Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 29 maq. 152-156
  • Na ke Liphathi Tsohle Tse Thabisang Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Liphathi Tsohle Tse Thabisang Molimo?
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsatsi la Tsoalo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Motho oa Bolaoa Nakong ea Mokete oa Letsatsi la Tsoalo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 29 maq. 152-156

Khaolo ea 29

Na ke Liphathi Tsohle Tse Thabisang Molimo?

NA U rata ho ea liphathing?— Ho ka ba monate haholo ho ea ho tsona. Na u nahana hore Mosuoe e Moholo o ne a ka rata ha re e-ea liphathing?— O ile a ea ho seo re ka se bitsang phathi ea ha motho a chata, ’me barutuoa ba bang ba hae ba ile ba ea le eena. Jehova ke “Molimo ea thabileng,” kahoo oa thaba ha re ithabisa liphathing tse ntle.—1 Timothea 1:11; Johanne 2:1-11.

Buka ena leqepheng la 29 e re bolella hore Jehova o ile a arola Leoatle le Lefubelu e le hore Baiseraele ba fete. Na u hopola u bala ka seo?— Ka mor’a moo, batho ba ile ba bina le ho tantša ’me ba rorisa Jehova. E ne eka ke phathi. Batho ba ne ba thabile haholo, ’me re ka kholiseha hore Molimo le eena o ne a thabile.—Exoda 15:1, 20, 21.

Lilemo tse ka bang 40 hamorao, Baiseraele ba ile ba ea phathing e ’ngoe e khōlō. Lekhetlong lena batho ba neng ba ba memme ba ne ba sa rapele Jehova. Ha e le hantle, batho ba neng ba ba memme ba ne ba bile ba khumamela melimo e meng ho e rapela ’me ba bile ba kopanela liphate le batho bao ba sa nyalanang le bona. Na u nahana hore ho ne ho nepahetse ho ea phathing e joalo?— Che, Jehova ha aa ka a thabisoa ke seo, ’me o ile a otla Baiseraele.—Numere 25:1-9; 1 Bakorinthe 10:8.

Bibele e boetse e re bolella ka liphathi tse peli tsa letsatsi la tsoalo. Na e ’ngoe ea tsona e ne e le ea ho keteka letsatsi la tsoalo la Mosuoe e Moholo?— Che. Liphathi tsena ka bobeli e ne e le tsa batho ba neng ba sa sebeletse Jehova. Phathi e ’ngoe e ne e le ea letsatsi la tsoalo la Morena Heroda Antipase. E ne e le ’musi oa setereke sa Galilea nakong ea ha Jesu a ne a phela moo.

Morena Heroda o ile a etsa lintho tse ngata tse mpe. O ile a inkela mosali oa ngoan’abo hore e be mosali oa hae. Lebitso la hae e ne e le Herodiase. Mohlanka oa Molimo, Johanne Mokolobetsi, o ile a bolella Heroda hore ho fosahetse hore a etse joalo. Heroda ha aa ka a rata seo. Kahoo o ile a etsa hore Johanne a koalloe chankaneng.—Luka 3:19, 20.

Ha Johanne a ntse a le chankaneng, ho ile ha fihla nako ea ho keteka letsatsi la Heroda la tsoalo. Heroda o ile a etsa phathi e khōlō. A mema batho ba bangata ba bohlokoa. Bohle ba ile ba ja ba noa le ho ithabisa. Eaba morali oa Herodiase oa kena ’me oa ba tantšetsa. Batho bohle ba ne ba thabetse ho tantša ha hae hoo Morena Heroda a ileng a batla ho mo fa mpho e khethehileng. O ile a re ho eena: “Eng kapa eng eo u nkōpang eona, ke tla u fa eona, ho fihlela halofong ea ’muso oa ka.”

O ne a tla kōpa eng? Na o ne a tla kōpa chelete? liaparo tse ntle? ntlo e ntle e khōlō? Ngoanana eo o ne a sa tsebe hore na a kōpe eng. Kahoo o ile a ea ho ’mè oa hae, Herodiase, ’me a re: “Ke lokela ho kōpa eng?”

U tsebe hore Herodiase o ne a hloile Johanne Mokolobetsi haholo. Kahoo a re morali a kōpe hlooho ea hae. Ngoanana a khutlela ho morena ’me a re: “Ke batla hore u mphe hang-hang ka mokeke hlooho ea Johanne Mokolobetsi.”

Morena Heroda o ne a sa batle ho bolaea Johanne hobane o ne a tseba hore Johanne ke monna ea molemo. Empa Heroda o ne a entse tšepiso, ’me a tšaba hore na ba bang phathing eo ba tla re’ng haeba a koenehela seo a se buileng. Kahoo a romela monna e mong chankaneng ho ea khaola Johanne hlooho. Ka mor’a nakoana monna eo a khutla. O ne a nkile hlooho ea Johanne ka mokeke, ’me a e fa ngoanana. Eaba ngoanana eo o e fa ’mè oa hae.—Mareka 6:17-29.

Phathi e ’ngoe ea letsatsi la tsoalo eo Bibele e re bolellang ka eona e ne e ntse e tšoana le eo. E ne e le ea morena oa Egepeta. Le phathing ena morena o ile a etsa hore motho e mong a khaoloe hlooho. Joale, ka mor’a moo, a fanyeha monna eo hore a jeoe ke linonyana! (Genese 40:19-22) Na u nahana hore Molimo o ile a rata liphathi tseo tse peli?— Na u ka be u ile ua rata ho ba ho tsona?—

Rea tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng e ngotsoe ka morero. E re bolella ka liphathi tse peli feela tsa letsatsi la tsoalo. ’Me ho tsona ka bobeli, ho ile ha etsoa lintho tse mpe e le karolo ea ho keteka. Joale, u ne u ka re Molimo o re bolella eng ka liphathi tsa letsatsi la tsoalo? Na Molimo o batla hore re keteke matsatsi a tsoalo?—

Ke ’nete hore kajeno liphathing tsa mofuta ona, batho ha ba khaole batho ba bang lihlooho. Empa taba ena ea ho keteka matsatsi a tsoalo e qaliloe ke batho ba neng ba sa rapele Molimo oa ’nete. Ha e bua ka mekete ea letsatsi la tsoalo e boletsoeng ka Bibeleng, The Catholic Encyclopedia e re: “Ke baetsalibe feela . . . ba etsang mekete e meholo matsatsing a bona a tsoalo.” Na re batla ho tšoana le bona?—

Ho thoe’ng ka Mosuoe e Moholo? Na o ile a keteka letsatsi la hae la tsoalo?— Che, Bibele ha e bue letho ka phathi ea letsatsi la Jesu la tsoalo. Ha e le hantle, balateli ba Jesu ba pele ha baa ka ba keteka letsatsi la hae la tsoalo. Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha batho hamorao ba ile ba khetha ho keteka letsatsi la Jesu la tsoalo ka la 25 December?—

Joalokaha The World Book Encyclopedia e bolela, letsatsi leo le ile la khethoa hobane “batho ba Roma ba ne ba se ba ntse ba le keteka e le Mokete oa Saturn, ba keteka ho tsoaloa ha letsatsi.” Kahoo batho ba ile ba khetha ho keteka letsatsi la Jesu la tsoalo ka letsatsi leo e neng e se e ntse e le la bahetene la phomolo!

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha e ne e ke ke eaba Jesu o tsoetsoe ka December?— Ke hobane Bibele e re ha Jesu a tsoaloa, balisa ba ne ba ntse ba le naheng bosiu. (Luka 2:8-12) ’Me ba ne ba ke ke ba e-ba ka ntle serameng, khoeling ea December ea lipula.

Batho ba bangata baa tseba hore Keresemese hase letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona. Ba bile baa tseba hore ka letsatsi leo bahetene ba ne ba e-ba le mokete o sa thabiseng Molimo. Empa ho ntse ho le joalo ba bangata ba keteka Keresemese. Ba amehile haholo ka ho etsa phathi ho e-na le ho ameha ka seo Molimo a hlileng a se nahanang ka eona. Empa akere rōna re batla ho thabisa Jehova?—

Kahoo ha re etsa liphathi, re batla ho tiisa hore lia amoheleha mahlong a Jehova. Re ka li etsa ka nako leha e le efe har’a selemo. Ha rea tlameha ho emela letsatsi le itseng le khethehileng. Re ka ja lijo tse khethehileng le ho ithabisa ka ho bapala. Na u ka rata ho etsa seo?— Mohlomong u ka buisana le batsoali ba hao hore ba u thuse ho hlophisa phathi e itseng. Akere hoo ho ka ba monate?— Empa pele u e hlophisa, u batla ho tiisa hore e tla amoheleha ho Molimo.

Bohlokoa ba hore kamehla re etse seo Molimo a se ratang bo boetse bo bontšoa ho Liproverbia 12:2; Johanne 8:29; Baroma 12:2; le 1 Johanne 3:22.

[Setšoantšo se leqepheng la 152]

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a thabisoa ke phathi ee?

[Setšoantšo se leqepheng la 153]

Ho ile ha etsahala’ng phathing ea letsatsi la Heroda la tsoalo?

[Setšoantšo se leqepheng la 154]

Ke hobane’ng ha e ne e ke ke eaba Jesu o tsoetsoe ka la 25 December?

[Setšoantšo se leqepheng la 156]

Re ka tiisa joang hore liphathi tsa rōna li thabisa Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela