Khaolo ea 14
Lebaka Leo ka Lona re Lokelang ho Tšoarela
NA MOTHO e mong o kile a u fosetsa?— Na o ile a u utloisa bohloko kapa a u hlaba ka mantsoe?— Na le uena u lokela ho mo etsa ka tsela e tšoanang, u mo utloise bohloko?—
Batho ba bangata ha motho e mong a ba utloisa bohloko le bona ba etsa ho hong ho mo utloisa bohloko. Empa Jesu o rutile hore re lokela ho tšoarela batho ba re fosetsang. (Matheu 6:12) Ho thoe’ng haeba motho ea itseng a re etsa hampe ka makhetlo a mangata? Re lokela ho mo tšoarela hakae?—
Ke seo Petrose a neng a batla ho se tseba. Kahoo ka letsatsi le leng o ile a botsa Jesu a re: ‘Na ke lokela ho mo tšoarela ka makhetlo a supileng?’ Makhetlo a supileng ha aa lekana. Jesu o ile a re: ‘U lokela ho tšoarela motho eo ka makhetlo a mashome a supileng a metso e supileng’ haeba a u siteloa ka makhetlo a mangata hakaalo.
Ka sebele ao ke makhetlo a mangata! Na re ka hopola liphoso tse ngata hakaalo kapa likhopiso tseo motho a re etselitseng tsona? Seo Jesu a neng a re bolella sona ke ho re: Re se ke ra leka ho hopola makhetlo ao ba bang ba ka re fosetsang ka ’ona. Haeba ba kōpa hore re ba tšoarele, re lokela ho ba tšoarela.
Jesu o ne a batla ho bontša barutuoa ba hae kamoo e leng habohlokoa kateng ho ba ba tšoarelang. Ha a qeta ho araba potso ea Petrose, o ile a phetela barutuoa ba hae pale. Na u rata ho e utloa?—
Ho kile ha e-ba le morena e mong ea molemo. O ne a le mosa haholo. O ne a alima makhoba a hae chelete ha a hloka thuso. Joale ka letsatsi le leng morena eo a batla hore makhoba a hae a lefe chelete eo a mo kolotang eona. Eaba ho tlisoa lekhoba le leng le neng le kolota morena likotoana tsa chelete tse limilione tse 60. Ka sebele eo ke chelete e ngata!
Empa lekhoba leo le ne le sebelisitse chelete eohle ea morena ’me le sitoa ho lefa morena. Kahoo morena a laela hore lekhoba leo le rekisoe. Morena a re ho rekisoe le mosali oa lekhoba leo le bana ba lona le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le nang le eona. ’Me morena o ne a lokela ho lefuoa ka chelete eohle e fumanoeng. U nahana hore see se ile sa etsa hore lekhoba leo le ikutloe joang?—
Le ile la khumama ka pel’a morena ’me la mo kōpa la re: ‘Ke kōpa u mphe nako e eketsehileng, ke tla lefa sohle seo ke u kolotang sona.’ Ha u ne u le morena, u ka be u ile ua etsa’ng ka lekhoba leo?— Morena o ile a utloela lekhoba la hae bohloko. Eaba morena oa le tšoarela. A re lekhoba leo le se ke la lefa chelete eo, le se ke la ntša leha e le sekotoana se le seng feela ho tse limilione tse 60. Seo se tlameha se ile sa thabisa lekhoba leo hakaakang!
Empa lekhoba leo lona le ile la etsa’ng? Le ile la tsamaea la ea ho lekhoba le leng, le neng le le kolota likotoana tse lekholo feela tsa chelete. La tšoara lekhoba leo le leng ka molala la le khama, la re: ‘Lefa likotoana tse lekholo tseo u nkolotang tsona!’ Na u nahana hore motho a ka etsa ntho e joalo, haholo-holo ha eena morena a sa tsoa mo tšoarela molato o mokaalo?—
Lekhoba le kolotang likotoana tse lekholo tsa chelete le ne le futsanehile. Le ne le sitoa ho lefa chelete eo le e kolotang hang-hang. Kahoo la itihela maotong a lekhoba-’moho le lona ’me la kōpa la re: ‘Ke kōpa u mphe nako e eketsehileng, ’me ke tla u lefa seo ke u kolotang sona.’ Na monna eo o ne a lokela ho fa lekhoba-’moho le eena nako e eketsehileng?— Uena u ka be u ile ua etsa’ng?—
Monna enoa o ne a se mosa joaloka morena. O ile a batla chelete ea hae hang-hang. ’Me kaha lekhoba-’moho le eena le ne le sitoa ho e lefa, o ile a etsa hore le koalloe chankaneng. Makhoba a mang a ile a bona ha tsena tsohle li etsahala, ’me ha aa ka a rata seo. A ile a utloela lekhoba le neng le le chankaneng bohloko. Kahoo a ea ho morena a mo bolella sena.
Morena le eena ha aa ka a rata se etsahetseng. O ile a halefela lekhoba le sa tšoareleng. Kahoo a le bitsa ’me a re: ‘Uena lekhoba le lebe, na ha kea ka ka u tšoarela molato? Na le uena u ne u sa lokela ho tšoarela lekhoba-’moho le uena?’
Lekhoba le sa tšoareleng le ne le lokela hore ebe le ithutile ho hong ho morena eo ea molemo. Empa le ne le sa ithuta letho. Kahoo morena o ile a etsa hore lekhoba leo le koalloe chankaneng ho fihlela le ka lefa likotoana tsa chelete tse limilione tse 60. Ha e le hantle, le ne le ke ke la hlola le fumana chelete ea ho lefa morena ha le le teronkong. Kahoo le ne le tla lula moo ho fihlela le e-shoa.
Ha a phethela pale ena, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla sebetsana le lōna ka mokhoa o tšoanang haeba le sa tšoarele e mong le e mong mor’abo ho tloha lipelong tsa lōna.”—Matheu 18:21-35.
Ua bona joale, kaofela ha rōna re kolota Molimo ho hongata. Ha e le hantle, ke Molimo ea re fileng bophelo! Kahoo seo batho ba bang ba re kolotang sona sea fokola ha se bapisoa le seo re se kolotang Molimo. Seo ba re kolotang sona se tšoana le likotoana tse lekholo tsa chelete tseo lekhoba le leng le neng le li kolota lekhoba-’moho le lona. Empa seo re se kolotang Molimo ka lebaka la liphoso tseo re li etsang se lekana le likotoana tse limilione tse 60 tseo lekhoba le leng le neng le li kolota morena.
Molimo o mosa haholo. Le hoja re fosa, oa re tšoarela. Ha a re lefise ka ho re amoha bophelo ka ho sa feleng. Empa re lokela ho hopola thuto ena: Molimo o re tšoarela hafeela le rōna re tšoarela batho ba re fosetsang. Na eo hase thuto ea bohlokoa eo re lokelang ho nahana ka eona?—
Haeba motho e mong a u etsa hampe empa hamorao a re o kōpa tšoarelo, u tla etsa’ng? Na u tla mo tšoarela?— Ho thoe’ng haeba a etsa seo ka makhetlo a mangata? Na u tla ’ne u mo tšoarele?—
Haeba e ne e le rōna ba kōpang tšoarelo, na re ne re ke ke ra rata hore motho e mong a re tšoarele?— Kahoo le rōna re lokela ho mo tšoarela. Ha rea lokela ho bua feela hore re mo tšoaretse, empa re lokela ho mo tšoarela ho tsoa pelong. Ha re etsa joalo, re bontša hore re hlile re batla ho ba balateli ba Mosuoe e Moholo.
E le hore re utloisise bohlokoa ba ho ba ba tšoarelang, a re bale Liproverbia 19:11; Matheu 6:14, 15; le Luka 17:3, 4.
[Setšoantšo se leqepheng la 77]
Petrose o ne a batla ho tseba’ng ka taba ea ho tšoarela?
[Setšoantšo se leqepheng la 78]
Ho ile ha etsahala’ng ha lekhoba lee le kōpa morena hore a le fe nako e eketsehileng ea ho mo lefa?
[Litšoantšo tse leqepheng la 78]
Lekhoba lee le ile la tšoara lekhoba-’moho le lona joang ha le ne le sitoa ho lefa seo le se kolotang?
[Setšoantšo se leqepheng la 80]
Morena o ile a etsa’ng ka lekhoba le neng le sa tšoarele?
[Setšoantšo se leqepheng la 81]
U tla etsa’ng ha motho e mong a u kōpa hore u mo tšoarele?