Khaolo ea 31
Moo re ka Fumanang Matšeliso Teng
NA HO na le mohla u eeng u ikutloe u hloname ’me u hlorile?— Na ho na le mohla u eeng u ipotse hore na ho na le motho ea u ratang?— Bana ba bang ba ikutloa joalo. Empa Molimo o tšepisa hore: “’Na nke ke ka u lebala.” (Esaia 49:15) Na hase ho babatsehang ho nahana ka seo?— E, ka sebele Jehova Molimo oa re rata!
Mongoli e mong oa Bibele o ile a re: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Ho tseba seo e ka ba matšeliso a sebele ho rōna, na ha ho joalo?— E, Jehova oa re bolella: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. . . . Ka sebele ke tla u thusa.”—Esaia 41:10.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling Jehova o lumella Satane hore a re bakele likhathatso. Jehova o bile o lumella Satane hore a leke bahlanka ba Hae. Ka lekhetlo le leng Diabolose o ile a etsa hore Jesu a utloe bohloko haholo hoo Jesu a ileng a hooa ho Jehova a re: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” (Matheu 27:46) Le hoja Jesu a ne a utloa bohloko, o ne a tseba hore Jehova oa mo rata. (Johanne 10:17) Empa Jesu o ne a boetse a tseba hore Molimo o lumella Satane hore a leke bahlanka ba Hae le ho lumella Satane hore a ba utloise bohloko. Khaolong e ’ngoe re tla hlalosa lebaka leo ka lona Molimo a lumellang Satane hore a etse sena.
Ha re sa ntse re le banyenyane, re tšoha habonolo ka linako tse ling. Ka mohlala, na u kile ua lahleha?— Na u ne u tšohile?— Bana ba bangata ba ne ba tla tšoha. Ka lekhetlo le leng Mosuoe e Moholo o ile a pheta pale e ’ngoe e buang ka taba ea ho lahleha. Empa ho ne ho sa lahleha ngoana. Ho ne ho lahlehile nku.
Ka litsela tse itseng u tšoana le nku eo. U tšoana le eona joang? Ke ’nete hore linku hase liphoofolo tse khōlōhali kapa tse matla. ’Me li hloka motho ea li hlokomelang le ho li sireletsa. Motho ea hlokomelang linku o bitsoa molisa.
Paleng ea hae, Jesu o ile a bua ka molisa ea neng a e-na le linku tse lekholo. Empa e ’ngoe ea linku tseo ea lahleha. E ka ’na eaba e ne e batla ho bona hore na ho na le eng ka nģ’ane ho leralla. Empa ho e-s’o ee kae, nku eo e ile ea iphumana e se e le hōle le tse ling. U nahana hore nku eo e ile ea ikutloa joang ha e qamaka ’me e bona hore e setse e le ’ngoe?—
Molisa o ne a tla etsa’ng ha a fumana hore nku e ’ngoe e lahlehile? Na o ne a tla re nku eo e ikentse khathatsong ’me a ke ke a khathatseha ka eona? Kapa na o ne a tla siea linku tse 99 sebakeng se sireletsehileng ’me a e’o batla e le ’ngoe feela e lahlehileng? Na ho ne ho hlokahala hore a etse boiteko bo bokaalo ka nku e le ’ngoe feela?— Haeba u ne u le nku eo e lahlehileng, na u ne u tla batla hore molisa a u batle?—
Molisa eo o ne a rata linku tsohle tsa hae haholo, esita le e neng e lahlehile. Kahoo o ile a ea batla nku e lahlehileng. Nahana kamoo nku eo e lahlehileng e ileng ea thaba kateng ha e bona molisa a e-tla! ’Me Jesu o ile a re molisa o ile a thaba ha a fumana nku ea hae. O ile a e thabela ho feta linku tse 99 tse neng li sa lahleha. Joale, ke mang ea tšoanang le molisa eo ho buuoang ka eena paleng ea Jesu? Ke mang ea re hlokomelang joalokaha molisa eo a ne a hlokomela linku tsa hae?— Jesu o ile a re Ntate oa hae oa leholimo o re hlokomela ka tsela e tšoanang. ’Me Ntate oa hae ke Jehova.
Jehova Molimo ke Molisa e Moholo oa batho ba hae. O rata bohle ba mo sebeletsang, ho akarelletsa le bana ba kang uena. Ha a batle hore leha e le ofe oa rōna a utloe bohloko kapa a timetsoe. Ka sebele ke ho babatsehang ho tseba hore Molimo o re hlokomela joalo!—Matheu 18:12-14.
Na u hlile ua lumela hore Jehova Molimo o teng?— Na ke motho oa sebele ho uena?— Ke ’nete hore re ke ke ra bona Jehova. Ke hobane ke Moea. O na le ’mele oo re ke keng ra o bona. Empa ke motho oa sebele, ’me a ka re bona. Oa tseba ha re hloka thuso. ’Me re ka bua le eena ka thapelo, joalokaha re bua le motho e mong lefatšeng. Jehova o batla hore re bue le eena ka thapelo.
Kahoo haeba u ikutloa u hloname kapa u hlorile, u lokela ho etsa’ng?— U lokela ho bua le Jehova. Atamela ho eena, ’me o tla u tšelisa le ho u thusa. Hopola hore Jehova oa u rata, esita le ha u ikutloa u hlorile. A re nke Bibele. Ho Pesaleme ea 23, ho qala ka temana ea 1 re bolelloa sena: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho. O nthobatsa makhulong a tletseng joang; o ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle.”
Hlokomela hore temaneng ea 4, mongoli o phaella ka ho re: “Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na; molamu oa hao le lere la hao ke lintho tse ntšelisang.” Ke ka tsela eo batho ba ikutloang ka eona ha Molimo oa bona e le Jehova. Baa tšeliseha ha ba le mathateng. Na le uena u ikutloa joalo?—
Joaloka molisa ea lerato ea hlokomelang mohlape oa hae, Jehova le eena o hlokomela batho ba hae hantle. O ba bontša tsela e nepahetseng eo ba lokelang ho tsamaea ho eona, ’me ba thabela ho mo latela. Esita le ha ba pota-potiloe ke mathata, ha ho hlokahale hore ba tšohe. Molisa o sebelisa molamu kapa lere la hae ho sireletsa linku liphoofolong tse ka ’nang tsa li ntša kotsi. Bibele e re bolella kamoo molisa e monyenyane, Davida, a ileng a sireletsa linku tsa hae kateng hore li se ke tsa hlaseloa ke tau le bere. (1 Samuele 17:34-36) ’Me batho ba Molimo baa tseba hore le bona Jehova o tla ba sireletsa. Ba ka ikutloa ba sireletsehile hobane Molimo o na le bona.
Ka sebele Jehova o rata linku tsa hae, ’me o li hlokomela ka lerato. Bibele e re: ‘O tla alosa linku tsa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae.’—Esaia 40:11.
Na ha u thabisoe ke ho tseba hore Jehova o joalo?— Na u batla ho ba e ’ngoe ea linku tsa hae?— Linku li mamela lentsoe la molisa oa tsona. Li lula li le haufi le eena. Na u mamela Jehova?— Na u lula u le haufi le eena?— Joale ha ho hlokahale hore u tšohe le ka mohla. Jehova o tla ba le uena.
Jehova o hlokomela ka lerato batho ba mo sebeletsang. A re bale hammoho seo Bibele e se bolelang ka taba ena ho Pesaleme ea 37:25; 55:22; le Luka 12:29-31.
[Setšoantšo se leqepheng la 163]
U nahana hore konyana ee e lahlehileng e ikutloa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 164]
Ke mang ea tšoanang le molisa ea ileng a pholosa nku ea hae?
[Setšoantšo se leqepheng la 165]
Na Jehova ke motho oa sebele ho uena joaloka ntate oa hao kapa motho e mong?
[Setšoantšo se leqepheng la 166]
Joaloka molisa ha a hlokomela linku tsa hae, ke mang ea ka re thusang ha re le mathateng?