Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 16 maq. 87-91
  • Ke Eng eo e Hlileng e Leng ea Bohlokoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng eo e Hlileng e Leng ea Bohlokoa?
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U “Ruela ho Molimo”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Bakreste e Lokela ho ba Mafutsana?
    Tsoha!—2003
  • Tlhohonolofatso ea Jehova e’a Ruisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 16 maq. 87-91

Khaolo ea 16

Ke Eng eo e Hlileng e Leng ea Bohlokoa?

KA LETSATSI le leng monna e mong o ile a tla ho Jesu. O ne a tseba hore Jesu o bohlale haholo, kahoo a re ho eena: ‘Mosuoe, bolella ngoan’eso hore a mphe tse ling tsa lintho tseo a nang le tsona.’ Monna enoa o ne a nahana hore o lokela ho ba le tse ling tsa lintho tseo.

Haeba u ne u le Jesu, u ka be u ile ua re’ng?— Jesu o ile a bona hore monna enoa o na le bothata. Empa bothata ba hae e ne e se hore o hloka lintho tseo ngoan’abo a nang le tsona. Bothata ba monna enoa e ne e le hore ha a tsebe seo e hlileng e leng sa bohlokoa bophelong.

A re ke re nahane ka sena. Ke eng seo e lokelang ho ba sa bohlokoa ka ho fetisisa ho rōna? Na e lokela ho ba lintho tse ntle tsa ho bapala, liaparo tse ncha, kapa lintho tse kang tseo?— Che, ho na le ho hong habohlokoa le ho feta. Ke eona thuto eo Jesu a neng a batla ho e ruta. Kahoo o ile a pheta pale ka monna e mong ea ileng a lebala Molimo. Na u rata ho e utloa?—

Monna enoa o ne a ruile haholo. O ne a e-na le masimo le matlo ao a bolokelang lijalo ho ’ona. Lijalo tsa hae li ne li atlehile. Ho ne ho se sebaka bakeng sa lijalo tsohle ka matlong a hae a ho bolokela lijalo. Joale, o ne a tla etsa’ng? O ile a ipolella a re: ‘Ke tla liha matlo a ka ao ke bolokelang lijalo ho ’ona ebe ke haha a mang a maholoanyane. Joale ke tla beha lijalo tsohle tseo ke li kotutseng le lintho tse ling tsohle tsa ka tse ntle ka matlong ana a macha a ho bolokela lijalo.’

Monna enoa oa morui o ne a nahana hore ho bohlale ho etsa joalo. O ne a nahana hore o hlalefile ha a bokella lintho tse ngata. O ile a ipolella a re: ‘Ke na le lintho tse ngata tse molemo tseo ke li bokeletseng. Ke tla qeta lilemo tse ngata ka tsona. Joale ke tla khona ho phomola. Ke tla ja, ke noe, ke be ke ithabise.’ Empa tsela eo monna enoa a neng a nahana ka eona e ne e fosahetse. Na ua tseba hore na e ne e fosahetse hokae?— O ne a nahana ka eena feela le kamoo a ka ithabisang kateng. O ne a lebetse ka Molimo.

Kahoo Molimo o ile a bua le monna eo oa morui. A re: ‘Uena leoatla. U tlil’o shoa bosiung bona bona. Joale ke mang ea tla sebelisa lintho tseo u li bokeletseng?’ Na morui eo o ne a ka sebelisa lintho tseo ha a se a shoele?— Che, li ne li tla sebelisoa ke motho e mong. Jesu o ile a re: “Ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.”—Luka 12:13-21.

Akere ha u batle ho tšoana le monna eo oa morui?— Sepheo sa hae se seholo bophelong e ne e le ho bokella lintho tse bonahalang. Hoo ho ne ho fosahetse. O ne a lula a batla lintho tse eketsehileng. Empa o ne “a sa ruela ho Molimo.”

Batho ba bangata ba tšoana le monna eo oa morui. Ba lula ba batla lintho tse eketsehileng. Empa sena se ka lebisa mathateng a maholo. Ka mohlala, akere u na le lintho tsa ho bapala?— Tse ling tsa tsona ke life? Ak’u mpolelle he.— U tla etsa’ng haeba motsoalle oa hao e mong a e-na le bolo kapa popi kapa ntho leha e le efe ea ho bapala eo u se nang eona? Na ke hantle hore u llele batsoali ba hao hore ba u rekele eona?—

Ka linako tse ling u ka ’na ua bona eka ntho e itseng ea ho bapala ke ea bohlokoa haholo. Empa ka mor’a nakoana ho etsahala’ng ka eona?— Ea tsofala. E ka ’na ea robeha, ebe ka mor’a moo ha u sa e batla. Ha e le hantle, u na le ntho e ’ngoe eo e leng ea bohlokoa haholo ho feta lintho tsa ho bapala. Na ua tseba hore na ntho eo ke efe?—

Ke bophelo ba hao. Bophelo ba hao ke ba bohlokoa haholo hobane kantle ho bona, u ke ke ua khona ho etsa letho. Empa na bophelo ba hao ha boa itšetleha ka ho etsa se thabisang Molimo?— Kahoo ha rea lokela ho tšoana le monna eloa oa morui oa leoatla ea ileng a lebala Molimo.

Hase bana feela ba ka etsang lintho tse booatla joaloka monna eo oa morui. Le batho ba baholo ba bangata le bona baa li etsa. Ba bang ba bona ba lula ba batla lintho tse ling empa ba ntse ba e-na le tsona. Mohlomong ba na le lijo tse lekaneng bakeng sa letsatsi ka leng, liaparo le sebaka sa bolulo. Empa ba batla tse ling. Ba batla liaparo tse ngata. Ba batla le matlo a maholo. Lintho tsena li hloka chelete e ngata. Kahoo ba sebetsa ka thata hore ba fumane chelete e ngata. ’Me ha ba fumana chelete e eketsehileng, ba batla lintho tse ling hape tse eketsehileng.

Batho ba bang ba baholo ba tšoarehile haholo ka ho batla chelete hoo ba se nang nako ea ho ba le malapa a bona. Ebile ha ba na nako ea Molimo. Na chelete ea bona e ka ba phelisa?— Che, e ke ke ea ba phelisa. Na ba ka sebelisa chelete ea bona ha ba se ba shoele?— Che. Lebaka ke hore bafu ha ba khone ho etsa letho.—Moeklesia 9:5, 10.

Na see se bolela hore ho fosahetse ho ba le chelete?— Che. Re khona ho reka lijo le liaparo ka chelete. Bibele e re ke tšireletso. (Moeklesia 7:12) Empa haeba re rata chelete, re tla kena mathateng. Re tla tšoana le monna eloa oa morui oa leoatla ea ileng a ipokellela matlotlo empa a sa ruela ho Molimo.

Ho ruela ho Molimo ho bolela’ng?— Ho bolela ho etelletsa Molimo pele bophelong ba rōna. Batho ba bang ba re ba lumela ho Molimo. Ba nahana hore ho lumela ke sohle se hlokahalang. Empa na ba hlile ba ruetse ho Molimo?— Che, ba tšoana le monna eloa oa morui ea ileng a lebala Molimo.

Ha ho mohla Jesu a ileng a lebala Ntate oa hae ea leholimong. Ha aa ka a leka ho etsa chelete e ngata. Ebile o ne a se na lintho tse ngata tse bonahalang. Jesu o ne a tseba hore na ke eng seo e hlileng e leng sa bohlokoa bophelong. Na ua tseba hore na ke’ng?— Ke ho ruela ho Molimo.

Ak’u mpolelle, re ka ruela ho Molimo joang?— Re ka ruela ho Molimo ka ho etsa se mo khahlisang. Jesu o ile a re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Johanne 8:29) Molimo o rata ha re etsa lintho tseo a batlang hore re li etse. Joale ak’u mpolelle, ke lintho life tseo u ka li etsang hore u thabise Molimo?— E, u ka bala Bibele, ua ea libokeng tsa Bokreste, ua rapela Molimo le ho thusa ba bang ho ithuta ka eena. Tseo ke tsona lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.

Kaha Jesu o ne a ruetse ho Molimo, Jehova o ile a mo hlokomela. O ile a putsa Jesu ka bophelo bo sa feleng. Haeba re etsisa Jesu, le rōna Jehova o tla re rata ’me a re hlokomele. Kahoo e se eka re ka etsisa Jesu ’me le ka mohla re se ke ra etsisa monna eloa oa morui ea ileng a lebala Molimo.

Litemana tse ling tsa Bibele tse bontšang kamoo re ka bang le pono e loketseng kateng ka lintho tse bonahalang ke tsena: Liproverbia 23:4; 28:20; 1 Timothea 6:6-10; le Baheberu 13:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 87]

Bothata ba monna enoa e ne e le bofe?

[Setšoantšo se leqepheng la 88]

Monna enoa oa morui o ntse a nahana ka’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 89]

Ke ntho efe eo u nang le eona eo e leng ea bohlokoa ho feta lintho tsa ho bapala?

[Litšoantšo tse leqepheng la 91]

Ngoana enoa o etsa’ng eo e hlileng e leng ea bohlokoa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela