Khaolo ea 38
Lebaka Leo re Lokelang ho Rata Jesu ka Lona
NKA hore u ka har’a sekepe se tebang. Na u ne u ka rata ha motho e mong a ka u pholosa?— Ho thoe’ng haeba motho eo a ne a ka tela bophelo ba hae hore a etse seo?— Sena ke sona seo Jesu Kreste a ileng a se etsa. Joalokaha re ithutile Khaolong ea 37, o ile a tela bophelo ba hae e le thekollo e le hore re ka pholosoa.
Ha e le hantle, Jesu ha a re pholose ha re khangoa ke metsi. O re pholosa ho eng? Na u sa hopola?— O re pholosa sebeng le lefung tseo re li futsitseng ho Adama. Le hoja batho ba bang ba etsa lintho tse mpe haholo, Jesu o ba shoetse le bona. Na u ne u ka beha bophelo ba hao kotsing u leka ho pholosa batho ba joalo?—
Bibele e re: “Ke ka thata mang kapa mang a ka shoelang motho ea lokileng; ka sebele, mohlomong motho a ka iteta sefuba ho shoela motho ea molemo.” Leha ho le joalo, Bibele e hlalosa hore Jesu “o ile a shoela batho ba se nang bomolimo.” Ba akarelletsa le batho ba sa sebeletseng Molimo! Bibele e tsoela pele ho re: “Ha re sa ntse re le baetsalibe [re ntse re etsa lintho tse mpe], Kreste o ile a re shoela.”—Baroma 5:6-8.
Na ua tseba hore na ke moapostola ofe ea kileng a etsa lintho tse mpe haholo?— Moapostola eo o ile a ngola a re: “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe. Ke ’na ea ka pele-pele ho bona.” Moapostola ea ileng a bua mantsoe ao e ne e le Pauluse. O ile a re ka nako e ’ngoe ‘e kile ea e-ba ea se nang kelello’ le hore o ne a “tsoela pele ka bobe.”—1 Timothea 1:15; Tite 3:3.
Ak’u nahane feela ka lerato le tebileng leo Molimo a neng a e-na le lona ka hore ebe o ile a romela Mora oa hae ho tla shoela batho ba joalo! Ke kōpa u nke Bibele ea hao ebe u bala ka taba ena ho Johanne khaolo ea 3, temana ea 16. Eona e re: “Molimo o ratile lefatše [e leng batho ba phelang lefatšeng] haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”
Jesu o ile a paka hore o ne a re rata ka tsela e tšoanang le eo Ntate oa hae a re ratileng ka eona. Mohlomong u sa hopola hore Khaolong ea 30 ea buka ena, re balile ka lintho tse ling tse bohloko tseo Jesu a ileng a feta ho tsona bosiung boo a tšoeroeng ka bona. O ile a isoa lelapeng la Moprista ea Phahameng Kaifase, moo A ileng a qosoa teng. Ho ile ha tlisoa lipaki tsa bohata tse ileng tsa bua mashano ka Jesu, ’me batho ba mo otla ka lifeise. Ke nakong eo moo Petrose a ileng a latola hore o tseba Jesu. Joale a re nke hore re teng moo ’me re bona ha ho etsahala ntho e ’ngoe hape.
E ne e le hoseng. Jesu o ne a qetile bosiu a sa robala. Kaha nyeoe ea bosiu e ne e le khahlanong le molao, baprista ba ile ba potlakela ho khobokanya Sanhedrine, kapa lekhotla le phahameng la Bajuda, ’me ba tšoara nyeoe e ’ngoe. Le mona ba ile ba boela ba qosa Jesu ka hore o tlōtse molao oa Molimo.
Ka mor’a moo baprista ba ile ba tšoara Jesu, ’me ba mo isa ho Pilato, ’musisi oa Roma. Ba re ho Pilato: ‘Jesu o khahlanong le ’muso. O lokela ho bolaoa.’ Empa Pilato o ne a bona hore baprista ba bua leshano. Kahoo Pilato a re ho bona: ‘Ha ke fumane letho le phoso ka monna enoa. Ke tla mo lokolla hore a ikele.’ Empa baprista le ba bang ba hooa ba re: ‘Che! Mo bolaee!’
Hamorao, Pilato a boela a leka ho bolella batho hore o tlil’o lokolla Jesu. Empa baprista ba hlohlelletsa matšoele hore a hooe a re: ‘Haeba u mo lokolla hore a itsamaele, le uena u khahlanong le ’muso! Mo bolaee!’ Matšoele a tlatsa lerata. Na ua tseba hore na Pilato o ile a etsa’ng?—
O ile a inehela. O ile a qala ka ho etsa hore Jesu a shapuoe. A ntan’o nehelana ka eena ho masole hore a mo bolaee. A ile a roesa Jesu moqhaka oa meutloa hloohong ’me a bapala ka eena ka ho khumama ka pel’a hae. Ka mor’a moo a ile a fa Jesu thupa e khōlō hore a e jare ’me a mo isa ka ntle ho motse sebakeng se bitsoang Sebaka sa Lehata. Ha a fihla moo a khokhothela matsoho le maoto a Jesu thupeng. Ka mor’a moo a ile a e emisa e le hore Jesu a leketle ho eona. Jesu o ile a tsoa mali. O ile a utloa bohloko haholo.
Jesu ha aa ka a shoa hang-hang. O ile a sala a leketlile joalo thupeng. Baprista ba ka sehloohong ba ile ba bapala ka eena. ’Me motho e mong ea fetang ka tsela o ile a re: “Haeba u mora oa Molimo, theoha thupeng ea tlhokofatso!” Empa Jesu o ne a tseba seo Ntate oa hae a mo rometseng hore a tl’o se etsa. O ne a tseba hore o tlameha ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le hore re ka ba le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. Qetellong, hoo e ka bang ka hora ea boraro motšehareng oo oa mantsiboea, Jesu o ile a hoeletsa ho Ntate oa hae ’me a shoa.—Matheu 26:36–27:50; Mareka 15:1; Luka 22:39–23:46; Johanne 18:1–19:30.
Jesu o ne a fapane hakaakang le Adama! Adama ha aa ka a bontša hore o rata Molimo. Ha aa ka a mamela Molimo. Ebile Adama ha aa ka a bontša hore oa re rata. Kaha o ile a etsa sebe, kaofela ha rōna re tsoaletsoe sebeng. Empa Jesu o ile a bontša hore o rata Molimo le hore oa re rata. O ne a mamela Molimo kamehla. ’Me o ile a fana ka bophelo ba hae e le hore a ka tlosa bohloko boo Adama a re tliselitseng bona.
Na u ananela ntho ee e babatsehang eo Jesu a e entseng?— Ha u rapela Molimo, na ua mo leboha ka hore ebe o re file Mora oa hae?— Moapostola Pauluse o ile a ananela seo Kreste a mo etselitseng sona. Pauluse o ile a ngola hore Mora oa Molimo o ile “a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.” (Bagalata 2:20) Ka ho tšoanang, Jesu o shoetse ’na le uena. O ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le hore re ka ba le bophelo bo sa feleng! Ka sebele leo ke lebaka le matla leo re lokelang ho rata Jesu ka lona.
Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba motseng oa Korinthe a re: “Lerato la Kreste le re isa ketsong.” Lerato la Kreste le lokela ho re isa ketsong ea mofuta ofe? Uena u re’ng?— Hlokomela karabo ea Pauluse: “Kreste o shoetse batho bohle e le hore ba tle ba phelele Eena. Ha baa lokela ho phelela ho ithabisa.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; 2 Bakorinthe 5:14, 15, New Life Version.
Na u ka nahana ka litsela tseo ka tsona u ka bontšang hore u phelela ho khahlisa Kreste?— Tsela e ’ngoe ke ka ho bolella ba bang seo u ithutileng sona ka eena. Kapa ak’u nahane ka taba ena: Mohlomong u mong, ’me ’mè oa hao kapa ntate oa hao ha ba bone seo u se etsang, ebile ha ho motho e mong ea u bonang. Na u tla shebella mananeo a TV kapa mohlomong u shebe lintho tseo u tsebang hore ha li na ho thabisa Jesu ho Internet?— Hopola hore hona joale Jesu oa phela, le hore o khona ho bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang!
Lebaka le leng leo re lokelang ho rata Jesu ka lona ke hobane re batla ho etsisa Jehova. Jesu o ile a re: ‘Ntate oa nthata.’ Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha a rata Jesu le hore na ke hobane’ng ha le rōna re lokela ho rata Jesu?— Ke hobane Jesu o ile a ithaopela ho shoa e le hore thato ea Molimo e ka etsoa. (Johanne 10:17) Kahoo a re etse seo Bibele e reng re se etse: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong, feela joalokaha Kreste le eena a ile a le rata ’me a inehela bakeng sa lōna.”—Baefese 5:1, 2.
E le hore u ananele Jesu ka ho eketsehileng le seo a re etselitseng sona, ke kōpa u bale Johanne 3:35; 15:9, 10; le 1 Johanne 5:11, 12.
[Litšoantšo tse leqepheng la 199]
Jesu o ile a feta linthong life tse utloisang bohloko ha a ne a fana ka bophelo ba hae bakeng sa rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 200]
Re ka etsa’ng ho bontša hore re rata Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 201]
Ke mang ea khonang ho bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang?