Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 46 maq. 238-243
  • Metsi a Timetsa Lefatše—Na a Tla le Timetsa Hape?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsi a Timetsa Lefatše—Na a Tla le Timetsa Hape?
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Areka ea Noe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Temoso e Tsoang Nakong e Fetileng
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Nakong ea Moroallo o Moholo—Ke Bo-mang ba Ileng ba Mamela? Ke Bo-mang ba sa Kang ba Mamela?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Noe o Haha Areka
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 46 maq. 238-243

Khaolo ea 46

Metsi a Timetsa Lefatše—Na a Tla le Timetsa Hape?

NA U kile ua utloa motho e mong a bua ka bofelo ba lefatše?— Kajeno batho ba bangata ba bua ka bona. Batho ba bang ba nahana hore lefatše le tla felisoa ke ntoa eo ho eona batho ba tla sebelisa libomo tsa nyutlelie. Na u nahana hore Molimo o tla ke a timetse lefatše la rōna le letle le maholimo a rōna a ratehang hammoho le linaleli tsa ’ona tse khanyang?—

Joalokaha re ithutile, Bibele e bua ka bofelo ba lefatše. Bibele e re: “Lefatše lea feta.” (1 Johanne 2:17) Na u nahana hore ho fela ha lefatše ho tla bolela ho fela ha lefatše le mobu?— Che, Bibele e re Molimo o entse lefatše “hore le be le baahi,” e, hore batho ba phele ho lona ’me ba le thabele. (Esaia 45:18) Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” Ka lebaka lena Bibele e boetse e re lefatše le tla ba teng ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 104:5; Moeklesia 1:4.

Joale haeba ho fela ha lefatše ha ho bolele ho fela ha lefatše lena le mobu, joale ho bolela’ng?— Re ka fumana karabo haeba re sheba ka hloko se ileng sa etsahala mehleng ea Noe. Bibele e re: “Lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa [kapa le apareloa] ke metsi.”—2 Petrose 3:6.

Na ho na le batho ba ileng ba pholoha bofelo ba lefatše nakong eo ea Moroallo, oa mehleng ea Noe?— Bibele e re Molimo o ile a “sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka, hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.”—2 Petrose 2:5.

Kahoo, joale ke lefatše lefe le ileng la felisoa? Na e ne e le lefatše le mobu, kapa e ne e le batho ba babe?— Bibele e re e ne e le “lefatše la batho ba se nang bomolimo.” Hape hlokomela hore Noe o bitsoa “’moleli.” U nahana hore o ne a bolela ka eng?— Noe o ne a lemosa batho ka bofelo ba “lefatše la nakong eo.”

Ha Jesu a ne a bua ka Moroallo o moholo, o ile a bolella barutuoa ba hae ka seo batho ba neng ba se etsa pejana bofelo bo fihla. O ile a re ho bona: “Matsatsing ao pele ho moroallo, [batho] ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.” Ka mor’a moo Jesu o ile a re batho ba ne ba tla be ba etsa lintho tse tšoanang le tseo pele lefatše lena le fela.—Matheu 24:37-39.

Mantsoe a Jesu a bontša hore re ka ithuta ho itseng ho seo batho ba neng ba se etsa pele ho Moroallo. Ho seo re se balileng Khaolong ea 10 ea buka ee, na u sa hopola hore na batho bao ba ne ba etsa’ng?— Batho ba bang ba ne ba le sehlōhō ba bile ba etsa lintho tse mabifi. Empa Jesu o ile a re ba bang ba bangata ha baa ka ba mamela ha Molimo a ne a roma Noe ho ea ba bolella.

Kahoo ho ile ha tla letsatsi leo ka lona Jehova a ileng a bolella Noe hore O tlil’o timetsa batho ba babe ka moroallo. Metsi a ne a tla aparela lefatše, esita le lithaba. Jehova o ile a bolella Noe hore a hahe areka e khōlō. E ne e tšoana le lebokose le leholo, le lelelele, joalokaha u ka e bona ha u khutlela morao setšoantšong se leqepheng la 238.

Molimo o ile a re Noe a hahe areka e khōlō e lekaneng ho mo sireletsa eena le ba lelapa la hae le liphoofolo tse ngata. Noe le ba lelapa la hae ba ile ba sebetsa ka thata. Ba ile ba rema lifate tse khōlō, ’me ba qala ho haha areka ba sebelisa mapolanka ao. Sena se ile sa nka lilemo tse ngata hobane areka eo e ne e le khōlō haholo.

Na u sa hopola hore na Noe o ne a etsa’ng hape ka lilemo tseo tsohle ha a ntse a haha areka?— O ne a bolela, a lemosa batho ka Moroallo o tlang. Na ho na le ba ileng ba mamela? Ha ho ba ileng ba mamela haese ba lelapa la Noe. Batho ba bang bohle ba ne ba phathahane ba iketsetsa lintho tse ling. Na u sa hopola hore na Jesu o ile a re ba ne ba etsa’ng?— Ba ne ba phathahane ba e-ja ba e-noa ’me ba nyala ba bile ba nyaloa. Ba ne ba sa nahane hore ba babe hakaalo, ’me ha baa ka ba ipha nako ea ho mamela Noe. Joale a re ke re bone se ileng sa ba etsahalla.

Ha Noe le ba lelapa la hae ba se ba kene ka arekeng, Jehova o ile a koala monyako oa eona. Batho ba ka ntle ba ne ba ntse ba sa lumele hore Moroallo o ka tla. Empa ka tšohanyetso, metsi a ile a qala ho theoha sepakapakeng! E ne e se pula feela tjee e tloaelehileng. Pula e ne e tšoloha ka matla! Ka mor’a nakoana metsi a ile a phalla joaloka linōka tse khōlō, a etsa molumo o moholo. A ile a phethola lifate tse khōlō le ho pitikisa majoe a maholo joalokaha eka ke majoe a manyenyane. ’Me ho thoe’ng ka batho ba neng ba le ka ntle ho areka?— Jesu o ile a re: ‘Moroallo o ile oa tla ’me oa ba hohola bohle.’ Batho bohle ba ka ntle ho areka ba ile ba shoa. Hobane’ng?— Hobane joalokaha Jesu a ile a bolela, ‘ha baa ka ba elelloa.’ Ha baa ka ba mamela!—Matheu 24:39; Genese 6:5-7.

Joale, hopola hore Jesu o ile a re se ileng sa etsahalla batho bao ke thuto ho rōna kajeno. Re ka ithuta thuto efe ho seo?— Batho ha baa ka ba timetsoa hobane feela ba ne ba le babe empa ba ile ba timetsoa hobane ba bangata ba ne ba mpa ba phathahane haholo hoo ba neng ba se na nako ea ho ithuta ka Molimo le ka seo a neng a tlil’o se etsa. Akere ho hlokahala hore re be hlokolosi hore re se ke ra tšoana le bona?—

Na u nahana hore Molimo o tla timetsa lefatše lee hape ka moroallo?— Che, Molimo o ile a tšepisa hore ha a na ho etsa joalo. O ile a re: “Ke fana ka mookoli oa ka marung, ’me e tla ba pontšo.” Jehova o ile a re mookoli e ne e tla ba pontšo ea hore “metsi ha a sa tla hlola a fetoha moroallo ho felisa nama eohle.”—Genese 9:11-17.

Kahoo re ka kholiseha hore Molimo ha a sa tla hlola a timetsa lefatše ka moroallo. Leha ho le joalo, joalokaha re se re bone, Bibele e bua ka bofelo ba lefatše. Ha Molimo a tlisa timetso ea lefatše lena, o tla pholosa bo-mang?— Na o tla pholosa batho ba neng ba amehile ka lintho tse ling hoo ba neng ba sa batle ho ithuta ka Molimo? Na o tla pholosa batho ba neng ba lula ba phathahane hoo ba neng ba se na nako ea ho ithuta Bibele? Uena u nahana’ng?—

Akere rōna re batla ho ba har’a bao Molimo a tlang ho ba pholosa?— Na u ne u ke ke ua rata ha lelapa la rōna le ne le ka tšoana le la Noe e le hore Molimo a tle a re pholose?— E le hore re tle re pholohe bofelo ba lefatše lena, ho hlokahala hore re utloisise kamoo Molimo a tlang ho le timetsa kateng le ho tlisa lefatše la hae le lecha la ho loka. A re ke re bone hore na o tla etsa sena joang.

Bibele e re fa karabo ho Daniele khaolo ea 2, temana ea 44. Lengolo lena le bua ka mehla ea rōna ha le re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso [kapa, puso] o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”

Na u utloisisa see?— Bibele e re ’muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea lefatše. Hobane’ng?— Hobane ha e mamele Eo Molimo a mo khethileng hore e be Morena. Ke mang eena eo?— E, ke Jesu Kreste!

Jehova Molimo o na le tokelo ea ho etsa qeto ea hore na ke puso ea mofuta ofe e lokelang ho busa, ’me o khethile Mora oa hae, Jesu, hore e be Morena. Haufinyane ’Musi eo Molimo a mo khethileng, e leng Jesu Kreste, o tla etella pele ho timetseng mebuso eohle ea lefatše lena. Ho Tšenolo khaolo ea 19, temana ea 11 ho ea ho 16, Bibele e mo hlalosa ha a timetsa mebuso eohle ea lefatše, joalokaha setšoantšo sena se bontša. Ka Bibeleng, ntoa ea Molimo ea ho timetsa mebuso eohle ea lefatše e bitsoa Har–Magedone, kapa Armagedone.

Joale, Molimo o re ’Muso oa hae o tla timetsa mebuso ea batho. Empa na o re bolella hore re e timetse?— Che, ka Bibeleng, Armagedone e bitsoa ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ (Tšenolo 16:14, 16) E, Armagedone ke ntoa ea Molimo, ’me o sebelisa Jesu Kreste ho etella pele mabotho a leholimo ntoeng ena. Na ntoa ea Armagedone e atametse? A re ke re bone hore na re ka fumana karabo.

A re bale hammoho ka nako eo ka eona Molimo a tlang ho felisa batho bohle ba babe le ho pholosa ba mo sebeletsang, ho Liproverbia 2:21, 22; Esaia 26:20, 21; Jeremia 25:31-33; le Matheu 24:21, 22.

[Setšoantšo se leqepheng la 238]

Lefatše le ileng la timetsoa mehleng ea Noe e ne e le eng?

[Setšoantšo se leqepheng la 241]

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nahana feela ka ho ithabisa?

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Jesu Kreste, Morena ea khethiloeng ke Molimo, o tla timetsa lefatše lena ka Armagedone

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela