannete, le ngotsoeng molemong oa rōna: Baroma 15:4; 2 Timothea 3:16, 17; le 2 Petrose 1:20, 21.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Re tseba joang hore Molimo a ka bua le rōna a le hōle?
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Mabitso a bangoli baa ba Bibele ke bo-mang?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
U ka ithuta lintho life ka ho bala Bibele?