Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 41 maq. 212-216
  • Bana ba Thabisang Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bana ba Thabisang Molimo
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Naamane le Ngoanana oa Moiseraele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O ne a Batla ho Thusa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Moroetsanyana ea Ileng a Bua ka Sebete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • O ne a le Manganga Empa Qetellong o Ile a Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 41 maq. 212-216

Khaolo ea 41

Bana ba Thabisang Molimo

U NAHANA hore ke ngoana ofe moo lefatšeng ea kileng a thabisa Jehova ka ho fetisisa?— E ne e le Mora oa hae, Jesu. A re ke re bue ka lintho tseo Jesu a ileng a li etsa ho thabisa Ntate oa hae oa leholimo.

Lelapa labo Jesu le ne le lula bohōle ba leeto la matsatsi a mararo ho tloha Jerusalema, moo tempele e ntle ea Jehova e neng e le hona teng. Jesu o ne a bitsa tempele ‘ntlo ea Ntate.’ O ne a e-ea teng le lelapa labo selemo se seng le se seng ho ea ba teng Pasekeng.

Ka selemo se seng, ha Jesu a ne a le lilemo li 12, lelapa labo le ile la khutlela hae ka mor’a Paseka. Bosiu ha ba emisa, ba ile ba hlokomela hore Jesu ha a eo har’a beng ka bona le metsoalle. Kahoo hang-hang Maria le Josefa ba khutlela Jerusalema ho ea batla Jesu. U nahana hore o ne a le hokae?—

Ba ile ba fumana Jesu a le ka tempeleng. O ne a mametse mesuoe, a bile a e botsa lipotso. ’Me ha e ne e mo botsa lipotso, o ne a e araba. Mesuoe eo e ile ea makatsoa ke likarabo tse utloahalang tseo a neng a fana ka tsona. Na ua bona joale hore na ke hobane’ng ha Molimo a ne a thabisoa ke Mora oa hae?—

Ke ’nete hore qetellong ha Maria le Josefa ba fumana Jesu, ba ile ba ikutloa ba imolohile. Empa Jesu o ne a sa tšoenyeha. O ne a tseba hore tempele ke sebaka se loketseng seo a ka bang ho sona. Kahoo o ile a botsa: “Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?” O ne a tseba hore tempele ke ntlo ea Molimo, ’me o ne a rata ho ba ho eona.

Ka mor’a moo, Maria le Josefa ba ile ba nka Jesu ea lilemo li 12 ba khutlela le eena hae Nazaretha. U nahana hore Jesu o ile a itšoara joang ha batsoali ba hae ba bua le eena?— Bibele e re o ile a “tsoela pele ho ipeha tlas’a bona.” U nahana hore see se bolela’ng?— Se bolela hore o ne a ba mamela. E, o ne a etsa seo batsoali ba hae ba mo kōpang hore a se etse, esita le haeba seo se ne se bolela ho ba khella metsi selibeng.—Luka 2:41-52.

Kahoo ak’u nahane ka taba ena: Le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ne a mamela batsoali ba hae ba sa phethahalang. Na see se ile sa thabisa Molimo?— Ka sebele se ile sa mo thabisa, kaha Lentsoe la Molimo le re ho bana: “Le mamele batsoali ba lōna.” (Baefese 6:1) Le uena u tla thabisa Molimo haeba u mamela batsoali ba hao, joalokaha Jesu a entse.

Tsela e ’ngoe eo u ka thabisang Molimo ka eona ke ka ho bolella ba bang ka eena. Empa batho ba bang ba ka ’na ba re bana ha baa lokela ho etsa seo. Ha batho ba bang ba ne ba leka ho thibela bashanyana ba bang ho etsa sena, Jesu o ile a re: ‘Na ha le e-s’o bale ka Mangolong, “Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u fane ka thoriso”?’ (Matheu 21:16) Kahoo kaofela ha rōna re ka bolella ba bang ka Jehova le kamoo e leng Molimo ea babatsehang kateng, haeba re hlile re batla ho etsa joalo. ’Me haeba re etsa joalo, re tla thabisa Molimo.

Ke hokae moo re ithutang lintho tseo re ka li bolellang batho ba bang ka Molimo?— Thutong ea rōna ea Bibele lapeng. Empa re ithuta ho eketsehileng sebakeng seo batho ba Molimo ba kopanang ho sona ho ithuta. Empa batho ba hae re ka ba tseba joang?—

Batho bao ba etsa’ng libokeng tsa bona? Na ba hlile ba ruta se ka Bibeleng? Na baa e bala le ho buisana ka eona? Akere eo ke eona tsela eo re ka mamelang Molimo ka eona?— Ebile akere re lebeletse ho utloa seo Molimo a se buang ha re le libokeng tsa Bokreste?— Empa ho thoe’ng haeba batho ba bang ba re ha ua tlameha ho phela ka seo Bibele e se buang? Na u ne u tla re ke batho ba Molimo?—

Taba e ’ngoe eo u ka nahanang ka eona ke ena. Bibele e re batho ba Molimo e ne e tla ba ‘batho ba lebitso la hae.’ (Liketso 15:14) Kaha lebitso la Molimo ke Jehova, re ka botsa batho bao haeba Jehova ke Molimo oa bona. Haeba ba re che, joale rea tseba hore hase batho ba hae. Hape batho ba Molimo ba ne ba tla bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo. ’Me ba ne ba tla bontša lerato la bona ho Molimo ka hore ba boloke litaelo tsa hae.—1 Johanne 5:3.

Haeba u tseba batho ba etsang lintho tsena kaofela, joale u lokela ho kopanela le bona borapeling. U lokela ho mamela ka hloko libokeng tsena ’me ebe u araba lipotso ha li botsoa. Jesu o ile a etsa joalo ha a ne a le ka tlung ea Molimo. ’Me haeba u etsa lintho tsena, u tla thabisa Molimo, feela joalokaha Jesu a entse.

Na ho na le bana ba bang ba boletsoeng ka Bibeleng bao u ba tsebang ba ileng ba thabisa Molimo?— Timothea ke mohlala o mong o motle. Ntate oa hae o ne a sa lumela ho Jehova. Empa ’mè oa hae, Eunice, le nkhono oa hae, Loise, e ne e le balumeli. Timothea o ile a ba mamela ’me a ithuta ka Jehova.

Ha Timothea a se a hōlile, moapostola Pauluse o ile a etela motseng oo a neng a lula ho oona. O ile a hlokomela kamoo Timothea a neng a batla ho sebeletsa Jehova kateng. Kahoo o ile a kōpa Timothea hore a tsamaee le eena e le hore a sebeletse Molimo ka tsela e khōloanyane. Hohle moo ba neng ba e-ea teng, ba ne ba bolella batho ka ’Muso oa Molimo le ka Jesu.—Liketso 16:1-5; 2 Timothea 1:5; 3:14, 15.

Empa na Bibele e bua ka bashanyana feela e le mehlala ea ba ileng ba thabisa Molimo?— Che. Nahana ka ngoananyana oa Moiseraele ea ileng a thabisa Molimo. Mehleng ea hae, sechaba sa Syria le sa Iseraele e ne e le lira. Ka letsatsi le leng Basyria ba ile ba loantša Baiseraele ’me ba nka ngoananyana eo e le motlamuoa. O ile a isoa lelapeng la molaoli oa sesole, ea neng a bitsoa Naamane. Ha a le moo e ile ea e-ba mosebeletsi oa mosali oa Naamane.

Joale Naamane o ne a e-na le lefu le bitsoang lepera. Ho ne ho se lingaka tse khonang ho mo thusa. Empa ngoananyana enoa ea tsoang Iseraele o ne a lumela hore mohlanka e mong oa Molimo ea khethehileng, e leng moprofeta, a ka khona ho thusa Naamane. Ke ’nete hore Naamane le mosali oa hae ba ne ba sa rapele Jehova. Na ngoananyana eo o ne a lokela ho ba bolella seo a se tsebang? Uena u ka be u ile ua etsa’ng?—

Ngoananyana eo o ile a re: ‘Haeba feela Naamane a ne a ka ea ho moprofeta oa Jehova Iseraele, o ne a tla folisoa lepera la hae.’ Naamane o ile a mamela ngoananyana eo, ’me a ea ho moprofeta oa Jehova. Ha a etsa seo moprofeta a mo boleletseng sona, o ile a fola. Sena se ile sa etsa hore Naamane e be morapeli oa Molimo oa ’nete.—2 Marena 5:1-15.

Na u ka rata ho thusa motho e mong ho ithuta ka Jehova le ka seo a ka khonang ho se etsa, joalokaha ngoananyana eo a ile a etsa?— Ke bo-mang bao u ka ba thusang?— Ke ’nete hore qalong ba ka ’na ba nahana hore ha ba hloke thuso. Empa u ka bua le bona ka lintho tse ntle tseo Jehova a li etsang. Mohlomong ba ka ’na ba mamela. U ka kholiseha hore sena se tla thabisa Molimo.

Khothatso e eketsehileng ea hore bacha ba thabele ho sebeletsa Jehova e ka fumanoa ho Pesaleme ea 122:1; 148:12, 13; Moeklesia 12:1; 1 Timothea 4:12; le Baheberu 10:23-25.

[Litšoantšo tse leqepheng la 213]

Ngoana Jesu, o ile a thabisa Molimo joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 215]

Timothea o ile a batla ho etsa’ng le hoja ntate oa hae e ne e se molumeli?

[Setšoantšo se leqepheng la 216]

Ngoananyana enoa oa Moiseraele o ile a thabisa Molimo joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela