Khaolo ea 35
Re ka Tsoha Bafung!
HAEBA re ka shoa, na Molimo o tla batla ho re tsosa bafung, e leng ho etsa hore re phele hape?— Monna ea lokileng Jobo o ne a lumela hore Molimo o batla ho etsa seo. Kahoo ha Jobo a ne a nahana hore o mothating oa ho shoa, o ile a re ho Molimo: “U tla hooa, ’me ke tla u araba.” Jobo o ile a re Jehova Molimo o ne a tla hloloheloa, kapa a batle ka tieo ho mo tsosa bafung.—Jobo 14:14, 15.
Jesu o tšoana hantle le Ntate oa hae, Jehova Molimo. Jesu o batla ho re thusa. Ha monna e mong ea neng a kula a tšoeroe ke lepera a re ho eena, “haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa,” Jesu o ile a araba a re: “Kea batla.” ’Me o ile a folisa monna eo ea nang le lepera.—Mareka 1:40-42.
Jesu o ile a ithuta ho Ntate oa hae ho rata bana. Liketsahalong tse peli tse etsahetseng khale, Jehova o ile a sebelisa bahlanka ba hae hore ba tsose bana bafung. Elia o ile a kōpa Jehova hore a tsose mora oa mosali e mong ea neng a ile a mo amohela ka mofuthu. ’Me Jehova o ile a etsa seo. Jehova o ile a boela a sebelisa mohlanka oa hae Elisha ho tsosa moshanyana e mong bafung.—1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37.
Na hase ho thabisang ho tseba hore Jehova o re rata haholo hakaalo?— Ha a nahane feela ka rōna ha re ntse re phela. Oa re hopola le ha re se re shoele. Jesu o ile a re, bafu bao Ntate a ba ratang, le hoja ba shoele, ho eena ba ntse ba phela! (Luka 20:38) Bibele e re ‘lefu kapa bophelo kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo.’—Baroma 8:38, 39.
Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore Jehova o tsotella bana. U tla hopola hore Jesu o ile a ipha nako ea ho buisana le bana ka Molimo. Empa na u ne u tseba hore Molimo o ile a fa Jesu matla a ho tsosa bana bafung?— A re ke re bue ka nako ea ha Jesu a ne a tsosa bafung morali ea lilemo li 12 oa monna e mong ea bitsoang Jairuse.
Jairuse o ne a lula haufi le Leoatle la Galilea le mosali oa hae le ngoana oa bona ea mong feela. Ka letsatsi le leng ngoananyana enoa o ile a kula haholo, ’me Jairuse a hlokomela hore o makhatheng a lefu. O ile a qala ho nahana ka Jesu, monna eloa ea babatsehang eo Jairuse a neng a utloetse ka eena hore o phekola batho. Kahoo Jairuse o ile a ea ho ea mo batla. O ile a fumana Jesu a le lebōpong la Leoatle la Galilea, a ntse a ruta batho ba bangata.
Jairuse o ile a fohla letšoele ’me a itihela maotong a Jesu. O ile a re ho Jesu: ‘Moralinyana oa ka o kula haholo. Na ka kōpo u ka tla ’me ua mo thusa? Ke kōpa u tle.’ Jesu o ile a tsamaea le Jairuse hang-hang. Letšoele le neng le tlile ho tla bona Mosuoe e Moholo le lona le ile la latela. Empa ha ba se ba tsamaile sebakanyana, banna ba bang ba ile ba fihla ba e-tsoa lapeng la Jairuse ’me ba re ho eena: “Morali oa hao o shoele! U sa tšoenyetsa’ng mosuoe?”
Jesu o ile a utloa seo banna bao ba se buang. O ne a tseba kamoo Jairuse a utloileng bohloko kateng ke ho lahleheloa ke ngoana oa hae ea mong feela. Kahoo A re ho eena: ‘U se ke ua tšoha. Uena lumela ho Molimo, ’me morali oa hao o tla hlaphoheloa.’ Ba ile ba ’na ba tsamaea ho fihlela ba fihla lapeng la Jairuse. Ha ba fihla moo ba ile ba fumana metsoalle ea lelapa e lla. E ne e utloile bohloko hobane motsoalle oa bona e monyenyane o ne a hlokahetse. Empa Jesu a re ho eona: ‘Khaotsang ho lla. Ngoana ha aa shoa, empa o robetse.’
Ha Jesu a bua seo, batho ba ile ba qala ho tšeha, kaha ba ne ba tseba hore ngoananyana eo o shoele. Joale, u nahana hore ke hobane’ng ha Jesu a ne a re o robetse?— U nahana hore o ne a batla ho ruta batho bao thuto efe?— O ne a batla hore ba tsebe hore lefu le ka tšoana le boroko bo tebileng. O ne a batla ho ba ruta hore ka matla a Molimo, a ka khona ho khutlisetsa motho ea shoeleng bophelong joalokaha ho le bonolo feela hore re tsose motho ea robetseng.
Jesu o ile a re batho bohle ba tsoele ka ntle ho sale feela baapostola ba hae e leng Petrose, Jakobo le Johanne hammoho le ntate le ’mè oa ngoanana. A ntan’o ea moo ngoana a leng teng. A mo tšoara ka letsoho eaba o re: ‘Ngoananyana, tsoha!’ ’Me hang-hang a tsoha ’me a qala ho tsamaea! Ntate oa hae le ’mè oa hae ba ile ba thaba haholo.—Mareka 5:21-24, 35-43; Luka 8:40-42, 49-56.
Joale ak’u nahane ka sena. Kaha Jesu o ile a khona ho etsa hore ngoananyana eo a boele a phele, na a ka etsa se tšoanang le ka batho ba bang?— Na u nahana hore o tla hle a se etse?— E, o tla se etsa. Jesu ka boeena o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe [la ka] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29.
Na u nahana hore Jesu o batla ho tsosa batho bafung?— Mohlala o mong o ka Bibeleng o re thusa ho araba potso eo. Se ileng sa etsahala ka letsatsi le leng haufi le motse oa Naine se bontša kamoo Jesu a ikutloang kateng ka batho ba saretsoeng mapatong.
Mosali e mong o ne a le mokolokong oa lepato la mora oa hae har’a letšoele le tsoang Naine. Monna oa hae o ne a se a hlokahetse, ’me hona joale ho hlokahetse ngoana oa hae ea mong feela. E tlameha ebe o ne a utloile bohloko hakaakang! Batho ba bang ba bangata ba Naine ba ne ba tsamaea le eena ha setopo sa mora oa hae se ntšetsoa ka ntle ho motse. Mosali eo o ne a lla, ’me ho ne ho se seo batho ba bang ba ka se etsang ho mo tšelisa.
Ho ile ha etsahala hore letsatsing leo, Jesu le barutuoa ba hae ebe ba ea ba lebile motseng oa Naine. Ha ba atamela hekeng ea motse, ba ile ba kopana le letšoele le il’o pata mora oa mosali eo. Ha Jesu a bona mosali eo a lla, o ile a mo utloela bohloko. Pelo ea hae e ile ea angoa ke bohloko bo tebileng boo a bo utloang. O ile a batla ho mo thusa.
Ka mantsoe a bonolo empa e le ka tsela e tiileng e etsang hore a mamele, o ile a re: “Khaotsa ho lla.” Tsela eo a ileng a bua le ho etsa lintho ka eona e ile ea etsa hore batho bohle ba mo shebe ka thahasello. Ha Jesu a atamela setopo, e tlameha ebe bohle ba ile ba ipotsa hore na o il’o etsa’ng. Jesu o ile a bua, a laela: “Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!” Hang-hang, a lula! ’Me a qala ho bua.—Luka 7:11-17.
Ak’u nahane kamoo e tlamehang ebe mosali eo o ile a ikutloa kateng! Uena u ne u tla ikutloa joang ha motho ea shoeleng eo u mo ratang a ne a ka tsosoa?— Na see ha se bontše hore Jesu o hlile o rata batho le hore o batla ho ba thusa?— Ak’u nahane feela hore na e tla ba ho hlollang hakaakang lefatšeng le lecha la Molimo ho amohela batho ba tsoselitsoeng bophelong!—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.
Ka nako eo batho ba bang ba tlang ho tsosoa bafung e tla ba batho bao re neng re ba tseba pele, ho akarelletsa le bana. Re tla ba tseba, feela joalokaha Jairuse a ile a tseba morali oa hae ha Jesu a mo tsosa bafung. Ba bang e tla ba batho ba shoeleng lilemong tse makholo kapa tse likete tse fetileng. Empa Molimo ha a na ho ba lebala hobane feela ba phetse nakong e telele e fetileng.
Na hase ho thabisang ho tseba hore Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu, ba re rata haholo hakaalo?— Ba batla hore re phele, eseng feela ka lilengoana tse seng kae, empa ka ho sa feleng!
Mabapi le tšepo e babatsehang ea Bibele ka bafu, ke kōpa u bale Esaia 25:8; Liketso 24:15; le 1 Bakorinthe 15:20-22.
[Litšoantšo tse leqepheng la 182]
Jehova o ile a bontša joang hore o rata bana?
[Setšoantšo se leqepheng la 184]
Re ithuta’ng ka ho tsosa ha Jesu morali oa Jairuse bafung?
[Setšoantšo se leqepheng la 186]
Ho tsosoa bafung ha ngoana ea mong feela oa mosali enoa ho bontša’ng?